Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 6/8 maq. 19-22
  • Ho Batla Litharollo Tse Amohelehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Litharollo Tse Amohelehang
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fokotsa Lintho Tse Silafatsang
  • Ho Fokotsa Lebelo
  • Ho Sebelisa Libaesekele
  • Ho Qapa Bocha
  • E Mpa Feela e le Karolo ea Bothata
  • Ho Fumana Tharollo e Phethahetseng
    Tsoha!—1996
  • Lefatše le se Nang Likoloi?
    Tsoha!—1996
  • Eka ho ka be ho e-na le Moea o Hloekileng!
    Tsoha!—1996
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Mathata a Sephethephethe
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 6/8 maq. 19-22

Ho Batla Litharollo Tse Amohelehang

LIKOLOI hase tsona feela tse bakang tšilafalo. Matlo a batho, lifektheri tsa indasteri le liteishene tsa ho fehla motlakase le tsona li tlameha ho jara boikarabelo. Leha ho le joalo, karolo eo likoloi li e phethang ho bakeng tšilafalo lefatšeng ka bophara e khōlō haholo.

Ha e le hantle, 5000 Days to Save the Planet ha e tšabe ho re: “Haeba tšenyo ena eohle e ne e ka hlahlobisisoa ka ho loketseng—haholo-holo tšenyo e bakoang tikolohong ea rōna ka lebaka la ho ntšoa ha carbon dioxide—mohlomong likoloi li ne li ke ke tsa hlola li etsoa.” Leha ho le joalo, ea lumela: “Empa eo ke khetho eo ho hang baetsi ba likoloi, kapa indasteri ea mebila, kapa makala a ’muso kapa sechaba ka kakaretso, seo bophelo ba sona bo ntseng bo itšetleha ka ho eketsehileng ka lipalangoang tsa botho, ba sa itokisetsang ho nahanisisa ka eona.”

Na theknoloji e ileng ea isa motho khoeling ha ea lokela ho nolofalloa ke hore e hlahise koloi e sa bakeng tšilafalo? Le ka mohla ho etsa ha ho bonolo joaloka ho bua, kahoo ho fihlela litšitiso tsa hore ho etsoe koloi e sa bakeng tšilafalo li hlōloa, ho batla litharollo tse amohelehang ho ntse ho tsoela pele.

Ho Fokotsa Lintho Tse Silafatsang

Lilemong tsa bo-1960 United States e ile ea etsa molao o neng o hloka hore ho kenngoe lintho tse laolang likoloi ho thibela ho tsoa ha lintho tse bakang tšilafalo. Ho tloha nakong eo linaha tse ling le mebuso li ’nile tsa etsa se tšoanang.

Metsoako e fetolang mosi oa koloi hore o se ke oa ba kotsi, e hlokang hore ho sebelisoe peterole e se nang loto, hona joale e sebelisoa ka ho pharaletseng bakeng sa ho sefa lintho tse kotsi tse bakang tšilafalo. Pakeng tsa 1976 le 1980, ka mor’a hore batho ba bangata ba tsamaeang ka likoloi ba qale ho sebelisa peterole e se nang loto, tekanyo ea loto maling a Maamerika e ile ea fokotseha ka karolo e le ’ngoe ho tse tharo. ’Me e ne e le ntho e ntle, kaha loto e ngata haholo e ka ama tšebetso ea methapo ea kutlo ’meleng ’me ea khina bokhoni ba ho ithuta. Leha ho le joalo, ka masoabi, le hoja tekanyo ea loto e fokotsehile linaheng tse ngata tse tsoetseng pele moruong, boemo ha bo joalo linaheng tse batlang li sa tsoela pele moruong.

Ho atleha ha metsoako e fetolang mosi oa koloi hore o se ke oa ba kotsi hoa khotsofatsa, empa tšebeliso ea eona e sa ntse e baka likhang. Ka lebaka la ho fokotseha ha matla a tšebetso ha loto e se e sa tšeloa, motsoako oa hydrocarbon oa peterole o ile oa fetoloa. Sena se felletse ka hore ho be le keketseho ea ho ntšoa ha lintho tse ling tse bakang kankere, tse kang benzini le toluene, tseo tekanyo ea tsona ea ho tsoa e sa fokotsoeng ke metsoako e fetolang mosi oa koloi hore o se ke oa ba kotsi.

Ntle ho moo, metsoako e fetolang mosi oa koloi hore o se ke oa ba kotsi e hloka hore ho sebelisoe plathinamo. Ho ea ka Moprofesa Iain Thornton oa Imperial College, Brithani, e ’ngoe ea liphello tsa eona tse mpe e ’nile ea e-ba ho eketseha ha plathinamo e bokellanang mobung o ka thōko ho tsela. O ile a fana ka temoso mabapi le monyetla oa hore “likarolo tse tsoakehang habonolo tsa plathinamo li ka ’na tsa kena linthong tse jeoang.”

Ho sa tsotellehe katleho leha e le efe ea “metsoako e fetolang mosi oa koloi hore o se ke oa e-ba kotsi Amerika Leboea, Japane, Korea Boroa le linaheng tse ngata tsa Europe,” 5000 Days to Save the Planet e lumela e le kannete hore “keketseho e khōlō ea palo ea likoloi lefatšeng lohle e felisitse melemo ea moea o motle ka ho feletseng.”

Ho Fokotsa Lebelo

Mokhoa o mong oa ho fokotsa ho ntšoa ha mosi oa koloi ke ho khanna butle. Empa United States, haufinyane tjena mebuso e meng e ekelitse tekanyetso ea lebelo. Jeremane, ho etsa lithibelo tsa lebelo ha hoa tloaeleha. Baetsi ba likoloi bao taba ea bona e ka sehloohong e leng bokhoni ba ho hlahisa likoloi tse matla tse lumellang ho matha ka lebelo le fetang lik’hilomithara tse 150 ka hora ka ho utloahalang ba khahlanong le ho fokotsa lebelo, joalokaha bakhanni ba bangata ba likoloi ba le khahlanong le hona. Leha ho le joalo, hona joale ho bonahala hore Majeremane a mangata a ikemiselitse ho amohela lithibelo tsa lebelo e seng feela ka mabaka a tikoloho empa hape le ka lebaka la polokeho.

Linaheng tse ling ho hlokoa hore bakhanni ba fokotse lebelo ha tšilafalo e fihla tekanyong e sa amoheleheng—kapa esita le ho khaotsa ho khanna ka ho feletseng. Phuputso e ileng ea etsoa ka 1995 e ile ea senola hore karolo ea 80 lekholong ea Majeremane e ne e tla lumellana le hore ho etsoe lithibelo tsa lebelo haeba tekanyo ea ozone e phahama haholo. Metse e mengata e meholo ho pholletsa le lefatše, ho akarelletsa le Athene le Roma, e se e nkile mehato ea ho thibela ho khanna tlas’a maemo a itseng. E meng e ntse e nahana ka ho etsa se tšoanang.

Ho Sebelisa Libaesekele

E le ho fokotsa sephethe-phethe, metse e meng e meholo e theotse litefello tsa ho tsamaea ka bese. E meng e lokisetsa libese tse sa lefelloeng bakeng sa bakhanni ba lefang chelete e fokolang hore ba pake likoloi tsa bona libakeng tseo ba li khethetsoeng. Metse e meng e meholo e khethile mebila e itseng hore e be ea libese le litekesi feela e le hore ho ka potlakisoa mefuta ena ea lipalangoang.

Tsela e ncha ea ho loantša bothata bona e ile ea ngoloa haufinyane tjena ho The European: “Ba susumelitsoe ke letšolo la Netherlands bofelong ba lilemo tsa bo-1960, baahi ba bohlale ba Denmark ba qapile moralo oa ho fokotsa tšilafalo ea moea le sephethe-phethe se matla sa likoloi ka ho phehella batho ho sebelisa libaesekele ho e-na le likoloi.” Libaesekele li behoa libakeng tse sa tšoaneng ho pholletsa le literata tsa Copenhagen. Ha u tšela chelete ea tšepe ka mochining, o u lokollela baesekele bakeng sa ho e sebelisa. Chelete eo ea tšireletso e ka fumanoa hape ha baesekele e khutlisetsoa sebakeng se loketseng hamorao. Ho tla bonahala ha nako e ntse e e-ea hore na leano lena le tla ipaka le sebetsa le hore na le tla tloaeleha.

E le ho khothalletsa tšebeliso ea libaesekele ho e-na le likoloi, metse e meng ea Jeremane e lumella bapalami ba libaesekele ho khanna libaesekele literateng tse lebang ’nģa e le ’ngoe kamoo ho sa lokelang! Kaha hoo e ka bang karolo ea boraro ea maeto ’ohle ka har’a motse le karolo e fetang ea boraro ea maeto a libakeng tsa mahaeng a makhutšoanyane ho feta lik’hilomithara tse tharo, baahi ba bangata ba ka phetha maeto a bona a mangata a makhutšoanyane ba tsamaea ka maoto kapa ka libaesekele. Sena se ne se tla thusa ho fokotsa tšilafalo; ka nako e tšoanang bapalami ba libaesekele ba ne ba tla be ba fumana boikoetliso bo hlokahalang.

Ho Qapa Bocha

Mosebetsi oa ho qapa likoloi tse sa bakeng tšilafalo o ntse o tsoela pele. Ho ’nile ha etsoa likoloi tsa motlakase tse tsamaeang ka libeteri, empa lebelo la tsona le fokola haholo le nako eo li sebetsang ka eona. Ho boetse ho joalo le ka likoloi tse tsamaeang ka matla a khanya ea letsatsi.

Monyetla o mong o ntseng o batlisisoa ke oa ho sebelisa hydrogen e le mafura. Hydrogen ha e cha e batla e sa ntše mosi oa lintho tse bakang tšilafalo, empa theko ea eona e boima.

Ha a hlokomela tlhoko ea hore ho qaptjoe bocha koloi e ’ngoe, ka 1993 mopresidente oa United States, Clinton o ile a phatlalatsa hore ’muso le indasteri ea likoloi ea United States li tla kopanya matsoho ho qapa koloi ea kamoso. O ile a re: “Re tla leka ho qalisa teko ea theknoloji e khōlō ho feta leha e le efe eo sechaba sa rōna se kileng sa e leka.” Hore na ebe ho tla khoneha “ho etsa koloi e sebetsang ka ho phethahala le e sa bakeng tšenyo tikolohong bakeng sa lekholo la bo21 la lilemo,” eo a neng a bua ka eona, ho se ho tla bonahala. Morero ke hore ho hlahisoe eo e leng mohlala nakong ea lilemo tse leshome—leha ho le joalo, e tla ba ka theko e phahameng haholo.

Baetsi ba bang ba likoloi ba ntse ba sebetsana le meetso e tsamaeang ka motsoako oa peterole le motlakase. E se e fumaneha Jeremane—ka theko e phahameng—ke koloi ea lipapali e tsamaeang ka motlakase e khonang ho eketsa lebelo ka metsotsoana e robong ho tloha moo e neng e eme ho ea ho lik’hilomithara tse 100 ka hora, ebe e ntse e eketsa lebelo joalo ho fihlela lebelong le holimo-limo la 180. Empa ka mor’a lik’hilomithara tse 200, libeteri li felloa ke matla ’me ea ema ho fihlela libeteri tsa eona li ka matlafatsoa hape bonyane ka lihora tse tharo. Phuputso e ntse e tsoela pele, ’me ho lebelletsoe khatelo-pele e eketsehileng.

E Mpa Feela e le Karolo ea Bothata

Mokhoa oa ho felisa ho tsoa ha mosi o chefu e mpa feela e le karolo ea bothata. Likoloi li boetse li baka tšilafalo ea lerata, e leng ntho eo mang le mang ea lulang pel’a ’mila o phetheselang a e tsebang hantle. Kaha lerata le tsoelang pele la sephethe-phethe le ka ama bophelo hampe, ena le eona ke karolo ea motheo ea bothata e hlokang ho rarolloa.

Barati ba tlhaho ba tla boetse ba supa hore libaka tse ngata tse ka thōko tse nang le botle ba tlhaho li sentsoe ke litsela tse khōlō tse mpe tsa lik’hilomithara tse ngata, hammoho le libaka tsa khoebo tse sa shebahaleng hantle le mamatjana a phatlalatso a ka ’nang a behoa ka thōko ho tsona. Empa ha palo ea likoloi e ntse e eketseha, le tlhokahalo ea mebila e mengata ea eketseha ka ho tšoanang.

Likoloi tse ling, ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho silafatsa li ntse li sebelisoa ke beng ba tsona, li ntšetsa pele litsela tsa tsona tsa ho silafatsa esita le “ka mor’a lefu.” Likoloi tse lahliloeng, tse sebeletsang feela ho khopisa mahlo, li fetohile bothata bo boholo hoo libakeng tse ling ho ileng ha tlameha hore ho fetisoe molao oa ho qoba hore li tlala-tlale hohle libakeng tse ka thōko. Na koloi ea boemo bo phahameng, e entsoeng ka thepa e ka sebelisoang hape habonolo, e sa tla ke e etsoe? Koloi e joalo ha e e-s’o ka e bonoa.

Koranta ea morao tjena e ile ea hlokomelisa: “Majeremane a mangata a amehile haholo ka tikoloho, empa ke a fokolang a nkang bohato bo loketseng.” Mosebeletsi oa ’muso o qotsitsoe a re: “Ha ho na motho ea inahanang a le molato, leha e le hore ho na le motho ea ikemiselitseng ho jara boikarabelo.” E, ho thata ho rarolla mathata lefatšeng le khetholloang ka batho bao e leng “baithati” le “ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.”—2 Timothea 3:1-3.

Ho ntse ho le joalo, ho batla litharollo tse amohelehang ho ntse ho tsoela pele. Na tharollo e phethahetseng ea tšilafalo e bakoang ke likoloi e sa tla ke e fumanoe?

[Setšoantšo se leqepheng la 1]

Na tšilafalo e ne e ka fokotsoa ka hore re sebelise lipalangoang tsa sechaba, re tsamaee ka koloi re le sehlopha kapa re palame libaesekele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela