“Hase Phoso ea ka”
KE HANGATA hakae matsatsing aa u utloang motho a re, ‘Ke soabile. E bile phoso ea ka. Ke ikarabella ka ho feletseng!’? Ke ka seoelo botšepehi bo joalo feela bo ka utluoang. Ha e le hantle, mabakeng a mangata le haeba phoso e lumeloa, ho etsoa mekutu eohle ea ho beha molato oo ho motho e mong osele kapa maemong a lokafatsang ketso eo, ao ho ’ona mofosi a bolelang hore o ne a sa khone ho a laola.
Ba bang ba bile ba beha molato liphatseng tsa bona tsa lefutso! Empa na hoo hoa utloahala? Buka ea Exploding the Gene Myth e belaella sepheo le tšebetso ea likarolo tse ling tsa phuputso ea liphatsa tsa lefutso. Ho hlahlobeng ha hae buka eo, mongoli oa Australia Bill Deane o ile a fihlela qeto ena e nahanisisitsoeng: “Ho bonahala morao tjena litsebi tsa pono ea hore boitšoaro ba motho bo reriloe ke maemo a etsahetseng pele, li qala ho lumela hore li fumane bopaki bo batlang bo tiile ba ho tšehetsa filosofi ea tsona ea hore ha ho motho ea lokelang ho nkoa a ikarabella bakeng sa liketso tsa hae: ‘O ne a sa khone ho ithiba ho mo khaola ’metso, Mohlomphehi—ho liphatseng tsa hae tsa lefutso.’”
Hase Hore e Hlile ke Mokhoa o Mocha
Ka moloko ona oo ka potlako o fetohelang ho seo mongoli e mong a ileng a se bitsa moloko oa “hase ’na,” mokhoa ona o ka ’na oa bonahala o ata. Leha ho le joalo, histori e tlalehiloeng e senola hore ho fetisetsa molato ho ba bang ka boikemelo ba hore “Ha ke hlile ha ke molato,” esale ho le teng ho tloha qalehong ea motho. Tsela eo Adama le Eva ba ileng ba itšoara ka eona ka mor’a sebe sa bona sa pele, ho ja tholoana eo Molimo a neng a e thibetse, e bile mohlala o loketseng oa molato o fetisetsoang ho ba bang. Tlaleho ea Genese e bolela ka moqoqo o ileng oa e-ba teng, Molimo e le eena ea buang pele: “Na ha ua ka ua ja sefate seo ke u laetseng, ka re: U se ke ua se ja, na? Adama a re: Mosali eo u ’neileng eena hore a lule le ’na, ke eena ea mphileng tsa sefate, ka li ja. Jehova Molimo a bolella mosali, a re: Na ke’ng eo u e entseng? Mosali a re: Noha e nthetsitse, ’me ke jele.”—Genese 3:11-13.
Haesale ho tloha ka nako eo, batho ba ’nile ba iqalla mefuta e sa tšoaneng ea tumelo, ’me ba batlile mekhoa ea ho ikemela e sa tloaelehang e tla ba hlakola molato ka ho feletseng ho ikarabelleng ha sebele bakeng sa liketso leha e le life tsa bona. E hlaheletseng har’a ena e bile tumelo ea boholo-holo ea phello e ke keng ea qojoa. Mosali oa Mobuddha ea neng a lumela ho Karma ka botšepehi o ile a re: “Ke ile ka nahana hore ho ne ho sa utloahale hore ke utloe bohloko bakeng sa ntho eo ke tsoetsoeng le eona empa eo ke sa tsebeng letho ka eona. Ke ile ka tlameha ho e amohela e le ntho eo ke e reretsoeng esale pele.” E tšehelitsoe ke thuto ea hore lintho li reroa esale pele joalokaha ho rutile John Calvin, tumelo ea phello e ke keng ea qojoa e boetse e atile le Bokreste-’mōtoaneng. Hangata baruti ba bolella beng ka motho ba saretsoeng hore kotsi e itseng e ne e le thato ea Molimo. Joale, hape Bakreste ba bang ba nang le maikutlo a matle le bona ba beha molato ho Satane bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa tsamaeeng hantle bophelong ba bona.
Joale, re qala ho bona tsela eo motho a itšoarang ka eona ka ntle le hore a ikarabelle, e leng se lumelloang ke molao le sechaba. Re phela mehleng eo ho loanela litokelo ho eketsehang ’me ho fokotseha boikarabelo ba motho ka mong.
Phuputso e entsoeng tseleng eo motho a itšoarang ka eona e hlahisitse seo ho thoeng ke bopaki ba saense ba hore ba bang ba ikutloa hore ba lokela ho ba le bolokolohi tseleng eo ba itšoarang ka eona, ho tloha boitšoarong bo litšila ho isa ho bolaeeng. Sena se bonahatsa taba-tabelo ea sechaba ea ho jarisa ntho leha e le efe kapa leha e le mang molato ntle le motho ea ikarabellang.
Re hloka likarabo lipotsong tse kang tsena: Hantle-ntle saense e sibolotse eng? Na ka ho khetheha tsela eo motho a itšoarang ka eona e reroa ke liphatsa tsa rōna tsa lefutso? Kapa na matla a ka hare le a ka ntle ka bobeli ba ’ona a laola tsela eo re itšoarang ka eona? Bopaki bo hlile bo bontša eng?