Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 11/8 maq. 4-8
  • Bolumeli ba Bohata bo Kaletse ho Leba Timetsong ea Bona!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli ba Bohata bo Kaletse ho Leba Timetsong ea Bona!
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholla Seotsoa
  • Ke Hobane’ng ha Kahlolo e se e le Haufi?
  • Ho Timetsa Babylona e Moholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Babylona e Moholo—Ho Ahloleloa ha Hae Lefu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho Timetsoa ha Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 11/8 maq. 4-8

Bolumeli ba Bohata bo Kaletse ho Leba Timetsong ea Bona!

ELE hore re fumane hore na malumeli a lefatše lena a haufi le bofelo ba ’ona, a re ke re hlahlobisiseng boprofeta bo bong ba Bibele bo hapang tlhokomelo ka ho fetisisa. Bo mabapi le mosali e mong oa tšoantšetso eo e leng sephiri ea hlalositsoeng bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo.

Na ka mahlo a kelello u ka bona mosali ea busitseng e le mofumahali holim’a lichaba, ea susumelitseng bophelo ba batho ba limilione tse likete ho theosa le pale eohle—mosali ea ruileng ea apereng ka bokhabane bopherese le bosekareleta, ea khabileng haholo ka khauta, majoe a bohlokoa le liperela? Phatleng ea hae ho ngotsoe lebitso le lelelele, sephiri: “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” Ka ho hlakileng o khetholleha ka ho se laolehe le ka boitšoaro ba hae bo hlephileng, o entse “bohlola” le babusi ba lefatše. Libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong. O kaletse sebata se tšosang, se lihlooho li supileng, se linaka li leshome, se ’mala oa sekareleta.—Tšenolo 17:1-6; 18:5.

Haeba ka mahlo a kelello u bona mosali enoa, u na le setšoantšo sa sebapali se ka sehloohong tšoantšisong ena ea boprofeta eo moapostola oa Jesu, Johanne, a ileng a e bona ponong eo a e filoeng ke lengeloi. O e hlalosa ka ho hlaka ho Tšenolo khaolo ea 17 le ea 18. Bala likhaolo tsena Bibeleng ea hao. U tla khona ho latela tatellano ea liketsahalo ho tloha ha ho pepesoa mosali enoa oa sephiri ho fihlela ha a felisoa ka ho timetsoa.

Ho Khetholla Seotsoa

Leseli la ho utloisisa matšoao a mo khethollang le fumanoa linthong tse peli tseo mofumahali seotsoa a lutseng holim’a tsona ka tšoantšetso. Ho Tšenolo 17:18, o hlalosoa e le “motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše.” Sena se mo lumella ho lula holim’a “metsi a mangata,” a bolelang “lihlopha tsa batho le matšoele le lichaba le maleme,” joalokaha ho bontšitsoe ho Tšenolo 17:1, 15. Ho ea ka temana ea 3 hona khaolong eo, o boetse o bonoa a lutse holim’a sebata se nang le lihlooho tse supileng—libata hangata li sebelisoa ka Bibeleng ho tšoantšetsa mebuso kapa mekhatlo ea lefatše ea lipolotiki.

Sena se bontša hore seotsoa, Babylona e Moholo, ke moemeli oa ’muso o phahameng, oona o laolang mebuso e meng le bafo ba eona. Ona e ka ba feela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.

Tšusumetso ea baeta-pele ba bolumeli litabeng tsa tsamaiso ea naha le lipolotiki ke taba e tsebahalang haholo paleng. The World Book Encyclopedia ea bolela: “Ka mor’a ho oa ha ’Muso oa Roma e ka Bophirimela [lekholong la bo5 la lilemo], mopapa o ile a ba le matla a eketsehileng a ho laela ho feta motho leha e le ofe e mong Europe. . . . Mopapa o ile a sebelisa matla a ho laela a lipolotiki hammoho le a moea. Ka selemo sa 800, Mopapa Leo III o ile a beha ’musi oa Mofranke, Charlemagne [Charles e Moholo], hore e be moemphera oa Roma. . . . Leo III o ile a tiisa tokelo ea mopapa ea ho etsa hore matla a ho laela a moemphera a be molaong.”

Matla a ho laela ao Kereke e K’hatholike le “likhosana” tsa eona li ileng tsa a sebelisa holim’a babusi a boetse a bonahalitsoe ke mok’hadinale Thomas Wolsey (1475?-1530). O hlalosoa e le “motho ea nang le tšusumetso e matla ka ho fetisisa Engelane lilemong tse ngata.” Tlas’a puso ea Morena Henry VIII, “ka mor’a nakoana e ne e se e le motho oa bohlokoa taolong ea litaba tsohle tsa naha. . . . O ne a phela khanyeng ea borena ’me a khotsofetse haholo pusong ea hae.” Tlaleho ea encyclopedia e tsoela pele: “Mok’hadinale Wolsey o ile a sebelisa bokhoni ba hae bo boholo e le setsebi litabeng tsa lipolotiki tsa naha ebile e le molaoli haholo-holo tsamaisong ea litaba tsa Engelane tsa ka ntle molemong oa Henry VIII.”

Mohlala o mong o totobetseng oa matla a K’hatholike a ho laela litabeng tsa naha tseo e seng tsa bolumeli ke Mok’hadinale Richelieu oa Fora (1585-1642), eo “ka lilemo tse fetang 18 . . . e hlileng ea e-ba ’musi oa Fora.” Mohloli o qotsitsoeng pejana oa bolela: “E ne e le motho ea makōkō haholo ’me ka mor’a nakoana o ile a hloka mamello ka ho batla mosebetsi o phahameng.” O ile a etsoa mok’hadinale ka 1622 “’me ka mor’a nakoana o ile a itlhoma pele ho susumetseng ’musong oa Fora.” Kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le motho oa ketso, hobane “o ile a etella pele lebotho la boreneng ka seqo nakong eo motse oa La Rochelle o neng o thibeletsoe.” Sehlooho sena sea eketsa: “Richelieu o ne a thahasella haholo litaba tsa ka ntle ho naha.”

Ho itšunya-tšunya ho tsoelang pele ha Vatican mebusong ea lipolotiki ho bonoa ka ho hlaka liphatlalatsong tsa kamehla tsa koranta ea Vatican, L’Osservatore Romano, tsa baemeli ba linaha tse ling ba nehelanang ka mangolo a bona a bopaki ho morena mopapa. Ka ho hlakileng Vatican e na le tsamaiso e rarahaneng ea Mak’hatholike a tšepahalang a lulang a lōma mopapa tsebe ka liketsahalo tsa lipolotiki le ka lilekane tse etsoang ke linaha lefatšeng ho pota.

Mehlala e meng e mengata e ka fanoa ho bontša tšusumetso e matla ea baeta-pele ba bolumeli—ka hare ho Bokreste-’mōtoana esita le ka ntle ho bona—litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. ’Nete ea hore seotsoa sa tšoantšetso se lutse holim’a ‘metsi ’ohle a mangata’ (a emelang “lihlopha tsa batho le matšoele le lichaba”) le holim’a sebata (se emelang mebuso eohle ea lefatše ea lipolotiki) e boetse e bontša hore tšusumetso ea sona holim’a lihlopha tsa batho, lichaba le mebuso ke ea mofuta o ikhethang, o phahameng ho feta ea puso feela tjee ea lipolotiki. A re ke re boneng hore na ke ea mofuta ofe.

Karolo ea lebitso le lelelele le phatleng ea sona e ne e le “Babylona e Moholo.” Le amana le Babylona ea boholo-holo, e ileng ea thehoa lilemong tse 4000 tse fetileng ke Nimrode, ea neng a le “khahlanong le Jehova,” Molimo oa ’nete. (Genese 10:8-10, NW) Ho jara ha sona lebitso lena ho bontša hore ke setšoantšo se hōlisitsoeng sa Babylona ea boholo-holo, se nang le litšobotsi tse tšoanang. Ke litšobotsi life? Babylona ea boholo-holo e ne e tletse hohle ka bolumeli ba sephiri, lineano tse litšila, borapeli ba litšoantšo, boselamose, bonohe ba linaleli le tumela-khoela—tseo kaofela Lentsoe la Jehova le li nyatsang.

The New International Dictionary of New Testament Theology e bolela hore lekholong la bo18 la lilemo B.C.E., Marduke o ile a etsoa “molimo oa motse oa Babylona, ’me kahoo ea e-ba mookameli oa tempele ea Akkade ea Sumere e nehetsoeng ho melingoana e ka bang 1300. E ile ea kopanya lineano tsohle tsa bolumeli hammoho tsamaisong e le ’ngoe. . . . Ho Gen. 11:1-9 mohaho oa tempele e khōlōhali ea Babylona o hlalosoa e le pontšo ea boikhohomoso ba batho ea ho lakatsa ho hapa leholimo.”

Kahoo, Babylona ea boholo-holo e ne e le setsi se seholo sa bolumeli ba bohata, seo ka mor’a nako se ileng sa silafatsa lefatše lohle. Mekhoa ea bolumeli ba Babylona, lithuto, lineano le matšoao li tletse likarolong tsohle tsa lefatše ’me li bonahala motsoebereng oa malumeli a lefatše a likete-kete. Mebuso ea lipolotiki e ’nile ea ema eaba ea oa, empa bolumeli ba Babylona bo phonyohile tseo tsohle.

Ke Hobane’ng ha Kahlolo e se e le Haufi?

Joalokaha ho ’nile ha hlalosoa ka makhetlo-khetlo litokollong tsa nako e fetileng tsa makasine ena, boprofeta ba Bibele le liketsahalo tse tšosang tsa lefatše ho tloha ka 1914 li bontša ka ho hlaka hore hona joale re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ (Matheu 24:3) Sena se bolela hore bofelo ba tsamaiso ena ea bobatana ea lefatše bo atamela ka potlako, ho tšoana le bofelo ba “sebata se ’mala o sekareleta” se nang le linaka tse leshome, se kaletsoeng ke seotsoa hona joale. (Tšenolo 17:3) Ka ho hlakileng sebata sena se emela selekane sa lipolotiki se kopantseng hoo e batlang e le lichaba tsohle tse lefatšeng—Machaba a Kopaneng. Bofelo bo boletsoeng esale pele bo bolela ho felisoa ha puso ea lipolotiki e se nang tšabo ea bomolimo, e bakang likarohano har’a moloko oa batho. Empa ho thoe’ng ka mofumahali seotsoa ea kaletseng sebata?

Lengeloi la Molimo lea hlalosa: “Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, tsena li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, ’me li tla ja kaofela likarolo tse linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo. Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae, hona ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona, ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.”—Tšenolo 17:16, 17.

Kahoo boprofeta bo bontša hore nakoana pele sebata sa lipolotiki se ea timetsong, se tla qala ho hloea mokalli oa sona ’me se mo fetohele. Hobane’ng? Ka ho hlakileng babusi le mebuso ba tla ba le boikutlo ba hore matla le puso tsa bona li sokeloa ke ho sebetsa ha bolumeli bo hlophisitsoeng ka hare ho meeli ea bona. Ka tšohanyetso, ba khannoa ke matla a qobellang, ba tla phethahatsa “monahano” oa Molimo, qeto eo a e entseng, ka ho phethahatsa kahlolo ea hae holim’a ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o febang, o khenathetseng mali.a—Bapisa le Jeremia 7:8-11, 34.

Bofelo ba malumeli ana a lefatše a bohata bo tla tla ka nako eo ho bonahalang eka a sebetsa ka matla ’me a na le tšusumetso. E, boprofeta bo bontša hore nakoana feela pele seotsoa se timetsoa, se tla be se ntse se re ka pelong ea sona: “Ke lutse ke le mofumahali, ’me ha ke mohlolohali, ’me le ka mohla ha ke na ho bona ho siama.” (Tšenolo 18:7) Leha ho le joalo, timetso ea sona e tla tla joaloka e tsometsang ho bafo ba sona ba limilione tse likete. E tla ba e ’ngoe ea liketsahalo tse sa lebelloang le tse bakang tlokotsi ka ho fetisisa paleng ea batho.

Haesale ho tloha ha Babylona ea boholo-holo e hlahella, malumeli a bohata a sebelisitse tšusumetso e makatsang molokong oa batho ka baeta-pele le batšehetsi ba ’ona; lithuto, lineano le mekhoa tsa ’ona; mehaho ea ’ona e mengata e majaba-jaba ea borapeli; le matlotlo a ’ona a hlollang. Ka sebele a ke ke a nyamela a sa hlokomelehe. Ka lebaka leo, lengeloi le fuoeng boikarabelo ba ho fetisa molaetsa oa kahlolo holim’a seotsoa ha le itōme leleme ha le phatlalatsa: ‘Likotlo tsa hae li tla tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.’ Kahoo bofelo ba Babylona e Moholo bo tla tla joaloka lehalima le tlang ka tšohanyetso ’me e tla feta ka potlako, joalokaha eka ke “ka letsatsi le le leng.”—Tšenolo 18:8; Esaia 47:8, 9, 11.

Mantsoe a matla a lengeloi a lebisa potsong, Na ho tla ba le bolumeli leha e le bofe bo tla sala, ’me haeba ho joalo, ke bofe hona hobane’ng? Ke’ng seo boprofeta bo se bontšang? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlhahlobo e qaqileng ea boprofeta bona, bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, khaolong ea 33, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Molato oa Mali oa Bokreste-’mōtoana Afrika

Ho Tšenolo 18:24, Bibele e bolela hore ho Babylona e Moholo ho fumanoe mali a “bohle ba bolailoeng ka mabifi lefatšeng.” Nahana ka lintoa tse ’nileng tsa loanoa ka lebaka la liphapang tsa bolumeli le ka lebaka la ho hlōleha ha baeta-pele ba bolumeli ho li thibela. Mohlala oa sena morao tjena o ile oa totobala lipolaeanong tsa merabe Rwanda, moo batho ba ka bang 500 000 ba ileng ba bolaoa—karolo e le ’ngoe ho tse tharo tsa bona e le bana.

Mongoli oa Lecanada Hugh McCullum o tlaleha a le Rwanda: “Moprista oa Mohutu ea Kigali [Rwanda] o bolela hore ho hlōleha ha kereke ho fana ka ketello-pele boitšoarong ke ho ke keng ha hlalosoa. Boemo ba babishopo ba Marwanda sechabeng e ne e lokela hore ebe e bile ba bohlokoa ka ho fetisisa. Ba ile ba tseba ka tlokotsi e atamelang nako e telele pele lipolaeano li qalisa. Lifalana tsa likereke li ka be li fane ka monyetla oa hore hoo e ka bang baahi bohle ba utloe molaetsa o matla o neng o ka thibela lipolaeano tsa merabe. Ho e-na le hoo baeta-pele ba ile ba lula ba khutsitse.”

Ka mor’a polao e sehlōhō ka ho fetisisa ka 1994, Justin Hakizimana, moholo oa kereke, o ile a bolela sebokeng se senyenyane se neng se tšoaretsoe kerekeng ea Presbitheri e Kigali: “Kereke e ile ea e-ba li-ea-thoteng-li-bapile le lipolotiki tsa Habyarimana [mopresidente oa Rwanda]. Ha rea ka ra nyatsa se neng se etsahala hobane re ne re khohlahetse. Ha ho le e ’ngoe ea likereke tsa rōna, haholo-holo Mak’hatholike, e ileng ea nyatsa lipolao tse sehlōhō.”

Aaron Mugemera, moruti oa kereke, o ile a bolela sebokeng se seng Rwanda ka mor’a lipolaeano tsa merabe: “Kereke e aparetsoe ke lihlong. . . . Re bile le lipolao mona ho tloha ka 1959. Ha ho le ea mong ea kileng a li nyatsa. . . . Ha rea ka ra bua hobane re ne re tšaba, ’me hape hobane re ne re phutholohile.”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Seotsoa” sena se susumetsa lefatše lohle

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Globe: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela