Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 leq. 9
  • Mohlala oa ho Tšoara Baphaphathehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlala oa ho Tšoara Baphaphathehi
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molao oa Gauda—Ke Hobane’ng ha e Ntse e le oa Bohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • ‘E Ile ea Ngolloa ho re Laea’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na ho Hloea Morabe o Mong ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2003
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 leq. 9

Mohlala oa ho Tšoara Baphaphathehi

MOLAONG oo Jehova Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele, Baiseraele ba ile ba hopotsoa ka boemo ba bona ba ha e ne e le baphaphathehi Egepeta. (Exoda 22:21; 23:9; Deuteronoma 10:19) Kahoo ba ile ba laeloa ho tšoara balichaba ba ahileng har’a bona ka mosa, ha e le hantle joaloka barab’abo bona.

Molao oa Molimo o ile oa bolela: “Ekare ha molichaba [eo hangata e neng e le mophaphathehi] a ahella har’a lōna, naheng ea lōna, le se ke la mo katella; le etse molichaba joalo ka ha le etsa ea tsoaletsoeng ha habo lōna, ’me le mo rate joalo ka ha le ithata, hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.”—Levitike 19:33, 34.

Jehova o ile a fana ka melao e tobileng bakeng sa boiketlo le tšireletseho ea balichaba hobane o ne a hlokometse hore hangata ba hlaseleha habonolo ’me ha ba sireletsehe. Nahana ka litokelo tse latelang tseo ba neng ba li tiiselitsoe.

TOKELO EA HO AHLOLOA KA TOKA: “Le tla ahlola molichaba le ea tsoaletsoeng hae ka molao o le mong.” “U se ke ua khopamisa nyeoe ea molichaba.”—Levitike 24:22; Deuteronoma 24:17.

TOKELO EA HO BA LE KABELO KAROLONG EA LESHOME: “Qetellong ea lilemo tse tharo, u ntše karolo eohle ea leshome ea tseo u li kotutseng tsa selemo seo, ’me u e bokelle menyakong ea hao. Joale mo-Levi ea se nang kabelo le lefa joalo ka uena, le molichaba, le khutsana, le mosali oa mohlolohali, ba metseng ea hao, ba tla tla, ’me ba je, ba khore.”—Deuteronoma 14:28, 29.

TOKELO EA HO FUMANA MOPUTSO KA HO HLOKANG LEEME: “U se ke ua ja motholuoa, ea fumanehileng, ea hlokang, kapa e leng e mong oa banab’eno, kapa e leng oa balichaba ba ahileng naheng ea hao le metseng ea hao.”—Deuteronoma 24:14.

TOKELO EA SETŠABELO BAKENG SA ’MOLAI EO E SENG OA KA BOOMO: “Metse eo e tšeletseng e tla ba litšabelo ho bana ba Iseraele le ho motho oa lichaba, le ho motho ea jakileng har’a lōna; hore e mong le e mong ea bolaileng motho e seng ka boomo, a tle a balehele teng.”—Numere 35:15.

TOKELO EA HO KHOAHLAPISA: “Etlare ha le kotula masimo a naha ea lōna, u se ke ua kotulisa lehlakore la tšimo ea hao, ’me u se ke ua thonakisa se ka salang tšimong. Hape, u se ke ua khoahlapisa morara oa hao, ’me u se ke ua thonaka litholoana tse oeleng merareng. U li tlohelle bafumanehi le molichaba. Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna.”—Levitike 19:9, 10.

Ka sebele ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o qenehela baphaphathehi, ’me e tlameha ebe o khahloa ke ha re mo etsisa. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Le be baetsisi ba Molimo . . . ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”—Baefese 5:1, 2.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Boy on left: UN PHOTO 159243/J. Isaac

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela