Aids Afrika—Linaha Tsa Bokreste Li Ikarabella Ho Isa Bohōleng Bofe?
Ka mongolli oa Tsoha! Afrika
Polelo “Linaha tsa Bokreste” e sebelisitsoeng sehloohong sena e lebisitsoe ho Bokreste-’mōtoana, ho fapana le Bokreste ba Bibele.
Linaha Tsa Bokreste
“Ke likarolo tsa lefatše moo baahi ba bangata ba ipolelang e le ba tumelo ea Bokreste.”—Webster’s New World Dictionary.
AIDS
“Ke boemo ba ho ba le tšitiso tšebetsong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung bo amanang le ho tšoaetsoa ha lisele tse thibelang ho hlaseloa ke mafu ho bakoang ke livaerase tse li hlaselang.”—Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary.
AIDS ke seoa sa lefatše lohle. Ho lekanyetsoa hore batho ba limilione tse 17 ba se ba tšoaelitsoe ke HIV, e leng vaerase e bakang AIDS. ’Me e jaleha ka potlako.
Le hoja tlhokomelo e ngata e lebisitsoe litabeng tsa meriana, tsa lipolotiki le tsa maikutlo tse mabapi le seoa sena, ho boletsoe ho fokolang feela ka litaba tsa bolumeli tse amehang. Hona joale khopolo ea hore bolumeli bo amana le ho jaleha ha AIDS e ka bonahala e sa utloahale ho babali ba bang. Empa hase ho sa utloahaleng ha u nahana ka boemo bo ’nileng ba tsoela pele k’honthinenteng ea Afrika.
AIDS e thefutse Afrika habohloko haholo.a Ba bang ba bolela hore k’honthinente ena ke lehae la karolo ea 67 lekholong ea AIDS ea lefatše. Chad, lenane le ileng la tlaleheloa ba boholong lilemong tse hlano tse fetileng le imenne ka makhetlo a 100. Leha ho le joalo, ho lekanyetsoa hore ke karolo ea boraro feela e ileng ea tlaleheloa ba boholong. Ho latela tlaleho e entsoeng ke World Bank, AIDS ke eona sesosa se jeleng setsi sa mafu har’a batho ba baholo litsing tsa metse e mengata ea litoropo ea Afrika.
Bolumeli—Na bo Phethile Karolo e Itseng?
Ka sebele, Bokreste—bolumeli bo rutiloeng ke Jesu Kreste—bo ke ke ba nkoa bo ikarabella bakeng sa tlokotsi ena. Leha ho le joalo, joalokaha ho bontšitsoe mona ka tlaase, polelo “Linaha tsa Bokreste” e akareletsa linaha tseo ho tsona batho ba ipolelang hore ke Bakreste. ’Me ka ho hlakileng Linaha tsa Bokreste lia ameha. Hase hore likereke ka ho tobileng li bakile kapa li jetse vaerase ea AIDS. Empa AIDS e ile ea jaleha ka ho khethehileng Afrika ka lebaka la boitšoaro bo hlephileng ba kamano ea botona le botšehali pakeng tsa batho ba bong bo fapaneng.b Ka lebaka leo AIDS e ka bitsoa bothata ba boitšoaro, ’me, ha ho le joalo, lisosa tsa eona li phahamisa lipotso tse tšoenyang mabapi le bolumeli. Hopola hore ka ho toba “Bokreste” ba Afrika bo tsoa linaheng tsa Bophirimela. Baeta-pele ba likereke ba ile ba leka ka bobona ho sokollela Maafrika mofuteng o itseng oa bolumeli ba bona, ba bolela hore bolumeli bona bo fana ka tsela e phahameng ea bophelo ho feta litsela tsa Seafrika tsa moetlo. Na ka sebele tšusumetso ea Linaha tsa Bokreste e ile ea ntlafatsa boitšoaro ba balateli ba bona ba bacha? Ka ho totobetseng tlokotsi ea AIDS e bontša hore se fapaneng ke sona se ileng sa etsahala.
Ka mohlala, nahana ka sechaba sa Chad. Metseng ea eona e meholo e mene, e meraro e na le palo e khōlō ea “Bakreste.” O mong boholo ke Mamosleme. Leha ho le joalo, ke metseng ena e meraro ea “Bokreste” moo hona joale vaerase ena e hlasetseng teng! Boemo boa tšoana k’honthinenteng eohle. Afrika e bohareng le e ka boroa, moo e leng Bakreste ka lebitso feela, ho na le lenane le phahameng haholo la tšoaetso ho feta Afrika Leboea, eo boholo ba baahi e leng Mamosleme.
Kamoo Afrika e Fetohileng ea “Bokreste”
Ke hobane’ng ha vaerase ena e jalehile ka potlako hakaale har’a batho ba ipolelang hore ke balateli ba Kreste? Le hoja Maafrika a mangata a ipitsa Bakreste, ke a ’maloa haholo ao ha e le hantle a khomarelang litekanyetso tsa boitšoaro tsa Bokreste tse boletsoeng ka Bibeleng. Ho bonahala sena e le phello e tobileng ea mokhoa oo baromuoa ba Linaheng tsa Bokreste ba se finyeletseng ho ‘sokolleng’ baahi ba Afrika.
Lekholong la lilemo la bo18 le la bo19, litumelo tsa setso sa Linaha tsa Bokreste li ile tsa hlaseloa. Thuto ea tlhahlobisiso ea Bibele ka morero oa ho fumana liphoso e ile ea fetoha e tloaelehileng ’me ea fetola Bibele buka feela ea boholo-holo e se nang molemo mahlong a batho ba bangata. Khopolo ea ho iphetola ha lintho le eona e ile ea qala ho amoheleha, esita le har’a baruti. Lipeō tsa pelaelo li ile tsa jaloa. Tumelo Mangolong a Halalelang e ile ea belaelloa. Boemong bona hase ho makatsang ha boiteko ba Linaha tsa Bokreste ba ho “sokolla” Maafrika bo ile ba amana le litaba tsa lefatše. Baromuoa ba kereke ba ile ba ruta kosepele e amanang le ho rarolla mathata a sechaba, ba hatella haholo ho etsa lithuso sechabeng ho feta ho thusa basokolohi ho iphaphatha le litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. Mohlomong ka ho se hlokomele, baromuoa ba hlile ba thusa ho fokolisa sebōpeho sa litekanyetso tsa boitšoaro se neng se le teng.
Ka mohlala, sethepu e ne e le khale e le moetlo litsong tse ngata tsa Maafrika. Leha ho le joalo, boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali bo ne bo fokola haholo kaha lichaba tse ngata li ne li e-na le melao e thata haholo mabapi le bofebe. Joseph Darnas, tichere e seng e phomotse mosebetsing e tsebahalang haholo Chad, o ile a bolella Tsoha! hore pele baromuoa ba kereke ba fihla, “ho ne ho nahanoa hore bofebe bo tlisa bomalimabe.” Ka lebaka leo, “ba molato ba ne ba fuoa kotlo e boima ka lebaka la ho beha sechaba kotsing—hangata ba ne ba ahloleloa lefu.” Na e ne e le tumela-khoela? E, empa litumelo tse joalo li ne li thibela boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali.
Joale ho ile ha fihla baromuoa ba Linaha tsa Bokreste. Ba ile ba ruta khahlanong le sethepu empa ba se ke ba hatella litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. Le hoja Bibele e bolela hore lihlola le bafebi ba sa bakeng ba tlameha ho lelekoa phuthehong ea Bokreste, likereke tsa Linaha tsa Bokreste ke ka seoelo li nkang khato e joalo ea taeo khahlanong le bafosi. (1 Bakorinthe 5:11-13) Ho fihlela kajeno, bo-ralipolotiki ba bangata ba tummeng Afrika ba tsebahala ka boitšoaro ba bona bo bobe, ’me ba lula e ntse e le litho tsa kereke tse amohelehang. Afrika botšepehi lenyalong ke ntho ea seoelo ho ba ipitsang Bakreste.
Ho boetse ho teng mohlala o mobe o behoang ke litho tsa baruti ka bobona. Setsong sena sa malapa a momahaneng, ke ntho e loketseng ho kena lenyalong le ho ba le bana ba bangata. Mohlomong ke ka lebaka lena ka ho makatsang baprista ba ’maloa ba K’hatholike ba ikutloang ho loketse hore ba hlokomolohe likano tsa bona tsa bohloeki le bosoha. The New York Times ea la 3 May 1980, e ile ea tlaleha: “Likarolong tse ngata tsa metsana e ka thōko, . . . baprista le babishopo ba nyala sethepu.”
Ka ho tloaelehileng, manyalo a joalo ha ho mohla a tiisoang ka molao, ’me ha e le hantle, “basali,” e mpa e le linyatsi feela. Boitšoaro bo bobe joalo bo ke ke ba tlōlisoa mahlo holimo joaloka bo sa reng letho. Ho ea ka Times, “moruti ea tummeng oa K’hatholike” o lumela hore “moprista oa Moafrika ke letšoao la bolaoli, setšoantšo sa matla, ho e-na le ho ba mohlanka oa Jesu Kreste.” Ho bonahala molaetsa o tsoang ho ‘litšoantšo tsena tsa matla’ e le “Etsa joalokaha ke bua, empa e seng joalokaha ke etsa.”
Ho Kenella ha Boithabiso ba Bophirimela
Ntho e ’ngoe e sa lokelang ho tlōlisoa mahlo holimo ke seoa sa boithabiso bo bobe ba botona le botšehali se phalletseng Afrika lilemong tsa morao tjena. Liphaposi tsa livideo tsa sechaba tse sa behoang leihlo tse bontšang boithabiso bo joalo li tletse hohle Chad—malapeng, likaracheng, ’me hangata le lijareteng ka shoalane. Lipontšo tsena ha li bitse chelete e ngata, ka tloaelo li bitsa li-franc tse 25 (lisente tse 18 tsa Afrika Boroa). Bana ba banyenyane ba ea ho tsona. Boitsebiso bona bo tsoa hokae? Boholo ba bona bo tsoa United States—naha e ipolelang boholo e le ea Bokreste!
Empa na tlhaselo ee ea setso sa Bophirimela e bile le phello leha e le efe ho bashebelli? Moromuoa e mong oa Lipaki tsa Jehova, ea nang le phihlelo ea lilemo tse 14 Afrika Bohareng, o re: “Hangata ke ka seoelo baahi ba mona ba teanang le lefatše la Bophirimela ntle le seo ba se bonang lik’haseteng tsa video. Ba batla ho tšoana le baahi ba Bophirimela bao ba ba bonang libaesekopong tsena. Ha ke e-s’o fumane bopaki leha e le bofe ho tiisa sena, empa ho bonahala ho hlakile ho batho ba bangata mona hore boithabiso bo joalo bo khothaletsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.”
Ke ho makatsang hakaakang hore nakong eo bahlanka ba bophelo ba lekang ka matla ho thibela ho tsoela pele ha lefu le tšoaetsanoang le bolaeang, lichaba tse bitsoang ka hore ke tsa Bokreste li lokolla liphatlalatso tsa leshano tse ntšetsang pele boitšoaro bo bobe, bo kotsi! Le hoja likereke li entse ho fokolang ho loantša mokhoa ona boemong ba lapeng kapa ka bophara, mebuso e meng ea Afrika e kang ea Chad le Cameroon, e lekile ho thibela kapa bonyane ho lekanyetsa ho kena ha boitsebiso ba bootsoa linaheng tsa eona. Empa ka makhetlo a mangata boiteko ba eona bo ile ba nyopa.
Liphello tsa sena sohle e bile ho senyeha ha boitšoaro ho jeleng setsi har’a “Bakreste” ba Afrika. Maemo a mabe a moruo le ’ona a bile le liphello tse kotsi. Ka lebaka la leqeme la mesebetsi, hangata banna ba qobelleha ho tloha malapeng a bona ka likhoeli tse ngata bakeng sa ho batla mosebetsi. Ka ho hlakileng banna ba joalo ba tlas’a khatello ea matekatse a sebakeng seo. Hangata, ka tloaelo matekatse ka booona a tlas’a khatello ea bofutsana. Ho batla ha batsoali bohali bo phahameng ka ho tlōtseng tekano e boetse ke lebaka le leng. Banna ba bangata ha ba nyale hobane ba hlōleha ho fumana chelete ea bohali e hlokahalang. Ka lebaka leo, ba bangata ba qetella ba iphelela le linyatsi. Boemong bo joalo ba boitšoaro bo bobe le moruo, AIDS e ile ea jaleha ka potlako.
Tharollo ea Tlokotsi
Ka ho hlakileng, Linaha tsa Bokreste ha li jare molato oohle bakeng sa tlokotsi ea AIDS Afrika. Empa hore li jara boholo ba sena ho hlakile ka ho utloisang bohloko. Sena se na le liphello tse tebileng ho batho ba batlang ho ba har’a bao Jesu a ileng a ba bitsa “barapeli ba ’nete.”—Johanne 4:23.
Ho sa tsotellehe molato, ke’ng se ka etsoang ho thibela seoa sa AIDS? Mebuso ea Afrika e qalisitse mananeo a thibelo ea AIDS, a buellang tšebeliso ea lik’hondomo. Empa Dr. Samuel Brew-Graves, moemeli oa World Health Organization e Nigeria, o ile a lumela ka sebete: “Motho ka mong o tlameha ho amohela mokhoa o motle oa bophelo . . . , ha lelapa lona le tlameha . . . ho qoba boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.”
Nako e telele pele AIDS e fetoha lentsoe le tloaelehileng, Bibele e ile ea nyatsa boitšoaro bo bobe ’me ea buella bohloeki, boitšoaro le botšepehi lenyalong. (Liproverbia 5:18-20; 1 Bakorinthe 6:18) Lipaki tsa Jehova tse likete tse makholo Afrika li ka fana ka bopaki ba hore ho latela melao-motheo ena ho fana ka tšireletseho e khōlō khahlanong le AIDS le mafung a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Ho khomarela ha tsona litekanyetsong tsa Bibele ke tsuo ea Linaha tsa Bokreste. Bakreste bana ba ’nete ba boetse ba behile tšepo ea bona lefatšeng le lecha le tlang moo “ho loka ho tla aha.” (2 Petrose 3:13) Ho batho ba tumelo, ena ke eona tharollo ea ho qetela tlokotsing ea AIDS.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona letoto la lihlooho “AIDS Afrika—Boemo bo Tla Qetella bo le Joang?” tokollong ea rōna ea August 8, 1992.
b Lefu lena le ka boela la jaleha ka tšelo ea mali le ho sebelisa nalete e le ’ngoe ho entela lithethefatsi methapong. Bakreste ba bang ba tšepahalang ba tšoaelitsoe lefu lena ke balekane ba bona ba ileng ba ameha boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali kapa ba neng ba sebelisa lithethefatsi.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
“Likarolong tse ngata tsa metsana e ka thōko, . . . baprista le babishopo ba nyala sethepu.”—The New York Times
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Mohlala o mobe o behiloeng ke baruti ba Linaha tsa Bokreste o susumellelitse boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali Afrika
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Bacha ba pepesetsoa boithabiso bo bobe bo romelloang ke lichaba tsa “Bokreste”