Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao bo Botle ba ’Mele
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
HO EA ka World Health Organization (WHO), hoo e ka bang karolo ea 25 lekholong ea batho ba phelang linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong ha ba fumane metsi a hloekileng. Ba fetang karolo ea 66 lekholong—bonyane batho ba limilione tse 2500—ba hloka matloana a sireletsehileng. Sena se fella ka ho kulisa le ho bolaea ba bangata.
Maemong a joalo, ho thibela ho kula ke phephetso. Empa, haeba u phela ka bohloeki bophelong ba hao, u tla itšireletsa mafung a mangata. Mehato e tšeletseng eo u ka e nkang ho itšireletsa uena le lelapa la hao likokoana-hlokong tse ka kenang ’meleng ’me tsa le kulisa ke ena.
1. Hlapa matsoho a hao ka sesepa le metsi ka mor’a ho tšoara mantle le pele u tšoara lijo.
Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho thibela ho kula ke ea ho tiisa hore sesepa le metsi li lula li le teng kamehla e le hore motho e mong le e mong ka lelapeng la hao a ka hlapa matsoho. Sesepa le metsi li tlosa likokoana-hloko matsohong—likokoana-hloko tseo ho seng joalo li ka kenang ka lijong kapa ka hanong. Kaha bana ba banyenyane ba atisa ho kenya menoana ea bona ka hanong, ke habohlokoa hore ba hlape matsoho a bona khafetsa, haholo-holo pele u ba fa lijo.
Ke habohlokoa haholo ho hlapa matsoho ka sesepa ka mor’a ho sebelisa ntloana, pele u tšoara lijo le ka mor’a ho hlakola lesea kapa ngoana ea qetang ho ithusa.
2. Sebelisa ntloana.
E le ho thibela likokoana-hloko ho ata, ke habohlokoa ho lahla mantle ka tsela e loketseng. Mafu a mangata, haholo-holo a letšollo, a bakoa ke likokoana-hloko tse mantleng a batho. Likokoana-hloko tsena li ka kena ka metsing a nooang kapa ka lijong, tsa lula matsohong, kapa lijaneng le linthong tse sebelisoang ha ho lokisoa kapa ho ngoathoa lijo. Ha seo se etsahala, batho ba ka koenya likokoana-hloko tseo ’me ba kula.
E le ho thusa ho thibela sena, sebelisa ntloana. Mantle a liphoofolo a lokela ho lahleloa hōle le mahae le mehloli ea metsi. U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore mantle a masea le bana ba banyenyane a kotsi ho feta a batho ba baholo. Kahoo esita le bana ba lokela ho rutoa ho sebelisa ntloana. Ha bana ba ithusetsa fatše, mantle a bona a lokela ho tlosoa hona hoo ’me a lahleloe ka ntloaneng kapa a tseteloe.
Matloana a lokela ho bolokoa a hloekile ’me a koahetsoe.
3. Sebelisa metsi a hloekileng.
Malapa a nang le phepelo e ngata ea metsi a hloekileng, a lipompo, hase hangata a kulang joaloka a se nang ’ona. A se nang metsi a lipompo a ka sireletsa bophelo ba ’ona ka ho boloka liliba li koahetsoe le ka ho qhalla metsi a litšila thōko le metsi a sebelisetsoang ho nooa, ho hlapa, kapa ho hlatsoa. Hape ke habohlokoa ho se koalle liphoofolo ka tlung ’me li se be haufi le metsi a nooang.
Tsela e ’ngoe ea ho itšireletsa mafung ke ho boloka linkho, lithapo le liemere tse sebelisetsoang ho kha le ho boloka metsi li hloekile ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Ka mohlala, ho molemo ho hloesetsa nkho holimo ho e-na le ho e tlohella e lutse fatše.
Metsi a nooang a lutseng ka tlung a lokela ho tšeloa ka nkhong e hloekileng, e koahetsoeng. Metsi a lokela ho khuoa ka nkhong eo ka sekhelello se hloekileng. U se ke ua lumella batho hore ba kenye matsoho a bona ka metsing a nooang kapa hore ba noe ka nkho ea metsi.
4. Belisa metsi a nooang ntle le haeba a tsoa pompong e nang le mohloli o sireletsehileng.
Hangata metsi a sireletsehileng ke a tsoang lipompong. Metsi a tsoang mehloling e meng a ka ’na a ba le likokoana-hloko, le hoja a ka ’na a shebahala a hloekile.
Ho belisa metsi ho bolaea likokoana-hloko. Kahoo ha u kha metsi matamong, melapong, kapa litankeng, ke bohlale hore u a belise ’me ebe u a tlohella hore a fole pele u a noa. Ho noa metsi a se nang likokoana-hloko ke habohlokoa ka ho khetheha ho masea le bana ba banyenyane, kaha ha ba na matla a ho loantša likokoana-hloko joaloka batho ba baholo.
Haeba ho sa khonehe hore u belise metsi a nooang, a boloke ka nkhong e koalehang ea polasetiki kapa ea khalase e bonaletsang. Beha nkho moo e fumanang khanya ea letsatsi matsatsi a mabeli pele metsi ao a sebelisoa.
5. Boloka lijo tsa hao li hloekile.
Lijo tse jeoang li le tala li lokela ho hloekisoa hantle. Lijo tse ling li lokela ho phehoa ka ho feletseng, haholo-holo nama.
Ho molemo ho ja lijo hang-hang ha li qeta ho phehoa; ka tsela eo li ke ke tsa fumana nako ea ho bola. Haeba u lokela ho lulisa lijo tse phehiloeng lihora tse hlano kapa ho feta, u lokela ho li boloka li chesa kapa ho seng joalo li le ka sehatsetsing. Pele u li ja, u lokela ho li futhumatsa hape ka ho feletseng.
Hangata nama e tala e na le likokoana-hloko, kahoo ha ua lokela ho e lumella hore e thetse lijo tseo u seng u li phehile. Ka mor’a ho lokisa nama e tala, hloekisa lijana le likarolo leha e le life tsa kichine tseo e li thetsitseng.
Libaka tseo lijo li lokisetsoang ho tsona li lokela ho lula li hloekile kamehla. Lijo li lokela ho lula li koahetsoe ’me li bolokiloe moo lintsintsi, likhoto, litoeba le liphoofolo tse ling li sa li fihleleng.
6. Chesa kapa u epele lithōle tsa lapeng.
Lintsintsi tse jalang likokoana-hloko, li rata ho qhotsetsa lijong tse litšila. Kahoo, lithōle tsa lapeng ha lia lokela ho qhalloa lebaleng. Li lokela ho epeloa, li chesoe, kapa li lahloe ka tsela e itseng, letsatsi le letsatsi.
Ka ho sebelisa litataiso tsena, u ka itšireletsa uena hammoho le lelapa la hao lefung la letšollo, la k’holera, la feberu ea mala, manyooa, lefu la mala le bakoang ke lijo tse chefo le mafung a mang a mangata.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: Facts for Life, e hatisitsoeng ka kopanelo ke United Nations Children’s Fund, United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization, le WHO.