Lefatše le se Nang Likoloi?
NA U ka nahana ka lefatše le se nang likoloi? Kapa na u ka bolela ntho e qapiloeng eo ho theosa le lilemo e ’nileng ea fetola mekhoa ea bophelo le boitšoaro ba batho ka ho teba joaloka tsona? Ka ntle ho likoloi, ho ka be ho se na libaka tsa marobalo tseo ho kenoang ho tsona ka likoloi, mabenkele a rekisang lijo ao ho kenoang ka har’a ’ona ka likoloi le litheatera tseo ho kenoang ka har’a tsona ka likoloi. Habohlokoa le ho feta, ka ntle ho libese, litekesi, limotokara kapa literaka, u ne u tla ea mosebetsing joang? sekolong teng? Lihoai le baetsi ba lintho ba ne ba tla isa thepa ea bona joang ’marakeng?
The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Har’a likhoebo tse ling le tse ling tse tšeletseng tsa United States e le ’ngoe e itšetlehile ka ho hlahisoa, ho ajoa, ho lokisoa kapa ho sebelisoa ha likoloi,” ea phaella: “Lifeme tse rekisang le tse amohelang likoloi li emela ho fetang karolo e le ’ngoe ho tse hlano ea lintho tse rekisoang ka bongata ka har’a naha le karolo e fetang e le ’ngoe ho tse ’ne ea lintho tse rekisoang li fokola. Linaheng tse ling likarolo tsena li batla li le nyenyane, empa Japane le linaha tsa Europe bophirimela kapele-pele li ’nile tsa atamela boemo ba United States.”
Leha ho le joalo, batho ba bang ba bolela hore lefatše le se nang likoloi e ne e tla ba sebaka se molemo. Ha e le hantle ba bolela sena ka mabaka a mabeli.
Sephethe-phethe sa Likoloi Lefatšeng ka Bophara
Haeba u kile ua pota-pota nako e telele u ntse u batla sebaka sa ho paka koloi, ha ho hlokahale hore motho e mong a u bolelle hore esita le hoja likoloi li le molemo, ho ba le tse ngata haholo sebakeng se nang le tšubuhlellano ha ho na molemo oa letho. Kapa haeba u kile ua tšoarelloa ke sephethe-phethe se tšabehang, u tseba kamoo ho ferekanyang kateng ho thibelloa ka koloing e reretsoeng ho tsamaea empa joale e qobelletsoe hore e eme tsi!
Ka 1950, United States e ne e le eona feela naha e nang le koloi e le ’ngoe bakeng sa batho ba bang le ba bang ba bane. Ka 1974, Belgium, Fora, Great Britain, Italy, Jeremane, Netherlands le Sweden li ile tsa fihla boemong boo. Empa ka nako eo palo ea United States e ne e se e nyolohetse ho hoo e ka bang koloi e le ’ngoe bakeng sa batho ba bang le ba bang ba babeli. Hona joale Jeremane le Luxembourg li na le hoo e ka bang koloi e le ’ngoe bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba babeli. Belgium, Fora, Great Britain, Italy le Netherlands ha lia salla morao haholo.
Metse e mengata e meholo—ho sa tsotellehe hore na e hokae lefatšeng—e ntse e senyeha ka ho fetoha libaka tse khōlōhali tsa ho paka likoloi. Ka mohlala, nakong ea ha India e fumana boipuso ka 1947, New Delhi, motse-moholo oa eona, e ne e e-na le limotokara le literaka tse 11 000. Ka 1993 palo eo e ne e feta 2200 000! Keketseho e khōlō haholo—empa “ke palo eo ho lebelletsoeng hore e tla imena habeli bofelong ba lekholo lena la lilemo,” ho ea ka makasine ea Time.
Ho sa le joalo, Europe Bochabela, moo ho nang le likoloi tse etsang karolo ea bone feela ea likoloi tseo batho ba Europe Bophirimela ba nang le tsona, ho na le batho ba ka ’nang ba reka likoloi ba ka bang limilione tse 400. Ka nako ea lilemo tse seng kae, boemo ba Chaena, eo ho fihlela joale e tsebahalang ka hore e na le libaesekele tse limilione tse 400, bo tla be bo fetohile. Joalokaha ho tlalehiloe ka 1994, “’muso o ntse o etsa meralo ea ho eketsa tlhahiso ea likoloi ka potlako,” ho tloha likoloing tse limilione tse 1,3 ka selemo ho ea ho tse limilione tse 3 ho ea bofelong ba lekholo lena la lilemo.
Tšokelo ea Tšilafalo
The Daily Telegraph ea la 28 October, 1994 e ile ea tlaleha: “Brithani e felletsoe ke moea o hloekileng.” Mohlomong taba ena e fetellelitsoe empa leha ho le joalo ke ’nete ka ho lekaneng hore batho ba amehe. Moprofesa Stuart Penkett, oa Univesithi ea East Anglia o lemositse: “Likoloi li fetola tšebetso ea sebōpeho sohle sa tikoloho ea rōna.”
Buka ea 5000 Days to Save the Planet e bolela hore pokellano e ngata ea tšilafalo ea carbon monoxide, “e etsa hore ’mele o hloke oksijene, e fokolisa matla a temoho le ho nahana, e fokotsa boikutlo ba ho arabela ketsong ’me e baka ho otsela.” ’Me World Health Organization e bolela hore: “Hoo e ka bang halofo ea baahi bohle ba lulang metseng e meholo Europe le Amerika Leboea ba pepeselitsoe litekanyong tse phahameng ka ho sa amoheleheng tsa carbon monoxide.”
Ho hakanyetsoa hore libakeng tse ling selemo le selemo mosi oa likoloi o bolaea batho ba bangata—ho phaella tšenyong ea tikoloho e jang liranta tse limilione tse likete. Ka July 1995 tlaleho ea litaba thelevisheneng e ile ea bolela hore Mabrithani a ka bang 11 000 a shoa selemo le selemo ka lebaka la tšilafalo ea moea e bakoang ke likoloi.
Ka 1995 United Nations Climate Conference e ile ea tšoareloa Berlin. Baemeli ba tsoang linaheng tse 116 ba ile ba lumellana hore ho hlokahala ho etsoe ntho e itseng. Empa ho soabeng ha ba bangata, mosebetsi oa ho khetha lipakane tse tobileng le ho beha melao e hlakileng kapa ho bontša mananeo a khethehileng o ile oa chechisetsoa morao.
Ha ho nahanoa ka seo buka ea 5000 Days to Save the Planet e se boletseng morao koana ka 1990, mohlomong khaello ena ea tsoelo-pele e ne e ntse e lebelletsoe. “Kamoo matla a lipolotiki le a moruo sechabeng sa kajeno sa indasteri a leng kateng,” e ile ea totobatsa, “ke ’ona a rerang hore mehato ea ho loantša tšenyeho ea tikoloho e be e amohelehang hafeela [mehato] eo e sa kena-kenane le tšebetso ea moruo.”
Kahoo, haufinyane tjena Time e ile ea lemosa ka “monyetla oa hore ho bokellana ha carbon dioxide le likhase tse ling tse bakang ho eketseha ha mocheso oa lefatše tikolohong, butle-butle li tla futhumatsa lefatše. Ho ea ka bo-rasaense ba bangata, liphello e ka ba likomello, ho qhibiliha ha leqhoa, ho eketseha ha bophahamo ba leoatle, likhohola tse pel’a mabōpo a leoatle, lifefo tse matla haholoanyane le litlokotsi tse ling tsa tikoloho.”
Botebo ba bothata ba tšilafalo bo hloka hore ho etsoe ntho e itseng. Empa ke’ng?