Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Lintho Tse Mpe ho Etsahala?
LIDIJA e ne e sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ha ntoa e qhoma naheng ea habo—naha e neng e tsejoa e le Yugoslavia. Oa hopola: “Ke ile ka qeta matsatsi le masiu a mangata ka har’a setšabelo se lefifi. Hangata ke ne ke khalla ho mathela ka ntle, esita le haeba ho ne ho ka bolela hore ke tla shoa! Pele ho ntoa, u ne u sa hloke letho, empa joale u ne u thabela feela hore u ntse u phela.”
Ka mor’a nakoana khatello le tsitsipano tse bakiloeng ke ntoa li ile tsa e-ba le liphello tse mpe bomoeeng ba Lidija. O re: “Re ile ra qeta libeke re sitoa ho ea mosebetsing oa boboleli leha e le libokeng. Ka sebele ke ile ka nahana hore Jehova o re lahlile. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha a sa re thuse hona joale?’”
Lintoa, tlōlo ea molao, pefo, maloetse, likoluoa, likotsi—lintho tse mpe joaloka tsena li ka etsahalla esita le batho ba bacha. ’Me haeba tlokotsi e u ama ka seqo, ka tlhaho u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse mpe tsee ho etsahala?’
Batho ba Molimo linakong tse fetileng ba ile ba botsa lipotso tse kang ena. Ka mohlala, ha moprofeta Habakuke a bona boemo bo nyonyehang ba litaba bo neng bo le teng har’a batho ba Molimo, o ile a lla: “Jehova, ke tla hooeletsa ho le hokae, u sa nkutloe? Ke tla bitsa ho uena ho le hokae ka baka la ho tsoheloa matla, u sa mpholose? U mpontšetsang bolotsana, ’me u talimela’ng hloriso?” (Habakuke 1:2, 3) Bacha ba bang ba Bakreste kajeno ba feta tlas’a khatello e joalo ea maikutlo.
Hlokomela kamoo mocha e mong oa Mokreste a ileng a ikutloa kateng ka mor’a lefu la tšohanyetso la ntat’ae. O re: “Ke ile ka kopana hlooho, ka hoeletsa ka fensetere, ke hooa ho Jehova Molimo. . . . Ke ile ka mo beha molato oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke joang see se ka etsahalang? Ntate e ne e le motsoali ea molemo le monna ea lerato, ’me joale sena sea etsahala—na Jehova ha a tsotelle?” Boemong bo kang bona, ke ha tlhaho feela ho ikutloa u ferekane, u hlabehile, kapa u bile u halefile. Hopola hore moprofeta ea tšepahalang Habakuke le eena o ile a tšoenngoa ke hore bokhopo bo ne bo lumeletsoe ho ba teng. Leha ho le joalo, haeba motho a tsoela pele ho hōlisa maikutlo a tlhonamo, ho na le kotsi. A ka “hlonamela Jehova.”—Liproverbia 19:3.
Joale, ke joang u ka qobang ho inehela maikutlong a khalefo le tlhonamo? Pele, u tlameha ho utloisisa hore na bokhopo bo tsoa hokae.
Lintho Tse Mpe ha li Tsoe ho Molimo
Bibele e hlakisa hore ha ho mohla Molimo a kileng a rera hore re be mahlomoleng ka tsela ena. O ile a beha banyalani ba pele lehaeng la paradeise le neng le lokolohile bohlokong le mahlomoleng. (Genese 1:28) Ha ho pelaelo hore u tseba hantle kamoo lintho li ileng tsa senyeha kateng: Sebōpuoa se sa bonahaleng sa moea, se ileng sa tsebahala e le Diabolose le Satane, se ile sa susumelletsa Adama le Eva ho se mamele Molimo. (Genese, khaolo ea 3; Tšenolo 12:9) Ka ho etsa sena, Adama o ile a ahlolela bana bohle ba hae sebe le liphello tsa sona tse senyang.—Baroma 5:12.
Ka ho hlakileng, hase Molimo ea tlisitseng bokhopo holim’a moloko oa batho, empa ke motho ka boeena. (Deuteronoma 32:5; Moeklesia 7:29) Ka sebele, lintho tsohle tse mpe tse utloisang batho bohloko kajeno—maloetse, lefu, lintoa, ho hloka toka—li tlisitsoe ke ketso ea ka boomo ea Adama ea ho se mamele. Ho feta moo, kaofela re tlas’a seo Bibele e se bitsang “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11, NW) Ba khopo hammoho le ba lokileng ba thulana le likotsi le litlokotsi tse sa lebelloang.
Ho Lumella ha Molimo Bokhopo
Le hoja ho tšelisa ho tseba hore Molimo hase mohloli oa bokhopo, u ntse u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha a lumella bokhopo ho tsoela pele?’ Sena le sona, se tloha morao litsekong tse ileng tsa phahamisoa Edene. Molimo o ile a bolella Adama hore haeba a sa mamele, o ne a tla shoa. (Genese 2:17) Leha ho le joalo, Diabolose o ile a bolella Eva hore haeba a ja sefate se thibetsoeng, a ke ke a shoa! (Genese 3:1-5) Ha e le hantle, Satane o ile a bitsa Molimo raleshano. Ho feta moo, Satane o ile a fana ka maikutlo a hore motho o ne a tla phela hamolemo haeba a iketsetsa liqeto ka boeena ’me Molimo a sa mo bolelle seo a lokelang ho se etsa!
Molimo o ne a ke ke a iphapanyetsa liqoso tsena. Na u kile ua bona ha seithuti-’moho se phephetsa matla a ho laela a tichere? Haeba tichere e se lumella ho tsoela pele ka seo, liithuti tse ling le tsona li qala ho se etsisa. Ka tsela e tšoanang, mohlomong ho ne ho tla qhoma merusu ea khohola-koqo bokahohleng haeba Jehova a ne a sa ka a tobana le phephetso ea Satane ka ho toba. Jehova o ile a etsa sena ka ho lumella motho ho latela tsela ea Satane ea ho etsa lintho. Na motho o ile a thabela tokoloho e tšoanang le ea Molimo eo Satane a neng a e tšepisitse? Che. Puso ea Satane e tlisitse tšenyo le masisa-pelo, e mo pakile e le raleshano ea khopo!
Na Molimo o tla lumella bokhopo ho tsoela pele ka ho sa feleng? Che. Ho rarolla liqoso tseo Satane a li phahamisitseng, Molimo o tla phakisa a felise bokhopo bohle. (Pesaleme ea 37:10) Empa ke joang re ka sebetsanang ka katleho le boemo boo khabareng?
Tseko e U Amang
Pele ho tsohle, hlokomela hore tseko ena e pakeng tsa Molimo le Satane ea u ama! Joang? Hlahloba buka ea Bibele e reheletsoeng ka monna ea lokileng Jobo. Ha Molimo a ne a supa Jobo e le mohlala oa morapeli ea tšepahalang, Satane o ile a arabela: “Na Jobo o ne a tla u rapela haeba a sa fumane letho ka hona?” (Jobo 1:9, Today’s English Version) Ka sebele, Satane o ile a pheha khang ea hore haeba a ka lumelloa ho sebelisa khatello, o ne a ka furallisa motho leha e le ofe ho sebeletsa Molimo!—Jobo 2:4, 5.
Ka hona Satane o ile a etselletsa batho bohle ba tšabang Molimo. O u etsellelitse. Leha ho le joalo, Liproverbia 27:11 e re: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” E, ha u sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe mathata a utloisang bohloko, ka sebele u thusa ho pakahatsa Satane e le raleshano!
Bonneteng, ha re tobane le lintho tse mpe, ha ho bonolo ho nahana ka litseko tse amehang. Diane, ea neng a le lilemo li leshome feela ha ’mè oa hae a hlokahala, o re: “Ke ne ke tšaba hore ke tla ba pelo-thata kapa ke hloname ka lebaka la liteko tse ntlhahetseng bophelong.” Leha ho le joalo, ho tseba lebaka leo Molimo a lumeletseng bokhopo ka lona ho ile ha mo thusa hore a be le pono e nepahetseng ka mathata a hae. Hona joale o re: “Le hoja ho e-na le lintho tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona bophelong ba ka, kamehla letsoho la Jehova le bile le ’na.”
Diane o re hopotsa ntlha ea bohlokoa haholo: Jehova ha aa lebella hore re itšokolele bakeng sa ho sebetsana ka katleho le likhatello tsena. Pesaleme ea 55:22 ea re tiisetsa: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” Kotoyo e mocha o ile a fumana sena e le ’nete. O ile a tobana le tlokotsi ea ho shoeloa ke batsoali tšisinyehong ea lefatše e ileng ea hlasela Kobe, Japane, ka 1995. Ha a bua ka eena le ka banab’abo ba banyenyane, o re: “Kaha ’Mè o ne a re rutile ho itšetleha ka Jehova, re khona ho tiisetsa.”
Ho thoe’ng ka Lidija, moroetsana ea boletsoeng sethathong? Ka mor’a nakoana, o ile a hlokomela hore ho hang Jehova ha aa mo lahla. Hona joale o re: “Kamehla Jehova o bile le rōna. O ile a re tsamaisa ’me a re tataisa mehatong ea rōna.”
Jehova—Molimo ea Lerato ea Tsotellang
Le uena ka ho tšoanang u ka latsoa thuso e tsoang ho Jehova ha lintho tse mpe li u hlahela. Hobane’ng? Hobane Jehova oa u tsotella! ’Me le hoja a lumella lintho tse mpe ho etsahalla batho ba molemo, o boetse o fana ka matšeliso a lerato. (2 Bakorinthe 1:3, 4) Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka phutheho ea Bokreste. Moo u ka fumana ‘metsoalle e khomarelang motho ho fetisa ngoan’abo,’ e ka u matlafatsang ha tlokotsi e hlasela. (Liproverbia 18:24) Kotoyo oa hopola: “Ho tloha letsatsing la pele feela ka mor’a tšisinyeho, re ile ra ea sebakeng seo barab’abo rōna ba kopanelang ho sona, ’me re ile ra fumana khothatso le lintho tse hlokahalang. Seo se ile sa etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile. Hafeela re ntse re e-na le Jehova le barab’abo rōna, ke na le boikutlo ba hore re ka tiisetsa ntho leha e le efe.”
Kaha Jehova oa u tseba uena ka bouena, a ka boela a hlokomela litlhoko tsa hao ha lintho tse mpe li etsahala. Daniel o hopola kamoo a ileng a sebetsana ka katleho le lefu la ntate oa hae, o re: “Jehova e ba ntate ho uena, ’me mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o fana ka banna ba moea e le mehlala e ka etsisoang. Kamehla Jehova o fana ka likarabo tsa lipotso tseo ke nang le tsona tseo ka tlhaho ke neng ke tla buisana le Ntate ka tsona.” Diane ka ho tšoanang o ile a latsoa tlhokomelo e lerato ea Jehova ka mor’a lefu la ’mè oa hae. O re: “Ka batho ba baholo, ba hōlileng moeeng ba faneng ka khothatso, tataiso le keletso, o ntataisitse ’me o nthusitse ho sebetsana ka katleho le ho nyahama leha e le hofe.”
Ka sebele, ho angoa ke lintho tse mpe ha ho mohla ho kileng ha e-ba monate. Empa tšeliseha ka ho tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse joalo. Lula u ikhopotsa hore haufinyane Molimo o tla rarolla bothata. Ka sebele, mesaletsa eohle ea lintho tse mpe tseo re anngoeng ke tsona e tla be e qeteletse e felisitsoe! (Esaia 65:17; 1 Johanne 3:8) Ka ho nka monyetla ka litokisetso tsohle tseo Molimo a li entseng ho re thusa ho sebetsana ka katleho le maemo, u ka phetha karolo ea hao ho pakeng hore Satane ke raleshano. Haufinyane, ‘Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a hao.’—Tšenolo 21:3, 4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Haufinyane Jehova o tla felisa lintho tsohle tse mpe