Ke Motse oa Lefatše Lohle—Empa o Ntse o Arohane
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
NA U se u kile ua utloa litšōmo tse buang ka morabe oa batho ba neng ba se na melomo ’me kahoo ba ne ba sa khone ho ja leha e le ho noa? Ho thoe ba ne ba phela ka ho fofonela monko, haholo-holo oa liapole. Monko o mobe o ne o ka ba bolaea.
Hape ho ne ho e-na le lipale tsa batho ba Afrika Bophirimela ba neng ba e-na le khauta eo ba hoebang ka eona. Motsamaisi oa sekepe oa Lepotoketsi oa nakong eo o ile a tlaleha: “Li-league tse 200 [lik’hilomithara tse 1000] ho fetela ka ’nģane ho moeli oa [Mali], motho o fumana naha eo baahi ba eona ba nang le lihlooho le meno a lintja le mehatla e kang ea lintja. Bana ke Batho ba Batšo ba hanang ho qoqa hobane ha ba rate ho bona batho ba bang.” Tseo ke tse ling tsa likhopolo tse makatsang tse neng li lumeloa lilemong tse ngata tse fetileng, pele ho mehla ea ho tsamaea le ho sibolla.
Lichaba li Kopana Hammoho
Lipale tse joalo li ne li lumeloa ka tieo ka lilemo tse makholo. Empa ha babatlisisi ba ntse ba hlahloba lefatše, ha baa ka ba fumana batho ba fofonelang liapole, leha e le batho ba nang le lihlooho tse kang tsa lintja. Kajeno ha ho na sephiri sa letho ka batho ba phelang ka ’nģane ho meeli ea rōna. Lefatše le fetohile motse oa lefatše lohle. Thelevishene e tlisa boitsebiso ka linaha lisele le batho ba linaha lisele ka likamoreng tsa rōna tsa ho phomola. Ho tsamaea ka lifofane ho nolofaletsa batho ho etela linaheng lisele ka lihora feela; selemo le selemo batho ba limilione ba etsa joalo. Ba bang ba tsamaea ka mabaka a moruo kapa a lipolotiki. United Nations Population Fund ea tlaleha: “Ka tekanyo e khōlō ka ho fetisisa historing—eo ntle ho pelaelo e tlang ho eketseha—lefatšeng lohle batho ba fallela linaheng tse ling ho batla bophelo bo molemo.” Batho ba ka bang limilione tse 100 ba phela linaheng tseo ba sa hlahelang ho tsona.
Lichaba li ntse li itšetleha ka tse ling moruong ka ho tsoelang pele. Tsamaiso ea puisano lefatšeng lohle, e hokahanya sechaba se seng le se seng sa lefatše joaloka khokahanyo e khōlō ea tšebetso ea methapo ea kutlo ’meleng. Ha ho ntse ho arolelanoa likhopolo, boitsebiso le theknoloji, mekhoa ea bophelo ea tsoakana ’me e fetoha e tšoanang. Ho pholletsa le lefatše batho ba apara ka mokhoa o batlang o tšoana haholoanyane ho feta leha e le neng pele. Metse e meholo ea lefatše e tšoana ka lintho tse ngata—sepolesa, lihotele tsa maemo, sephethe-phethe, mabenkele, libanka, tšilafalo. Ka hona, ha batho ba lefatše ba ntse ba e-ba hammoho haholoanyane, re bona seo ba bang ba se hlalosang e le ho hlaha ha mokhoa oa bophelo oa lefatše.
Lebaka Leo ka Lona Batho ba Lulang ba Arohane
Empa le hoja lichaba le mekhoa ea bophelo li kopana hammoho, ka ho hlakileng hase bohle ba talimanang e le bara ba motho. Sengoli sa litšoantšiso sa Mogerike se ile sa ngola lilemong tse ka holimo ho 2000 tse fetileng: “E mong le e mong o potlakela ho beha molato ho molichaba.” Ka masoabi, ho joalo le kajeno. Bopaki bo ka bonoa habonolo litlalehong tsa likoranta mabapi le leeme, ho hloea melata, “tlhoekiso ea morabe,” ntoa e mabifi ea merabe, mefere-fere ea bolumeli, lipolao tse sehlōhō tsa baahi, mabala a polao, likampo tsa peto, tlhokofatso, kapa morero oa ho timetsa morabe o mong.
Ka ho hlakileng, boholo ba rōna re ka etsa ho fokolang kapa re ke ke ra etsa letho bakeng sa ho fetola tsela ea likhohlano tsa merabe. Ebile mohlomong e ka ’na eaba ha re angoe ke tsona ka ho toba. Leha ho le joalo, ho ba bangata ba rōna, mathata a hlahisoa ke ho hlōleha ho buisana le melata eo re kopanang le eona—baahisani, basebetsi-’moho, kapa bao re kenang sekolo le bona.
Na ha ho bonahale ho makatsa hore ebe hangata batho ba lihlopha tsa merabe e fapaneng ba thatafalloa ke ho tšepana le ho ananelana? Hopola hore polanete ea rōna e na le lintho tse ngata haholo tse fapaneng, mefuta e mengata haholo e sa tšoaneng. Boholo ba rōna re ananela mefuta-futa e sa tšoaneng ea lijo, ’mino le mebala hammoho le mefuta e mengata ea limela, linonyana le liphoofolo. Empa ka tsela e itseng hase kamehla kananelo ea rōna ka lintho tse sa tšoaneng e akarelletsang batho ba sa nahaneng le ho etsa lintho ka tsela e tšoanang le ea rōna.
Ho e-na le ho sheba litšobotsi tse ntle tsa ho se tšoane ho teng har’a lichaba, ba bangata ba atisa ho lebisa tlhokomelo linthong tse fapaneng ebe ba li etsa motheo oa bora. Ke hobane’ng ha ho le tjee? Ho na le molemo ofe oa ho leka ho buisana le batho bao mokhoa oa bona oa bophelo o fapaneng le oa rōna? Re ka heletsa marako a sitisang puisano joang ’me ra a nkela sebaka ka mekhoa e tla koala sekheo sa puisano? Lihlooho tse latelang li tla leka ho arabela lipotso tseo.