Ho Heletsa Marako—Le ho Haha Marokho
HA REA ka ra khetha lelapa kapa sechaba seo re hlahetseng har’a sona, leha e le hore re ile ra etsa qeto ka hore na ke mokhoa ofe oa bophelo oa sechaba o neng o tla bōpa monahano oa rōna. Re ne re se na taolo ka lintho tse joalo. Kaofela ha rōna re laoloa ke nako le maemo. Empa re ka laola mokhoa oo re talimang ba bang ka oona le kamoo re itšoarang kateng ho bona.
Bibele e hlalosa kamoo re ka etsang seo kateng. Nahana ka melao-motheo e seng mekae e tlang ho re thusa ho haha marokho a puisano le batho ba ka ’nang ba hlaha semelong se fapaneng le sa rōna.
“Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona . . . o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:24, 26) Kaofela ha rōna re litho tsa lelapa le tšoanang la motho ’me ka hona re na le lintho tse ngata tseo re tšoanang ka tsona. Ho sheba lintho tseo re tšoanang ka tsona ho etsa hore puisano e be bonolo. Kaofela ha rōna re batla metsoalle e molemo ’me re hloka ho ikutloa re ratoa ebile re hlompheha. E mong le e mong o batla ho qoba ho utloa bohloko ’meleng le maikutlong. Batho ba litso tsohle ba rata ’mino le mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, ho etsa metlae, ba lumela ho bontšana mekhoa e metle le ho batla litsela tsa ho thaba.
‘Le se ke la etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse.’ (Bafilippi 2:3) Sena ha se bolele hore re lokela ho nahana hore ba bang ba re phahametse linthong tsohle. Ho e-na le hoo, re lokela ho hlokomela hore likarolong tse ling tsa bophelo, ba bang ba re phahametse. Le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore rōna kapa mokhoa oa bophelo oa sechaba sa habo rōna o na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle.
“Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” (Bagalata 6:10) Ka hore feela u nke bohato ba pele ba ho ba le botsoalle le ho thusa ba bang, ho sa tsotellehe semelo sa mokhoa oa bophelo oa sechaba sa habo bona, hoo ho ka etsa ho hoholo bakeng sa ho koala lekhalo la puisano.
“Tsebang sena, barab’eso ba ratoang. Motho e mong le e mong o lokela ho potlaka mabapi le ho utloa, e be ea liehang mabapi le ho bua, e be ea liehang mabapi le khalefo.” (Jakobo 1:19) Batho ba buisanang ka katleho ba tlameha ho etsa ho fetang ho bua feela; ba tlameha ho mamela ka ho ipeha maemong a ba bang.
“Keletso ka pelong ea motho e joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho ke ea tlang ho a kha.” (Liproverbia 20:5, NW) Falimehela ho lemoha maikutlo le litaba tse susumetsang boitšoaro ba kantle ba motho. Tseba batho hamolemo.
“Le [behe] leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa lōna feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.” (Bafilippi 2:4) Ipehe maemong a motho e mong ka ho talima litaba ho ea ka pono ea motho e mong. Se ke ua ba le boithati.
Ho se Tšoane ha Litso Har’a Lipaki Tsa Jehova
Hore melao-motheo ena e sebetsa e le kannete ho bonoa bonngoeng bo ikhethang ba Lipaki tsa Jehova, tse leng mafolo-folo linaheng tse 232 tsa lefatše. Ke sechaba se tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle” le se ikemiselitseng ho iphaphatha le tataiso e lerato ea Jehova linthong tsohle.—Tšenolo 7:9; 1 Bakorinthe 10:31-33.
Batho ka bomong bao e leng Lipaki ha ba nyelise mekhoa ea bophelo ea lichaba tse ling. Leha e le hore ba fetohang Lipaki ba lahla mokhoa oa bophelo oa sechaba oo ba hōliselitsoeng ho oona, ntle le haeba o hanana le melao-motheo ea Bibele. Maemong a joalo ba etsa phetoho bophelong ba bona. Baa hlokomela hore setsong se seng le se seng ho na le litšobotsi tse babatsehang le hore litšobotsi tsena li bile lia ntlafala ho batho ba amohelang borapeli ba ’nete.
Ba leka ka matla ho talima polanete ea rōna ka tsela eo Molimo a e bonang ka eona—e phatsima ’me e le putsoa ebile e le ntle—e ntse e potoloha ho pholletsa le sepaka-paka. Ke polanete e nang le mefuta-futa e tsotehang e sa tšoaneng ea batho le litso. Lipaki tsa Jehova li lebeletse ka cheseho nakong eo ka eona bohle ba lefatšeng ba tlang ho thabela bophelo e le lelapa le kopaneng e le kannete.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Lipaki tsa Jehova li ithutile kamoo li ka robang mekoallo ea litso kateng