Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
BIBELE e re: “Jehova [Molimo] o lokile litseleng tsohle tsa hae.” (Pesaleme ea 145:17; Tšenolo 15:3) Moprofeta Moshe o ile a re ka eena: “Mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Jakobo 5:11 e re: “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” Molimo a ke ke a baka bokhopo ebile ha a bo bake.
Morutuoa Jakobo o ile a ngola mantsoe ana: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Jehova Molimo ha a leke batho ka bokhopo ebile ha a ba susumetse hore ba etse liketso tse khopo. Joale, ke mang eo e leng mohloli oa bokhopo le mahlomola ao bo a bakang?
Ke Molato oa Mang?
Mongoli oa Bibele Jakobo o jarisa batho molato o itseng bakeng sa bokhopo. O re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” (Jakobo 1:14, 15) Batho ba ka etsa lintho ba susumetsoa ke litakatso tsa bona tse sa lokang. Hape, ak’u nahane ka sebe seo batho ba se futsitseng. Tšusumetso ea sebe e ka totisa litakatso tse fosahetseng ’me ea tlisa liphello tse bosula. (Baroma 7:21-23) Ka sebele, sebe se futsitsoeng “se ile sa busa [moloko oa batho] e le morena,” sa etsa batho makhoba a bokhopo bo ba bakelang mahlomola a maholo. (Baroma 5:21) Ho feta moo, batho ba khopo ba ka khothalletsa ba bang mekhoa e mebe.—Liproverbia 1:10-16.
Leha ho le joalo, mohlohlelletsi e moholo oa bokhopo ke Satane Diabolose. Ke eena ea entseng hore bokhopo bo be teng lefatšeng. Jesu Kreste o ile a re Satane ke “ea khopo” le “’musi oa lefatše,” kapa moloko oa batho o sa lokang. Boholo ba moloko oa batho bo mamela Satane ka ho mo lumella ho bo susumetsa hore bo se ke ba latela litsela tse lokileng tsa Jehova Molimo. (Matheu 6:13; Johanne 14:30; 1 Johanne 2:15-17) Johanne oa Pele 5:19 e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Ha e le hantle, ke Satane le mangeloi a hae ba “khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” ’me ba baka ‘bomalimabe’ feela. (Tšenolo 12:9, 12) Kahoo, Satane Diabolose ke eena ea ka sehloohong ea molato bakeng sa bokhopo.
Ha Moeklesia 9:11 e senola lebaka le leng le etsang hore ebe ho na le mahlomola le lintho tse utloisang bohloko, e re: “Bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Jesu Kreste o ile a bua ka koluoa e ’ngoe e ileng ea hlahela batho ba 18 ba ileng ba shoa ha tora e ba oela holimo. (Luka 13:4) Ba ile ba oeloa ke tlokotsi eo hobane ba ne ba le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. Ho etsahala lintho tse tšoanang le kajeno. Ka mohlala, motho ea itsamaelang a ka ’na a otloa ke setene se oang mohahong o molelele. Na re lokela ho beha Molimo molato? Che. E bile ketsahalo e sa reroang le e sa lebelloang. Hoa tšoana le ha lelapa le hlaseloa ke boloetse bo itseng kapa ha hlooho ea lelapa e shoa ka tšohanyetso ’me e siea likhutsana le mohlolohali.
Ho hlakile hore Molimo ha a bake bokhopo; ebile ha a bake mahlomola. Ho e-na le hoo, morero oa Jehova ke ho felisa bokhopo le ba bo bakang. (Liproverbia 2:22) Ha e le hantle, a ke ke a fella moo. Mangolo a re bolella hore morero oa Molimo ke ho sebelisa Kreste “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Tsamaiso ea kajeno ea lintho—e tletseng meharo, lehloeo le bokhopo—e tla felisoa. Hape Molimo o tla “hlakola meokho eohle mahlong” a batho bohle, ka tsela eo a felise mahlomola. (Tšenolo 21:4) Empa u ka ’na ua ipotsa lipotso tsena: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a e-s’o ka a etsa joalo? Ke hobane’ng ha a lumeletse bokhopo le mahlomola hore a tsoele pele ho fihlela kajeno?’ Tlaleho ea Adama le Eva e ka Bibeleng e araba lipotso tsena.
Ho Hlahisoa Khang ea Bohlokoa
Lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng bokhopo hore bo tsoele pele ho tla fihlela mehleng ea rōna le amana le se etsahetseng qalong ea histori ea batho. Se ileng sa etsahala ka nako eo se ile sa hlahisa tseko ea bohlokoa e amang ’Mōpi ka ho toba—e leng khang e neng e ke ke ea rarolloa kapele kapa habonolo. A re ke re hlahlobisiseng se ileng sa etsahala.
Jehova Molimo o ile a bōpa monna le mosali oa pele ba phethahetse eaba o ba beha Paradeiseng. Ba ne ba filoe mpho e neng e etsa hore ba fapane le liphoofolo—e leng mpho ea bolokolohi ba ho ikhethela. (Genese 1:28; 2:15, 19) Kaha Adama le Eva ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, ba ne ba ka sebelisa likelello tsa bona e le hore ba khethe ho rata ’Mōpi oa bona, ho mo sebeletsa le ho mo mamela. Kapa ba ne ba ka khetha ho itokolla ho Molimo ’me ba ikemisetsa ho se mo mamele.
E le ho fa Adama le Eva monyetla oa ho bontša hore baa mo rata, Molimo oa ’nete o ile a ba behela thibelo e le ’ngoe feela. O ile a laela Adama a re: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Adama le Eva ba ne ba sa lokela ho ja tholoana ea sefate seo e le hore ba ’ne ba fumane mohau oa Molimo, e leng se neng se tla ba ruisa molemo hammoho le bana bao ba neng ba tla ba le bona. Na ba ne ba tla mamela?
Bibele e re bolella se ileng sa etsahala. Satane Diabolose o ile a bua le Eva a sebelisa noha joaloka ’muelli oa hae, eaba o re: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eare ha Eva a pheta taelo ea Molimo, Satane a re ho eena: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Ka lebaka leo Eva a bona sefate sena se lakatseha hoo a ileng a “qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja.” Tlaleho ena e tsoela pele ka ho re: “Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.” (Genese 3:1-6) Ka tsela eo, Adama le Eva ba ile ba sebelisa hampe bolokolohi ba bona ba ho ikhethela eaba ba etsa sebe ka ho se mamele Molimo.
Na ua utloisisa hore na ketsahalo ee e tebile hakae? Diabolose o ile a hanyetsa seo Molimo a neng a se boleletse Adama. Mantsoe a Satane a ne a fana ka maikutlo a hore Adama le Eva ba ne ba sa hloke hore Jehova a ba etsetse qeto ea se setle le se sebe. Kahoo, phephetso ea Satane e ile ea hlahisa pelaelo ea hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa batho le hore na puso ea hae e nepahetse. Kahoo, khang ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Satane a ileng a e hlahisa e ne e le hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa batho kapa che. Molimo oa ’nete o ile a araba phephetso ee joang?
Ho ne ho Hlokahala Nako e Lekaneng
Jehova o ne a e-na le matla a ho timetsa marabele ao a mararo—e leng Satane, Adama, le Eva. Ha ho tika-tiko hore Molimo o ne a le matla ho ba feta. Empa Satane ha aa ka a belaella matla a Molimo. Ho e-na le hoo, o ile a belaella tokelo ea Jehova ea ho busa batho. Taba ena e ne e ama libōpuoa tsohle tse nang le bolokolohi ba ho ikhethela. Li ne li lokela ho utloisisa hore mpho ea bolokolohi ba ho ikhethela e tlameha ho sebelisoa ka tšoanelo—ho sa tlōloe melao ea Molimo ea tlhaho, ea boitšoaro le ea moea. Ho seng joalo, li ne li tla lemala feela joalokaha motho a ne a ka lemala ha a ne a ka tsubella marulelong a mohaho o molelele a sa natse molao oa khoheli. (Bagalata 6:7, 8) Libōpuoa tsohle tse bohlale li ne li ka rua molemo ka ho inoesa ka nkho hore ho khetha ho itokolla ho Molimo ho hlahisa litholoana tse babang. Sena se ne se hloka nako e lekaneng.
Ho ka sebelisoa papiso ena ho bontša hore ho rarolla litaba tse ling ho hloka nako e lekaneng: Ha re re ntate oa lelapa o phephetsa ntate oa lelapa le leng hore ba hlōlisane ka hore na ke ofe ho bona ea matla ho feta e mong. Taba ena e ne e ka rarolloa ka potlako. Ho ne ho ka bonoa hore na ke ofe ea matla har’a bona ka hore ba phahamise majoe. Ntate ea phahamisitseng lejoe le boima ka ho fetisisa e ne e tla be e le eena ea matla ho feta e mong. Empa ha re re phephetso ke ea hore na ke ntate ofe eo ka sebele a ratang bara le barali ba hae le eo bana ba hae le bona ba mo ratang. Kapa ha re re phephetso ke ea hore na ke ntate ofe ea hlokomelang lelapa la hae ka tsela e molemohali. Ho rarolla taba ena ka ho khantša matla kapa ka lipuo feela ho ne ho tla be ho sa lekana. Ho ne ho tla hlokahala nako e lekaneng, ho hlokahale hore ho hlahlojoe litaba ka hloko le hore ho fihleloe qeto e nepahetseng e le hore taba ena e rarolloe.
Ke Eng se Pakiloeng ke ho Feta ha Nako?
Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 6 000 ho tloha ha Satane a belaella tokelo ea Molimo ea ho busa. Histori e senotse eng? Nahana ka mahlakore a mabeli a qoso ea Satane khahlanong le Molimo. Ka sebete Satane o ile a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa.” (Genese 3:4) Ka ho re Adama le Eva ba ke ke ba shoa ha ba ne ba ka ja tholoana e hanetsoeng, bonneteng Satane o ne a re Jehova o leshano. Ruri eo e ne e le qoso e tebileng. Haeba Molimo o ne a sa ka a bua ’nete tabeng ee, na ho na le ntho leha e le efe eo a neng a ka tšeptjoa ho eona? Leha ho le joalo, ke eng se bontšitsoeng ke ho feta ha nako?
Adama le Eva ba ile ba kula, ba utloa bohloko, ba tsofala ’me qetellong ba shoa. Bibele e re: “Matsatsi ’ohle a Adama ao a a phetseng e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mararo eaba oa shoa.” (Genese 3:19; 5:5) ’Me Adama o ile a fetisetsa lefa lena le utloisang bohloko molokong oohle oa batho. (Baroma 5:12) Ho feta ha nako ho pakile hore Satane “o leshano ’me ke ntate oa leshano” ’me ho bontšitse hore Jehova ke “Molimo oa ’nete.”—Johanne 8:44; Pesaleme ea 31:5.
Satane o ile a boela a bolella Eva ho re: “Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa [sefate se thibetsoeng] mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me [uena Eva le Adama] le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:5) Ka bolotsana, Satane o ile a tšepisa batho boipuso ba lefeela. Satane o ile a ba qhekella ka ho ba fa maikutlo a hore ba ka atleha ha ba itokolotse ho Molimo. Na ke sona se etsahetseng?
Ho pholletsa le histori, ho ’nile ha e-ba le mebuso ea mefuta-futa ’me ea feta. Ho lekiloe puso ea mefuta eohle eo motho a ka nahanang ka eona. Leha ho le joalo, khafetsa moloko oa batho o ’nile oa hlaheloa ke lintho tse tšabehang. Ka bohlale mongoli e mong oa Bibele o ile a phetha tjena lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Moprofeta Jeremia o ngotse tjena: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Esita le se fihletsoeng ke saense le theknoloji lilemong tsa morao tjena ha sea hanyetsa bonnete ba mantsoe ana. Ho feta ha nako ho pakile hore mantsoe ana ke ’nete.
U Tla Etsa Eng?
Nako eo Molimo a e lumeletseng hore e fete e pakile hore Satane o fositse tabeng ea hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa kapa che. Jehova Molimo ke eena ’Musi ea matla ’ohle oa bokahohle. O na le tokelo ea ho busa pōpo ea hae, ’me tsela ea hae ea ho busa ke eona e molemohali. Libōpuoa tsa leholimo tse ’nileng tsa e-ba tlas’a puso ea Molimo ka lilemo-lemo, li lumellana le taba eo ka ho re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—Tšenolo 4:11.
U ikutloa joang ka khang ea bobusi ba Molimo? Na ua lumela hore Molimo oa tšoaneleha hore a u buse? Haeba ho joalo, u tlameha ho amohela bobusi ba Jehova. U ka etsa sena ka hore likarolong tsohle tsa bophelo ba hao, u sebelise linnete le likeletso tse babatsehang tse fumanoang ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. “Molimo ke lerato,” ’me o etsa melao le litaelo tsa hae hobane a rata libōpuoa tsa hae. (1 Johanne 4:8) Jehova ha a re hanele ka letho le re ruisang molemo. Kahoo, u ka ela hloko keletso ena ea Bibele e reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U ka khetha bobusi ba Molimo ka ho ithuta Bibele le ka ho sebelisa seo e se buang bophelong ba hao
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4
© Jeroen Oerlemans/Panos Pictures