Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 maq. 9-11
  • Tokoloho ea ho Bua ka Lapeng—Na ke Bomo e Behetsoeng Nako?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokoloho ea ho Bua ka Lapeng—Na ke Bomo e Behetsoeng Nako?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Batsoali ba ka se Etsang
  • TV—“Morupeli ea Poteletseng”
    Tsoha!—2006
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
  • Tokoloho ea ho Bua—Na e Sebelisoa Hampe?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 8/8 maq. 9-11

Tokoloho ea ho Bua ka Lapeng—Na ke Bomo e Behetsoeng Nako?

HA MOTHO e mong a hoeletsa ka bohata a re “Mollo!” ka theatereng e tletseng letšoele ’me batho ba hatana holimo ho fihlela ba e-shoa tšubuhlellanong eo ha ba leka ho phonyoha, na motho eo ea hoelelitseng ha aa lokela ho jara boikarabelo ka mafu le likotsi tse bang teng? Ha motho e mong a re, “Ha ke lumellane le seo u se buang, empa ke tla sireletsa tokelo ea hao ea ho se bua,” na hoo ho bolela hore u na le bolokolohi bo feletseng, bo se nang meeli, ba hore u bue phatlalatsa eng kapa eng eo u e lakatsang, ho sa tsotellehe liphello? Ho na le ba nahanang joalo.

Ka mohlala, Fora, ha libini tsa rap li ne li buella ho bolaea mapolesa ’me mapolesa a bolaoa ke batho ba utloileng ’mino oo, na libini tsa rap li ne li sa lokela ho jarisoa boikarabelo ka ho hlohlelletsa ha tsona pefo? Kapa na li lokela ho sireletsoa tlas’a molao oa litokelo tsa botho? Ha bahasi ba seea-le-moea le thelevishene le litsamaiso tsa k’homputha ba etsa hore litšoantšo tse totobetseng tsa pefo le tsa bootsoa li bonoe ke bana, bao ba bang ba bona ba etsisitseng litšoantšo tsena ’me ba itematsa le ho lematsa ba bang, na baphatlalatsi ba boitsebiso bo joalo ba lokela ho jara boikarabelo?

Phuputso ea American Psychological Association “e fana ka lipalo tsa hore ngoana ea tloaelehileng, ea shebellang TV lihora tse 27 ka beke, o tla shebella lipolao tse 8000 le liketso tse 100 000 tsa pefo ho tloha ha a le lilemo li 3 ho ea ho 12,” makasine ea U.S.News & World Report e tlalehile joalo. Na ka tšoanelo batsoali ba ka hlokomoloha see feela ka ho re ha se na tšusumetso ea letho ho bana ba bona? Kapa na se ka ’na sa akarelletsa “kotsi e hlakileng le e teng hona joale”? Na tabeng ee ke hona moo thibelo e lokelang ho etsoa kapa moo moeli oa ho bua ka bolokolohi o lokelang ho behoa?

Phuputso e ’ngoe e ileng ea etsoa ke litsebi tsa kelello tsa univesithi e ile ea senola hore ha lipopae tsa “bahale ba matla ba phahamisitseng litebele” li ne li bontšoa kamehla ho sehlopha sa bana ba lilemo li ’ne ’me ho bontšoa lipopae “tse ikokobelitseng” ho sehlopha se seng, ba boneng liketso tsa bahale hangata ba ne ba rata ho otla le ho lahla lintho ka mor’a moo. Liphello tsa pefo ea TV ha li fele ka mor’a bongoana. Phuputso e ’ngoe ea univesithi, ka mor’a ho hlokomela bana ba 650 ho tloha ka 1960 ho ea ho 1995 le ho sheba mekhoa le boitšoaro ba bona ba ho shebella thelevishene, e ile ea fumana hore ba neng ba shebella lintho tse mabifi ka ho fetisisa thelevisheneng ha ba le banyenyane e ile ea e-ba batho ba baholo ba kopanelang boitšoarong bo hlaha ka ho fetisisa, bo akarelletsang ho hlekefetsa balekane le ho khanna ba tahiloe.

Le hoja bana ba bang ba ke ke ba lumela liphello tseo thelevishene le libaesekopo li bang le tsona ho bona, ba bang baa lumela. Ka 1995, Children Now, e leng mokhatlo o fanang ka thuso ea ho buella oa California, e ile ea etsa phuputso ho bana ba 750, ba lilemo li 10 ho ea ho 16. Phuputso eo e ile ea bontša hore ba tšeletseng ho ba leshome, ba ile ba bolela hore likamano tsa botona le botšehali thelevisheneng li susumelletsa bana ho ba le likamano tsa botona le botšehali ba sa le banyenyane haholo.

Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ka hore pefo ea thelevisheneng le libaesekopong e ka ’na ea nkoa e se ea sebele ke bana le hore libaesekopo tseo tsohle tse tšosang ha li be le liphello ho bona. Koranta ea Brithani e ile ea hlalosa: “Boemong bo joalo, ke hobane’ng ha ba boholong sekolong se karolong e bohareng ka bophirimela ho Amerika ba ile ba tlameha ho bolella bana ba likete hore ho ne ho se na Teenage Mutant Ninja Turtles [Likolopata], lipeiping le likotopong tsa sebakeng seo tse hulang metsi a lifefo? Ke hobane bana ba banyenyane bao e leng balateli ba Turtles [Likolopata] ba ne ba khasa likotopong le lipeiping tseo ba ntse ba li batla.”

Kajeno ho na le khang e mabifi mabapi le seo ba bang ba se talimang e le moeli o mosesaane pakeng tsa ho bua ka bolokolohi le pefo e bakoang ke lipolelo tse khahlanong le ho ntša mpa libakeng tse ngata United States. Batho ba khahlanong le ho ntša mpa ba ipelaetsa phatlalatsa ka hore lingaka le basebetsi ba litleliniking ba ntšang limpa ke babolai ’me ha ba na tokelo ea ho phela ka bobona. Ba seng bakae ba chesehang ba batla hore lingaka tsena le bathusi ba tsona li bolaoe. Lihloela li romeloa ka sekhukhu hore li fumane linomoro tsa lakesense tsa likoloi tsa batho ba joalo, le mabitso le liaterese tsa bona lia fanoa. Ka lebaka leo, lingaka le litho tsa basebetsi ba litleliniking li ’nile tsa thunngoa le ho bolaoa.

Planned Parenthood Federation of America e ile ea re: “Ena hase taba e amang ho bua ka bolokolohi. Sena se tšoana le ho hoeletsa ka ho re ‘Mollo!’ ka theatereng e tletseng letšoele. Re boemong bo kang ba theatere e tletseng letšoele; ak’u shebe feela palo ea lipolao tse entsoeng litleliniking lilemong tse seng kae tse fetileng.” Ba buellang pefo ena ba pheha khang ka hore ba mpa feela ba sebelisa tokelo ea bona joalokaha e tiisitsoe Sehlomathisong sa Pele sa Amerika—tokoloho ea ho bua. ’Me phehisano eo e tsoela pele joalo. Ntoa ka tokelo ena e tla tsoela pele ho kupa ka lekhotleng la sechaba, ’me makhotla a tla tlameha ho lokisa taba ena, ka bomalimabe e ke ke ea e-ba ka mokhoa o khotsofatsang bohle.

Seo Batsoali ba ka se Etsang

Malapa e lokela ho ba libaka tse sireletsehileng bakeng sa bana, e seng sebaka seo ba fetohang ba hlaseloang habonolo ke ba batlang ho ba tlatlapa le ho ba hlekefetsa kapa moo litšobotsi tsa botho tsa khutso li ka susumetsoang ho fetoha maikutlo a ho ba mabifi. Ha a buisana le batsoali, moprofesa oa univesithi ea United States o ile a re: “U ka ’na ua ikutloa u kholisehile hore ha ho mohla ngoana oa hao a tlang ho ba mabifi ho sa tsotellehe ho iphepa ka pefo e bontšoang thelevisheneng kamehla. Empa u ke ke ua kholiseha hore ngoana oa hao a ke ke a bolaoa kapa ho holofatsoa ke ngoana oa motho e mong, eo ka ho tšoanang a hōlisitsoeng ka ho shebella pefo e tšoanang.” Joale o ile a khothatsa: “Ho fokotsa ho pepesetsoa ha ngoana pefo ea TV e lokela ho ba karolo ea lintho tse tšohloang bakeng sa ho ntlafatsa bophelo sechabeng, hammoho le litulo tsa bana tsa polokeho, makarapa a libaesekele, kentelo e thibelang mafu le phepo e nepahetseng.”

Haeba u ne u ke ke ua lumella motho eo u sa mo tsebeng ho kena lelapeng la hao ’me a sebelise mahlapa le ho bua le bana ba hao ka mokhoa o silafetseng ka likamano tsa botona le botšehali le pefo, joale u se ke ua lumella seea-le-moea le thelevishene ho ba motho eo ea sa tsejoeng. Tseba ha ho loketse ho koala kapa ho fetola seteishene sa khaso. Tseba seo ngoana oa hao a se shebellang, thelevisheneng hammoho le k’homputheng, esita leha a le lekunutung, kamoreng ea hae. Haeba a tseba ho sebelisa k’homputha ’me a fumana litsamaiso tsa k’homputha, u ka ’na ua nyaroha ho hlokomela se akarelletsoang lijong tsa hae tsa kelello bosiu ka bong. Haeba u sa rate seo ngoana oa hao a se shebellang, mo bolelle feela hore a se ke a etsa joalo ’me u hlalose lebaka. A ke ke a shoa haeba a thibeloa.

Qetellong, ruta bana ba hao ho phela ka melao-motheo ea bomolimo e seng ka mekhoa ea tsamaiso ena e khopo ea lintho—ka puo ea eona e litšila le liketso tse mabifi. (Liproverbia 22:6; Baefese 6:4) Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste keletso e nakong eo kaofela re lokelang ho phela ka eona. “Bohlola le ho se hloeke tsa mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa a li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang, empa ho e-na le hoo e be ho leboha.”—Baefese 5:3, 4.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Mananeo a mang a TV a ka ’na a lebisa tlōlong ea molao le boitšoarong bo bobe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela