Lichaba Tse Futsanehileng li Fetoha Lithotobolo Tsa Lichaba Tse Ruileng
JOALOKA khutsana e sa batleheng, thepa e chefo e ile ea solla ho tloha sekepeng se seng ho ea ho se seng le ho tloha boema-kepeng bo bong ho ea ho bo bong ho batla moo e ka amoheloang. Meqomo e 11 000 e phophomang bōka ba lifate bo chefo, chefo e bolaeang likokoanyana le lik’hemik’hale tse ling tse kotsi e isoa holimo le tlaase ho tloha Djibouti, Afrika, ho ea Venezuela ho ea Syria le ho ea Greece. Qetellong meqomo e lutlang ea qala ho ba kotsi bophelong ba basebetsi ba se seng sa likepe tse nkang thepa. Monna a le mong o ile a shoa, ’me boholo ba ba bang bo ile ba e-ba le lefu la letlalo, liphio le matšoafo, ka lebaka la lik’hemik’hale tse chefo tse neng li le ka meqomong e palamisitsoeng.
Likepe, literaka le literene tse jereng lithōle tse joalo tse bolaeang li fapakana holim’a lefatše li batla libaka tseo li ka li bitsang lehae. Hangata linaha tse seng li ntse li fatakantsoe ke bofutsana, tlala ea sekoboto le maloetse li fetoha lithotobolo bakeng sa lithane tsa lichefo le lithōle tse silafetseng. Litsebi tsa tikoloho li tšaba hore koluoa e amang tikoloho le tse phelang ho eona e ka ’na ea etsahala ka mor’a nakoana e seng kae.
Lipente tse tsofetseng, lihlapolli, lithaere, libeteri, lithōle tse ntšang mahlaseli a athomo, loto le manya a koahetsoeng ka PCB e ka ’na ea e-ba tse sa ipiletseng ho uena, empa lia khahleha indastering e hōlang ka potlako ea khoebo ea lithōle tse chefo. Ka ho fapaneng, ha ’muso e le o nkang mehato e thata haholoanyane mabapi le tikoloho, liindasteri tsa oona ke tse lahlang lithōle tse chefo haholoanyane linaheng tse ling. The Observer ea London ea beke le beke e bolela hore ‘lik’hamphani tse sa tšepahaleng tsa lichaba tse tsoetseng pele indastering, selemo le selemo li romela hoo e ka bang lithane tse limilione tse 20 tsa lik’hemik’hale tse chefo Linaheng tse Fokolang Moruong.’ Ho nyehlisoa ha melao ho etsa hore lithane tse likete tsa lithōle tse chefo li thesemetsoe mobung oa Afrika, Asia le Latin America.
Ha ho makatse ha lik’hamphani tsena li fumana ho qhalla lithōle linaheng tse futsanehileng e le ho hohelang! Litšenyehelo li ka fokotsoa ka ho hlollang haeba sebaka se loketseng se sebelisoa. Mohlala oa sena ke sekepe se nkang baeti se bitsoang United States, seo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba sekepe se motlotlo ka ho nka molaoli oa likepe tsa Amerika tsa baeti. Ka 1992 se ile sa rekoa bakeng sa ho nchafaletsoa maeto a mabotho-botho. Mohlomong se ne se e-na le asbestos e ngata ho feta sekepe leha e le sefe se seng se kileng sa sesa. Ho tlosa asbestos ho ne ho ka ’na ha bitsa lidolara tse limilione li 100 (liranta tse limilione tse 360) United States. Sekepe se ile sa huleloa Turkey, moo se neng se ka etsoa ka lidolara tse limilione tse peli (liranta tse limilione tse supileng). Empa ’muso oa Turkey o ile oa hana—ho ne ho le kotsi haholo ho lumella asbestos e nang le motsoako oa fiber o bakang kankere e fetang lisekoere mithara tse 46 000 hore e tlosetsoe naheng ea bona. Qetellong sekepe seo se ile sa huleloa boema-kepeng ba naha e ’ngoe, eo litekanyetso tse mabapi le tikoloho li seng thata-thata.
Ho Sebelisoa Hape ha Lintho ho Bolaeang
Likhoebo tsa Bophirimela linaheng tse hōlang moruong li ka ’na tsa rata ho inahana e le tse ruisang mafutsana molemo. Harvey Alter oa U.S. Chamber of Commerce o ile a tsitlella hore “thomello ea lithōle tse chefo e tsoelang kantle ho naha le indasteri e sebelisang lintho hape e phahamisa boleng ba bophelo linaheng tsena.” Empa tlhahlobo ea boitšoaro ba bona khoebong kantle ho naha e fumane hore mabakeng a mangata, ho e-na le ho phahamisa boleng ba bophelo, lifeme tsena “haholo-holo e ka ’na eaba ha li lefe ho ka holimo ho meputso e tlaase-tlaase ea sebakeng seo, li silafatsa tikoloho le ho rekisa lihlahisoa tseo ka linako tse ling e leng tse kotsi le tse fumanetsoeng ’maraka ka mano.”
Mopapa John Paul II o ile a kenyeletsa lentsoe la hae la ngongoreho lenaneong la thupelo ea haufinyane mabapi le tšilafalo linaheng tse hōlang moruong. Mopapa o ile a re: “Ke tšoaro e mpe ka ho tebileng ha linaha tse ruileng li fumana phaello moruong o fokolang le melaong e etsoang ke linaha tse futsanehileng ka ho romela litheknoloji tse silafatsang le lithōle tse tlotlollang tikoloho le ho senya bophelo bo botle ba sechaba.”
Mohlala oa sebele o fumanoa Afrika e ka boroa, lehae le leholohali la lefatše la ho etsoa ha lintho tse sebelisoang hape ka lithōle tse chefo tsa mercury. Ho se ileng sa bitsoa hore ke “e ’ngoe ea mahlabisa-lihlong a mabe ka ho fetisisa a tšilafalo ea k’honthinente,” lithōle tse chefo li ile tsa bolaea mosebetsi e mong, ha e mong a ile a ilibana ka nako e telele, ’me karolo ea boraro ea basebetsi e ile ea tlalehoa e kulisoa ke mofuta o itseng oa chefo ea mercury. Mebuso lichabeng tse ling tse tsoetseng pele indastering e hanela kapa ho thibela ka thata-thata ho lahloa ha lithōle tse itseng tse chefo tsa mercury. Bonyane ke e le ’ngoe ho linaha tsena likepe tsa mekhatlo e ikopantseng li isang thepa e kotsi mabōpong a Afrika. Sehlopha sa bahlahlobi se ile sa fumana meqomo e 10 000 ea lithōle tse chefo tsa mercury e tsoang lik’hamphaning tse tharo tsa kantle e bolokiloe setsing se etsang lintho tse sebelisoang hape.
Ho romela lintho hore li e’o sebelisoa hape linaheng tse tsoelang pele moruong ho utloahala ho le molemo haholo ho feta ho qhalla lithōle ho tsona. Ho ka hlahisa liphello tsa bohlokoa, ho fana ka mesebetsi le ho hōlisa moruo oa naha. Empa joalokaha tlaleho e ka holimo e tsoang Afrika e ka boroa e bontša, ho ka boela ha eba le liphello tse kotsi. Ho leka ho fumana lihlahisoa tsa bohlokoa hape linthong tsena ho ka ntša lik’hemik’hale tse kotsi haholo tse ka bakang tšilafalo le ho kula, haesita ka linako tse ling le lefu ho basebetsi. Makasine ea New Scientist ea hlokomela: “Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling ho sebelisoa hape ha lintho ho ka sebelisoa e le boikhakanyo bakeng sa ho qhaloa ha lithōle.”
Leqheka lena le ile la hlalosoa ke U.S.News & World Report: “Tlhaloso e fosahetseng e manehoang lihlahisoeng, ho nyehla ha molao le khaello ea botsebi ho etsa hore linaha tse hōlang moruong li hlaseloe habonolo ke bahoebi ba tsamaeang ba rekisa moraha oa likhoere-khoere tse chefo ka hore ke ‘manyolo a tlhaho a sa tsoakoang’ kapa chefo e bolaeang likokoanyana e fetiloeng ke nako ka hore ke ‘thuso mapolasing.’”
Li-maquiladora tse tsoang linaheng lisele, kapa lifektheri, li eketsehile haholo Mexico. Sepheo sa sehlooho sa lik’hamphani tse tsoang linaheng lisele ke ho balehela litekanyetso tse thata-thata tse mabapi le tšilafalo le ho nka monyetla ka ho fumaneha ha basebetsi ba lefuoang hanyenyane. Batho ba Mexico ba mashome a likete ba phela mekhorong e potolohiloeng ke liforo tsa metsi a silafetseng. Mosali e mong o ile a re: “Esita le lipōli li ke ke tsa a noa.” Tlaleho ea American Medical Association e ile ea bitsa sebaka se moeling hore ke “se ka hlalosoang e le moraha le sebaka sa ho qhotsisetsa mafu a tšoaetsanoang.”
Hase Likokoanyana Feela Tse Shoang
Arif Jamal, setsebi sa temo se sebetsanang le chai ea lijalo le chefo e bolaeang likokoanyana sa Khartoum, se ile sa botsa: “Ke joang naha e ka thibelang chefo lapeng empa ea e hlahisa le ho e rekisa linaheng tse ling? Boitšoaro bo kae tabeng ee?” Se ile sa bontša litšoantšo tsa meqomo e manehiloeng mantsoe a reng: “Ha e tšoanelehe bakeng sa ho sebelisoa”—naheng ea indasteri eo e tsoang ho eona. E ile ea fumanoa serapeng sa liphoofolo tse hlaha sa Sudan. Haufi le moo ho ne ho e-na le liqubu-qubu tsa liphoofolo tse shoeleng.
The New York Times e tlaleha hore naha e ’ngoe e ruileng “selemo le selemo e romela linaheng tse ling hoo e ka bang liponto tse limilione li 500 [lik’hilograma tse limilione tse 227] tsa chefo e bolaeang likokoanyana e thibetsoeng, e behetsoeng meeli kapa e sa lumelloang hore e ka sebelisoa ka lapeng.” E ’ngoe ea lintho tse tšoanang le DDT ka ho baka kankere, heptachlor, e ile ea thibeloa hore e se hlōle e sebelisoa lijalong tse hlahisang lijo ka 1978. Empa feme ea lik’hemik’hale e ileng ea e qapa e tsoela pele ho e hlahisa.
Phuputso ea Machaba a Kopaneng e sibolotse ho fumaneha ho batsi ha “chefo e bolaeang likokoanyana e kotsi haholo” bonyane linaheng tse 85 tse tsoelang pele moruong. Batho ba ka bang milione e le ’ngoe ba kulisoa ke chefo e kenellang selemo se seng le se seng, ’me mohlomong ba 20 000 ba bolaoa ke lik’hemik’hale.
Mohlomong indasteri ea koae e ka ’na ea bitsoa mohlala oa sebele oa meharo e bolaeang. Sehlooho se seng ho Scientific American se ne se re: “Seoa sa Koae Lefatšeng Lohle” sea bolela: “Leqhubu la maloetse a amanang le koae le mafu ho potoloha lefatše le ke ke la feteletsoa.” Karolelano ea lilemo tseo ba tsubang ba ho qalisang ka tsona e ntse e e-ba tse tlaase ho feta leha e le neng, ’me palo ea basali ba tsubang e phahama ka sekhahla se seholo. Lik’hamphani tse matla tsa koae tse entseng selekane le baphatlalatsi ba bolotsana li atleha ho fumana ’maraka o moholohali oa linaha tse nang le moruo o fokolang. Mophula oa litopo le ’mele e nang le mafu a bolaeang e silafalitse ’mila oa tsona o eang boruing.a
Leha ho le joalo, ho ka boleloa hore hase lik’hamphani tsohle tse hlokomolohang boiketlo ba lichaba tse tsoelang pele moruong. Ho na le lik’hamphani tse ling tse ikitlaetsang ho tsamaisa khoebo e hlokang leeme le e nang le boikarabelo linaheng tse hōlang. Ka mohlala k’hamphani e ’ngoe e fana ka lipenshene le tšehetso ea bophelo bo botle ba ’mele ’me e lefa basebetsi ba eona moputso o hlokahalang o mennoeng hararo. K’hamphani e ’ngoe e ile ea nka boikarabelo bo matla tabeng ea litokelo tsa botho ’me ea hlakola litumellano tse ngata ka lebaka la tšoaro e mpe.
Ho Checha ka Boikaketsi
Tumellano ea seboka sa Machaba a Kopaneng sa 1989 e ile ea saeneloa Basel, Switzerland, bakeng sa ho laola tsamaiso ea lithōle tse kotsi lipakeng tsa lichaba. E ile ea hlōleha ho rarolla bothata, ’me New Scientist e ile ea tlaleha sebokeng se bileng hamorao sa lichaba tsona tseo, se neng se tšoeroe ka March 1994:
“Karabelong ea bohale bo loketseng ba lichaba tse tsoelang pele moruong, linaha tse 65 tse ileng tsa kopanela ho Basel Convention li ile tsa nka bohato ba bohlokoa ha li etsa qeto ea ho thibela thomello ea lithōle tse kotsi ho tsoa linaheng tsa OECD [Organization for Economic Cooperation and Development] ho ea linaheng tseo e seng tsa OECD.”
Empa qeto ena ea morao-rao ha ea ka ea bonahala e lutse linaha tse tsoetseng pele hamonate. New Scientist e ile ea hlahisa ngongoreho ea eona tjena: “Kahoo litaba tsa hore US, Brithani, Jeremane le Australia hona joale li leka ho tsoa qeto eo tlaase ke tse ferekanyang. Litokomane tse ileng tsa siboloha boeking ba ’muso oa US ‘ha li bonahatse’ boiteko bo bohlale ba ho ‘ntlafatsa’ thibelo pele li lumela ho tiisa seboka seo.”
Letsatsi Leo ba Meharo ba Tlang ho Ikarabella
Ho Jakobo 5:1 (The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Bibele ea lemosa: “Joale, lōna banna ba ruileng, ke nako ea hore le lle ’me le bokolle ka lebaka la mesarelo eo le e boloketsoeng!” Ho ikarabella ho tla tlisoa ke letsoho la ea ka otlollang lintho: “Jehova o lokisetsa, o ahlolela bohle ba hatakeloang.”—Pesaleme ea 103:6.
Bao hona joale ba phelang bofutsaneng bo hatellang ba ka fumana matšeliso, tsebong ea hore haufinyane mantsoe a Pesaleme ea 72:12, 13 a tla phethahatsoa: “Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lihlooho tsa Tsoha! ea June 8, 1995, tse buang ka koae.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lithōle Tse Bolaeang Tse Hanang ho Tloha
“Lithōle Tse Bolaeang Tsa Nyutlelie li Ntse li Bokellana Ntle ho Tharollo ea Letho e Fumanehang.” Ke kamoo sehlooho sa litaba ho The New York Times ea March se neng se baleha kateng. Sehlooho se ile sa re: “Khetho e bonolo ka ho fetisisa ke ho li epela. Empa seo sea hlaseloa ha litsebi tsa saense li phehisana, ’me Makala a Maholo a liphuputso, a phehisana ka hore na ebe mohlomong ho qhalla lithōle ka tlas’a lefatše ho reriloeng bakeng sa Nevada qetellong ho ke ke ha baka ho phatloha ha nyutlelie ho fepetsoeng ke lithōle tsa plutonium.”
Litsebi tsa saense li ’nile tsa rera merero e mengata bakeng sa ho pholosa lefatše ho ngatafaleng ha plutonium, empa litšenyehelo, liphehisano, le tšabo li ’nile tsa etsa hore merero eo e hlokomolohuoe. Khopolo e ’ngoe e mpe ho ba bangata ke ea hore li epeloe leoatleng. Tlhahiso eo e seng ea sebele haholoanyane ke ea ho li qhomisetsa letsatsing. Tharollo e ’ngoe, ke hore ho sebelisoe sebōpi sa matla ho li chesa. Empa sena se ile sa qheleloa ka thōko, kaha se ka ’na sa nka “lilemo tse makholo kapa tse likete” hore se phethahale.
Dr. Makhijani oa Institute for Energy and Environmental Research o itse: “Tharollo e ’ngoe le e ’ngoe e bontšang tsebo e ka sebetsang e na le bobe bo itseng mahlakoreng a lipolotiki, ’me tharollo e ntle lipolotiking e fetoha e nyelisehang lehlakoreng la tsebo e sebetsang. Ha ho motho ea nang le tharollo e feletseng pherekanong ena, ho akareletsa le rōna.”
Bakeng sa ho fepela motlakase mahaeng a limilione tse 60—karolo ea 20 lekholong ea motlakase oa naha—libōpi tsa matla tse 107 fekthering ea matla a nyutlelie United States li hlahisa lithane tse 2 000 tsa mafura a sebelisitsoeng selemo le selemo, ’me ho tloha ka 1957 mafura a sebelisitsoeng a ile a bolokoa ka nakoana lifekthering tsa nyutlelie. Ka lilemo tse mashome batho ba ile ba leta ka ho se nang thuso bakeng sa hore ’muso o fumane tsela ea ho a lahla. Bapresidente ba robong ba ’nile ba e-ba mosebetsing ona, ’me Lihlopha tsa Baetsi ba Molao tse 18 li ile tsa fana ka lipolane ’me ha behoa nako ea ho phetha sena ho sireletsa polokelo ea lithōle tse ntšang mahlaseli a athomo litokisetsong tse ka tlas’a lefatše, empa ho lahloa ha ho qetela ha lithōle tse bolaeang le ho li sireletsa ka lilemo tse sekete ho ntse ho e-s’o etsoe.
Ka ho fapaneng, libōpi tse qhibilisang tse libilione tseo Jehova Molimo a li tsamaisang linaleling tse hōle bokahohleng ha li hlahise tšokelo ea letho, ’me le tseo a li tsamaisang letsatsing la rōna li etsa hore bophelo bo be teng lefatšeng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UNITED NATIONS/IAEA
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lik’hemik’hale tse chefo li silafatsa metsi a nooang le a hlatsoang
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bana ba bapala har’a lithōle tse kotsi kapa tse bolaeang