U ka Tšepa Molimo
U KA tšepa Molimo le Lentsoe la hae, Bibele, ka ho feletseng. Ka mor’a ho tšepa Molimo nako eohle ea bophelo ba hae, monna e mong, ea neng a se a fetile lilemo tse 100, o ile a fana ka lebaka lena bakeng sa tšepo ea hae: O ile a re: “Bonang, kajeno ke ea ka tsela ea lefatše lohle. Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Joshua 23:14.
Monna enoa, Joshua, moeta-pele oa Iseraele ea boholo-holo, o ile a latsoa ho itšetleha ka Molimo le Lentsoe la hae ka ho feletseng. Sohle seo Molimo a ileng a se tšepisa Iseraele se ile sa phethahala. Haeba u ka tseba ka ’Mōpi le ka Lentsoe la hae haholoanyane, u ka hōlisa tšepo e tšoanang. Morapeli oa moraonyana oa Molimo, Morena Davida, o ile a ho hlalosa ka tsela ena: “Ba tsebang lebitso la hao ba itšepisa ka uena; hobane uena, Jehova, ha u tlohele ba u batlang.”—Pesaleme ea 9:10.
Molimo a ke ke a U Soetsa le ka Mohla
Ha u ntse u ‘tseba lebitso la Molimo’ ka ho eketsehileng le se akarellelitsoeng lebitsong leo—merero ea hae, mesebetsi ea hae le litšoaneleho—u tla mo tšepa ka ho eketsehileng. Ke Motsoalle ea tšepahalang eo le ka mohla a ke keng a u soetsa kapa a hlōleha ho phethahatsa litšepiso tsa hae. U se nyahamisoe ke boikaketsi ba ba ipolelang hore ke baemeli ba hae bao hape ba sebelisanang le ba bang ka bolotsana. Bibele e hlalosa batho ba joalo e le ba sa tšepahaleng. Baikaketsi ba bolumeli ba bua ntho e itseng empa ba etse e fapaneng. Joalokaha moapostola Petrose a ile a lemosa, ba hanyapetsa mehlape ea bona. Petrose o ile a ngola: “’Me tsela ea ’nete e tla nyefoloa ka baka la bona. ’Me ka baka la takatso ea bona ea ho rua ka lōna, ba tla le thetsa ka lipolelo tsa mano.”—2 Petrose 2:2, 3.
Batho ba joalo ha ba emele Molimo. Ba hlompholla Lentsoe la hae. Ke hobane’ng ha u sa itlhahlobele tlaleho eo e leng ea Molimo ka seqo le bopaki joalokaha li senoloa ka Bibeleng? U ka ’na ua botsa: ‘Empa ke hobane’ng ha ke tlameha ho tšepa Bibele ho feta buka leha e le efe e ’ngoe?’ Ke ’nete hore ho bile le bolotsana bo bongata ba bolumeli historing eohle, empa Bibele eona e fapane. Nahana ka mabaka a latelang a ho tšepa Bibele.
Mabaka a ho Tšepa Bibele
U ka tšepa Bibele hobane kamehla litšepiso tsa eona le boprofeta ba eona lia phethahala. Mohlala o le mong feela ke ona. Le hoja ka nako eo ho ne ho le thata ho Iseraele e botlamuoeng ho lumela, Jehova Molimo, mongoli oa Bibele, o ne a tšepisitse hore o tla lokolla ba botlamuoeng ba Babylona e matla le ho ba khutlisetsa Jerusalema. Ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala hobane Babylona e ne e le ’muso o moholo oa lefatše oa mehleng eo ’me e ne e ripitlile Jerusalema ka ho feletseng. Empa hoo e ka bang makholo a mabeli a lilemo esale pele, Jehova o bile a tsebahatsa Cyruse ’musi oa Persia e le eena ea neng a tla liha Babylona le ho lokolla batho ba Hae le ho bolela esale pele kamoo tšireletso ea nōka ea Babylona e neng e tla hlōleha. U ka ipalla tlaleho ena ho Esaia 44:24–45:4.
Buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e hlalosa kamoo tšepiso eo e ileng ea phethahatsoa kateng: ‘Cyruse o ne a e-so ho hlahe ha ho ngoloa boprofeta. . . . Boprofeta bo ile ba phethahala ka ho qaqa ho tloha ka 539 B.C.E. Cyruse o ile a khelosetsa metsi a Nōka ea Eufrate letšeng la maiketsetso, menyako ea nōka ea Babylona ea sala e butsoe ka bohlasoa nakong ea mokete o neng o le motseng, ’me Babylona ea oela ho Bamede le Bapersia tlas’a Cyruse. Ka morao ho moo, Cyruse a lokolla batlamuoa ba Bajode ’me a ba khutlisetsa Jerusalema ka litaelo tsa ho ea tsosa tempele ea Jehova moo.’a Tšepiso e ’ngoe le e ’ngoe, e joaloka ena e entsoeng ke Molimo, boprofeta bo bong le bo bong bo ka Bibeleng, e phethahetse ntle le phoso.
Mohlala o mong oa boprofeta bo ileng ba phethahala ke ’nete ea hore ho tšepa ho hlile ho fokotsehile lekholong lena la rōna la lilemo. Bibele e boletse sena esale pele e le letšoao le khethollang nako eo re phelang ho eona, hobane e bitsa mehla e qalileng nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914 ‘mehla ea qetello’ ’me e bolela hore e ne e tla tlisa “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” E boletse hore mehleng ea rōna batho e ne e tla ba “baithati‚ . . . ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba se nang teboho‚ ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng‚ ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, . . . baeki, ba lihlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso.” E boetse ea bolela esale pele: “Empa batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1-4, 13, NW) Ke seo re hlileng re se boneng mehleng ea rōna.
U ka tšepa Bibele hobane ke ’nete ka ho feletseng. Ha ho motho leha e le ofe ea kileng a phephetsa bonnete ba Bibele ka katleho. Rasaense ea tsebahalang haholo Monghali Isaac Newton o ile a re: “Ke fumana lintlha tse ngata tsa ’nete Bibeleng ho feta historing leha e le efe ea lefatše.” Ho eona ha ho leshano le kang seo ho neng ho thoe ke “libukana tsa liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi” tsa Hitler! Hona Bibele e hlaha joang ha e bapisoa le lingoliloeng tse ling tsa boholo-holo? The Bible From the Beginning e re: ‘Lenaneng la li-MSS. [lingoliloeng tse ngotsoeng ka letsoho] tsa boholo-holo tse pakang se ngotsoeng, lenaneng la lilemo tse fetileng mahareng a se kopilitsoeng pele ho li-MSS. tse pakang se ngotsoeng, Bibele e molemong o moholo ho feta lingoliloeng tsa boholo-holo [tsa Homer, Plato le ba bang]. . . . Ka kakaretso lingoliloeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa boholo-holo li ’maloa haholo ha li bapisoa le tsa Bibele. Ha ho buka ea boholo-holo e nang le bopaki bo e emelang joaloka Bibele.” Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mabapi le Bibele e supa hore e bua ’nete ka ho feletseng.
U ka tšepa Bibele hobane lipolelo tsa eona tsohle li nepahetse ka ho feletseng. Bibele e bolela hore “Molimo o sarolotse leboea holim’a sepakapaka, a leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.” (Jobo 26:7, BPN) Ho e-na le ho pheta likhopolo tse inahaneloang tse neng li atile nakong eo, tse kang tsa hore lefatše le tšehelitsoe ka litlou, Bibele e ile ea bolela se ileng sa tiisoa e le ’nete ea saense hamorao—hore lefatše le ‘leketlile’ sepaka-pakeng. Ho phaella ho seo, lilemo tse ka holimo ho makholo a mabeli pele ho mehla ea Columbus, Bibele e boletse ka ho hlaka hore lefatše le lechitja.—Esaia 40:22.
U ka tšepa Bibele ka lebaka la botšepehi ba eona le ho hloka leeme. Bangoli ba Bibele ha baa ka ba bua leshano ho hang. Esita leha seo ba buileng ka sona se ne se hlahisa bona, metsoalle ea bona le babusi ba bona hampe, ba ne ba tlaleha linnete ka botšepehi. Ka mohlala, kospeleng ea hae moapostola Mattheu o ile a lumela phatlalatsa hore baapostola ba Jesu Kreste ka linako tse ling ba ne ba bontša ho haelloa ke tumelo, ba ne ba loantšana bakeng sa bophahamo, esita le ho lahla Jesu kherehloa ha a ne a tšoaroa.—Mattheu 17:18-20; 20:20-28; 26:56.
Lebaka le leng le hlahelletseng la ho tšepa Bibele ke hore kamehla keletso ea Bibele e ipakile e sebetsa le ho ba e molemo ka linako tsohle ha batho ba e tšepa ka ho lekaneng hoo ba e sebelisang. (Liproverbia 2:1-9) Keletso ea Bibele e fapana haholo le keletso e atisang ho feto-fetoha ea “litsebi” tabeng ea ho sebetsana le mathata a bophelo. Mabapi le bangoli ba likoranta ba fanang ka likeletso tse joalo likoranteng tse ngata tsa sechaba, The Sunday Times ea London ea botsa: “Na batho ba likete-kete selemo le selemo ba phetlela bo-maithutoana baa ba qapelang likeletso seemeng lifuba?” Bangoli ba Bibele ba ne ba sa qapele seemeng. Ba ile ba tlaleha keletso e ka tšeptjoang, e bululetsoeng ke Molimo e ipakileng e tšepahala historing eohle.—2 Timothea 3:16, 17.
Ellen eo hona joale a leng lilemong tsa bo-30, ebile e le ea thabileng lenyalong, o re: “Keletso ea Bibele e ile ea ntšireletsa tseleng e ka beng e ile ea senya bophelo ba ka. Batsoali ba ka, ba neng ba hlalane, ba ne ba bontša tumelo e fokolang tokisetsong ea lenyalo, ’me ha e le hantle, ba hlile ba nkhothaletsa ho lula le mochaufa ho e-na le hore re nyalane. Ha ke nahana ka botsitso boo ho latela melao-motheo ea Bibele ho mphileng bona, ke thabile hore ebe ke ile ka tšepa Bibele ho feta keletso ea batsoali ba ka.”—Bona Ba-Efese 5:22-31; Ba-Heberu 13:4.
Florence o re: “Ke ne ke le lilemo li 14 feela ha ke qala ho ithuta seo Bibele e se buang. Hona joale ha ke nahana morao lilemong tsa bo-1960 esita le likhathatso tseo lithaka tsa ka li ipaketseng tsona ka ho latela melao-motheo le boitšoaro ba nakong eo, ke leboha haholo tšireletso eo keletso ea Bibele e ileng ea mpha eona joaloka moroetsana, ea se nang phihlelo.”—Bona 1 Ba-Korinthe 6:9-11.
James o re: “Ha e le ’na, ke ile ka tšoaseha papaling ea chelete, ho tsubeng le bokhobeng ba tahi.” O tsoela pele: “Ke tseba kotsi eo sena se e bakileng bathong ba bangata le malapa a bona. Pele ke ne ke sa hlokomele hore Bibele ea sebetsa mathateng a ka. Empa hona joale ke bona ka ho hlakileng kamoo e susumelitseng monahano oa ka hamolemo le ho nthusa ho phela bophelo bo molemo haholoanyane.”—Bona 2 Ba-Korinthe 7:1.
Mary Anne o ile a nahana ho ipolaea ka lebaka la likhatello tsa bophelo le mathata a boikutlo a hlahisitsoeng ke likhathatso tseo a hōletseng har’a tsona. O re: “Ho ipolaea ho ne ho bonahala e le eona feela tharollo nakong eo. Empa Bibele e ile ea lokisa monahano oa ka. E bile feela ka lebaka la seo ke ileng ka se bala Bibeleng ke sa kang ka ipolaea.”—Bona Ba-Filippi 4:4-8.
Ke’ng se ileng sa thusa batho bana kaofela? Ba ile ba hlaolela tšepo e feletseng ho Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. Molimo o ile a tšoana le motsoalle ea tšeptjoang, ea ratehang ea ileng a ba nyenyeletsa keletso linakong tsa mathata. (Bapisa le Esaia 30:21.) Ba ile ba ithuta melao-motheo ea Bibele e ileng ea ba thusa ho sebetsana ka katleho le likhatello le mathata a bophelo. ’Me ba ile ba ithuta ho tšepa litšepiso tse babatsehang tsa Molimo ea sa thetseng—tse kang tšepiso ea “lefatše le lecha” le letle le se nang thetso, leshano le tšoaro e mpe, le le se nang masoabi, ho kula esita le lona lefu!—2 Petrose 3:13; Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:4, 5.
Le uena u ka hōlisa tšepo e tšoanang. Lefatše kajeno le ka leka ho khelosa tšepo ea hao, empa u ka kholiseha hore tšepo ea hao ho Molimo le Lentsoe la hae e ke ke ea senyeha le ka mohla. Bahatisi ba makasine ena ba tla thabela ho lokisetsa hore motho e mong a u thuse ho tseba Molimo le Lentsoe la hae, Bibele, hamolemonyana.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Moprofeta oa Molimo o ile a bolela lilemo tse 200 esale pele kamoo Babylona e neng e tla timetsoa kateng
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Monghali Isaac Newton o fumane Bibele e le e ka tšeptjoang