Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 6/8 leq. 31
  • Eka ho ka be ho e-na le Moea o Hloekileng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Eka ho ka be ho e-na le Moea o Hloekileng!
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšilafalo—E Bakoa ke Mang?
    Tsoha!—1990
  • Moea
    Tsoha!—2023
  • Ho Phefumoloha “Moea” oa Lefatše Lena Hoa Bolaea!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Batla Litharollo Tse Amohelehang
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 6/8 leq. 31

Eka ho ka be ho e-na le Moea o Hloekileng!

KA MONGOLLI OA TSOHA! BRITHANI

HA U hema, na u hema moea o hloekileng? Ngaka e ’ngoe e qotsitsoeng ho The Times ea London e bolela hore, tšilafalo ea kajeno ea moea ke “sera se seholo ho feta ho tsuba.” Engelane le Wales, moea o silafetseng o bolaea batho ba ka bang 10 000 selemo le selemo. Lefatšeng ka bophara, haholo-holo metseng e meholo, boemo ke bo kotsi.

Ba bangata ba beha indasteri ea likoloi molato ka ho silafatsa tikoloho. E le ho fokotsa mosi o kotsi, likoloi tse ncha linaheng tse ngata hona joale li tla li kentsoe sefe, e fokotsang tšilafalo. Hydrocarbon e tsoang mosing o kubellang e ile ea theohela ho karolo ea 12 lekholong lilemong tsa bo-1970, ha theoha ka ho tšoanang li-oxide tsa nitrogen le carbon monoxide. Masea a ka likoloeaneng tsa bana ka ho khetheha a hlaseleha habonolo hobane a palama bophahamong bo mabapa le moo likoloi li kubeletsang mosi le teng. Empa tšilafalo ea moea e boetse e sokela beng ba likoloi. Ho ea ka tlaleho, tšilafalo ka hare ho likoloi e phahame ka makhetlo a mararo ho feta kantle ho tsona. Likotsi tse eketsehileng li bakoa ke ho hema mosi oa benzini o peteroleng ha u tšela peterole tankeng ea koloi ea hao.

Tlaleho ea Machaba a Kopaneng ea 1993-94 mabapi le tikoloho e bolela hore hona joale mofuta o atileng haholo oa tšilafalo ea moea lefatšeng ka bophara ke oa “Liphatsa tse Kotsi tse Fofang Moeeng.” Ka ho totobetseng, makumane a manyenyane a mooa, kapa liphatsa tse kotsi tse fofang moeeng, a khona ho kenella hare-hare le ho siea lik’hemik’hale tse kotsi matšoafong.

Ho senyeha ha lera la ozone ka holim’a lefatše ho hapa tlhokomelo e khōlō ea mecha ea litaba. Leha ho le joalo, tlaase lefatšeng khanya ea letsatsi e kopana le li-oxide tsa nitrogen le metsoako e meng e tukang habonolo ea tšilafalo ea moea ho hlahisa boemo bo phahameng ba ozone. Boemo bona bo imenne habeli Brithani lekholong lena la lilemo. Likhase tsena li senya pente le thepa e ’ngoe ea mohaho, li baka mafu lifateng, limeleng le lijalong, ’me ho bonahala li baka mathata a ho phefumoloha ho batho ba bang. Le hoja tšilafalo ea ozone boholo e etsahala litoropong, ho makatsang ke hore ke libaka tsa mahae tse utloang liphello tse bohloko ho feta. Metseng ea litoropo, li-oxide tsa nitrogen li monya ozone e sa hlokahaleng, empa moo li-oxide tsena li fokolang, ha ho se thibelang ozone ho senya.

Ho phaella moo, The Times e tlaleha hore tšilafalo ea moea e “phahame ka makhetlo a 70 ka matlong ho feta kantle.” Mona mosi oa lintho tse nkhisang moea hamonate, tse bolaeang tšoele, esita le liaparo tse hlatsuoang ka lik’hemik’hale li silafatsa moea. Ho tsubela sakerete ka tlung ho eketsa likotsi tsa bophelo ka ho tšoanang.

Kahoo, ke’ng seo u ka se etsang ho sireletsa lelapa la hao? The Times ea London e ile ea fana ka litlhahiso tse latelang.

• Fokotsa tšebeliso ea hao ea koloi. Haeba ho khoneha, tsamaea le ba bang. Khanna hantle. Haeba u emisitsoe ke sephethe-phethe kapa mohlomong u emisitse ka nakoana, tima koloi. Haeba ho khoneha, emisa koloi ea hao moriting ha letsatsi le chesa e le hore u fokotse tšilafalo e hlahisoang ke ha peterole e fetoha mouoane.

• Khetha ho ikoetlisa hoseng ha hangata boemo ba ozone bo le tlaase kantle.

• Hanela ho tsubela ka tlung.

• Bula hanyenyane lifensetere tsa likamore tsa ho robala bosiu e le hore u fokotse mongobo le ho leleka lintho tse ka kulisang.

Ntle ho pelaelo ua lumela: Eka ho ka be ho e-na le moea o hloekileng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela