Ntsintsi ea Tsetse—Na ke Thohako ea Afrika?
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
RE NE re sa tsoa fallela sebakeng sa mahaeng Afrika Bophirimela. Re ne re pota-potiloe ke moru oa naha e chesang, e mongobo. Motšehareng o mong oa mantsiboea mosali oa ka o ile a kena ka moo ho bolokeloang liphahlo ’me a hoeletsa ka ho re: “Ho na le seboba ka mona!”
Ntsintsi eo e ile ea tsoa ka lebelo ka moo ho bolokeloang liphahlo ’me ea kena ka kamoreng ea ho hlapela. Ka potlako ke ile ka nka botlolo ea moriana o bolaeang likokoanyana ’me ka e lelekisa, ke koetse monyako ka mor’a ka. Ntsintsi eo e ne e sa bonahale ho hang. Ka tšohanyetso ea fofela sefahlehong sa ka. Ea ntlhasela! Ke ile ka leka ho e otla ke e phubula ka letsoho, empa ka hlōleha. Ea fofela fensetereng. Sefe ea fensetere ea e thibela ho baleha. Ntsintsi eo ea lula ho eona.
Ke ile ka korola ’me ka futhela ntsintsi eo ka moriana o bolaeang likokoanyana. Ka tloaelo mofuthelo o tobileng joalo o ka bolaea kokoanyana leha e le efe hang-hang. E seng ntsintsi ena. E ile ea fofa ’me ea tsoela pele ho bobola e ntse e pota-pota kamore ea ho hlapela.
Ntho ena e thata! Ke ne ke kholisehile hore moriana o bolaeang likokoanyana o ne o tla atleha ’me kapele-pele ntsintsi eo e oele fatše. Empa ha ea ka ea oela. Nakong eo e neng e lula fatše hape, ke ile ka e futhela khetlo la bobeli. Ea fofa hape.
Ntsintsi e matla ee ke ea mofuta ofe? Qetellong, mefuthelo e ’meli e tobileng haholoanyane e ile ea e bolaea.
Ke ile ka roala likhalase tsa ka ’me ka hlahloba sebōpuoa sena ka hloko. E ne e le khōloanyane ho feta ntsintsi e tloaelehileng, le hoja e ne e se khōlō joaloka seboba. Mapheo a eona a ne a fapanyetsane holim’a mokokotlo, ho neng ho etsa hore e chore ho feta ntsintsi e tloaelehileng. Motsu o molelele o kang nale o ne o e-tsoa molomong oa eona.
Ke ile ka hoeletsa mosali oa ka: “Ntho ena hase seboba. Ke ntsintsi ea tsetse.”
Phihlelo ena e ile ea hatisa kelellong ea ka bothata ba ho leka ho felisa ntsintsi ena sebakeng seo e se laolang sa Afrika sa lisekoere-k’hilomithara tse limilione tse 11,7, sebaka se seholo ho feta United States. Ke hobane’ng ha batho ba batla ho e tlosa tseleng? Ho na le liqoso tse tharo khahlanong le eona. Qoso ea pele:
E Iphepa ka Mali
Ho na le mefuta e sa tšoaneng e 22 ea lintsintsi tsa tsetse. Kaofela ha tsona li phela Afrika ka boroa ho Sahara. Kaofela, tse tona le tse tšehali, ka meharo li noa mali a libōpuoa tse nang le lesapo la mokokotlo, ’me ka ho loma hanngoe feela li monya mali a mangata ho feta boima ba ’mele ea tsona ka makhetlo a mararo.
Li iketsetsa mokete liphoofolong tse fulang tsa mefuta e sa tšoaneng—tseo e leng mefuta ea Afrika le tseo e seng eona. Li boetse li loma le batho. Ho loma ha tsona ke ho tebileng, ho hulang mali, ho bohale le ho hlabang habohloko. Ka nako e tšoanang ho botsikinyane ebile ho bohloko. Ho etsa lekukuma.
Lintsintsi tsa tsetse li bohlale mosebetsing oa tsona. Ha li senye nako li ntse li bobola ho pota-pota hlooho ea hao. Li ka fofela motho joaloka kulo ’me ka tsela e itseng tsa fasa mariki ebe li lula sefahlehong ka bonolo hoo li ke keng tsa utloahala. Li ka tšoana le masholu; ka linako tse ling ha u tsebe le hore li utsoitse mali a itseng ho fihlela li tlohile—ha sohle se u saletseng e le ho hlahloba tšenyo.
Ka tloaelo li rata letlalo le sa koaheloang. (Li bonahala li rata karolo e ka morao ea molala oa ka!) Leha ho le joalo, ka linako tse ling, li etsa qeto ea ho nyolosa butle ka leotoaneng la borikhoe kapa letsohong la hempe pele li hlaba mothapo oa mali. Kapa haeba li rata, li ka lomella le liphahlo—hoo hase bothata ho kokoanyana e khonang ho hlaba esita le letlalo le thata la tšukulu.
Batho ba qosa ntsintsi ea tsetse e seng feela ka ho ba bohlale empa hape le ka ho ba mano. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke leka ho e bolaea ka moriana o bolaeang likokoanyana, e ile ea fofela ka moo ke bolokelang liphahlo ’me ea ipata borikhoeng ba ka ba ho sesa. Matsatsi a mabeli hamorao ha ke tena borikhoe boo, e ile ea ntoma habeli! Ketsahalong e ’ngoe ntsintsi ea tsetse e ile ea ipata ka pheseng ea mosali oa ka. O ile a ea ofising ka phese eo, ’me eitse ha a kenya letsoho ka hare, ntsintsi ena ea mo loma letsohong. Eaba e ntse e fofa ka kamoreng eo, e baka pherekano har’a basebetsi ba ofising. E mong le e mong o ile a khaotsa ho sebetsa ho leka ho e otla haholo feela.
Kahoo qoso ea pele khahlanong le ntsintsi ea tsetse ke hore ke senoa-mali se lomang habohloko. Qoso ea bobeli:
E Bolaea Liphoofolo
Mefuta e meng ea lintsintsi tsa tsetse e tšoaetsa boloetse bo bakoang ke likokoana-hloko tse nyenyane tse bitsoang li-trypanosome. Ha ntsintsi ea tsetse e noa mali a phoofolo e nang le boloetse bona, e koenya mali a nang le likokoana-hloko tsena. Tsona lia hōla le ho ata ka har’a ntsintsi ena. Ha ntsintsi eo e loma phoofolo e ’ngoe, likokoana-hloko li fetela phallong ea mali ea phoofolo li e-tsoa ntsintsing.
Boloetse bona ke trypanosomiasis. Mofuta o tšoarang liphoofolo o bitsoa nagana. Likokoana-hloko tsa nagana lia atleha phallong ea mali ea liphoofolo tse ngata tseo e leng tsa Afrika, haholo-holo linyamatsane, linare, likolobe tse hlaha, matsa, litšephe le likolobe-moru. Likokoana-hloko ha li bolaee liphoofolo tsena.
Empa likokoana-hloko tseo li senya mehlape ea liphoofolo tseo e seng tsa Afrika—likamele, lintja, litonki, lipōli, lipere, limmoulo, lipholo, likolobe le linku. Ho ea ka makasine ea National Geographic, nagana e bolaea likhomo tse limilione tse tharo selemo ka seng.
Balisa ba likhomo, ba kang Masai a Afrika Bochabela, ba ithutile ho qoba libaka tseo lintsintsi tsa tsetse li fumanehang ka bongata ho tsona, empa ka linako tse ling komello le tlhokahalo ea makhulo li etsa hore sena se se ke sa khoneha. Nakong ea komello e sa tsoa feta, malapa a mane a neng a ruile likhomo tsa ’ona tse 600 hammoho a ne a lahleheloa ke phoofolo letsatsi ka leng ka lebaka la ntsintsi ena. Lesalon, eo e leng hlooho ea lelapa har’a bona, o ile a re: “Rōna Masai re batho ba sebete. Re hlaba tau ka lerumo ’me re talimana le nare e hlaselang. Re otla masumu e motšo ka koto ’me re talimana le tlou e halefileng. Empa ha e le orkimbai [ntsintsi ea tsetse] eona? Re paletsoe.”
Ho na le lithethefatsi tse phekolang nagana, empa mebuso e meng e lumella hore li ka sebelisoa feela tlas’a tlhokomelo ea ngaka ea liphoofolo. Ho na le lebaka le letle ka seo, kaha litekanyetso tse sa fellang tsa moriana oo ha li bolaee phoofolo feela empa li hlahisa likokoana-hloko tse sa bolaoeng ke lithethefatsi. Ho ka ’na ha e-ba thata ho molisa oa likhomo ea metebong koana ho fumana ngaka ea liphoofolo ka nako bakeng sa ho phekola liphoofolo tsa hae tse shoang.
Liqoso tsa pele tse peli khahlanong le ntsintsi ea tsetse li pakiloe ntle ho pelaelo—e iphepa ka mali ’me e jala boloetse bo bolaeang liphoofolo. Empa ho na le ho hong hape. Qoso ea boraro:
E Bolaea Batho
Batho ha ba hlokofatsoe ke kokoana-hloko ea trypanosome e bakang nagana. Empa ntsintsi ea tsetse e tsamaisa mofuta o mong oa trypanosome har’a batho. Mofuta ona oa boloetse ba trypanosomiasis o bitsoa lefu la boroko. U se ke ua nahana hore motho ea nang le lefu la boroko o mpa a robala haholo feela. Boloetse boo hase boroko bo monate ka ho fetisisa. Bo qala ka ho ikutloa u tepeletse, mokhathala o matla le mohatsela. Ka mor’a moo ho tla ho otsela ho nkang nako e telele, mocheso o phahameng, ho opeloa ke manonyeletso, ho ruruha lisele le ho ruruha sebete le lebete. Qetellong, ha kokoana-hloko eo e kenella ho ea tšebetsong ea methapo ea kutlo ea ’mele, mokuli o tšoaroa ke boloetse ba kelello, ho tsitsipana, ho ilibana, ebe oa shoa.
Karolong e qalang ea lekholo lena la lilemo, ho nama ha lefu la boroko ho ile ha ripitla k’honthinente ea Afrika. Pakeng tsa 1902 le 1905, boloetse bona bo ile ba bolaea batho ba ka bang 30 000 haufi le Lake Victoria. Lilemong tse mashome tse ileng tsa latela, boloetse bona bo ile ba namela Cameroon, Ghana le Nigeria. Metseng e mengata karolo ea boraro ea batho e ile ea tšoaetsoa, ’me ha hlokahala hore batho ba bangata haholo ba tlosoe liphuleng tse ngata tsa linōka. Lihlopha tsa ba tsamaeang le libaka li ile tsa phekola batho ba makholo a likete. E bile ho fihlela bofelong ba lilemo tsa bo-1930 seoa seo se ileng sa fokotseha butle-butle ’me sa fela.
Kajeno boloetse bona bo hlokofatsa batho ba ka bang 25 000 selemo le selemo. Ho ea ka World Health Organization, batho ba fetang limilione tse 50 linaheng tse 36 tse ka boroa ho Sahara ba kotsing ea ho tšoaetsoa ke boloetse boo. Le hoja lefu la boroko le bolaea haeba le sa phekoloe, ho na le lithethefatsi tse le phekolang. Haufinyane tjena sethethefatsi se secha se bitsoang eflornithine se ile sa hlahisoa ho phekola boloetse bona—e leng sethethefatsi sa pele sa mofuta oa sona lilemong tse 40.
Batho ba ’nile ba loana ntoa e telele khahlanong le ntsintsi ea tsetse le boloetse boo e bo jarang. Ka 1907, Winston Churchill o ile a ngola ka letšolo la ho felisa ntsintsi ea tsetse: ‘Ho ntse ho etsoa boiteko bo boholo, boo e kang ho lohuoa letlooa le lesesanyane, ba ho laola ho ata ha ntsintsi ea tsetse.’ Ha ho hetloa morao, ho totobetse hore “letlooa le lesesanyane” la Churchill le ne le e-na le masoba a maholo. Buka ea Foundations of Parasitology ea bolela: “Ho fihlela joale, lilemo tse 80 tsa ho felisoa ha tsetse li bile le tšusumetso e fokolang ho jaleheng ha tsetse.”
Mantsoe a ho e Sireletsa
Seroki sa Leamerika Ogden Nash se ile sa ngola: “Molimo ka bohlale ba Hae o entse ntsintsi ena, eaba o lebala ho re bolella lebaka.” Le hoja e le ’nete hore Jehova Molimo ke ’Mōpi oa lintho tsohle, ka sebele hase ’nete hore oa lebala. Lintho tse ngata o re lumella hore re iphumanele tsona. Joale ho thoe’ng ka ntsintsi ea tsetse? Na ho na le ntho e itseng e ka buuoang ho sireletsa ntho ee eo ka ho totobetseng e leng sehlōhō?
Mohlomong lebaka le matla ka ho fetisisa la ho e sireletsa ho fihlela joale ke hore karolo eo e e phethileng ho felisa likhomo e sebelelitse ho sireletsa liphoofolo tse hlaha tseo e leng tsa Afrika tse ntseng li le teng. Libaka tse khōlō tsa Afrika li tšoana le libaka tsa makhulo tsa karolo e ka bophirimela ea United States—naha ka boeona e ka khona ho hlokomela liphoofolo tse rueloang hae. Empa ka thuso ea ntsintsi ea tsetse, liphoofolo tse rueloang hae li bolaoa ke li-trypanosome tse sa bolaeeng liphoofolo tse fulang tsa sebaka seo.
Ba bangata ba lumela hore haeba e ne e se ka lebaka la ntsintsi ea tsetse, libaka tse khōlō tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha tsa Afrika e ka be e le khale li nketsoe sebaka ke mehlape ea likhomo. Willie van Niekerk, mosupisi sebakeng sa polokelo ea liphoofolo tse hlaha Botswana, o ile a re: “Ke tšehetsa boteng ba tsetse. Haeba re felisa tsetse likhomo li tla hlasela, ’me likhomo ke lisenyi tsa Afrika, tse hanyapetsang k’honthinente ena hore e be letsoatlare le leholo.” O ile a phaella: “Ntsintsi ena e tlameha ho lula e le teng.”
Ka ho hlakileng, hase bohle ba lumellanang le seo. Mabaka a fanoang ha a etse letho ho kholisa monna ea shebileng ha bana kapa likhomo tsa hae li hlokofatsoa ke trypanosomiasis. Leha e le hore a ka kholisa ba phehang khang ka hore Afrika e hloka likhomo hore e iphepe ka boeona.
Leha ho le joalo, ntle ho pelaelo ho ntse ho e-na le ho hongata ho ka ithutoang ka karolo eo ntsintsi ea tsetse e e phethang tlhahong. Le hoja liqoso tse etsoang khahlanong le eona li bonahala li le matla, mohlomong ke kapele haholo hore ho ka etsoa kahlolo.
Ha ho buuoa ka lintsintsi, e ’ngoe e qeta ho fofela ka kamoreng. Ak’u ntšoarele hanyane ha ke sa ntse ke bona hore kannete hase tsetse.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
Tsetse fly: ©Martin Dohrn, The National Audubon Society Collection/PR