Itšireletse Boloetseng bo Bakoang ke Lijo
BECKY o re: “Ka lihora tse 12 ke ne ke hlōleha feela le ho tloha phaposing ea ho hlapa. Mala a ne a lōma ka tsela e makatsang. ’Me ke ile ka felloa ke metsi haholo ’meleng, hoo ke ileng ka tlameha ho fumana mekeli-keli ea IV [e kenngoang methapong] phaposing ea boemo ba tšohanyetso sepetlele. Ke ile ka hlaphoheloa ka mor’a libeke tse peli kapa tse tharo.”
Becky o ne a hlasetsoe ke chefo e bakoang ke libaktheria lijong, e leng boloetse bo bakoang ke lijo. Joaloka bahlaseluoa ba bang ba bangata, o ile a pholoha. Empa o sa ntsane a hopola ka ho hlaka phihlelo ea hae e bohloko. O re: “Le ka mohla ke ne ke sa elelloe hore chefo e bakoang ke libaktheria lijong e ka u kulisa haholo hakaalo.”
Liphihlelo tse kang ena, le tse mpe ho e feta, li tloaelehile ka mokhoa o ferekanyang. Libaktheria, livaerase, likokoana-hloko le li-protozoa tse ngata-ngata li baka tšokelo ea ho senya lijo tsa rōna. ’Me le hoja mefuta e meng ea boloetse bo bakoang ke lijo e fokotsehile linaheng tse tsoetseng pele lilemong tsa morao tjena, makasine ea World Health e tlaleha hore “mafu a bakoang ke libaktheria tsa salmonella le a mang a itseng a hlahisitse phephetso boitekong bohle ba ho a laola.”
Ho thata ho fumana hantle ka liketsahalo tsa chefo e bakoang ke libaktheria lijong kaha liketsahalo tse ngata ha li tlalehoe. Dr. Jane Koehler oa U.S. Centers for Disease Control o re: “Seo re se tsebang ke karolo e nyenyane haholo ea bothata bona bohle.”
Ke’ng se bakang boloetse bo tsoaloang ke lijo? U ka ’na ua makala ho tseba hore hangata bothata bona bo qaleha nako e telele pele lijo li fihla ’marakeng.
Seoa sa Borui ba Liphoofolo
Mekhoa ea kajeno ea ho rua liphoofolo e batla e tiisa ho potlaka ha tšoaetsano ea lintho tse itseng tse bakang mafu har’a mohlape. Ka mohlala, indastering ea nama ea khomo United States ho khobokanngoa hammoho manamane a tsoang mapolasing a ka bang 900 000 lilakhapaneng tse ka tlaase ho lekholo. Ho kopa-kopana ho joalo ho ka etsa hore lefu le tšoaetsang la polasi e le ’ngoe le qale seoa.
Ho feta moo, Dr. Edward L. Menning, motsamaisi oa National Association of Federal Veterinarians, United States, o bolela hore “karolo ea mashome a mararo lekholong kapa ho feta ea lijo tsa liphoofolo e silafalitsoe ke lintho tse bakang mafu a itseng.” Ka linako tse ling lijo tsa liphoofolo li matlafatsoa ka lintho tseo lilakhapane li lokelang ho li lahla bakeng sa ho fana ka liprotheine tse eketsehileng—e leng mokhoa o ka jalang baktheria ea salmonella le likokoana-hloko tse ling. Ha liphoofolo li fuoa meriana e thibelang likokoana-hloko ka tekanyo e fokolang ho potlakisa khōlo, ho ka etsa hore likokoana-hloko li hane phekolo ea meriana. Dr. Robert V. Tauxe oa Centers for Disease Control o re: “Mohlala o motle ke salmonella, e ntseng e hana haholoanyane ho phekoloa ka meriana e thibelang likokoana-hloko. Re nahana hore ke hobane liphoofolo tse rueloang ho jeoa li fuoa meriana e thibelang likokoana-hloko. Hona ho ka ’na ha e-ba joalo le ka libaktheria tse ling.”
Ke karolo e fokolang feela lekholong ea likhoho tse nang le baktheria ea salmonella ka maleng ha li tloha polasing li e-ea selakhapane, empa setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane Nelson Cox se bolela hore “nakong eo li ntseng li tsamaisoa karolo eo e eketseha ho isa ho mashome a mabeli ho ea ho a mabeli a metso e mehlano lekholong.” Ha li penyane ka har’a lisefe-terata tse nyenyane, likhoho li ka tšoaetsoa habonolo. Ho li hlaba le ho li phumula ka lepotla-potla ho eketsa kotsi. Setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane Gerald Kuester o-oa bolela: “Qetellong ea letoto lena likhoho tseo li silafetse joalokaha eka li ile tsa ineloa ka ntloaneng ea ho ithusa e litšila. E ka ’na eaba li hlatsoitsoe, empa likokoana-hloko li ntse li le teng.”
Ka ho tšoanang, ho sebetsana le nama e ngata haholo ho ka ba kotsi. The Encyclopedia of Common Diseases e re: “Lijo tse etsoang ka bongata lifekthering tsa kajeno li ngata hoo karolo e le ’ngoe kapa tse peli tse tšoaelitsoeng tsa lijo tse kenang li ka silafatsang litone tsa sehlahisoa se seng se qetiloe.” Ka mohlala, sekotoana se le seng sa nama ea khomo se silafetseng, se ka silafatsa hamburger e ’ngoe le e ’ngoe e fetang mochining oo se fetileng ho oona. Ho feta moo, lijo tse lokisetsoang sebakeng se bohareng ebe joale li isoa litorong kapa mabenkeleng a lijo tse phehiloeng li ka ’na tsa tšoaetsoa haeba tekanyo ea mocheso kapa serame e sa bolokoe e le boemong bo loketseng nakong eo li tsamaisoang.
Ke lijo tse ngata hakae tse ka hlahisang kotsi tse fihlang ’marakeng? Dr. Menning oa tlaleha: “Bonyane ke karolo ea 60 lekholong ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekisetsoang bareki ka likaroloana tse nyenyane.” Empa u ka nka mehato ea ho itšireletsa boloetseng bo bakoang ke lijo, hobane makasine ea FDA Consumer e hlokomela hore “karolo ea 30 lekholong ea boloetse bo joalo kaofela e bakoa ke tšoaro e sa sireletsehang ea lijo lapeng.” Ke mehato efe ea ho itšireletsa eo u ka e nkang?
Pele U li Reka . . .
Bala pampiri e khomarelitsoeng. Ke metsoako efe e sebelisitsoeng? E-ba hlokolosi haeba ho sebelisitsoe mahe a tala, a joaloka a sebelisitsoeng ho linyanyatsa salate kapa mayoneise. Lebese le chisi li lokela ho ngoloa “pasteurized [likokoana-hloko li bolailoe].” Hlokomela letsatsi le lemosang ka “sell by [rekisa ka la]” kapa “use by [sebelisa ka la].” U se nahane hore lihlahisoa tse ipolelang hore li boemong ba tlhaho li fana ka tiisetso ea hore li sireletsehile; li ka ’na tsa u pepesetsa likotsing tseo lintho tse ekelletsoang lijong li neng li reretsoe ho li thibela.
Hlahlobisisa lijo le sephutheloana sa tsona. Haeba lijo li sa bonahale li le boemong bo hloekileng ba tlhaho, u se ke ua li reka. Haeba e le tlhapi, tlhapi e sa khabeloang e lokela ho ba le mahlo a hlakileng, li-gill tse khubelu, le nama e sa silafalang, e tiileng, le nama e bonojoana le maqa li lokela ho hlaka ’me li phatsime, li se ke tsa ba le monkho o matla o mobe. Tlhapi e lokela hore e lule holim’a kaletsa ea leqhoa kapa e koalloe ka sehatsetsing. Tlhapi e seng e ntse e phehiloe e papanehiloeng pel’a tlhapi e tala li ka tšoaetsana. Ho feta moo, mabekere le mathini a lutlang, a kokomohileng, kapa a senyehileng ka tsela e itseng a ka tsoala chefo ea botulin lijong e bakoang ke baktheria—chefo e sa tloaelehang empa ka linako tse ling e le e bolaeang, e hlaselang tšebetso ea bohlokoa ea methapo ea kutlo.
Pele U li Ja . . .
Li phehisise. Ona ke o mong oa mekhoa e meholo ka ho fetisisa ea ho u sireletsa tšoaetsong. Dr. Cohen oa eletsa: “Nka hore sehlahisoa se seng le se seng se tsoang nameng se silafetse, ’me u se tšoare ka ho loketseng.” Mahe a lokela ho phehoa ho fihlela ha mothoebe hammoho le karolo e tšoeu li tiile, e seng li le rekereke. Kaha libaktheria li ka khona ho hōla tekanyong ea mocheso le serame e pakeng tsa likhato tse 4 le tse 60 tsa Celsius, nama e lokela ho phehoa ho fihlela karolo e bohareng e fihla mochesong oa likhato tse 71 tsa Celsius, ’me nama ea khoho e lokela ho fihla mochesong oa likhato tse 82 tsa Celsius.
Itloaetse ho pheha ka mokhoa o hloekileng. Lijana tsohle li lokela ho hloekisoa ka botlalo ka mor’a hore li sebelisoe. Le hoja ba bang ba bolela hore mapolanka ao ho khabelloang ho ’ona a ka boloka libaktheria, phuputso e ’ngoe e bolela hore a sireletsehile ho feta lintho tse khabellang tse entsoeng ka polasetiki.a Ho sa tsotellehe hore na u khabella ho eng e lokela ho hlatsuoa ka botlalo ka sesepa le metsi a chesang. Ba bang ba bolela hore ho boeloe ho sebelisoe ntho e soeufatsang. Hlapa matsoho ka mor’a hore u tšoare nama e tala kapa nama ea khoho, hobane ntho leha e le efe eo u e thetsang e ka silafala.
Sheba oache. Tlisa korosari lapeng kapele kamoo ho ka khonehang. Ho feta moo, ’maphepo Gail A. Levey o bolela hore “ha ho ntho e lokelang ho tloheloa kantle ho sehatsetsi ka lihora tse fetang tse peli, ho sa tsotellehe hore na e se e phehiloe kapa e ntse e le tala.” Oa phaella: “Haeba kantle tekanyo ea mocheso e feta likhato tse 90 [32° C.], fokoletsa nako eo ho hora.”
Pele U li Boloka . . .
Sebelisa lijana tse lekaneng. Fokoletsa lijo tse chesang ka lijaneng tse nyenyane e le hore li tle li fole kapele ka sehatsetsing. Etsa hore ho be le sebaka sa moea ho potoloha lijana tseo e le hore tekanyo ea mocheso le mohatsela ka sehatsetsing kapa forisareng ea hao e se ke ea phahama. Lijana tsohle li lokela ho koaheloa bakeng sa ho thibela hore li se tšoaetsane tšilafalo.
Hlahloba sehatsetsi sa hao. Tekanyo ea mocheso kapa serame ka forisareng ha ea lokela ho phahama ho feta likhato tse 18 tsa Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo, ’me ka sehatsetsing e lokela ho ba ka tlaase ho likhato tse 4 tsa Celsius. Le hoja nama e ’ngoe le ea khoho e ka bolokoa ka forisareng ka likhoeli, e ka qala ho bola ha e le ka sehatsetsing ka matsatsi a seng makae feela. Mahe a lokela ho sebelisoa nakong ea libeke tse tharo. Ho qoba hore a se pshatlehe le ho a boloka a bata hantle, ho molemo ka ho fetisisa haeba a ka tloheloa a le lebokoseng la ’ona la pele ’me a bolokoe karolong e khōlō ea sehatsetsi ho e-na le hore a bolokoe tereing ea mahe e fumanehang karolong e ka hare ea lemati, e leng se seng sa libaka tse mofuthu ka ho fetisisa ka sehatsetsing.
Ho sa tsotellehe mehato ena eohle e ka holimo ea ho itšireletsa, haeba lijo li bonahala kapa li nkha ka mokhoa o belaetsang, li lahle! Le hoja hangata boloetse bo bakoang ke lijo bo tla bo bile bo iphetela ntle le liphello tse kotsi, maemong a mang—haholo-holo ho bana, batho ba hōlileng le ba nang le khaello ea ho itšireletsa ha ’mele mafung—bo ka bolaea.b
Ke lilemo tse likete tse fetileng ha Molimo a ne a re ho Noe: “Liphoofolo tsohle, linonyana, le litlhapi, . . . kaofela ke le neha tsona bakeng sa lijo.” (Genese 9:2, 3, Today’s English Version) Mekhoa e amohelehang ea ho hlaba le litsi tseo nama e lokisoang ho tsona ho kopanyeletsa le kabo e khōlō li eketsa monyetla oa boloetse bo tsoang lijong tse entsoeng ka nama ea liphoofolo. Ka hona, phetha karolo ea hao joaloka moji. E-ba hlokolosi ha u reka, ha u pheha leha u boloka lijo tsa hao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Awake! ea December 8, 1993, leqepheng la 28.
b Haeba ho etsahala hore u hlaseloe ke boloetse bo bakoang ke lijo, e-ba le nako e ngata ea ho phomola, ’me u noe lintho tse metsi tse kang juse, moro, kapa soda e se nang lekoeba. Haeba matšoao a lefu la methapo a tsoela pele kapa haeba feberu, molikoa-likoane, ho hlatsa, mantle a nang le mali, kapa lehlaba le bohale le phehella kapa haeba u sehlopheng sa ba kotsing e khōlō, e ka ba bohlale hore u bone ngaka.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Ha U Jella Moo e Seng Lapeng
Lipikiniki. Sebelisa cooler e tlatsitsoeng leqhoa e koalehang hantle bakeng sa ho thibela mocheso. E behe sebakeng seo ho lulang batho koloing ea hao ho e-na le ho e beha ka moo ho lulang lithoto. Pikiniking cooler e lokela ho behoa moriting ’me e koetsoe hantle ka sekoahelo. Beha lijo tsohle tse tala thōko le mefuta e meng ea lijo. Ha ho khothalletsoe hore ho fubetsoe lijo lapeng ebe li qetella ho phehoa hamorao ka grill, hobane ho se butsoise lijo ho thusa hore libaktheria li hōle.
Mabenkele a lijo tse phehiloeng. Dr. Jonathan Edlow oa lemosa: “Qoba mabenkele a lijo tse phehiloeng a bonahalang a sa hloeka. Haeba sebaka sa ho jela se bonahala se le litšila, mohlomong kichine le eona e litšila.” Khutlisa lijo leha e le life tse “futhumetseng” tse sa cheseng kapa tse sa butsoang. Nama ea khoho e batlang e le pinkinyana ha e-ea lokela ho jeoa. Mahe a halikiloeng a lokela ho halikeha hantle ka mahlakoreng ka bobeli. FDA Consumer ea hlokomelisa: “Ha mothoebe o le rekereke haholoanyane, le kotsi e phahame haholoanyane.”
Libaka tsa linyanyatsa lisalate. Kaha li tsoaka lijo tse hlokang litekanyetso tse fapaneng tsa ho phehoa le ho behoa sehatsetsing, libaka tsa linyanyatsa lisalate li etsa seo makasine ea Newsweek e se bitsang “libaka tse phethahetseng tseo likokoana-hloko li bapallang ho tsona.” Hlahloba hore na libaka tsa linyanyatsa lisalate li hloekile, ’me u etse bonnete ba hore lijo tse lokelang ho lula li bata li bolokiloe kaletseng ea leqhoa. Esita leha libaka tsa linyanyatsa lisalate li hlokometsoe hantle, likokoana-hloko li ka tšoaetsanoa ho tloha ho moreki e mong ho ea ho e mong. Joalokaha setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane, Michael Pariza a boletse: “Ha u tsebe hore na ke mang oa ho qetela ea ileng a tšoara khaba e sebelisetsoang ho kha senyanyatsa salate.”
Lipokano tsa botsoalle. Dr. Edlow o bolela hore ha u phomosetsa batho lijo ka mokhoa oa hore ba ingoathele, ea amohetseng baeti o lokela ho “beha lijo tse fokolang tafoleng ’me ka lijaneng tsa ho phomosetsa a ’ne a eketse lijo tse tsoang ka sehatsetsing kapa nthong e chesang ho e-na le hore a tlohele lijo moo nako e telele.” Boloka lijo tse batang li le ka tlaase ho likhato tse 4 tsa Celsius ’me lijo tse chesang li le ka holimo ho likhato tse 60 tsa Celsius. Nama e phehetsoeng hore e tla sebelisoa hamorao e lokela hore kapele-pele e kenngoe ka sehatsetsing ’me e lokela ho lula joalo ho fihlela e loketse hore e ka tsamaisoa. Pele li jeoa, lijo tseo li ka futhumatsoa hape ka botlalo.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Haeba li sa bonahale li le boemong bo hloekileng ba tlhaho, u se ke ua li reka
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Na kichine ea lebenkele la lijo tse phehiloeng moo u jellang teng e hloekile?