Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 9/8 maq. 3-5
  • Lefatše le ne le le Joang Lilemong Tse 50 Tse Fetileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le ne le le Joang Lilemong Tse 50 Tse Fetileng?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphello Tsa Ntoa ea II ea Lefatše
  • Memo e Susumetsang ea Churchill ea ho Nka Bohato
  • Lilemo Tse 50 Tsa Khohlano le Lefu
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ntoa—Letšoho le ho Tsoa Kotsi Kelellong
    Tsoha!—1989
  • ‘Liphetoho Tse Khōlō ka ho Fetisisa’
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 9/8 maq. 3-5

Lefatše le ne le le Joang Lilemong Tse 50 Tse Fetileng?

NA U moholo ka ho lekaneng ho hopola kamoo lefatše le neng le le kateng ka 1945? E ne e le hona le qalang ho hlaphoheloa Ntoeng ea II ea Lefatše e qalileng ka 1939 ha Brithani le Fora li ne li phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane ka lebaka la tlhaselo ea Bonazi Poland. Haeba u monyenyane haholo ho hopola seo, na u sa hopola ntoa ea Korea e ileng ea qhoma ka 1950? Kapa ntoa ea Vietnam e tšoareletseng ho tloha ka bo-1950 ho fihlela ka 1975? Kapa ntoa ea Kuwait e ileng ea qholotsoa ke Iraq ka 1990?

Na hase ntho e u makatsang hore ebe ha re hlahloba histori ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, re tlameha ho hopola lintoa tse ngata ka ho eketsehileng hakaale tse baketseng batho ba limilione masisa-pelo le bohloko le tse sentseng bophelo ba ba bang ba limilione? Ke lefa lefe leo Ntoa ea II ea Lefatše e le sietseng batho morao koo?

Liphello Tsa Ntoa ea II ea Lefatše

Batho ba ka bang limilione tse 50 ba ile ba bolaoa Ntoeng ea II ea Lefatše, ’me ka 1945, baphaphathehi ba limilione ba ne ba phaila Europe eohle ba leka ho khutlela mahaeng a bona metseng le litoropong tse ruthuthiloeng ke libomo le ho tsosolosa bophelo ba bona bo ferekantsoeng. Basali le banana ba makholo a likete, haholo-holo Russia le Jeremane, ba ne ba leka ho hlaphoheloa boemong bo ferekanyang kelello ba ho betoa ke mabotho a ntoa a hlaselang. Ho lekanyetsoa ha lijo le liaparo ho ne ho atile Europe—lijo le liaparo li ne li haella. Masole a likete tse makholo a neng a tlohelisitsoe tšebetso a ne a batla mesebetsi. Bahlolohali ba limilione le likhutsana ba ne ba saretsoe ka lebaka la ho shoeloa ke banna le batsoali.

Bajode ba ne ba ntse ba leka ho nahanisisa ka boemo ba sebele ba Polao e Sehlōhō e ileng ea felisa Bajode ba habo bona ba limilione le ka monyetla oa hore ba hlahise meloko e meng. Batho ba limilione—ba Amerika, Brithani, Fora, Jeremane, Russia le ba lichaba tse ling tse ngata—ba ile ba shoa ntoeng eo. Monyetla o moholo o ile oa lahleha oa ho hlahisa bana ba nang le litalenta le bokhoni e le hore ba ntšetse pele lithahasello tsa lipolotiki le khoebo tsa mebuso ea lefatše le babusi ba eona.

Linaha tse ngata li ne li sentsoe ke Ntoa ea II ea Lefatše hoo ntho e tlang pele ho tsona e neng e tlameha ho ba ho tsosolosa moruo. Likhaello tsa lijo li ile tsa ’na tsa ata Europe lilemo tse ngata ka mor’a ntoa. Spain, le hoja ka molao e ne e sa kenella Ntoeng ea II ea Lefatše, e ile ea thefuloa ke ntoa ea eona ea lehae (1936-39) le lithibelo tsa khoebo—libuka tse bontšang tekanyetso ea lijo tse lokelang ho rekoa li ne li ntse li sebetsa ka June 1952.

Bochabela bo Hōle, liketso se sehlōhō tse entsoeng ke Majapane li ne li ntse li hopotsoe ke bahlaseluoa ba Burma, Chaena, Philippines le linaha tse ling tsa Bochabela. Le hoja United States e ne e le sechaba se hlōtseng, e ile ea lahleheloa ke masole a ka bang 300 000, ’me halofo ea ’ona ke e shoeletseng ntoeng e neng e le libakeng tsa Pacific. Japane, bofutsana, lefuba le mela e melelele ea ho fumana lijo ka mokhoa o lekanyelitsoeng e bile liphello sechabeng.

Memo e Susumetsang ea Churchill ea ho Nka Bohato

Puong ea hae ea tlhōlo e ileng ea fanoa ho batho ba Brithani ka la 13 May, 1945, bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše Europe, Tona-Khōlō Winston Churchill, o ile a re: “Ke lakatsa eka nka be ke le bolella bosiung bona hore mesebetsi ea rōna e boima le likhathatso li felile. . . . Ke tlameha ho le lemosa . . . hore ho ntse ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa, le hore le lokela ho ba malala-a-laotsoe bakeng sa boiteko bo eketsehileng ba kelello le ba ’mele le boitelo bo eketsehileng ba ho tšehetsa sesole.” Ka ho bonela hōle, ha a nahana esale pele ka ho ata ha Bokomonisi, o ile a re: “K’honthinenteng ea Europe re sa ntse re tlameha ho tiisa hore . . . mantsoe ‘bolokolohi’, ‘puso ea sechaba ka sechaba’ le ‘tokoloho’ ha a faposoe moelelong oa ’ona oa ’nete joalokaha re a utloisisitse.” Joale o ile a etsa memo e susumetsang: “Tsoelang pele, le tiile, le sa tenyetsehe, le le bahlōli, ho fihlela mosebetsi oohle o phethiloe ’me lefatše lohle le sireletsehile ebile le hloekile.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Lilemo Tse 50 Tsa Khohlano le Lefu

Puong eo a e entseng ka 1992, Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Boutros Boutros-Ghali o lumetse hore “ho tloha ha ho thehoa Machaba a Kopaneng ka 1945, likhohlano tse khōlō tse fetang 100 ho pota lefatše li bolaile batho ba ka bang limilione tse 20.” Ha makasine oa World Watch o bolela palo e phahameng le ho feta ea ba shoeleng, o itse: “Lekholo lena la lilemo e bile le nang le khotso e fokolang ka ho fetisisa historing.” Mohloli oona oo o qotsa ralipatlisiso e mong a bolela hore “batho ba bangata haholoanyane ba bolailoe ke lintoa lekholong lena la lilemo ho feta ba bolailoeng historing eohle ea motho e fetileng ba kopane. Mafu a ka bang limilione tse 23 ho ana ke a bileng teng ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše.”

Leha ho le joalo, The Washington Post, e ile ea tlaleha khakanyetso e ’ngoe hape: “Ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, ho ’nile ha loanoa lintoa tse ka bang 160 ho pota lefatše, tse ileng tsa fella ka hore ho shoe ba ka bang limilione tse 7 ba neng ba le mabaleng a ntoa le ba limilione tse 30 ka bongata ba shoeleng ba neng ba se ntoeng. Ho phaella moo, ho bile le ba tsoileng likotsi, ba betiloeng le ba entsoeng baphaphathehi.” Ha ho le e ’ngoe lipalong tsena e akareletsang bahlaseluoa ba limilione ba tlōlo ea molao e mabifi lefatšeng ka bophara lilemong tse 50 tse fetileng!

Hona joale, ka 1995, re ntse re e-na le likhohlano tse bolaeang tse susumetsoang ke lehloeo le tšabehang tse bolaeang eseng feela masole a entseng tumellano ea ho shoela likano empa hape le batho ba seng ntoeng ba likete-kete Afrika, Linaheng tsa Balkan, Bochabela bo Hare le Russia.

Ka hona, na re ka bolela hore lilemo tse 50 ka mor’a 1945, “lefatše lohle le sireletsehile ebile le hloekile”? Ke tsoelo-pele efe eo moloko oa batho o e entseng mabapi le ho etsa hore lefatše la rōna e be sebaka se loketseng le se sireletsehileng ho phela ho sona? Ke’ng seo re ithutileng sona ka lilemo tse 50? Na moloko oa batho o tsoetse pele linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa—melao-motheo ea bohlokoa, boitšoaro, melao le litekanyetso tsa batho? Lihlooho tse peli tse latelang li tla araba lipotso tsena. Sehlooho sa bone se tla tšohla litebello tsa nako e tlang ho rōna bohle motseng oa rōna oa lefatše.

[Lebokose le leqepheng la 4]

Ho Hopola Mehla ea ka Mor’a Ntoa ea II ea Lefatše

Monna e mong oa Lenyesemane eo hona joale a leng lilemong tsa bo-60 o-oa hopola: “Morao koana lilemong tse qetellang tsa bo-1940, re ne re se na thelevishene lelapeng leso. Seea-le-moea e ne e le ntho e khōlō e susumetsang monahano oa rōna. Kaha ke ne ke ntse ke kena sekolo, ho bala le ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae ho ne ho boloka kelello ea ka e phathahane. Ke ne ke ea libaesekopong mohlomong hanngoe ka khoeli. Ka Meqebelo ke ne ke atisa ho palama baesekele lik’hilomithara tse ’maloa ho ea shebella sehlopha sa papali ea bolo seo ke neng ke se rata haholo. E ne e batla e le malapa a seng makae a neng a ka khona ho ba le koloi kapa thelefono. Joaloka ba bang ba limilione Brithani, re ne re se na phaposi ea ho hlapa e arohileng. Ntloana e ne e le kantle, ’me bate ea ho hlapela e ne e le ka kichineng, eo ka ho tšoanang e neng e sebelisoa e le phaposi ea ho hlapa. Nakong ea ntoa, re ne re phela ka ho ja lijo tse entsoeng ka lijo tse omisitsoeng—mahe a phoofo, lebese le litapole. Litholoana, tse kang lilamune le libanana, e ne e le litholoana tse monate tse bang teng ka linako tse ling. Ha li ne li fihla lebenkeleng la meroho le litholoana la sebakeng seo e ne e le pontšo ho e mong le e mong hore a nke ka sekaja ho ea ema moleng bakeng sa ho fumana tsa bona tse lekanyelitsoeng. Basali ba bangata ba ne ba tlameha ho sebetsa lifekthering tsa ho etsa libetsa. Nakong eo batho ba ne ba sa hlokomele liphetoho tse hlollang tse neng li larile ka pele—lefatše la li-TV, livideo, li-computer, bophelo bo amanang le li-computer, ho buisana ka fax, ho fofa sebakeng le ho fetoloa ha liphatsa tsa lefutso.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela