Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 maq. 12-14
  • “Taolo ea Lefatše le Lecha”—e Qaleha ka ho Thekesela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Taolo ea Lefatše le Lecha”—e Qaleha ka ho Thekesela
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintoa Tse Tsitsitseng ka Mokhoa o Sithabetsang
  • Ho ba Makhatheng a ho Putlama Moruong
  • Bolumeli, na ke Tšusumetso e Tlisang Botsitso?
  • Ho Ikhopotsa Liketsahalo Tsa Bohlokoa Tseo ho Seng Letho le ka Ketekoang ho Tsona
  • Ha Taolo ea Lefatše le Lecha e Luba Thankha, Puso ea Molimo ea ’Nete ea Atleha!
  • Merero ea Motho ea ho Finyella Tšireletseho ea Machaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Batla Taolo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Boloka Sephiri ka Lebitso La Morena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 8/8 maq. 12-14

“Taolo ea Lefatše le Lecha”—e Qaleha ka ho Thekesela

KA MONGOLLI OA TSOHA! JEREMANE

HA 1991 e qaleha, batho ba ne ba tletse tšepo. Ntoa ea Mantsoe e ne e felile. Ke ’nete hore ho ne ho e-na le bothata ba Kuwait, e neng e hlasetsoe ke Iraq ka August ea selemo se ka pele ho seo. Empa Machaba a Kopaneng a ne a bontšitse matla a ’ona ’me a laetse Iraq ho tsoa moo ka la 15 January. Taelo eo e ne e tšehelitsoe ke lebotho la Machaba a Kopaneng le entsoeng ka lichaba tse 28 le neng le hlophisitsoe ka potlako le leo e neng e le malala-a-laotsoe ho qobella Iraq ho inehela. Ho ne ho e-na le tšepo e matla ea hore bohato bo tiileng bo nkiloeng ke lichaba tsa lefatše bo ne bo bontša ho qaleha ha mehla e mecha.

George Bush, eo e neng e le mopresidente oa United States ka nako eo, o ile a bua ka “monyetla, ho rōna le melokong e tlang, oa ho hlahisa taolo ea lefatše le lecha, lefatše leo ho lona ho renang molao o laolang boitšoaro ba lichaba, e seng molao oa tlhōlisano ea ho phela.”

Ka mor’a moo Iraq e ile ea hlokomoloha letsatsi le behiloeng e le la ho qetela la la 15 January, ka hona ho ile ha fella ka litlhaselo tse matla tsa moeeng le limisaele khahlanong le lebotho la Iraq. Ka ho hlakileng, lichaba tsa lefatše li ne li hlile li tiile. Likhoeli tse ka tlaase ho tse tharo hamorao, ka la 11 April, Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa hore Ntoa ea Gulf e felile. Tšepiso ea taolo ea lefatše le lecha e nang le khotso e tsitsitseng moruong le lipolotiking e ile ea bonahala eka e ba ea sebele.

Lintoa Tse Tsitsitseng ka Mokhoa o Sithabetsang

Bohareng ba 1991, lirephabliki tse peli, Slovenia le Croatia, li ile tsa phatlalatsa boipuso ba tsona ho tloha ho Yugoslavia ea nakong eo, tsa qalisa ntoa ea lehae eo qetellong e ileng ea lebisa ho thehoeng ha lichaba tse ’maloa tse arohaneng. Nako e ka tlaase ho selemo hamorao, mohlahlobi oa lipolotiki oa Mofora Pierre Hassner, o ile a re: “Joaloka Europe ea pele ho 1914, taolo ea lefatše le lecha ea George Bush e shoeletse Sarajevo.” Leha ho le joalo, boikutlo ba khotso bo ile ba tšepisa ha ho ne ho qaloa lipuisano Dayton, Ohio, U.S.A., ka November 1995 ’me ho saeneloa tumellano ea khotso Paris ka la 14 December. Ho feta moo, ha 1995 e ntse e atamela bofelong, tšepo e ile ea boela ea tsoha ea hore mohlomong taolo ea lefatše le lecha e ne e sa fela.

Lirephabliki tsa Union of Soviet Socialist Republics li ne li ntse li arohana hanyane ka hanyane. Ka 1991, Lithuania, Estonia le Latvia e bile tsa pele tsa ho phatlalatsa boipuso, ’me kapele-pele tsa lateloa ke tse ling. Ka December ho ile ha thehoa lihlopha tse sa laoleheng hantle tse tsejoang e le Commonwealth of Independent States, le hoja linaha tse ling tseo pele e neng e le litho tsa Soviet Union li ile tsa hana ho kopanyelletsoa. Joale, ka la 25 December, Gorbachev o ile a itokolla ho beng mopresidente oa Soviet Union.

Esita le lirephabliki ka bonngoe li ile tsa qala ho tsekoloha. Ka mohlala, Chechnya, sebaka se senyenyane sa Mamosleme karolong e ka leboea ea Caucasus, tikolohong ea Russia, e ne e loanela ho ipusa. Boiteko ba eona ba ho ikarola bofelong ba 1994 bo ile ba tsosa tlhaselo e ileng ea baka tsekisano ea mabotho a Russia. Esita le hoja ho shoele batho ba ka bang 30 000 ho tloha ha tlokotsi eo e qaleha mathoasong a bo-1990, ntoa e ’nile ea tsoela pele ho fihlela selemong sena.

Ho tloha ka October 1995, lintoa tse pakeng tsa 27 le 46—ho itšetlehile ka hore na li behoa sehlopheng sefe—li ne li kupa ho pholletsa le lefatše.

Ho ba Makhatheng a ho Putlama Moruong

Mathoasong a bo-1990, taolo ea lefatše le lecha e ne e sa ipake e thekesela lipolotiking feela empa e ne e thekesela moruong ka ho tšoanang.

Ka 1991, Nicaragua e ile ea fokotsa boleng ba chelete ea eona, empa esita leha ho le joalo, li-cordoba tse limilione tse 70 li ne li lekana le ranta e le ’ngoe. Ho sa le joalo, chelete ea Zaire e ne e felloa ke matla ka sekhahla sa karolo ea 850 lekholong, ’me hoo ho ne ho qobella baahi ba eona ho mamella maemo a ho phela a tlaase ka ho fetisisa lefatšeng. Moruo oa Russia le oona o ne o nonyetsehile. Ho felloa ke matla ha chelete ho ne ho matha ka sekhahla sa karolo ea 2200 lekholong ka selemo sa 1992, ho etsa hore chelete e be e batlang e se na thuso. Le hoja ka mor’a moo lintho li ile tsa ntlafala, ka 1995 mathata a moruo a ne a le hōle haholo le ho fela.

Mahlabisa-lihlong a lichelete a tšabehang ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo a ile a etsahala ka 1991, ha Bank of Credit & Commerce International e ne e putlama, e lihuoa ke bomene-mene le liketso tsa tlōlo ea molao. Batho ba bolokang ho eona ba linaheng tse 62 ba ile ba lahleheloa habohloko ke chelete e etsang liranta tse limilione tse likete.

Hase lichaba tse fokolang moruong feela tse ileng tsa thekesela; Jeremane e matla e ile ea imeloa ke litšenyehelo ha e ne e kopanngoa le karolo e ka bochabela. Ho hloka mosebetsi ho ile ha phahama ha basebetsi ba batla nako e teletsana ea ho ea phomolong le tlhokomelo ea bophelo e molemo. Ho eketseha ha bolofa mosebetsing le tšebeliso e mpe ea mekhoa ea ho ntlafatsa boiketlo ba sechaba li ile tsa eketsa khatello moruong.

United States, letoto la likoluoa tse bohloko le ile la baka tšenyo har’a lik’hamphani tsa inshorense, tse ileng tsa iphumana li le tlas’a khatello ea ho lefa litšoanelo tsa inshorense. ’Me ka 1993 buka ea Bankruptcy 1995: The Coming Collapse of America and How to Stop It e ile ea lemosa ka likotsi tsa ho phahama ha sekoloto sa ’muso le khaello ea chelete ea ho etsa moralo oa tšebeliso ea lichelete. Esita le botsitso bo kang ba Lefika la Gibraltar ba k’hamphani ea inshorense ea Brithani, Lloyd’s of London, bo ile ba belaelloa. E hlasetsoe ke tahlehelo, e ile ea qobelloa ho nahana ka ntho e ke keng ea nahanoa—ho putlama moruong ho neng ho ka ’na ha e-ba teng.

Bolumeli, na ke Tšusumetso e Tlisang Botsitso?

Ka 1991 koranta ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane Frankfurter Allgemeine Zeitung e ile ea bolela: “Pono ena ea taolo ea lefatše le lecha e qalehile neanong ea nako e telele ea maikutlo a Amerika ka lefatše ao kaofela karolo ea ’ona e ka sehloohong e ’nileng ea e-ba bolumeli le ho ’na a hlalosoa ka mantsoe a Bokreste.”

Motho o ne a ka nahana hore sebōpeho sena sa bolumeli, se ne se tla tlatsetsa botsitsong ba taolo ea lefatše le lecha. Empa bonneteng, leeme la bolumeli le ntoa li tlisitse ho hloka botsitso ka ho pharaletseng. Algeria le Egepeta e ne e le tsona feela tse peli har’a mebuso e ’maloa e neng e sa lumellane le batšehetsi ba ka sehloohong ba Boislam. Leqhubu la bokhukhuni bo susumetsoang ke bolumeli le ile la hlasela linaha tseo ka bobeli. Merusu ea bolumeli India e ile ea akarelletsa matsatsi a robong a pefo e bakoang ke sehlotšoana sa bokhelohi Bombay ka 1993 e ileng ea bolaea batho ba fetang 550.

Karohano ea bolumeli e ile ea liehisa ntšetso-pele ea bonngoe ba bolumeli lefatšeng ka 1994 ha Kereke ea Chache e ne e khethela basali ba 32 ho ba baprista. Mopapa John Paul II o ile a bitsa sena “tšitiso e tebileng ea tšepo eohle ea poelano ea Kereke e K’hatholike le balumeli ba Chache.”

Ka la 19 April, 1993, khohlano pakeng tsa ’muso oa United States le litho tsa sehlotšoana sa borapeli, sa Branch Davidians—e neng e se e feletse ka ho emisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe mehahong e sirelelitsoeng ka thata ea sehlopha seo sa borapeli e Waco, Texas, le ho bolaoa ha basebeletsi ba ’muso ba bane—e ile ea feta ka bophelo ba bonyane litho tse 75 tsa sehlopha seo sa borapeli. Lilemo tse peli hamorao, ho ne ho ntse ho etsoa lipatlisiso ka monyetla oa hore ho phatloha ha bomo ea likhukhuni e ileng ea bolaea batho ba 168 mohahong oa ’muso Oklahoma City e ne e ka ’na ea e-ba boiphetetso bakeng sa tlhaselo ea Waco.

Lefatše le ile la tšoha mathoasong a 1995 ha le utloa ka tlhaselo ea khase e chefo ea likhukhuni tseleng e tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo. Batho ba leshome ba ile ba shoa ’me ba likete tse ngata ba kula. Lefatše le ile la tšoha le ho feta ha molato oo o amahanngoa le sehlotšoana sa bokhelohi se buang ka ho atamela ha timetso se bitsoang Aum Shinrikyo kapa Aum Supreme Truth.

Ho Ikhopotsa Liketsahalo Tsa Bohlokoa Tseo ho Seng Letho le ka Ketekoang ho Tsona

Ka 1492, Columbus o ile a fihla ka tšohanyetso Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše. Ketekelo ea bo500 ka 1992 bakeng sa ho ikhopotsa ketsahalo ena e ile ea etsetsoa khang ka ho feletseng. Litloholo tse ka bang limilione tse 40 tsa Maindia a Amerika li ile tsa halefela maikutlo a hore ebe letsoalloa la Europe le ile la “fumana” linaha tseo baholo-holo ba ’ona ba neng ba phetse le ho atleha ho tsona nako e telele le pele le hlaha. Ba bang ba ile ba bitsa mofuputsi eo “pula-maliboho ea khanyapetso le tlhōlo.” Bonneteng, ho fihla ha Columbus Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše e bile koluoa ho e-na le ho ba tlhohonolofatso ho baahi bao e leng matsoalloa a moo. Ba bitsoang ka hore ke bahlōli ba Bakreste ba ile ba a amoha ka likhoka naha ea ’ona, bobusi, tlhompho le bophelo.

Ka September 1995, Iseraele e ile ea qala ketekelo e bolelele ba likhoeli tse 16 ea boikhopotso ba bo3000 ba ha Morena Davida a hlōla Jerusalema. Empa boikhopotso boo bo ile ba qala ka mokhoa o tšosang ha Tona-khōlō Yitzhak Rabin a ne a hlaseloa ’me a bolaoa ke likulo tsa ’molai ka la 4 November metsotso e ’maloa feela ka mor’a ho bua sebokeng sa khotso. Sena se ile sa felisa tšepo mohatong oa ho tlisa khotso Bochabela bo Hare, ’me sa bontša hore hase feela hore ho na le liphapang tse tebileng tsa bolumeli pakeng tsa Bajuda le Mapalestina empa le har’a Bajuda ka bobona.

Likhopotso tse ’maloa tsa selemo sa bo50 li ile tsa ketekeloa pakeng tsa 1991 le 1995 tse amanang le Ntoa ea II ea Lefatše—tlhaselo ea Pearl Harbor, e ileng ea etsa hore United States e kene ntoeng; ho hlaseloa ha Europe ke Linaha tsa Selekane; tokoloho likampong tsa mahloriso tsa Nazi; tlhōlo ea Linaha tsa Selekane Europe; le ho akheloa ha bomo ea pele ea athomo Japane. Ka lebaka la mali le likhapha tse neng li amahanngoa le liketsahalo tsena, batho ba bang ba ile ba ipotsa hore na ka sebele li loketse ho ketekeloa.

Sena se ile sa lebisa boikhopotsong ba ketsahalo e ’ngoe hape ea bohlokoa, ho thehoa ha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ka October 1945. Ka nako eo tšepo e ne e le matla ea hore qetellong ho ne ho fumanoe senotlolo sa ho finyella khotso ea lefatše.

Machaba a Kopaneng a finyeletse katleho e hlokomelehang, joalokaha mongoli-kakaretso oa ’ona Boutros Boutros-Ghali, a sa tsoa bolela haufinyane tjena ha a a sireletsa. Empa ha aa atleha ho phethahatsa morero oa ’ona oa motheo, e leng “ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.” Hangata mabotho a ’ona a ’nile a leka ho boloka khotso libakeng tseo ho neng ho se khotso e ka bolokoang. Ka 1995, a ne a hlōlehile ho kenya bophelo taolong ea lefatše le lecha e thekeselang.

Ha Taolo ea Lefatše le Lecha e Luba Thankha, Puso ea Molimo ea ’Nete ea Atleha!

Ka lebaka la ho hloka botsitso lipolotiking, moruong le bolumeling ho entseng hore tšepo ea bona ka taolo ea lefatše le lecha e fele ba ntse ba shebile, batho ba bang ba qalile ho bua ka ho hloka taolo ha lefatše le lecha. Ketsahalong ena Lipaki tsa Jehova li bone bopaki bo eketsehileng ba hore ke lefatše le lecha le entsoeng ke Molimo feela le tla thabela botsitso mokhatlong oa batho.

Linaheng tse ling ho fela ha Ntoa ea Mantsoe ho ile ha bolela tokoloho e khōloanyane ea Lipaki tsa Jehova, ho ileng ha li lumella ho tšoara likopano tse ikhethang tsa machaba Budapest, Kiev, Moscow, Prague, St. Petersburg, Warsaw le libakeng tse ling. Hona ho ile ha matlafatsa tokisetso ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ’me ha thusa ho potlakisa mosebetsi oa tsona oa ho bolela. Kahoo, hase ho makatsang hore ebe palo ea Lipaki tse mafolo-folo sebakeng se le seng feela sa tsena e ile ea eketseha ho tloha ho 49 171 ka 1991 ho ea ho 153 361 ka 1995. Nakong ea lilemo tseo tse ’ne, palo ea Lipaki lefatšeng lohle e ile ea eketseha ho tloha ho 4278 820 ho ea ho 5199 895. Puso ea Molimo ea ’nete e atleha ho feta leha e le neng pele!

E, hona joale batho ba limilione ba thehile tšepo ea bona ka bokamoso tšepisong ea Jehova Molimo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo ho tsona “ho loka ho tla aha.” (2 Petrose 3:10, 13) Ke ntho e bohlale hakaakang ho feta ho sheba taolong ea lefatše le lecha ea batho, e qalileng ka ho thekesela, le eo haufinyane e tla thekesella timetsong!—Daniele 2:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela