Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 7/8 maq. 4-7
  • Marako a Sitisang—Puisano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Marako a Sitisang—Puisano
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Setso se Susumetsang Seo re Leng Sona
  • ‘Tsela ea Rōna ke Eona e Molemo ka ho Fetisisa!’
  • Ho Pharalatsa Pono ea Rōna
  • Ho Heletsa Marako—Le ho Haha Marokho
    Tsoha!—1996
  • Litso Tsa Sebaka ka Seng le Melao-Motheo ea Bokreste Na Lia Lumellana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Melata—E ka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang?
    Tsoha!—1992
  • Nka Etsa Joang ha ke Iphumana ke Phela Litsong Tse Fapaneng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 7/8 maq. 4-7

Marako a Sitisang—Puisano

ROBERT ke moromuoa oa Watch Tower ea phelang Sierra Leone, Afrika Bophirimela. Ka letsatsi le leng nakoana ka mor’a hore a fihle naheng eo, ha a ntse a tsamaea ’mileng, o ile a hlokomela hore bana ba sebakeng seo ba ne ba ntse ba bina ba re: “Lekhooa! Lekhooa!” Robert, eo e leng Moamerika e motšo, o ile a qamaka lekhooa, empa ho ne ho se na lekhooa. Joale o ile a hlokomela hore bana bao ba ne ba hoeletsa eena!

Ho ne ho se na letho le lebe ho bineng hoo. Bana bao ba ne ba mpa ba hlalosa ho hlokomela ha bona hore Robert o ne a e-tsoa mokhoeng oa bophelo o fapaneng le oa bona. Ho bitsa Robert lekhooa e ne e le tsela e molemohali eo ba neng ba ka nahana ka eona ea ho hlalosa phapang eo.

Kamoo Setso se Susumetsang Seo re Leng Sona

Setso se ’nile sa hlalosoa ka ho pharaletseng e le “sehlopha sa likhopolo tse arolelanoang, . . . meetlo, litumelo le tsebo tse khethollang tsela e itseng ea bophelo.” Re ithuta litekanyetso tse ngata tsa setso ka thuto e tobileng, empa re boetse re fumana ho hongata kantle le hore re ho hlokomele. ’Matlisisi e mong o itse: “Nakong eo [ngoana] a hlahang, meetlo ea moo a hlahelang teng ke eona e bōpang phihlelo le boitšoaro ba hae. Nakong eo a khonang ho bua, ke sebōpuoa se senyenyane sa setso sa habo, ’me nakong eo a hōlileng ebile a khona ho kopanela mesebetsing ea setso sa habo, litloaelo tsa sona e ba litloaelo tsa hae, litumelo tsa sona e ba litumelo tsa hae, lintho tse sa khoneheng setsong sa habo e ba lintho tse sa khoneheng ho eena.”

Setso se re nolofaletsa bophelo ka litsela tse ngata. Joaloka bana kapele-pele re ithuta mokhoa oa ho thabisa batsoali ba rōna. Ho tseba se amohelehang sechabeng sa habo rōna le se sa amoheleheng hoa re tataisa ho etseng liqeto mabapi le mokhoa oo re etsang lintho ka oona, seo re se aparang le kamoo re sebelisanang le ba bang kateng.

Ka ho hlakileng, seo re leng sona re le batho ka bomong ha sea itšetleha feela semelong sa setso sa habo rōna. Setsong se seng le se seng ho na le ho se tšoane har’a batho. Seo re leng sona se boetse se reroa ke liphatsa tsa lefutso, liphihlelo tsa rōna bophelong le mabaka a mang a mangata. Leha ho le joalo, mokhoa oa bophelo oa sechaba sa habo rōna o susumetsa tsela eo ka eona re talimang lefatše le re potolohileng.

Ka mohlala, setso sa habo rōna, ha se etse qeto feela ka puo eo re e buang empa le kamoo re e buang kateng. Likarolong tsa Bochabela bo Hare, batho ba ananela bokhoni ba ho itlhalosa ka botsebi ka mantsoe a mangata, ba sebelisa pheta-phetane le mokhabo-puo oa thehello. Ka ho fapaneng, batho ba linaha tse ling tsa Bochabela bo Hōle ha ba bue haholo. Maele a Sejapane a bontša maikutlo ana: “U tla timela ka molomo oa hao.”

Setso sa habo rōna se lekanyetsa kamoo re talimang nako kateng. Switzerland, haeba u le morao ka metsotso e leshome bakeng sa taetsano, u lebelletsoe hore u kōpe tšoarelo. Linaheng tse ling u ka ba morao ka hora kapa tse peli, ’me ho ke ke ha lebelloa hore u kōpe tšoarelo.

Setso sa habo rōna se boetse se re ruta litekanyetso tsa bohlokoa. Nahana kamoo u neng u tla ikutloa kateng haeba motho e mong a ne a ka re ho uena: “U nonne hakaakang. Ka sebele u ntse u e-ba motenya!” Haeba u hōletse setsong sa Afrika moo botenya bo nkoang e le ba bohlokoa, mohlomong u ne u tla ikutloa u thabetse polelo eo. Empa haeba u ne u hōletse setsong sa Bophirimela moo bosesanyane bo talingoang e le ba bohlokoa haholo, mohlomong polelo eo e tobileng e ne e tla u khopisa.

‘Tsela ea Rōna ke Eona e Molemo ka ho Fetisisa!’

Seo hangata se sitisang puisano pakeng tsa ba nang le litso tse fapaneng ke hore hohle batho ba na le tšekamelo ea ho nahana hore setso sa habo bona se molemo. Boholo ba rōna re nahana hore litumelo tsa rōna, litekanyetso tsa bohlokoa, meetlo, mekhoa ea moaparo le likhopolo tse nahanoang ka botle li nepahetse, li loketse ebile li molemo ho feta leha e le life tse ling. Hape re na le tšekamelo ea ho ahlola litso tse ling ho ea ka litekanyetso tsa bohlokoa tsa sehlopha sa habo rōna. Monahano o joalo o bitsoa ho phahamisa morabe oa habo motho ho feta e meng. The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Ho phahamisa morabe oa habo motho ho feta e meng . . . ho ka ’na ha boleloa hore ho batla ho le hohle. Litho tsa hoo e batlang e le litso tsohle tsa lefatše li talima tsela ea tsona ea bophelo e le e phahametseng esita le ea baahisani ba amanang le tsona haufi-ufi.”

Lilemong tse 200 tse fetileng, mohlomphehi e mong oa Lenyesemane o ile a beha taba ena puo-phara feela, a re: “[Ho ea kamoo] ke bonang kateng, melata ke lithoto.” Mohlophisi oa buka e qotsang mantsoe a batho ba bang moo mantsoe ana a hlahang teng, o ile a ngola: “[Sena] ehlile ke maikutlo a teng hohle a buehang joalokaha a ile a boleloa.”

Mehlala ea leeme malebana le batho ba litso tse ling e ntse e ata. Le hoja qalong a ile a ngoloa ke sengoli sa Lejeremane sa lipale tse telele ka bo-1930, hangata mantsoe ana a latelang a qotsitsoeng a amahanngoa le moeta-pele oa Nazi, Hermann Göring: “Ha ke utloa lentsoe setso, ke nanabela rabolloro ea ka.”

Lipono tse matla tsa ho phahamisa morabe oa habo motho ho feta e meng li ka lebisa khethollong, eo le eona e lebisang lehloeong le khohlanong. Richard Goldstone, ke mochochisi oa International Criminal Tribunal, e ntseng e etsa lipatlisiso ka litlōlo tsa molao tsa ntoa Rwanda le moo pele e neng e le Yugoslavia. Mabapi le liketso tse sehlōhō likhohlanong tseo ka bobeli, o ile a re: “Ntho ea mofuta ona e ka etsahala kae kapa kae. Mona u bona linaha tse peli tse arohaneng, tse nang le litso le histori tse sa tšoaneng, empa masetla-libete a tšoanang a etsoa ke moahisani ho moahisani oa hae. Mofuta ona oa ntoa e sehlōhō ea merabe kapa ea bolumeli e mpa feela e le khethollo e mpefatsoang hore e felle ka pefo. Sehlopha se hlaseloang se tlameha ho tlosoa seriti sa botho kapa se be joaloka se hlasetsoeng ke bademona. Hang ha maikutlo ana a kene ka ho teba bathong, a lokolla batho ba tloaelehileng boitšoarong ba botho boo ka tloaelo bo neng bo tla ba thibela ho etsa lintho tse tšabehang joalo.”

Ho Pharalatsa Pono ea Rōna

Ka tloaelo batho bao re khethang hore e be metsoalle ea rōna ke ba batlang ba tšoana le rōna, batho ba nang le maikutlo le litekanyetso tsa bohlokoa tse tšoanang le tsa rōna. Rea ba tšepa ebile rea ba utloisisa. Re ikutloa re phutholohile ha re e-na le bona. Haeba re talima boitšoaro ba motho e mong e le bo makatsang kapa bo sa tloaelehang, mohlomong metsoalle ea rōna e tla lumellana le rōna hobane metsoalle ea rōna e na le maikutlo a leeme a tšoanang le a rōna.

Joale, re ka fumana eng ka ho buisana le ba bang ba fapaneng le rōna ka lebaka la semelo sa mokhoa oa bophelo oa sechaba? Taba ea pele, puisano e tla re thusa ho utloisisa mabaka ao ka ’ona ba bang ba nahanang le ho etsa lintho kateng. Kunle oa Afrika Bophirimela, o re: “Bana ba bangata Afrika ba thibeloa ka matla ho bua ha ba ntse ba e-ja. Leha ho le joalo, linaheng tse ling tsa Europe, ho khothalletsoa ho qoqa linakong tsa lijo. Ho etsahala’ng ha motho oa Europe a ja hammoho le Moafrika? Motho oa Europe oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Moafrika a bonahala a touta ka lijo tsa hae le ho thōla hakana. Ka nako e tšoanang, Moafrika oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha motho oa Europe a ntse a bebera tjena joaloka nonyana!” Ka ho hlakileng, maemong a joalo, ho utloisisa semelo sa setso ho ka etsa ho hoholo ho felisa leeme la sechaba.

Ha re ntse re tseba batho ba litso tse ling, hase feela hore re ntlafatsa kutloisiso ea rōna ka ba bang empa hape re ikutloisisa hamolemo. Setsebi sa thuto mabapi le batho se ile sa ngola: “Ntho ea ho qetela eo sebōpuoa se phelang botebong ba leoatle se tlang ho e sibolla ke metsi. Se ne se tla hlokomela boteng ba ’ona haeba feela ka tsietsi se ne se ka tla ka holim’a metsi ’me sa hlahella moeeng. . . . Bokhoni ba ho bona setso sa habo motho ka kakaretso . . . bo hloka ho sheba linnete kamoo li leng kateng ho isa tekanyong e itseng, e leng ntho e sa tloaelehang haeba e se e kile ea finyelloa.” Leha ho le joalo, ka hore re itloaetse litso tse ling, re tšoana le sebōpuoa se phelang leoatleng se hlahellang moeeng; re hlokomela “metsi” a mokhoa oa bophelo oo re phelang har’a oona. Sengoli Thomas Abercrombie o ile a hlalosa taba ena hantle: “Motho eo ho seng mohla a hoheloang ke setso sa sechaba se seng ha ho mohla a utloisisang litšitiso tse teng setsong sa habo.”

Ka bokhutšoanyane, ho utloisisa mekhoa ea bophelo ea lichaba tse ling ho ka entša bophelo ba rōna ka ho pharalatsa pono ea rōna, e le hore re ka ikutloisisa hamolemo esita le ho utloisisa ba bang. Le hoja lefutso le fumanoang setsong le ho phahamisa morabe oa habo motho ho feta e meng e ka ba marako a khahlanong le puisano, ha lia lokela ho ba joalo. Marako ao a ka heletsoa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Litho tsa hoo e batlang e le litso tsohle tsa lefatše li talima tsela ea tsona ea bophelo e le e phahametseng esita le ea baahisani ba amanang le tsona haufi-ufi.”

The New Encyclopædia

Britannica

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Re ka ithuta ho thabela lintho tse ntle tsa litso tse ling

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Globe: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela