Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
HO HLŌLA ntoa e khahlanong le lithethefatsi ke pakane e babatsehang, empa hase mosebetsi o bonolo. Ho na le lisosa tse peli tse matlahali tse hlohlelletsang khoebo ea lithethefatsi tse seng molaong—e leng phepelo le bareki. Ka lilemo tse ka bang lekholo, mebuso le mapolesa e ’nile ea leka ka matla ho fokotsa phepelo. Khopolo ea eona e ne e le e bonolo: Ha ho sena lithethefatsi, ha hona ho ba le makhoba a lithethefatsi.
Ho Loantša Phepelo
E le ho finyella sena, mapolesa a toantšo ea lithethefatsi a ile a hapa meqeqeko ea lithethefatsi tse romelloang libakeng tse ling, ’me tšebelisano-’moho ea machaba e lebisitse ho tšoaroeng ha barekisi ba hlahelletseng ba lithethefatsi. Empa ’nete e bohloko ke hore le hoja tšebetso e atlehang ea sepolesa e ka ’na ea qobella barekisi ba bang ba lithethefatsi ho fetela libakeng tse ling, ho batla limmaraka tse ling, kapa ho ba masene haholoanyane, ha e etse hore ba emise. Setsebi se seng sa lithethefatsi se ile sa lumela: “Ha ho mohla re tla atleha ho qothisana lehlokoa le barekisi ba lithethefatsi hafeela ba ntse ba e-na le mehloli e sa psheng ea chelete ’me rōna re ntse re tlameha ho loanela ho fumana chelete e lekaneng moralong oa chelete.”
Joe de la Rosa, e leng ofisiri ea thibelo ea tlōlo ea molao Sepoleseng sa Gibraltar, o ile a bolella Tsoha! ka bothata ba ho laola khoebo ea lithethefatsi tse seng molaong pakeng sa Afrika le Hloahloa ea Iberia. O ile a re: “Selemong sa 1997 re ile ra hapa lik’hilograma tse ka bang 400 tsa boka ba cannabis. Boholo ba bona ha boa haptjoa ho barekisi ba lithethefatsi; bo fumanoe bo phaphametse ka leoatleng kapa metsi a bo lahletse lebōpong. Seo se u fa leselinyana le itseng ka meqeqeko ea lithethefatsi e tšelang Mochophoro oa Leoatle oa Gibraltar selemo se seng le se seng. Tseo re li hapang e mpa e le linyane feela. Batsamaisi ba lithethefatsi ba tlohang Afrika ba ea Spain ba na le liketsoana tse lebelo tse ka sieang liketsoana tse tloaelehileng tsa balefisi ba lekhetho la thepa e kenang le e tsoang. ’Me haeba ba hlokomela hore ba kotsing ea ho tšoaroa, ba lahlela lithethefatsi tseo ka leoatleng, kahoo ha re na bopaki boo re ka ba qosang ka bona.”
Mapolesa a tobana le mathata a tšoanang le libakeng tse ling tsa lefatše. Batho ba bonahalang eka ke baeti feela, lifofane tse nyenyane, lik’hontheinara tsa likepe, esita le likepe tse sesang ka tlas’a metsi li mokola lithethefatsi ho li tšelisa maoatle kapa meeli ea linaha e kenehang habonolo. Tlaleho e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e ile ea hakanya hore “bonyane ho ne ho tla hlokahala hore ho emisoe karolo ea 75 lekholong ea lithethefatsi tse romeloang ka likepe linaheng tse ling e le hore katleho ea khoebo ea lithethefatsi e fokotsoe haholo.” Hona joale, mohlomong ho emisitsoe karolo e ka holimonyana ho 30 lekholong ea k’hok’heine—le karolo e tlaase le ho feta ea lithethefatsi tse ling.
Kahoo, ke hobane’ng ha mebuso e sa loantše bothata ho tloha mohloling oa bona ’me e senye limela tsohle tsa cannabis, li-opium poppy le lihlahla tsa k’hok’heine? Machaba a Kopaneng a sa tsoa buella khato eo, empa hase khato e bonolo. Cannabis e ka lengoa hoo e ka bang serapeng se seng le se seng. Sebaka se seng se seholo sa temo ea k’hok’heine ke Andes e tikolohong eo ho thoeng ke e “ka thōko ho taolo ea ’muso.” Boemo boa tšoana le libakeng tse ling tse ka thōko tsa Afghanistan le Burma, tseo e leng mehloli e meholo ea opium le heroine.
Ho mpefatsang boemo le ho feta ke hore barekisi ba lithethefatsi ba ka fetohela habonolo lithethefatsing tsa maiketsetso, tseo bareki ba tsona ba ntseng ba eketseha. ’Me lilaboratori tsa mokunyata li ka hlahisa lithethefatsi tsena tsa maiketsetso hoo e ka bang karolong leha e le efe ea lefatše.
Na mehato e matlanyana ea sepolesa le likahlolo tse boimanyana tsa chankana li ka emisa khoebo ee ea lithethefatsi? Ho na le barekisi ba bangata haholo ba lithethefatsi, makhoba a mangata haholo le mapolesa a fokolang haholo ho etsa hore mokhoa ona o atlehe. Ka mohlala, United States e na le batho ba ka bang limilione tse peli chankaneng—ba bangata ba bona e le ka lebaka la litlōlo tsa molao tse amanang le lithethefatsi. Empa tšokelo ea ho koalloa chankaneng ha ea ka ea thibela batho ho sebelisa lithethefatsi. Linaheng tse ngata tse tsoelang pele moo thekiso ea lithethefatsi e eketsehang ka sekhahla, mapolesa a fokolang ka palo le a lefuoang chelete e fokolang a iphumana a se na matla a ho sebetsana le bothata bona.
Na Lenane la Bareki ba Lithethefatsi le ka Fokotsoa?
Haeba boiteko ba ho fokotsa phepelo ea lithethefatsi bo ipakile bo hlōleha, ho thoe’ng ka ba ho fokotsa lenane la bareki? Makasine ea Time e re: “Ntoa e khahlanong le lithethefatsi ke ntoa ea sebele e loanoang le lipelo le likelello, ’me hase feela taba ea sepolesa le makhotla le lichankana.”
Joe de la Rosa, ea qotsitsoeng pejana le eena o lumela hore thuto ke eona tsela feela ea ho loantša lithethefatsi tse seng molaong. O re: “Ho lemalla lithethefatsi ke bothata ba sechaba bo bakiloeng ke batho, kahoo re tlameha ho fetola batho kapa bonyane re fetole tsela eo batho ba nahanang ka eona. Re leka ho kenyelletsa likolo, batsoali le matichere e le hore bohle ba tle ba hlokomele hore li kotsi, hore lithethefatsi lia fumaneha le hore bana ba bona ba ka fetoha liphofu tsa tsona.”
Seo Lipaki Tsa Jehova li se Entseng
Ka lilemo tse ngata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoareha ka mafolofolo ho ruteng batho ho qoba lithethefatsi. Li ile tsa hlophisa boitsebiso bo reretsoeng ho thusa batsoali ho ruta bana ba bona ka likotsi tsa lithethefatsi.a Ho feta moo, mosebetsi oa tsona o thusitse ba bangata ba sebelisang lithethefatsi le ba li rekisang ho tlohela mokhoa oo.
Ana, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ile a kopanngoa le Lipaki tsa Jehova hobane ngoan’abo a ne a utloile ka katleho ea tsona ho thuseng makhoba a lithethefatsi. Ana o ne a hlile a sa thahaselle Bibele, ’me ka lesisitheho o ile a ea kopanong e ’ngoe e neng e tšoeroe ke Lipaki. Ha a le moo o ile a bona monna e mong ea neng a tumme hampe ka ho ba morekisi oa lithethefatsi empa a se a fetohile ka ho feletseng ponahalong le mokhoeng oa hae oa bophelo. Ana o re: “Ke ile ka nahana hore haeba o fetohile, le ’na nka fetoha. Ho fetoha ha hae ho ile ha nkholisa hore ke lokela ho amohela memo ea ho ithuta Bibele.
“Ho tloha ha ke ithuta Bibele ka lekhetlo la pele feela, ke ile ka etsa qeto ea ho lula hae, kaha ke ne ke tseba hore haeba nka tloha lapeng, ke ne ke tla kopana le ba bang ba sebelisang lithethefatsi ’me ke khutlele ho sebeliseng lithethefatsi. Ke ne ke se ke ntse ke tseba hore lithethefatsi li fosahetse le hore Molimo ha a amohele tloaelo eo. Ke ne ke se ke bone liphello tseo lithethefatsi li bang le tsona ho batho le bohloko boo ke bo utloisitseng lelapa leso. Empa ke ne ke hloka matla a moea e le hore ke itokolle chankaneng ena ea lithethefatsi eo ke ikentseng ho eona. Ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi ho ne ho le thata. Ke ile ka qeta nako ke robala letsatsi lohle ha tahi ea lithethefatsi e ntse e e-tsoa ’meleng. Empa meputso e ne e tšoaneloa ke boiteko boo.”
Tšepo ea Sebele le Morero oa Sebele
Monna oa Ana, Pedro, eo le eena ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, le eena o ile a itšoasolla ka ho tšoanang. Pedro oa hopola: “Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke tsuba hashish ha moholoane oa ka, ke ile ka bona buka e nang le sehlooho se ileng sa hapa thahasello ea ka. Sehlooho sa eona se ne se re ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka ea le eona hae, ka e bala ka ba ka hlahloba mangolo. Ke ile ka kholiseha hore ke fumane ’nete.
“Ho bala Bibele le ho bua le ba bang ka seo ke ithutang sona ho ile ha etsa hore ke ikutloe hamolemonyana ’me ha felisa takatso ea ka ea lithethefatsi. Ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela morero oa ka oa ho ea utsoa ka likhoka karacheng e ’ngoe ea peterole. Motsoalle oa ka e mong o ne a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me ka mor’a nakoana ke ile ka latela mohlala oa hae. Ka mor’a likhoeli tse robong ke ile ka fetola mokhoa oa ka oa bophelo ’me ka kolobetsoa. Nakong ena, metsoalle ea ka e mengata ea nakong e fetileng e ile ea leka ho mpha lithethefatsi, empa hona hoo ka qala ho buisana le eona ka Bibele. E meng e ile ea arabela hantle. E mong o bile a hlōla temallo ea hae.
“E le hore u itokolle tloaelong ea lithethefatsi, u lokela ho ba le tšepo. Bibele e ile ea mpha tšepo eo, ea mpha morero bophelong, ’me ea mpontša ka ho hlaka tsela eo Molimo a talimang lithethefatsi le pefo ka eona. Ke ile ka hlokomela hore ke ikutloa hamolemonyana ha ke ntse ke ithuta ka Ea Matla ’Ohle—le hore seo ha se tlise liphello tse mpe. Hamorao, ho kopana le batho ba phelang ka bohloeki libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ho ile ha nthusa hore ke tsoele pele tseleng ena.”
O Tlohela ho ba Morekisi oa Lithethefatsi e ba Sehahi
José, morekisi oa lithethefatsi eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, hona joale ke sehahi hape. Ha aa ka a fumana ho le bonolo ho tlohela khoebo ea hae e kenyang chelete e ngata. Oa lumela: “Lithethefatsi li fana ka chelete e ngata, empa hase tsela e molemo ea ho fumana chelete. Ke bona bana ba banyenyane ba tsamaea ka lithunya le likoloi tse maphatsiphatsi. Malapa aa qhalana, tlōlo ea molao e ja setsi literateng, ’me makhoba a mangata a lithethefatsi a thuha likoloi, a utsoa mabenkeleng, kapa a utsoetsa batho e le hore a fumane chelete ea lithethefatsi. A mangata a qala ka hashish, a fetele ho ecstasy kapa lipilisi tse ling, ebe joale a leka k’hok’heine kapa esita le heroine. Kea hlokomela hore ke ile ka kenya letsoho ho etseng hore ba bangata ba kene tseleng ena.
“Ha ke ntse ke ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ke ile ka kholiseha haholoanyane hore ho kenella ha ka lithethefatsing ho ne ho fosahetse. Ke ne ke batla ho ba le letsoalo le hloekileng, ’me mosali oa ka, eo le eena a neng a ithuta, o ne a e-na le takatso e tšoanang. Ke ’nete hore ho thata ho khaotsa ho sebetsana le lithethefatsi. Ke ile ka hlalosetsa batho ba rekang ho ’na le ba nthekisetsang hore ke ithuta Bibele le hore ke emisitse khoebo ea lithethefatsi. Qalong, ba ne ba sa nkholoe, ’me ba bang ba ntse ba sa kholoe le hona joale. Leha ho le joalo, ke khaolitse lilemong tse ka bang peli tse fetileng, ’me ke ntse ke e-s’o ikoahlaele seo le hanyenyane feela.
“Selemong se fetileng, ke sebelitse ke le sehahi, e leng oona mosebetsi oa ka. Hona joale ka khoeli ke fumana kotara ea chelete eo ke neng ke e fumana ka letsatsi ha ke ne ke rekisa lithethefatsi. Empa ena ke eona tsela e molemo haholoanyane ea bophelo, ’me ke ikutloa ke thabile.”
Tharollo ea Lefatše Lohle e Tla Sebetsa
Barekisi ba seng bakae ba lithethefatsi ba sebete ba ile ba tlohela khoebo ea lithethefatsi. ’Me litsela tse fapa-fapaneng tsa thuso ea ho hlōla bothata bona li thusitse ba likete ba li sebelisang ho hlōla temallo ea bona. Empa, joalokaha World Drug Report e lumela, “ho batho ba sebelisitseng lithethefatsi ka nako e telele le hona e le tse boima, ho khaotsa ho li sebelisa ka ho feletseng ke boemo bo ikhethang ho fapana le bo tloaelehileng.” Ka masoabi, bakeng sa lekhoba le le leng la lithethefatsi le thusoang, ho ba le ba bang ba bacha ba ’maloa ba tšoasehang. Phepelo le lenane la bareki li ntse li eketseha.
Hore ntoa e khahlanong le lithethefatsi e tle e hlōloe, ho tlameha hore ho be le tharollo ea lefatše lohle kaha bothata bona e se e le ba lefatše lohle. Ntlheng ena Komisi ea Machaba a Kopaneng ea Lithethefatsi e re: “Le hoja tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ho rekisoa ha lithethefatsi le tlōlo ea molao e amanang le bothata ba lithethefatsi li ne li nkoa e le e ’ngoe ea litšokelo tse khōlō tse sokelang tšireletseho linaheng tse ngata, batho ka kakaretso ba ne ba sa hlokomele hore lithethefatsi tse seng molaong ke bothata ba lefatše lohle bo seng bo ke ke ba rarolloa ka boiteko ba naha e le ’ngoe.”
Empa na mebuso ea lefatše e tla iketsa khokanyana-phiri ho felisa tlokotsi ee e oetseng lefatše lohle? Ho tla fihlela joale liphello ha ea ba tse khothatsang. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ’muso oa leholimo o tlang ho fetela ka nģ’ane ho meeli ea lichaba ke eona tharollo ea sebele. Bibele e re tiisetsa hore ’Muso oa Molimo, o busoang ke Jesu Kreste, o tla ba teng “ka ho sa feleng le ka mehla.” (Tšenolo 11:15) Kahoo, tlas’a ’Muso oa Molimo, thuto ea bomolimo e tla tiisa hore takatso ea lithethefatsi e ba sieo. (Esaia 54:13) ’Me mathata a kahisano le a maikutlo ao hona joale a etsang hore batho ba be le tšekamelo ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi a tla be a felile ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 55:22; 72:12; Mikea 4:4.
Na U Hloka Thuso?
Esita le hona joale, ho tšepa ’Muso oa Molimo o taolong ea Kreste ho susumelletsa batho ho hana lithethefatsi. Haeba u ka thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 34 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e nang le sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Hana Lithethefatsi?,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho tšoaroa batho ba nang le lithethefatsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
K. Sklute/SuperStock
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Pedro le mosali oa hae, Ana, ba ithuta Bibele le bana ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Pedro o kenya lisebelisoa tsa tšireletso