Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 4/8 leq. 22
  • Ho Finyella ka Matsoho a Etsang Matšoao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Finyella ka Matsoho a Etsang Matšoao
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jehova o Ile a Hlohonolofatsa Mosebetsi oo ke mo Etselitseng Ona
    Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 4/8 leq. 22

Ho Finyella ka Matsoho a Etsang Matšoao

HO QALA ka June 1995 ho tsoela pele le lehlabula lohle, Lipaki tsa Jehova tse tšimong ea lekala la United States, li ile tsa tšoara likopano tsa setereke tse 181 tse nang le sehlooho “Barorisi ba Thabileng.” Ho tse peli tsa tsena—e ’ngoe e le ka bochabela ’me e ’ngoe e le ka bophirimela—lenaneo lohle le ile la hlahisoa ka ho toba ka Puo ea Matsoho ea Amerika. Kahoo ho hlaka ha lenaneo ho ile ha ntlafatsoa haholo—hobane ho hlahisa puo ea matsoho ka ho tobileng ho lithōlō ho utloahala haholo ho feta ha e tolokoa e tsoa ho sebui.

Ho ne ho e-na le baemeli ba tsoang liphuthehong tse 11 tsa puo ea matsoho le lihlopha tse ka bang 30 tsa puo ea matsoho ho haola le United States. Empa ho ne ho boetse ho e-na le baemeli ba tsoang Brithani, Canada, Denmark, Dominican Republic, Ecuador, Japane, Jeremane, Mexico, Norway, Puerto Rico le Russia. Kahoo, ho ne ho e-na le moea oa machaba.

Limonithara tsa video li ile tsa behoa moo ho loketseng e le hore lenaneo le ka bonoa lithelevisheneng tse hokahantsoeng ka mehala. Leha ho le joalo, ba ’maloa ba baemeli bao e ne e le lithōlō ebile e le lifofu. Batho baa ba ne ba tla rua molemo joang lenaneong? Ka sebele ho ne ho ama maikutlo ho bona baithaopi ba ka holimo ho lekholo ba chenchana ka ho fetisetsa lenaneo la letsatsi ka leng ho bona ka ho ba tolokela ka ho sebelisa mongolo o baloang ka ho ama ka matsoho.

Likopanong tsena tse peli, ba 36 ba ile ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova Molimo ka kolobetso. Ntlha e ’ngoe e khōlō e ne e le tšoantšiso, Ho Hlompha ba Tšoanelehang Botsofaling ba Bona. E ne e le ho thabisang hakaakang ho ba le tšoantšiso ee e hlahisoa kaofela ka puo ea matsoho, ho lumelletseng litho tsa lithōlō hore li be le karolo e khōlō nehelanong ee!

Joale ha fihla nako ea ho lokolloa ha thuso e ncha ea ho ithuta Bibele, Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ba tlileng kopanong ba ile ba thaba ka ho khethehileng ho tseba hore phetolelo ea puo ea matsoho ea buka ena e ne e etsoa hore e fumanehe theiping ea video! Volume 1, e ileng ea lokolloa kopanong, e na le likhaolo tse tharo tsa pele. Li-volume tse ling tse hlano li tla latela. Moemeli e mong kopanong ea tsoang Ohio o ile a hlalosa: “Re leboha hakaakang bakeng sa video ee e ncha! E tla re thusa ho potlakisa mosebetsi masimong a lithōlō.”

Ba 2621 ba bileng teng likopanong tsena tse peli ba ile ba ea hae ba khatholohile moeeng. Ho feta leha e le neng pele, ba ne ba ikemiselitse ho pheta mantsoe a mopesaleme: “Tse phefumolohang kaofela a li ke li rorise Jehova! Bokang Jehova!”—Pesaleme ea 150:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela