Ho Tsamaisa Bana—Ka Tsela ea Seafrika le ea Amerika Leboea
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
HO NA le litsela tse fapa-fapaneng tseo ka tsona batho ba tsamaisang bana ho pholletsa le lefatše. Tsela ea Amerika Leboea le ea Seafrika li bontša phapang e khōlō.
Lik’honthinenteng tsena tse fapaneng, maemo a moruo a fapana haholo. Kahoo re ka lebella hore mekhoa ea ho tsamaea e tla fapana haholo le eona. Pele, a re boneng kamoo batho ba Amerika Leboea ba sebetsanang le boemo bona kateng.
Tsela ea Amerika Leboea
United States le likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše, likoloeana tse mabili a mane tse lulisang bana tse sututsoang kapa li-pram ke mokhoa o tloaelehileng. ’Me tšekamelo lilemong tsa morao tjena ke ho li etsa hore ho be bobebe ho li sebelisa, e be tse khemang le linako haholoanyane le tse mabotho-botho haholoanyane bakeng sa ngoana. Tse ngata li na le mesangoana e mabotho-botho, mealo e hlatsoehang habonolo le litulo tse ka phahamisoang.
Likoloeana li neha bana sebaka sa phomolo, nako ea ho khefutsa, phomolo bakeng sa maoto a bohloko. Ho ngoana ea ratang boroko koloeana e ka tšoana le bethe e tsamaeang. Hangata ho sisinyeha ha koloeana e tsamaeang ho koietsa le ho khutsisa ngoana ea khathetseng le ea halefang habonolo.
Likoloeana li ka boela tsa nolofaletsa batsoali bophelo. Motsoali e mong o ile a re: “Ho bobebe ho feta ho tsamaea u nkile ngoana ha u ea kae le kae.” Ho ka ’na ha e-ba bonolo ho nka ngoana ha a sa le monyenyane, empa ke taba e fapaneng ha boima ba hae bo qala ho eketseha ka ho menahaneng habeli kapa hararo. Ho feta moo, batsoali ba thabela ho tseba hore ngoana oa bona o bolokehile le ho sireletseha ka koloeaneng eo ba khonang ho e laola.
United States ho eloa hloko ho etsa hore likoloeana e be tse sireletsehileng. Li etsoa li e-na le bokatlaase bo pharaletseng ’me boima bohle bo jaroa ke karolo e haufi le lefatše e le hore li se ke tsa phethoha habonolo. Mariki a lokela ho ba matla le ho ba sebakeng seo a ke keng a khinolloa ke ngoana ea ka koloeaneng. Liberebere lia kenngoa e le ho thibela hore koloeana e se menehe ka tšohanyetso. Ho boetse ho eloa hloko ho tlosa “likhutloana tse tsipang”—libaka tse ka tsipang menoana e menyenyane. Mabanta a setulo a fana ka tšireletseho e eketsehileng.
Likoloeana li feta-fetana ka theko ho tloha ka holimo ho $20 (R70) ho isa cheleteng e fetang eo ka makhetlo a robeli kapa a leshome. E ’ngoe ea moetso o mabotho-botho e rekisoa ka hoo e ka bang $300 (R1 000) e na le ’manki o moholo o tšelang lintho tse eketsehileng, bokahare bo rokelletsoe mesangoana e mabotho-botho, bokantle bo etsang hore e se angoe ke maemo a le leholimo, mabili a khonang ho thinyetsa mahlakoreng ’ohle le foreime e menehang ka potlako ebile e le bobebe. “Koloeana ea baikoetlisi ba mathang butle,” e lumellang ’mè kapa ntate ho khanna ngoana a bile a ntse a matha butle, e rekisoa $380 (R1 380).
Tsela ea Seafrika
Afrika, hammoho le linaheng tse ngata tsa Asia, bo-’mè ba bangata ba pepa bana, joalokaha bo-’m’a bona le bo-nkhono’a bona ba ne ba etsa pele ho bona. “Ho pepa bana,” joalokaha Maafrika a mangata a ho bitsa joalo, ha ho theko e boima ebile ha ho sitise. Sesebelisoa se hlokahalang feela ke lesela le lintlha li ’nè le bitsoang thari. Habonolo, ka tsela e sireletsehileng, ’mè oa kokobela, ebe o beha lesea la hae ka mokokotlong, ’me joale o le tlamella hammoho le eena.
Na hoa etsahala hore lesea le oe ha le ntse le tlamelloa sebakeng seo? Sena ho batla ho se mohla se etsahalang. Ha ho tlamelloa lesea le lenyenyane haholo, ’mè o le tšehetsa ka letsoho le leng ha ka le leng ka hloko a ntse a tšehelitse thari. Mabapi le bana ba seng ba hōla-holile, mosali e mong oa Nigeria ea bitsoang Blessing o ile a re: “Masea ha a hanyetse; a itšoareletsa ka matla. A rata ho pepa ho bo-’m’a ’ona. Ka linako tse ling aa ho llela. Empa haeba lesea le ithaburanya, ’mè a ka le tšoarella lehlakoreng la hae ka sephaka se seng sa lona kapa ka tse peli ho fihlela a behile thari sebakeng sa eona.”
Bakeng sa ho tšehetsa molala oa masea a manyenyane haholo, bo-’mè ba sebelisa lesela la bobeli, leo ba le tlamellang ka tsela e tšoanang le ea le leholo. Tšehetso e eketsehileng bakeng sa masea a manyenyane kapa a robetseng e etsoa ka ho koahela liphaka tsa ngoana ka thari. Bana ba baholoanyane ba thabela ha liphaka tsa bona li lokolohile.
Bo-’mè ba Maafrika ba pepa bana ba bona ka nako e kae? Ka nako e fetileng lihlopha tse ling tsa merabe, joaloka Mayoruba a Nigeria, a ne a pepa bana ba ’ona ho fihlela ba le lilemo li tharo. Mehleng ena ngoana o pepa hoo e ka bang lilemo tse peli, ntle le haeba ka nako eo ’mè a ka ba le lesea le leng le ka nkelang eo sebaka.
Ho tlamelloa hamonate joalo mokokotlong oa ’mè, lesea le ka ea hohle moo ’mè a eang teng—ho nyoloha le ho theoha methati, ho hloa ka tsela e makukuno le ho kena le ho tsoa ka koloing. Empa ka ntle le hore ke mokhoa oa ho tsamaisa bana o sebetsang le o seng theko e boima, ho pepa bana ho khahlanyetsa litlhoko tsa boikutlo, tse kang boiketlo. Lesea le llang le behoa mokokotlong oa ’mè; lesea lea khaleha, ’me ’mè o tsoela pele ka mosebetsi oa hae.
Ho fetisetsa lesea le khalehileng liphateng ho hloka ho etsoe ka bonolo, kaha masea a mangata ha a rate ho tšoenngoa. Ho etsa sena, ’mè o sekama fatše ka hloko ka lehlakore ’me ebe o lokolla thari ka bonolo, eo joale e seng e sebelisoa joaloka kobo. E le ho etsa hore a ’ne a nke hore o ntse a pepuoe ka mokokotlong, ka linako tse ling, o beha mosamo ka pele ho ngoana.
Ho pepa masea ho boetse ho na le melemo e meng. Ho nolofaletsa ’mè ho lula a hlokometse litlhoko tsa lesea la hae. Haeba ngoana a e-na le ho tepella ho sa tloaelehang, a tjoloma, a e-na le feberu, kapa leleire le metsi, oa ho utloa. Ho pepa masea ho boetse ho ka tlisa melemo ea nako e telele. Buka Growth and Development e re: “Kamano e haufi-ufi ea ’mele bongoaneng e bōpa tlamahano e sireletsehileng le e lerato lipakeng tsa ’mè le lesea, e etsa motheo oa kamano e atamelaneng ea botho lilemong tsa morao. Ntlha ea bohlokoa tlamahanong ena ho lumeloa hore ngoana ea tšoaretsoeng haufi-ufi a ka lemoha morethetho oa ho otla ha pelo ea ’mè oa hae, joalokaha a ’nile a etsa ha a ne a ntse a le ka pōpelong ea ’mè.”
Bana ba rata kamano e haufi-ufi eo ho pepuoa ho fanang ka eona. Afrika ha ho hlokahale hore u qamake hōle hore u bone bana ba thabileng ba pepiloeng. Ba bang ba otsela ka khotso. Ba bang ba bapala ka moriri oa bo-’m’a bona, litsebe kapa sefaha. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba kopanela ka khotsofalo melumong e joaloka oa ha ’mè a ntse a binela tlaase ho latela morethetho oa liqi tsa hae.
E, hangata tsela ea Seafrika ea ho tsamaisa bana e fapana haholo le tsela ea Amerika Leboea. Empa ka ’ngoe ea tsona e tšoanelana le setso sa eona ’me e finyella sepheo sa eona.