Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 10/8 maq. 6-22
  • Na re Reriloe Esale Pele ke Liphatsa Tsa Rōna Tsa Lefutso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Reriloe Esale Pele ke Liphatsa Tsa Rōna Tsa Lefutso?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thoe’ng ka ho se Tšepahale Lenyalong le Bosodoma?
  • Liphatsa Tsa Lefutso Mabapi le Bokhoba ba Tahi le Tlōlo ea Molao
  • Ke Molato oa Mang oa Hao Kapa oa Liphatsa Tsa Hao Tsa Lefutso?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na ho ba Lekhoba la Tahi ho Futsitsoe?
    Tsoha!—1992
  • “Hase Phoso ea ka”
    Tsoha!—1996
  • Ho se Tšoane ha Lintho ke Habohlokoa Bophelong
    Tsoha!—2001
Tsoha!—1996
g96 10/8 maq. 6-22

Na re Reriloe Esale Pele ke Liphatsa Tsa Rōna Tsa Lefutso?

“RE NE re atisa ho nahana hore linaleli li rera phello ea rōna e ke keng ea qojoa. Hona joale, ka tekanyo e khōlō, rea tseba hore phello ea rōna e ke keng ea qojoa e liphatseng tsa rōna tsa lefutso.” Ke kamoo James Watson, ea qotsitsoeng qalong ea buka ea Exploding the Gene Myth, ea Ruth Hubbard le Elijah Wald, a boletseng kateng. Leha ho le joalo, hang-hang ka tlas’a mantsoe a qotsitsoeng a Watson, R. C. Lewontin, Steven Rose le Leon J. Kamin ba qotsoa moo ba reng: “Re sitoa ho nahana ka tsela leha e le efe e hlaheletseng eo batho ba itšoarang ka eona e haheletsoeng liphatseng tsa rōna tsa lefutso ka tsela eo e ke keng ea fetoloa ke maemo a bophelo.”

Sekoahelo sa buka eo se akaretsa tse ling tsa litaba tse ka hare ho eona ’me se qala ka potso ea bohlokoa ka ho fetisisa, “Na tsela eo batho ba itšoarang ka eona e liphatseng tsa lefutso?” Ka mantsoe a mang, na tsela eo batho ba itšoarang ka eona e reriloe ka ho feletseng ke liphatsa tsa lefutso tse fetisetsang ’meleng litšobotsi le mekhoa e futsoang tsa motho? Na boitšoaro bo itseng bo litšila bo lokela ho amoheloa ka lebaka la hore bo liphatseng tsa lefutso? Na ho lokela ho sebetsanoe le batlōli ba molao joaloka ba hateletsoeng ke molao oa liphatsa tsa lefutso, ba khone ho loanela hore ho bebofatsoe liketso tsa bona kaha li bakiloe ke tšekamelo ea lefutso?

Ho ke ke ha latoloa hore bo-rasaense ba sibolotse ho hongata ho molemo lekholong lena la lilemo. Har’a tse ling tse sibolotsoeng ke DNA e hlollang, eo ho thoeng ke moralo oa moetso oa liphatsa tsa rōna tsa lefutso. Boitsebiso bo molaong oa liphatsa tsa lefutso bo hloletse bo-rasaense le batho feela ba paala ka ho tšoanang. Ha e le hantle, lipatlisiso tabeng ea liphatsa tsa lefutso li sibolotse eng? Se sibolotsoeng se sebelisoa joang ho tšehetsa thuto ea morao tjee ea lisele tse hlophisitsoeng esale pele kapa bokamoso bo reriloeng esale pele?

Ho Thoe’ng ka ho se Tšepahale Lenyalong le Bosodoma?

Ho ea ka sehlooho se hatisitsoeng ho The Australian, lipatlisiso tse ling mabapi le liphatsa tsa lefutso li tiisa hore “ho se tšepahale lenyalong e ka ’na eaba ho liphatseng tsa rōna tsa lefutso. . . . Ho bonahala eka lipelo tsa rōna tse qhekellang li reretsoe esale pele hore li be joalo.” A’ku nahane feela tšenyo eo boikutlo bona bo ka e bakang manyalong le malapeng ka ho fana ka sehlahla sa ho itšoarella bakeng sa mang kapa mang ea batlang ho loanela hore ho bebofatsoe ho ikarabella ha hae boitšoarong bo hlephileng mokhoeng oa hae oa bophelo!

Tabeng ea bosodoma, makasine ea Newsweek e ile ea ba le sehlooho, “Na ke Tlhaho Kapa Khōliso?” Sehlooho seo se ile sa re: “Saense le phekolo ea mafu a kelello li leka ka matla ho utloisisa patlisiso e ncha e fanang ka maikutlo a hore bosodoma e ka ’na ea e-ba taba ea liphatsa tsa lefutso, e seng khōliso ea batsoali. . . . Tikolohong ea basodoma ka bobona, ba bangata ba thabela leselinyana la hore bosodoma bo qala ka li-chromosome.”

Joale sehlooho seo se qotsa Dr. Richard Pillard, ea ileng a re: “Karolo ea liphatsa tsa lefutso e sekametseng botoneng kapa botšehaling e re, ‘Sena hase phoso, ’me hase phoso ea hao.’” Ha a tiisa ka ho tsoelang pele khang ena ea “hase phoso,” Frederick Whitam, ’matlisisi ka tsa bosodoma o hlokomela hore “ho na le tšekamelo ea hore batho ba khobe matšoafo ha ba bolelloa hore bosodoma ke tlhaho. Ho imolla malapa le basodoma boikutlong ba ho ba molato. Ho boetse ho bolela hore ha ho hlokahale hore sechaba se tšoenyehe ka lintho tse kang matichere a basodoma.”

Ka linako tse ling, se boleloang e le bopaki ba hore tšekamelo ea bosodoma e reriloe ke liphatsa tsa lefutso se hlahisoa phatlalatsong ea litaba e le taba ea ’nete le e khaolang khang, ho e-na le ho e hlahisa e le taba e ka ’nang ea etsahala le e ke keng ea etsetsoa qeto.

Makasine ea New Statesman & Society ha e tšehetse bo bong ba bokhoni ba bokheleke: “’Mali ea sa hlakeloang hantle ho ka etsahala hore a hlokomolohe ho haella ha bopaki bo nkoang e le ba sebele—kapa ha e le hantle, ho hlokahala ho feletseng ha motheo boipolelong bo bobe ka ho fetisisa [bo nyelisehang] ba saense ba hore boitšoaro bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali ‘bo fetiselitsoe liphatseng tsa lefutso tsa motho e motona le hore bo hatisitsoe bokong ba motho e motona.’” Bukeng ea bona ea Cracking the Code, David Suzuki le Joseph Levine ba eketsa ngongoreho ea bona ka patlisiso ea hona joale ea liphatsa tsa lefutso: “Le hoja ho le bonolo ho pheha khang ea hore liphatsa tsa lefutso li susumetsa tsela eo motho a itšoarang ka eona ka kakaretso, e boetse ke taba e ’ngoe ho bontša hore phatsa e itseng ea lefutso ka ho khetheha—kapa liphatsa tsa lefutso tse peli, esita leha e ka ba sehlopha sa liphatsa tsa lefutso—li hlile li laola likarolo tse itseng ka ho khetheha tsa karabelo ea phoofolo tikolohong ea eona. Boemong bona, ho loketse ho botsa hore na ho na le ea fumaneng ka kutloisiso e feletseng ea ho tsitsisa le ho lokisa ha molek’hule, karolo leha e le efe ea DNA e susumetsang boitšoaro bo itseng ka ho ke keng ha fetoloa na.”

Liphatsa Tsa Lefutso Mabapi le Bokhoba ba Tahi le Tlōlo ea Molao

Ho ithuta ka bokhoba ba tahi ho ’nile ha hapa thahasello ea babatlisisi ba bangata ba liphatsa tsa lefutso ka nako e telele. Ba bang ba bolela hore liphuputso li bontšitse hore ho ba teng ha liphatsa tse itseng tsa lefutso kapa ho haella ha tsona hoa ikarabella bakeng sa bokhoba ba tahi. Ka mohlala, ka 1988 The New England Journal of Medicine e ile ea tlaleha hore “lilemong tse leshome tse fetileng, lipatlisiso tse tharo tse fapaneng li hlahisitse bopaki bo feletseng ba hore bokhoba ba tahi ke tšobotsi e futsoang.”

Leha ho le joalo, hona joale litsebi tse ling lefapheng la tsa temallo ea ho itseng li belaella maikutlo a hore bokhoba ba tahi bo susumetsoa haholo-holo ke mabaka a amanang le kamoo ’mele o sebetsang kateng. Tlaleho e hlahileng ho The Boston Globe ea la 9 April, 1996, e boletse: “Ha ho bonoe phatsa ea lefutso ea bokhoba ba tahi, ’me babatlisisi ba bang ba hlokomela hore seo haholo-holo ho ka etsahalang hore ba se sibolle ke ho hlaseleha ho itseng ha liphatsa tsa lefutso ho lumellang batho ba bang ho noa ho tlōlisa ntle le hore ba tahoe—tšobotsi e ka ’nang ea ba sekamisetsa ho beng makhoba a tahi.”

The New York Times e ile ea fana ka tlaleho sebokeng se neng se le Univesithing ea Maryland se neng se na le sehlooho se reng, “Sepheo le Bohlokoa ba Patlisiso Liphatseng Tsa Lefutso le Boitšoarong ba Tlōlo ea Molao.” Khopolo ea phatsa ea lefutso e susumetsang tlōlo ea molao e hohela habonolo. Ho bonahala bahlalosi ba bangata ba ikemiselitse ho tšehetsa khopolo ena. Mongoli oa saense ho The New York Times Magazine o ile a re bobe bo ka ’na ba “mela ka metso marang-ranng a li-chromosome ao batsoali ba rōna ba a fetisetsang ho rōna nakong ea kemolo.” Sehlooho se seng ho The New York Times se tlalehile hore puisano e bang teng khafetsa ka liphatsa tsa lefutso tse susumetsang batho ho tlōla molao e fana ka maikutlo a hore tlōlo ea molao e na le “mohloli o tšoanang—ho se sebetse hantle ha boko.”

Jerome Kagan, setsebi sa kelello sa Harvard, o bolela esale pele hore ho tla ba le nako eo ka eona litlhahlobo tsa liphatsa tsa lefutso li tla tsebahatsa bana ba nang le botho bo mabifi. Batho ba bang ba na le maikutlo a hore ho ka ’na ha e-ba le tšepo ea ho laola tlōlo ea molao ka ho laola tsela eo ’mele o sebetsang ka eona ho e-na le ho tlohelisa motho tsela e mpe ea bophelo.

Puo e sebelisoang litlalehong tsa likhopolo-taba tsena tse mabapi le hore tsela eo motho a itšoarang ka eona e bakoa ke liphatsa tsa lefutso, hangata ke e sa hlakang le e se nang bonnete. Buka ea Exploding the Gene Myth e bolela ka phuputso ea Lincoln Eaves, setsebi sa liphatsa tsa lefutso tse amang tsela eo motho a itšoarang ka eona, ea itseng o fumane bopaki ba sesosa sa liphatsa tsa lefutso tse bakang ho tepella maikutlong. Ka mor’a ho hlahloba basali bao ho ileng ha hlokomeloa hore ba na le tšekamelo ea ho tepella maikutlo, Eaves “o ile a fana ka maikutlo a hore maikutlo a tepeletseng le mokhoa oa boitšoaro [tsa basali bao] mohlomong li bakile hore ho hlahe mathata a neng a ka ’na a se ke a hlaha.” Ke afe “mathata a neng a ka ’na a se ke a hlaha”? Basali ba hlahlobiloeng ba ne ba kile ba “betoa, ba hlaseloa ka mabifi kapa ba lelekoa mesebetsing ea bona.” Kahoo, na ho tepella maikutlo ho bakile liketsahalo tsee tse sithabetsang? Buka e tsoela pele: “Ke lebaka la mofuta ofe lona leo? Basali bao ba betiloe, ba hlasetsoe ka mabifi, kapa ba lelekoa mesebetsing ea bona, ’me ba ile ba tepella maikutlo. Ha ba thulana le liketsahalo tse sithabetsang tse ngata, ba tepella maikutlong le ho feta. . . . Mohlomong e ka be e bile habohlokoa ho hlahloba hore na liphatsa tsa lefutso li kenella kae haeba [Eaves] a ne a fumane hore ho tepella maikutlong ho ne ho sa amane le phihlelo leha e le efe ea bophelo.”

Buka eona eo e bolela hore litlhaloso tsena li “tloaelehile hoo e batlang e le litlalehong tsohle tsa hona joale mabapi le liphatsa tsa lefutso [tsa tsela eo motho a itšoarang ka eona], mecheng ea litaba le likoranteng tsa saense. Li na le lintlha tse tsoakaneng tse thahasellisang, menahano e se nang seo e se tšehelitseng le ho fetelletsa ka ntle ho mabaka a bohlokoa ba liphatsa tsa lefutso bophelong ba rōna. Ntho e makatsang ka boholo ba se bukeng ena ke ho se utloahale ha eona.” E tsoela pele: “Ho na le phapang e khōlō lipakeng tsa ho amahanya liphatsa tsa lefutso tse latelang mokhoa o hlalosoang ke Mendel oa lefutso le ho sebelisa khopolo-taba ea ‘tšekamelo’ ea liphatsa tsa lefutso ha ho hlalosoa maemo a rarahaneng a kang kankere kapa khatello methapong ea mali. Bo-rasaense ba boetse ba potlakela ho etsa qeto ha ba bolela hore patlisiso ea liphatsa tsa lefutso e ka thusa ho hlalosa tsela eo motho a itšoarang ka eona.”

Leha ho le joalo, ka mor’a ho nahana ka lintho tsohle tse boletsoeng ka holimo, potso e phahamisoang khafetsa e ntse e sala: Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re fumana hore tsela e fetohileng eo re itšoarang ka eona ea hlahella bophelong ba rōna? ’Me maemong a joalo, re na le taolo efe? Ke joang re finyellang ho laola bophelo ba rōna le ho bo boloka bo laolehile? Sehlooho se latelang se ka ’na sa ipaka se le molemo ho faneng ka tse ling tsa likarabo lipotsong tsena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Phekolo ea Liphatsa Tsa Lefutso—Na Litebello li Phethahetse?

Ho thoe’ng ka phekolo ea liphatsa tsa lefutso—ho enta mokuli ka liphatsa tsa lefutso ka morero oa ho phekola boloetse boo a tsoetsoeng le bona ba liphatsa tsa lefutso? Lilemo tse seng kae tse fetileng, bo-rasaense ba ile ba ba le litebello tse phahameng. “Na ke nako e loketseng bakeng sa ho sebelisa theknoloji ea phekolo ea liphatsa tsa lefutso?” ho botsa The Economist ea la 16 December, 1995, ’me e re: “U ka ’na ua nahana joalo haeba u lumela litlaleho tsa phatlalatsa tse etsoang ke lingaka tsa eona, hammoho le boholo ba se akaretsoang ke likoranta. Empa sehlopha sa bo-rasaense ba Amerika ba tummeng se fapana ka maikutlo. Harold Varmus, mookameli oa National Institutes of Health (NIH), o ile a kōpa bo-rasaense ba 14 ba tummeng hore ba hlahlobe phekolo eo. Ka mor’a likhoeli tse supileng tsa ho nahanisisa, tlalehong e phatlalalitsoeng bekeng e fetileng ba ile ba bolela hore le hoja phekolo ea liphatsa tsa lefutso e fana ka tšepo, ho finyella ha eona sepheo ho ’nile ha ‘fetelletsoa’ ho fihlela hajoale.” Ho ile ha etsoa liteko tse amang bakuli ba 597 ba tšoeroeng ke khaello ea adenosine deaminase (ADA), kapa le leng la mafu a se nang palo ao ho nahanoang hore a loketse phekolo eo ea ho eketsa liphatsa tsa lefutso ka tse ling. The Economist e re: “Ho latela sehlopha seo, ha ho le ea mong oa bakuli eo ka ho hlaka a ruileng molemo ka ho kopanela tekong ea mofuta oo.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Ho sa tsotellehe seo ba bang ba ka ’nang ba se bolela mabapi le liketso tse bakoang ke tšekamelo ea lefutso, batho ba ka ikhethela hore na ba itšoara joang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela