Liketso tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Romania
Maqheka a mang a nyopileng ao Satane a lekileng ho a sebelisa ho nyahamisa Lipaki Tsa Jehova e le batho ka bomong le ho qhala mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng Romania, ke ho sebelisa lihloela, limpimpi, barab’abo rōna ba bohata, ho hlokofatsoa, ho koalloa teronkong le likampong tsa mosebetsi o boima. Bala ka Ioan, ea ileng a rapella holimo ka pel’a masole a tl’o mo thunya. Bala le ka Teodor, ea ileng a bina lipina tsa ’Muso le Lipaki tse ling ha libomo li ntse li qhoma haufi le bona. Utloa ka batho ba ileng ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 100 ba ea libokeng ba sa roala lieta. Bala u utloe hore na ke hobane’ng ha moshemane e mong a ile a re, “Ntate, u nkha joaloka temana ea letsatsi!”
Zambia
Har’a tse ling, barab’abo rōna ba Zambia ba ile ba tobana le bothata ba ho thibeloa ke ’muso, ho lelekoa ha baromuoa naheng eo le ho lelekoa ha bana likolong. Tlalehong ena u tla bala ka ngoanana e mong ea kenang sekolo ea ileng a sireletsa litaba tse molemo ka sebete ka khotla le ka mophaphathehi e mong ea holofetseng ea “lebelo ho feta lintsu,” hammoho le Seithuti se seng sa Bibele se ileng sa shapuoa ka phafa. Bala ka koloi ea Land Rover e ileng ea cha, u bale ka seolo sa bohloa se ileng sa qhomisoa le ka sebaka seo ho neng ho kopaneloa ho sona se neng se shebahala joaloka pere e ntšo. Ho buuoa le ka menoang, li-tsetse fly, linoha le litau ho bontša kamoo barab’abo rōna ba sebelitseng ka thata kateng ho bolela litaba tse molemo naheng ena e ntle ea Afrika.