Bacha Baa Botsa . . .
Koae e se Nang Mosi—Na ha e na Kotsi?
‘HA Cord ea lilemo li 13 a fallela bophirimela bo hare ba United States, o ile a hlokomela kapele hore ha a na sesebelisoa se tloaelehileng sa ba batona ba sehlopheng sa borobeli: koomana ea senefi, mofuta oa koae e se nang mosi. Ba bangata ho metsoalle ea hae e mecha e ne e le “liporompi,” kapa ba sebelisang senefi, ’me Cord o ne a batla ho lumellana le bona. Kahoo ha e mong oa bashemane a mo neha mokotlana oa senefi, o ile a o nka ’me a porompa se seng joaloka ea sa natseng ka lebaka la phihlelo.’—Makasine ea Listen.
Cord e mocha ho hang hase mokhelo. Dr. Christopher A. Squier, moprofesa oa thuto ea bongaka ea mafu a molomo, o bolela hore palo e eketsehang ea bacha ba batona ba ka tlaase ho lilemo tse 20 e qala ho porompa senefi. Leha thekiso ea koae e se nang mosi e ne e se e sa eketsehe qetellong ea bo-1980, Dr. Squier o re, “tšebeliso ea senefi se kolobileng e eketseha hape.”a Ka mohlala, bafuputsi ba tlaleha hore ke seithuti se le seng ho tse hlano tsa ba batona tsa sekolo se phahameng United States le a le mong ho bacha ba bang le ba bang ba bararo ba batona ba Sweden—limilione tsa batho ba bacha—bao hona joale ba sebelisang koae e se nang mosi. Ke hobane’ng ha see se etsahala?
“Se sireletsehile haholo ho feta ho tsuba.” “Ha ho bopaki ba hore se kotsi.” “Metsoalle ea ka ea se sebelisa. Ha se ba ’ntše kotsi.” “Ho se tsuba ka linako tse ling ho ke ke ha ’ntša kotsi.” “Ha ho motho ea kileng a bolaoa ke sona.” Ho ea ka American Cancer Society, ana ke a mang a mabaka ao hangata batho ba bacha ba fanang ka ’ona mabapi le hore na ke hobane’ng ha ba retelehela ho sebeliseng koae e se nang mosi.
Ke eng se entseng hore bacha ba nahane hore ho porompa ho sireletsehile ho feta ho tsuba? Na e hlile ho joalo?
Ba Fumana Molaetsa
Ka lilemo tse ngata indasteri e matla ea koae e ’nile ea hlasela bacha ka liphatlalatso tse neng li bontša hore koae e se nang mosi ha e na kotsi feela joalokaha ho hlafuna chepise ho se na kotsi le hore ke ea bohlokoa joaloka liteki tsa lebitso le tummeng. Mapetjo a kang “Porompa ho e-na le ho pakotsa,” “Ke fumana khotsofalo ea koae ntle le ho e hotetsa,” le “Ho tsipa ke hona feela ho hlokahalang” ka bohlale a fana ka maikutlo a hore ho sebelisa senefi ho molemo ho feta ho tsuba.
Ka mor’a hore mapetjo a joalo a thibeloe thelevisheneng le seea-le-moeeng United States, indasteri ea koae e ’nile ea tsoela pele ho hlahisa molaetsa oa eona ka liphatlalatso tsa limakasine. Litšoantšo tse phatsimang tsa bo-mphato ba koenneng ba ithabisa ka ho tsōma, ho hloa mafika le ho sesisa seketsoana metsing a nōka e loebehlanang—koomana ea koae e kentsoe ka pokothong e ka morao ka ho hlokomelehang—li ne li fetisa molaetsa o hlakileng: “Koae e se nang mosi ke ntho e ntle, ea tlhaho hape ke monyako oa ho kena bonneng!”
Tlaleho ea 1994 ea ngaka e ka sehloohong ea ho buoa United States, e nang le sehlooho Preventing Tobacco Use Among Young People, e bolela hore bacha ba bangata hona joale ba lumela hore “lihlahisoa tsa koae e se nang mosi li sireletsehile ebile lia amoheleha sechabeng.” Phuputso e ’ngoe e entsoeng har’a liithuti tsa sekolo se phahameng e bontšitse hore “hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea ba e sebelisang sekolong se bohareng le karolo ea 40 lekholong ea ba e sebelisang sekolong se phahameng ba ne ba lumela hore ha ho kotsi kapa hore ho na le kotsi e fokolang ho sebeliseng koae e se nang mosi kamehla.” Esita le ba e sebelisang ba kenang sekolong se phahameng ba hlokomelang hore koae e se nang mosi e ka ba kotsi “ha ba hlokomele hore kotsi e ka ba khōlō.” Liphatlalatso li fetisa molaetsa oa tsona. Empa na liphatlalatso tseo ke ’nete?
Maele a Bibele a re: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” Kapa joalokaha maele a mang a bolela, “motho ea masene o etsa tsohle ka tsebo.” (Liproverbia 13:16; 14:15; mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Joale, linnete li bontša eng ka koae e se nang mosi?
Litaba Tse Mpe
Le hoja liphatlalatso li ka bontša hore ho sebelisa koae e se nang mosi ho ka ntlafatsa ponahalo ea hao le hore ha e na kotsi ’meleng oa hao, linnete li bontša se fapaneng ka ho feletseng. Tabeng ea pele, ho sebelisa koae e se nang mosi ho ke ke ha u etsa hore u shebahale hamolemo. Haeba ha u lumele, kenya leleme la hao lerameng la hao ’me u ichebe ka seiponeng. “Na u motle”? Le hanyenyane. ’Me ke seo se u etsang sona ka ntle feela! Seo se u etsang sona ka hare se sebe le ho feta.
Ka mohlala, ba hlafunang kapa ba porompa kamehla ba ka ba le melomo e petsohileng, meno a fetotseng ’mala, moea oa lehano o nkhang hampe le marenene a bohloko—hase lintho tse ka etsang hore u thabe. Ho phaella moo, matla a bona a ho latsoa le ho fofonela aa fokotseha ha ho otla ha pelo le khatello ea mali li eketseha—ruri ke litaba tse mpe. Leha ho le joalo, litaba tse mpe haholo ke hore liphuputso tse entsoeng Europe, India le United States li bontša hore koae e se nang mosi e baka kankere marameng, mareneneng le ’metsong. Litšibollo tsena ha li makatse litsebi. Phuputso e ’ngoe ea bontša: “Senefi se na le tekanyo e phahameng ka ho fetisisa ea metsoako e bakang kankere ho feta sehlahisoa leha e le sefe se kenang ’meleng.” Ha ho makatse hore ebe “ba sebelisang senefi ka nako e telele ba kotsing e khōloanyane ea karolo ea 50% ea ho ba le kankere ea molomo ho feta ba sa se sebeliseng.”
Ha kankere ea molomo e se e metse ka metso, liphello ke tse tebileng. Hase feela hore bophelo bo botle ba ea se sebelisang boa senyeha empa hangata bophelo ba hae boa khutsufala. Buka ea American Cancer Society e pheta taba ena e hlomolang: ‘Sean o ile a qala ho sebelisa koae e se nang mosi a le lilemo li 13. O ne a nahana hore e sireletsehile ho feta ho tsuba. Ka mor’a lilemo tse hlano a porompa koomana kaofela kapa ho feta letsatsi ka leng, o ile a tsoa seso lelemeng. E ne e le kankere ea molomo. Lingaka li ile tsa tlosa karolo ea leleme la hae, empa kankere e ile ea namela molaleng. Ho buuoa ho senyang litšobotsi ho eketsehileng ho ile ha etsoa empa ho sa thuse letho—o ile a shoa a le lilemo tse 19. Pele Sean a e-shoa o ile a ngola molaetsa o monyenyane pampitšaneng: “Se ke ua porompa senefi.”’
Temallo!
Ka mor’a hore Cord e monyenyane, ea boletsoeng pejana, a bale taba ena e tšosang ka Sean, o ile a qetella a utloisisitse hantle se amehang. O ile a etsa qeto ea ho tlohela. Leha ho le joalo, ho leka ho tlohela ho ne ho le thata haholo. Cord o ile a bolella makasine ea Listen: “Ke ikutloa hore ke tlameha ho se fumana. Esita le hona joale, likhoeli tse ngatanyana ka mor’a hore ke tlohele ka molao, ke iphumana ke iphopholetsa liphokotho ke batla koomana. Ke hlafuna chepise haholo. Ea thusa, empa ha e tlose takatso.”
Ca-A Cancer Journal for Clinicians ea tiisa: “Liphuputsong tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba lekileng ho tlohela ho sebelisa koae e se nang mosi, ke karolo e nyenyane feela lekholong e ileng ea khona ho etsa joalo.” Leha ho le joalo, ke eng se etsang hore ho be thata hakaale ho khaotsa ho sebelisa koae e se nang mosi? Ke sethethefatsi sona se etsang hore ho be thata ho tlohela ho tsuba: bokoali.
Bokoali, e leng sethethefatsi se fumanoang sakereteng hammoho le koaeng e se nang mosi, ke chefu e matla e fang ea e sebelisang boikutlo ba ho ba tlas’a tšusumetso ea sethethefatsi. Metsotso e meng le e meng e 30 kapa e eketsehileng, ho hlokahala hore ea se sebelisang a porompe e le hore boikutlo boo bo se ke ba fela. Bokoali bo etsa hore u bo lemalle. Ba bang ba se sebelisang ba se lemalla hoo ba bolokang senefi se senyenyane ka molomong bosiu le motšehare—esita leha ba robetse.
Ho fapana le seo bacha ba ka ’nang ba se nahana, ho porompa ha ho fokotse ho kenya bokoali ’meleng. Koomana e le ’ngoe ea koae e se nang mosi ka letsatsi e ntša bokoali bo lekanang le ba lisakerete tse 60! Preventing Tobacco Use Among Young People ea hlokomela: “Ba sebelisang koae e se nang mosi, ‘ba fumana bokoali bo lekanang le ba litsubi—mohlomong hoo e ka bang ka tekanyo e imenneng habeli.’” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ntle ho bokoali, koae e se nang mosi e na le li-nitrosamine (metsoako e matla e bakang kankere) ka makhetlo a leshome ho feta sakerete.
E-ba Bohlale
Dr. Roy Sessions, eo e leng ngaka e buoang ea hlooho le molala o itse: “Ha ho pelaelo hore tsena ke lihlahisoa tse kotsi. Li hlahisa boemo ba ho li lemalla boo batho ba bangata ba ikutloang hore ho thata haholo ho tsoa ho bona ho feta ho tsuba.” Setsebi sa kankere ea meno, Dr. Oscar Guerra o ile a etsa qeto: “Ruri ’mele ha o rate ntho eo.” Lefatšeng ka bophara litsebi lia lumela: Ho porompa hase bothata bo bonyenyane. Ho tla u bolaea!
Bacha ba Bakreste ba na le lebaka le tlamang haholoanyane ho feta ho ameha ka bophelo bo botle la hore ba qobe lihlahisoa tsa koae—takatso ea bona ea ho thabisa Jehova Molimo. Lentsoe la hae lea laela: “A re itlhoekiseng tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea, re phethahatsa khalalelo tšabong ea Molimo.”—2 Bakorinthe 7:1.
Makasine ea Aviation, Space, and Environmental Medicine e akaretsa litaba hantle, ha e re: “Koae ke semela se ferosang se sebelisoang ke libōpuoa tse peli feela—sebōkō se senyenyane se setala le motho. Sebōkō seo se senyenyane se setala ha se na tsebo eo motho a nang le eona.”
Empa uena u na le eona. Kahoo e-ba bohlale—se ke ua qala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho na le mefuta e ’meli ea koae e se nang mosi e sebelisoang ka ho tloaelehileng: senefi le koae e hlafunoang. Ho na le senefi se ommeng le se mongobo. Har’a batho ba bacha, senefi se mongobo—koae e sehiloeng hasesanyane e tsoakiloeng ka lintho tse natefisang, tsa tatso le tsa monko o monate, e le har’a koomana kapa mokotlana o tšoanang le oa mahlaku a tee—ke oona mofuta o ratoang haholo oa koae e se nang mosi. “Ho porompa” ho bolela ho fupa porompi—tekanyo ea koae e tsiptjoang ka monoana o motona le oa bosupa—pakeng tsa molomo kapa lerama le lerenene.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
‘Pele Sean a e-shoa o ile a ngola molaetsa o monyenyane: “Se ke ua porompa senefi”’
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho hlafuna koae ho qalile ho tloaeleha haholo har’a bacha. Na u lokela ho ho leka?