TV—“Morupeli ea Poteletseng”
THELEVISHENE e ka ba kofuto e matla ea ho ruta. E re ruta ka libaka le batho ba phelang libakeng tseo e ka ’nang eaba ha ho mohla re tla ke re li etele. Re “etela” merung e libakeng tse chesang tse mongobo le libakeng tse koahetsoeng ke lehloa tse ntlheng ea lefatše, litlhōrōng tsa lithaba le bolibeng ba maoatle. Re khona ho bona liathomo le linaleli tse hlollang. Re shebella litaba tsa se etsahalang likarolong tse ling tsa lefatše. Re tseba se etsahalang lipolotiking, se etsahetseng nakong e fetileng, se etsahalang hona joale le ho ithuta ka litso tse ling. Thelevishene e bontša batho ba mahlomoleng le ba boiketlong. Ea khatholla, ea ruta, ebile e ka ba ea susumetsa motho ho etsa lintho tse itseng.
Leha ho le joalo, boholo ba seo e se hlahisang ha se hahe kapa hona ho ruta. Mohlomong batho ba e nyatsang ka ho fetisisa ke ba hloileng mananeo a mangata a TV a bontšang pefo le boitšoaro ba ho kopanela liphate ka tsela e totobetseng. Ka mohlala, phuputso e ’ngoe e entsoeng United States, e fumane hore hoo e ka bang mananeo a mabeli ho a mang le a mang a mararo a bontša liketso tse tšeletseng tsa pefo ka hora. Nakong eo mocha a fihlang lilemong tsa ho tiea, o tla be a shebeletse liketso tse likete tsa pefo le polao. Boitšoaro ba ho kopanela liphate le bona bo hlahisoa khafetsa. Mananeong a thelevishene, a mabeli ho a mararo har’a tse ling a bua ka ho kopanela liphate ’me a etsang karolo ea 35 lekholong a kenyelletsa boitšoaro ba ho kopanela liphate, boo hangata bo hlahisoang bo se kotsi ebile bo ka etsoa neng kapa neng ke batho ba sa nyalanang.a
Batho ba bangata ba rata ho shebella mananeo a bontšang boitšoaro ba ho kopanela liphate le pefo. Ho bonolo ho rekisetsa lik’hamphani tsa linaha tse ling lifilimi tse hlahisoang Amerika tse bontšang pefo e tšabehang le boitšoaro ba ho kopanela liphate, tseo qetellong li bontšoang thelevisheneng. Ha li hloke hakaalo batho ba tsebang ho tšoantšisa kapa lingoli tse hloahloa, ’me li utloisiseha habonolo. E le hore li hape thahasello ea bashebelli li hlahisa batho ba loanang, ba bolaeanang, li kenyelletsa melumo e ikhethang le boitšoaro ba ho kopanela liphate. Empa e le hore li hape thahasello ea batho nako e telele, ho hlokahala hore ho ’ne ho fetoloe maoa. Bashebelli ba teneha kapele ke ho shebella ntho e le ’ngoe; ntho e hapang maikutlo e se e nkoa e le ntho feela tjee. E le hore bahlahisi ba ’ne ba hape thahasello ea bashebelli, ba hlahisa lintho tse tšosang le ho feta, ba hlahisa liketso tse mpe le ho feta tsa pefo le ho bontša lintho ka tsela e totobetseng le ho feta, ba bontša boitšoaro ba ho kopanela liphate le ba bobatana le ho feta.
Khang ea Kamoo TV e Amang Batho Kateng
Bashebelli ba angoa joang ke ho lula ba shebeletse pefo le boitšoaro ba ho kopanela liphate thelevisheneng? Ba e nyatsang ba re pefo e bontšoang thelevisheneng e etsa hore batho ba be mabifi le hore ba se ke ba utloela batho ba bang bohloko ha ba tšoaroa ka mabifi. Ba boetse ba re boitšoaro ba ho kopanela liphate bo bontšoang bo khothalletsa batho ho itšoara hampe le ho khella melao ea boitšoaro fatše.
Na ho shebella TV ho hlile ho tlatsetsa linthong tsee? Ho ’nile ha phehisanoa khang e matla ka taba ena ka lilemo tse mashome; ha etsoa liphuputso tse makholo ’me ha buuoa ka hona libukeng le lihloohong tse likete. Bothata bo boholo ka khang ena ke ba hore ha ho bonolo ho fana ka bopaki bo bontšang hore ntho e itseng e baka e itseng—ka mohlala, ho bontša hore ha ngoana a shebella pefo thelevisheneng a sa le monyenyane seo se etsa hore ha a hōla a be mabifi. Ho thata ho paka hore pefo e bontšoang thelevisheneng e etsa hore batho ba be mabifi. Ka mohlala: A re nke hore u qala ho sebelisa moriana o itseng, ’me lihora li se kae hamorao u siphoha lekhopho. Seo se u nolofalletsa ho etsa qeto ea hore moriana oo oa u hana. Empa ka nako e ’ngoe ho nka nako hore ho bonahale hore moriana o itseng o hana motho. Boemong boo, ho batla ho le thata ho amahanya se etsahalang ’meleng le moriana o itseng, kaha lintho tse hanang batho ’meleng li ngata.
Ka ho tšoanang, ho thata ho paka hore pefo e bontšoang thelevisheneng e baka tlōlo ea molao le boitšoaro bo kotsi sechabeng. Liphuputso tse ngata li bontša hore ho na le kamano e itseng. Ho feta moo, linokoane tse ling li boletse hore boikutlo ba tsona le boitšoaro ba tsona bo mabifi bo hlohlelelitsoe ke seo li se boneng thelevisheneng. Ka lehlakoreng le leng, batho ba susumetsoa ke lintho tse ngata bophelong. Lipapali tsa video tse nang le pefo, tsela eo metsoalle le ba lelapa ba tšoaranang ka eona, maemo a bophelo ka kakaretso—lintho tsena kaofela li ka ’na tsa tlatsetsa boitšoarong bo mabifi.
Kahoo, ha ho makatse hore ebe ho na le maikutlo a loantšanang. Setsebi sa kelello sa Lecanada se ile sa ngola, sa re: “Saense ha e fane ka bopaki bo bontšang hore ho shebella pefo thelevisheneng ho etsa hore batho ba be mabifi kapa ba shoe matsoalo.” Leha ho le joalo, Komiti ea Mokhatlo oa Litsebi Tsa Kelello ho Tsa Phatlalatso le Sechabeng Amerika e ile ea re: “Ha ho pelaelo hore batho ba qetang nako e ngata ba shebeletse pefo ba amohela mekhoa e mabifi le boitšoaro bo mabifi haholoanyane.”
Nahanisisa ka Tšusumetso ea TV
U se ke ua lebala hore litsebi li phehisana khang ka bopaki—ba hore na ho shebella pefo ho etsa hore batho ba be mabifi kapa che. Ke ’nete hore batho ba seng bakae ba ka ’na ba re thelevishene ha e susumetse monahano le boitšoaro ba rōna ka letho. Ak’u nahanisise hantle ka seo. Setšoantšo se le seng feela se ka ’na sa re halefisa, sa re llisa, sa re thabisa. ’Mino le oona o re ama ka ho teba maikutlong. Mantsoe, esita le a ngotsoeng, a etsa hore re nahane, re be le boikutlo bo itseng le hore re nke khato. Tšusumetso ea litšoantšo eona e ba e matla hakaakang ha li tsamaisana ka bohlale le ’mino le mantsoe! Ha ho makatse hore ebe thelevishene e hohela batho hakana! Le hona e fumaneha habonolo. Mongoli e mong o re: ‘Ha ho ne ho qaloa ho ngoloa likhopolo fatše, seo se ile sa e-ba le phello e matla tsoelo-peleng ea sechaba, empa ho tloha ka nako eo ha hoa ka ha e-ba le mokhoa o mong oa ho fetisa likhopolo o bileng matla joaloka TV.’
Bo-rakhoebo ba sebelisa liranta tse limilione tse likete ho bapatsa lintho selemo le selemo hobane baa tseba hore bashebelli ba susumetsoa ke seo ba se bonang le seo ba se utloang. Ha ba sebelise chelete eo hobane ba nahana hore ho bapatsa ho ka ’na ha sebetsa; baa tseba hore e hlile hoa sebetsa. Ho etsa hore lihlahisoa tsa bona li rekoe. K’hamphani ea Coca-Cola e ile ea sebelisa liranta tse limilione tse likete tse 13,4 ka 2004 ho bapatsa lihlahisoa tsa eona lefatšeng ka bophara likhatisong, seea-le-moeeng le thelevisheneng. Na e ile ea una molemo letseteng leo? K’hamphani eo e ile ea etsa phaello ea liranta tse ka bang limilione tse likete tse 134 selemong seo. Baphatlalatsi baa tseba hore papatso e le ’ngoe e ka ’na ea se ke ea ama boitšoaro ba batho hakaalo. Ho e-na le hoo, baa tseba hore ha ba ntse ba foqa batho likhopolo ka lilemo-lemo ba tla qetella ba rekile.
Haeba ho shebella lipapatso tse nkang metsotsoana e 30 ho susumetsa boikutlo le boitšoaro ba rōna, re ka kholiseha hore ho qeta lihora re shebeletse TV le hona hoa re ama. Mongoli oa buka e reng Television—An International History o re: “Thelevishene ke morupeli ea poteletseng, e sebelisa boithabiso bo tloaelehileng le bo sa reng letho.” Buka e reng Pictorial History of Television eona e re: “Thelevishene e fetola tsela eo re nahanang ka eona.” Re lokela ho ipotsa potso e reng, ‘Na seo ke se shebellang se ama tsela eo ke nahanang ka eona ka tsela eo ke e batlang?’
Ho ba sebeletsang Molimo, potso eo ke ea bohlokoa ka ho khetheha. Boholo ba lintho tse bontšoang thelevisheneng li khahlanong le melao-motheo e phahameng le litekanyetso tsa boitšoaro tse rutoang ka Bibeleng. Tsela eo batho ba phelang ka eona le lintho tseo ba li etsang tseo Mangolo a li nyatsang li hlahisoa e le tse amohelehang, tse tloaelehileng ebile e le ho khema le linako. Ka nako e tšoanang, litekanyetso tsa Bokreste le ba bonahalang eka baa li latela ba atisa ho hlokomolohuoa, ho songoa kapa ho phoqoa thelevisheneng. Mongoli e mong o ile a re: “Ha hoa lekana hore ntho e tsoileng tseleng e hlahisoe eka e tloaelehile. Empa ntho e tloaelehileng e hlahisoa eka ke eona e tsoileng tseleng.” “Morupeli ea poteletseng” o atisa ho fana ka maikutlo a hore: “Botle ke bobe le bobe ke botle.”—Esaia 5:20.
Re lokela ho ba hlokolosi ka seo re se shebellang, hobane se tla ama tsela eo re nahanang ka eona. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Adam Clarke, eo e leng setsebi sa Bibele o re: “Ho tsamaea le motho ho bolela ho bontšana lerato le kutloano; ’me re khona ho etsisa bao re ba ratang. Ke kahoo re reng, ‘Mpontše metsoalle ea hae ke tla u bolella hore na ke motho oa mofuta ofe.’ Ha nka tseba metsoalle ea hae, ke tla nolofalloa ho bolela hore na ke motho ea itšoareng joang.” Joalokaha re se re bone, batho ba bangata ba qeta nako e ngata le batho ba hlahang thelevisheneng ba seng bohlale, e leng batho bao Mokreste oa ’nete a neng a ke ke a lakatsa ho ba memela ha hae le ka le baliloeng.
Haeba ngaka e re u noe moriana o itseng o matla, u ne u ka ’na ua nahanisisa ka melemo le likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng. Ho noa moriana o fosahetseng—kapa hona ho noa moriana o nepahetseng ho feta tekano—ho ka u lematsa. Ho ka buuoa se tšoanang ka ho shebella TV. Ka hona, re lokela ho nahana ka ho teba ka seo re se shebellang.
Moapostola Pauluse ea bululetsoeng o khothalletsa Bakreste ho nahana ka lintho tsa ’nete, tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse buuoang hantle, tse khabane le tse lokeloang ke thoriso. (Bafilipi 4:6-8) Na u tla mamela keletso eo? U tla thaba ha u e mamela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipalo-palo tse nkiloeng United States li tšoana le tse nkiloeng libakeng tse ling, kaha mananeo a thelevishene le lifilimi tse hlahisoang Amerika li phatlalatsoa hohle lefatšeng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Thelevishene ke boqapi bo u lumellang hore u tlosoe bolutu u le lapeng ha hao ke batho bao u neng u ke ke ua ba memela ha hao le ka le baliloeng.”—David Frost, seboholi sa Lenyesemane
[Lebokose le leqepheng la 5]
HO THOE’NG KA HO KOPANELA LIPHATE LE PEFO KA BIBELENG?
Pefo le boitšoaro ba ho kopanela liphate bo bontšoang thelevisheneng bo fapana joang le bo hlalosoang ka Bibeleng? Se ngotsoeng ka Bibeleng tabeng ea ho kopanela liphate le pefo se ngoletsoe ho ruta, eseng ho tlosa batho bolutu. (Baroma 15:4) Lentsoe la Molimo le tlaleha lintho tsa sebele tse etsahetseng historing. Le re thusa ho utloisisa tsela eo Molimo a talimang lintho tsena ka eona le ho ithuta ka liphoso tsa ba bang.
Linaheng tse ngata tseo ho etsoang liphatlalatso tsa khoebo, TV ha e hlahise liketso tsa ho kopanela liphate le pefo ka sepheo sa ho ruta—e li hlahisa ho etsa chelete. Baphatlalatsi ba batla ho hohela batho ba bangata ka hohle kamoo ba ka khonang kateng, ’me liketso tsa ho kopanela liphate le pefo li etsa hore batho ba lule ba shebeletse lithelevishene tsa bona. Phello e ba hore: Ba shebella liphatlalatso tsa khoebo ’me ba reke se bapatsoang. Ba hasang litaba ba sebelisa molao-motheo o reng: “Tse nang le tšollo ea mali, e ba tsona lihlooho tsa litaba.” Ka mantsoe a mang, ha ho hasoa litaba ho qaloa ka tse nyarosang ’mele—tsa tlōlo ea molao, likoluoa le lintoa—ho ntan’o latela tse seng mpe hakaalo.
Le hoja Bibele e ngotse ka liketso tse mabifi, e khothalletsa batho ho phela ka khotso—ba se ke ba iphetetsa empa ba rarolle mathata ka khotso. E lula e khothalletsa boitšoaro bo botle tabeng ea ho kopanela liphate. Ona hase molaetsa o fetisoang ke mananeo a mangata a hasoang thelevisheneng.—Esaia 2:2-4; 1 Bakorinthe 13:4-8; Baefese 4:32.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
THELEVISHENE LE BANA
“Ho latela bopaki ba lipatlisiso tse entsoeng ka lilemo tse mashome, bo-rasaense le basebetsi ba tsa bophelo ba bile ntsoe-leng qetong ea hore ho shebella pefo ho beha bana kotsing.”—Mokhatlo oa Malapa o Thehiloeng ke Henry J. Kaiser.
“[Re lumellana le] American Academy of Pediatrics hore ‘bana ba lilemo tse peli ho ea tlaase ha baa lokela [ho shebella thelevishene].’ Bana bana bao boko ba bona bo hōlang ka potlako, ho hlokahala hore ba bapale le ho tsoaka-tsoakana le batho ba bang e le hore ba hōle hantle ’meleng ’me ba tsebe ho sebelisana le batho ba bang.”—Mokhatlo oa Sechaba oa Phatlalatso le Malapa.
[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]
Na seo ke se shebellang se ama tsela eo ke nahanang ka eona kamoo ke batlang kateng?