Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 10/8 maq. 26-27
  • Sebelisa Meriana ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Meriana ka Bohlale
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melemo Khahlanong le Likotsi
  • Li-antibiotic—Matla le Bofokoli ba Tsona
  • Na Liente li Molemo ho Feta Lipilisi?
  • Lithethefatsi Tseo e Seng Tsa Sebele
  • Bothata ba Bofutsana
  • Na ka Sebele U Hloka Meriana?
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Meriana ea Ngakeng—ho e Sebelisa Hantle le Hampe
    Tsoha!—2009
  • Lithethefatsi—Li Sebelisoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2001
  • Ho Noa Meriana ka ho Ikutsoa
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 10/8 maq. 26-27

Sebelisa Meriana ka Bohlale

KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA

MOSALI e mong o ile a lla ka hore o tšoeroe ke hlooho le mala. Ngaka e ile ea bua le eena hakhutšoanyane. Joale e ile ea mo laela ho tla hlaba ente ka matsatsi a mararo bakeng sa malaria, ea mo fa paracetamol (pilisi ea sethethefatsi se kokobetsang mahlaba le feberu) bakeng sa ho folisa hlooho, lithethefatsi tse peli tsa ho kokobetsa hoo e ka ’nang eaba e ne e le liso tsa ka mpeng, lithethefatsi tse kokobetsang boikutlo ba kelello ba ho tšoenyeha, ’me qetellong, li-multivitamin. Tefiso e ile ea e-ba boima, empa mosali eo ha aa ka a hanyetsa. O ile a tloha a thabile, a kholisehile hore lithethefatsi tseo li tla rarolla mathata a hae.

Ho bonana ho joalo le ngaka ho tloaelehile Afrika Bophirimela. Tlhahlobo e entsoeng sechabeng se seng se seholo moo e bontšitse hore basebeletsi ba tlhokomelo ea bophelo litsing tsa bophelo tsa sechaba ba fana ka karolelano ea 3,8 ea lithethefatsi tse fapaneng ho mokuli ka mong ea tlileng. Ha e le hantle, batho ba bangata ba nahana hore ngaka e fanang ka meriana e mengata ke eona e nang le tsebo.

Mohlomong ho tšepa meriana ha batho ba lulang Afrika Bophirimela hoa utloahala ha u nahana kamoo boemo ba bophelo bo kileng ba e-ba kateng moo. Lilemong tse fetang 40 tse fetileng, mongoli John Gunther o ile a ngola ka mehla ea pele: “Slave Coast ena hase feela hore . . . e bolaile batho ba batšo; e bolaile le makhooa, ’me ke eona karolo ea Afrika e tsebahalang litšōmong e le ‘Lebitla la Lekhooa.’ Ka makholo a lilemo, monoang e ’nile ea e-ba morena ea lalasang oa Guinea Coast. Yellow fever, blackwater fever le malaria e ne e le libetsa tse khethiloeng le tse kotsi tsa morena enoa. Ho bolaea ho kotsi ha boemo ba leholimo ba West Coast hase taba ea tlaleho ea boholo-holo, empa ke mohopolo o phelang. E ’ngoe ea liketsahalo tse qabolang e ratoang haholo e bua ka ofisiri e ’ngoe ea moemeli, eo, e seng khale haholo, e ileng ea iphumana e abetsoe Nigeria, ’me ea botsa ka penshene ea eona. Mookameli oa eona Mosebetsing oa tsa Bokoloni o ile a arabela: ‘Penshene? Mokan’a ka ea ratehang, ha ho motho ea kileng a ea Nigeria ’me a phela ho fihlela a ka fihla lilemong tsa ho tlohela mosebetsi.’”

Linako li fetohile. Kajeno ho na le lithethefatsi bakeng sa ho loantša e seng feela maloetse a jaloang ke monoang, empa le maloetse a mang a mangata ka ho tšoanang. Liente ka botsona li fokolitse haholo lenane la polao e neng e bakoa ke ’maselese, mokhokhothoane, tetanus le ’metso o mosoeu. Ka thuso ea liente, sekholopane se felisitsoe ka ho feletseng. Haufinyane pholio le eona e ka ba boloetse ba nakong e fetileng.

Ha ho makatse ha Maafrika a mangata kajeno a e-na le tumelo e tebileng bohlokoeng ba meriana. Ha e le hantle, tumelo e joalo ha ea lekanyetsoa Afrika Bophirimela feela. United States, lingaka li fana ka taelo ea tšebeliso ea meriana e ka holimo ho limilione tse likete tse 55 selemo se seng le se seng. Fora, ka karolelano batho ba reka mabokose a 50 a lipilisi selemo ka seng. ’Me Japane, motho feela ea tloaelehileng o sebelisa chelete e ka holimo ho R1700 selemo le selemo bakeng sa meriana ea lithethefatsi.

Melemo Khahlanong le Likotsi

Lithethefatsi tsa mehleng ea kajeno li entse ho hongata ho thusa moloko oa batho. Ha li sebelisoa ka nepo, li tlatsetsa bophelong bo botle ba ’mele, empa ha li sa sebelisoe ka nepo, li ka lematsa esita le ho bolaea. Ka mohlala, United States, batho ba ka bang 300 000 ba kena sepetlele selemo se seng le se seng ka lebaka la ’mele ea bona e hananang le meriana ea lithethefatsi, ’me ba 18 000 baa shoa.

E le ho sebelisa lithethefatsi ka bohlale, ke habohlokoa ho lemoha hore kamehla ho na le karolo e kotsi. Sethethefatsi leha e le sefe, esita le aspirin, se ka baka liphello tse kotsi. Monyetla oa ho ba le liphello tse itseng o ka ba moholoanyane le ho feta haeba ho sebelisoa lithethefatsi tse sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. Lijo le lino le tsona li susumetsa kamoo sethethefatsi se sebetsang kateng ’meleng oa hao ’me li ka matlafatsa kapa tsa hlapolla liphello tsa sona.

Ho na le likotsi tse ling. ’Mele oa hao o ka ’na oa hanana le sethethefatsi se itseng. Haeba u sa sebelise lithethefatsi kamoo u laetsoeng kateng—tekanyetso e nepahetseng ka nako e behiloeng—ho ka etsahala hore li se ke tsa u thusa ’me li ka ba tsa u lematsa. Ho ka etsahala se tšoanang haeba ngaka ea hao e ka u fa sethethefatsi se fosahetseng kapa lithethefatsi tse sa hlokahaleng. U boetse u ipeha kotsing ea ho lemala haeba u sebelisa lithethefatsi tse feletsoeng ke nako, tse sa finyelleng litekanyetso tsa molao kapa tseo e seng tsa sebele.

E le ho fokotsa likotsi, u lokela ho tseba sethethefatsi leha e le sefe seo u se sebelisang ka hohle kamoo u ka khonang. U ka rua molemo o moholo ka ho tseba linnete ka tsona.

Li-antibiotic—Matla le Bofokoli ba Tsona

Ho tloha ha li hlahisoa lilemong tse ka bang 50 tse fetileng, li-antibiotic li pholositse bophelo ba batho ba limilione. Li hlōtse maloetse a tšabehang a kang lepera, lefuba, pneumonia, feberu e khubelu le mokaola. Li boetse li phetha karolo ea bohlokoa ho phekoleng mafu a mang a tšoaetsanoang.

Dr. Stuart Levy, moprofesa oa meriana Tufts University Medical School, ho la United States o itse: “[Li-antibiotic] li fetotse bongaka ka ho feletseng. Ke eona kofuto e le ’ngoe e fetotseng histori ea bongaka haholo.” Buka e ’ngoe ea bongaka e re: “Ke motheo oo meriana ea kajeno e hahoang ho oona.”

Leha ho le joalo, pele u ka potlakela ngakeng ea hao le ho batla lipilisi, nahana ka lehlakore le seng molemo la tsona. Ha li sebelisoa hampe, li-antibiotic li ka u lematsa haholo ho feta ho u thusa. Sena se bakoa ke hore li-antibiotic li sebetsa ka ho hlasela le ho ripitla libaktheria ’meleng. Empa hase kamehla li ripitlang libaktheria tsohle tse lematsang; mefuta e meng ea baktheria e ema ka tieo khahlanong le tlhaselo. Mefuta ena e manganga hase feela hore ea pholoha empa ea ata ’me e fetela bathong ba bang.

Ka mohlala, ka nako e ’ngoe penicillin e ne e atleha ka ho fetisisa ho foliseng mafu a tšoaetsanoang. Hona joale, leha e se ka hohle-hohle empa ka lebaka la mefuta ea libaktheria tse manganga tse ntseng li eketseha, lik’hamphani tsa lithethefatsi li rekisa mefuta e sa tšoaneng e makholo ea penicillin.

Ke eng seo u ka se etsang ho qoba mathata? Haeba ka sebele u hloka li-antibiotic, etsa bonnete ba hore u li fuoa ke ngaka e tšoanelehang le hore li fumanoa mohloling o loketseng. U se ke ua hatella ngaka ea hao hore ka potlako e u fe li-antibiotic—e ka ’na ea batla hore u be le litlhahlobo tsa laboratoring e le ho etsa bonnete ba hore tseo e u fang tsona ke tse nepahetseng bakeng sa bokuli ba hao.

Ho boetse ke habohlokoa bakeng sa hao hore u sebelise tekanyetso e nepahetseng ka nako e baliloeng. U lokela ho sebelisa li-antibiotic tsohle tseo u li filoeng, esita le haeba u ikutloa hamolemonyana pele u li qeta.

Na Liente li Molemo ho Feta Lipilisi?

“Ke batla ente!” Mantsoe ana a utluoa ke basebetsi ba bangata ba bophelo linaheng tse hōlang moruong. Lebaka la kōpo e joalo ke tumelo ea hore moriana o kenngoa ka ho toba tsamaisong ea mali ’me o fana ka phekolo e matla ho feta e fanoang ke lipilisi. Linaheng tse ling ho tloaelehile ho bona ‘lingaka tse entang’ ntle le tumello ea molao limmarakeng.

Liente li na le likotsi tseo lipilisi li se nang tsona. Haeba lemao le sa hloeka, mokuli a ka ’na a tšoaetsoa lefu la sebete, tetanus esita le AIDS. Lemao le sa hloekang le ka boela la baka liso tse opang. Likotsi lia eketseha haeba ea entang a sa tšoanelehe.

Haeba u hlile u hloka ente, etsa bonnete ba hore u entoa ke e mong ea tšoanelehang ho tsa bongaka. Bakeng sa hore u sireletsehe, kamehla etsa bonnete ba hore lemao le setšelo li hloekisitsoe likokoana-hloko.

Lithethefatsi Tseo e Seng Tsa Sebele

Indasteri ea meriana lefatšeng lohle ke khoebo e khōlō e kenyang limilione tse likete tse 740 tsa liranta selemo se seng le se seng, ho ea ka se boletsoeng ke World Health Organization (WHO). Ba laba-labela ho sebelisa boemo bona hampe, batho ba bomene-mene ba hlahisitse meriana eo e seng ea ’nete. Lithethefatsi tseo e seng tsa ’nete li shebahala joaloka lithethefatsi tsa sebele—ho joalo le ka mabitso a tsona le se li tšelang—empa ha li na thuso.

Le hoja meriana eo e seng ea sebele e le teng hohle, ka ho khetheha e atile linaheng tse hōlang moruong, ’me e hlahisa liphello tse bohloko. Nigeria, bana ba 109 ba ile ba bolaoa ke ho khaotsa ha liphio ho sebetsa ka mor’a ho noa sirapa e kokobetsang ho opeloa e neng e e-na le sehlapolli sa indastering. Mexico, batho ba cheleng ba ile ba hlokofatsoa ke lefu la ho choachoasela letlalo ho ileng ha bakoa ke seo ho neng ho nahanoa hore ke litlhare, tse neng li e-na le lerōle la mapolanka, kofi le litšila. Burma, baahi ba bangata ba motse o mong e ka ’na eaba ba ile ba bolaoa ke malaria ka lebaka la ho sebelisa sethethefatsi seo e seng sa sebele se sa kang sa loantša feberu ea malaria. WHO ea bolela: “Hape, batho ba kotsing haholoanyane ke ba kollang ntsi hanong, bao ka linako tse ling ba nahanang hore ke monyaolo ha ba reka se bonahalang eka ke moriana o nepahetseng o hlahisitsoeng ke k’hamphani e hlomphehang.”

U ka itšireletsa joang lithethefatsing tseo e seng tsa sebele? Etsa bonnete ba hore seo u se rekang se tsoa mohloling o tummeng hantle, joaloka k’hemisteng ea sepetlele. U se ke ua reka ho barekisi ba seterateng. Setsebi sa metsoako ea meriana Benin City, Nigeria, sea lemosa: “Ho barekisi ba seterateng, ho rekisa lithethefatsi e mpa feela e le khoebo. Ba aba lithethefatsi joalokaha eka ke lipompong kapa libiskiti. Lithethefatsi tseo ba li rekisang hangata li feletsoe ke nako kapa hase tsa sebele. Batho bana ha ba tsebe letho ka lithethefatsi tseo ba li rekisang.”

Bothata ba Bofutsana

Hangata phekolo ea meriana eo motho a e fumanang e itšetlehile ka hore na motho eo o na le chelete e kae. E le ho fokotsa litšenyehelo le ho boloka nako, batho ba linaheng tse hōlang moruong ba ka ’na ba feta ngaka ’me ba ea ka ho toba k’hemisteng ho ea reka lithethefatsi tseo ho ea ka molao ba lokelang ho li fuoa ke ngaka. Kaha ba kile ba sebelisa sethethefatsi seo pele kapa kaha metsoalle e se buella hantle, ba tseba seo ba se hlokang bakeng sa bokuli ba bona. Empa seo ba se batlang e ka ’na eaba hase seo ba se hlokang.

Batho ba leka ho fokotsa litšenyehelo ka litsela tse ling hape. Ngaka e etsa tlhahlobo ea laboratori ’me e mo ngolla meriana e itseng. Mokuli o nka seo se ngotsoeng ’me o ea k’hemisteng empa o fumana theko e le holimo. Kahoo ho e-na le hore ba batle chelete e eketsehileng, hangata batho ba tla ithekela sethethefatsi se theko e tlaase kapa ba reke e seng mekae ea meriana eo ba e ngoletsoeng.

Na ka Sebele U Hloka Meriana?

Haeba u hlile u hloka moriana, tsebisisa seo u se sebelisang. U se ke ua hlajoa ke lihlong ho botsa ngaka kapa setsebi sa metsoako ea meriana lipotso mabapi le sethethefatsi se fanoeng ke ngaka. U na le tokelo ea ho tseba. Etsoe ke ’mele oa hao o ka ’nang oa utloa bohloko.

Haeba u sa sebelise meriana ea hao ka nepo, u ka ’na ua se ke ua fola. U lokela ho tseba hore na u tšoanela ho noa o mokae, hore na u o noe neng le hore na e be ka nako e kae. U boetse u lokela ho tseba hore na ke lijo life, lino le meriana e meng kapa mesebetsi tseo u lokelang ho li qoba ha u ntse u o sebelisa. ’Me u lokela ho hlokomela liphello tse ka ’nang tsa hlaha le hore na u etse eng haeba li hlaha.

Hopola hape hore, lithethefatsi hase pheko bothateng bo bong le bo bong ba bongaka. E ka ’na eaba ha u hloke lithethefatsi ho hang. Makasine ea World Health, sengoliloeng sa WHO, ea bolela: “Sebelisa moriana feela ha ho hlokahala. Hangata ho phomola, lijo tse hahang le ho hongata ho nooang li thusa motho hore a ikutloe hamolemo.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Seroki se seng sa Moroma se ile sa ngola lilemong tse 2000 tse fetileng: “Lipabo tse sekete li hloka lipheko tse sekete.” Kajeno, seroki seo se ka be se ngotse tjena, ‘Lipabo tse sekete li hloka lipilisi tse sekete’! Ka sebele, ho bonahala ho e-na le pilisi bakeng sa pabo e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke ea sebele kapa e inahaneloang. Ho ea ka Banka ea Lefatše, lefatšeng ka bophara ho na le mefuta ea lithethefatsi e ka bang 100 000, e entsoeng ka lintho tse sebetsang tse ka holimo ho 5000.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Tšebeliso E Bohlale Ea Meriana

1. U se ke ua sebelisa lithethefatsi tse feletsoeng ke nako.

2. Reka mohloling o tummeng hantle. U se ke ua reka ho barekisi ba seterateng.

3. Etsa bonnete ba hore ua utloisisa le ho latela litaelo tse fanoeng.

4. U se ke ua sebelisa lithethefatsi tseo ngaka e li fileng motho e mong.

5. U se ke ua tsitlallela liente. Hangata lithethefatsi tse nooang li sebetsa hantle ka tsela e tšoanang.

6. Boloka meriana sebakeng se pholileng, moo bana ba sa fihleleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela