Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 12/8 maq. 29-30
  • Na Tlhōlisano Lipapaling e Fosahetse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tlhōlisano Lipapaling e Fosahetse?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori ea Lipapali
  • Ha Tlhōlisano e se e Fetella
  • Pono e Leka-lekaneng
  • Ho Boloka Lipapali Sebakeng se Loketseng
    Tsoha!—1991
  • Sebaka Seo Lipapali li Nang le Sona
    Tsoha!—1991
  • Na ke Lokela ho Kena Sehlopheng sa Libapali Sekolong?
    Tsoha!—1991
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 12/8 maq. 29-30

Pono ea Bibele

Na Tlhōlisano Lipapaling e Fosahetse?

BANNA-BAHOLO ba babeli ba lutse serapeng sa boikhathollo letsatsing le futhumetseng, ba bapala moraba-raba. Haufi le moo ke lerata la bana ba hoelelitseng ba bile ba matha ba bapala papali ea libōkō. Sebakanyana, sehlopha sa bahlankana se thabela papali ea basketball. E, moo re leng teng letsatsi le leng le le leng, ba banyenyane le ba baholo ba thabela lipapali. Ha ba na le karolo, batho ba bangata ba leka ka matla ho etsa sohle se matleng a bona. Mohlomong le uena u-ua ho etsa.

Empa na ho ka boleloa hore mefuta e joalo ea tlhōlisano ea botsoalle e fosahetse? Ba bangata ba ela hloko temoso ea moapostola Pauluse e ho Ba-Galata 5:26 (NW), moo a ileng a re Bakreste ha baa lokela ho ‘hlohlelletsa tlhōlisano.’ Ka lebaka la sena, na e tla ba ho sa nepahalang ho Bakreste ho hlōlisana lipapaling tsa boithabiso?

Habonolo feela ho ka thoe, che. Hobane’ng ho ka boleloa joalo? Pele re arabela potso eo, a re hlahlobeng ka bokhutšoanyane histori ea lipapali.

Histori ea Lipapali

Ho ba le karolo lipapaling ho qalile khale mehleng ea boholo-holo ’me ho pholletsa le histori e bile ntho e bang teng e sa khaotse—ho kopanyelletsa le historing ea batho ba Molimo. Esita le lentsoe “bolo” lea hlaha ka Bibeleng. Esaia 22:18 (NW), ha e bolela ka likahlolo tsa Jehova Molimo khahlanong le batho ba babe, e re: “O tla [ba] thatela ka thata, joaloka bolo.” Libolo tse ling tsa morao tjena—joaloka bolo ea golf le ea baseball—li ntse li etsoa ka ho thateloa ka thata. Bibele ea King James e fetolela temana e tšoanang ka mantsoe ana: “O tla . . . le akhela joaloka bolo.” Ka lebaka la ho bapisa hona ho tšoanelang, e tlameha ebe libolo li ne li sebelisoa ke batho ba neng ba phela mehleng eo.

Ho phaella moo, ho na le taba e ’ngoe ka Bibeleng ea ha mopatriareka Jakobo a betana le lengeloi. Tlaleho ena e bonahala eka e fana ka maikutlo a hore Jakobo o ne a e-na le tsebo ka ho ikoetlisa esale pele, kaha ntoa e ile ea e-ba e sa feleng e ileng ea qeta lihora. (Genese 32:24-26) Ka ho thahasellisang, ho latela litsebi tse ling, tlaleho eo eka e bontša hore Jakobo o ne a e-na le tsebo e itseng ka melao ea ho betana. Baiseraele le bona e ka ’na eaba ba ile ba kopanela ho fuleng ka liqha—e leng papali e ’ngoe e hlokang koetliso le tsebo. (1 Samuele 20:20; Lillo tsa Jeremia 3:12) Ho matha e ne e le e ’ngoe ea lipakane tsa boatleletiki tseo banna ba khale ba neng ba ikoetlisetsa tsona.—2 Samuele 18:23-27; 1 Likronike 12:8.

Lipapali tse neng li sebelisa kelello—joaloka ho lothana—ka ho hlakileng li ne li tloaelehile ’me li nkoa e le tsa bohlokoa haholo. Mohlomong mohlala o hlahelletseng haholo oa sena ke oa ha Samsone a lotha Bafilesta.—Baahloli 14:12-18.

Mangolong a Segerike a Bakreste, ka linako tse ling lipapali li ne li sebelisoa e le puo ea tšoantšetso bakeng sa bophelo ba Bakreste. Ka mohlala, ho 1 Ba-Korinthe 9:24, 25 (NW), Pauluse o ile a bua ka mokhoa o matla oo moatlelete a ikoetlisang ka oona ’me a o sebelisa ho bontša tlhokahalo ea Mokreste ea ho ba le boitšoaro le mamello. Hape, ho hlakile hore Jehova o ile a kenya ka hare ho libōpuoa tsa hae tse ngata motsoakonyana oa papali, kaha batho le liphoofolo ba na le nako ea ho bapala.—Jobo 40:20; Zakaria 8:5; bapisa le Ba-Heberu 12:1.

Ha Tlhōlisano e se e Fetella

Joale moapostola Pauluse o ne a bolela eng ho Bakreste-’moho le eena ha a ba bolella hore ha baa lokela ho ‘hlohlelletsa tlhōlisano’? (Ba-Galata 5:26, NW) Karabo e fumaneha tabeng e potolohileng. Pauluse o qala polelo ena ka ho ba bolella hore ba se ke ba “fetoha ba ipolelisang” kapa joalokaha liphetolelo tse ling tsa Bibele li bontša, ba se ke ba “ikhohomosa,” ba ‘inahana bobona,’ ba “laoloa ke takatso ea boithoriso ba lefeela.” Ho lelekisa botumo le thoriso e ne e le ho atileng har’a baatlelete ba mehleng ea Pauluse.

Ka ho tšoanang le lefatšeng lena le ratang mponeng la kajeno, baatlelete ba bangata ba retelehela ho ba ba makōkō, ba batlang ho ikhapela botumo le ho hapela tsebo ea bona botumo. Ba bang ba ea bohōleng ba hore ba nyenyefatse ba bang. Ho soma ba bang, ho ba beha molato le ho bua lipuo tse hlephileng, kapa hoo baatlelete ba bang ba ho bitsang “ho bua lintho tse se nang thuso,” ho fetoha ntho e tloaelehileng ka potlako. Tsena tsohle e tla ba ‘ho hlohlelletsa tlhōlisano,’ e leng ho lebisang ho seo Pauluse a ileng a bua ka sona karolong e qetellang ea Ba-Galata 5:26 (NW)—mohono.

Ho hobe ka ho fetisisa, tlhōlisano e sa leka-lekanang e lebisa lintoeng esita le lefung. Nahana ka ho kopana ha banna ba Saule le ba Davida Gibeone, ha Abnere le Joabe ba lumellana hore “bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pel’a [bona].” (2 Samuele 2:14-32) Ho bonahala sena ka tsela e itseng se ne se amana le tlhōlisano ea ho betana. Ho sa tsotellehe hore na tlhōlisano e ne e le ea eng, kapele-pele e ile ea fetoha ho ba ntoa e mabifi le e tšollang mali.

Pono e Leka-lekaneng

Lipapali tsa boithabiso li lokela ho ba tse khathollang—e seng tse tepeletsang. Sena re ka se finyella ka ho boloka lintho li le boemong bo leka-lekaneng, re hopola hore bohlokoa ba rōna ho Molimo le ho batho ba bang ha bo na moo bo amanang le tsebo ea rōna lipapaling.

E ne e tla ba booatla ho lumella maikutlo a bophahamo hore a hōle ka hare ho rōna ka lebaka la bokhoni bo itseng ba ’mele kapa ba kelello. Kahoo, a re qobeng tšekamelo e mpe, ea lefatše ea ho batla ho ikhapela botumo, esere mohlomong ra hlohlelletsa mohono ho ba bang, kaha lerato ha le na boikhantšo. (1 Ba-Korinthe 13:4; 1 Petrose 2:1) ’Me le hoja e le ho utloahalang ho lebella thabo, molumo o itlelang feela o bontšang cheseho le ho lebohelana ha litho tsa thimi, ha re batle hore maikutlo ana a re mathele hloohong ’me a fetohe pontšo ea mponeng.

Le ka mohla re ke ke ra lekanyetsa bohlokoa ba ba bang ka bokhoni boo ba nang le bona lipapaling. Ka ho tšoanang, ha re batle ho ikhella fatše ka lebaka la ho se be le tsebo. Na hoo ho bolela hore e tla ba phoso ho bala lintlha ha ho koriloe? E seng joalo. Empa re lokela ho hopola kamoo ka sebele papali leha e le efe e seng ea bohlokoa hakaalo kateng—bohlokoa ba sebele ba batho ha boa itšetleha ka hore na ba etsa lintho hantle hakae. Papaling ea thimi, tse ling li lula li feto-fetoha le ho tsoaka libapali thiming ka ’ngoe e le hore ho ka se lule ho hlōla thimi e le ’ngoe feela.

Bakreste ba boetse ba lokela ho hopola hore le hoja lipapali li boletsoe ka Bibeleng, ha lia boleloa haholo. E tla ba phoso ho etsa qeto ea hore ho boleloa feela ha lipapali ka Bibeleng ho fana ka tumello e feletseng lipapaling tsohle. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 9:26 le Pesaleme ea 11:5.) Ho phaella moo, Pauluse o ile a hlokomela hore “hlakiso ea ’mele ha e thuse hakae, empa borapeli bo thusa kahohle.”—1 Timothea 4:8.

Kahoo, ha li le sebakeng se tšoanetseng, lipapali lia thabisa le ho khatholla. Bibele ha e nyatse tlhōlisano e ’ngoe le e ’ngoe, empa e nyatsa tlhōlisano e hlohlelletsang boikhohomoso, tsekisano ea botsebi, meharo, mohono kapa pefo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela