Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Hlophisitsoeng e Atleha?
AL CAPONE, setlokotsebe se tummeng hampe sa Prohibition Era (Mehla ea Molao o Thibelang ho Etsoa le ho Tsamaisoa ha Lino tse Tahang) ea United States (1920-33), o ile a ipolela hore eena e ne e le rakhoebo feela ea latelang molao—molao oa phepelo le tlhoko. ’Muelli e mong oa molao bakeng sa mokhatlo o moholo ka ho fetisisa o seng molaong oa yakuza, Japane, o ile a re: “U ke ke ua latola hore ho na le tlhoko e khōlō ea mesebetsi ea [likamano tsa botona le botšehali, lithethefatsi le papali ea chelete].” Tlhoko eo e tšehetsa tlōlo ea molao e hlophisitsoeng. Le hoja ho se motho ea batlang ho ba phofu ea tlōlo ea molao, ba bang ba ka ’na ba retelehela mekhatlong ea tlōlo ea molao ’me ba iketsa ba e sebeletsang.
Ka mohlala, nka tšireletso ea bomenemene eo litlokotsebe li fanang ka eona linaheng tse ngata eo li e sebelisang e le mohloli oa tsona oa chelete. Le hoja, ka linako tse ling li korola bo-ramabenkele ba tšepahalang, hangata li hlasela bo-rakhoebo ba sa qaqang. Rak’hasino e mong ea tsamaisang khoebo ea hae tlas’a lekoko la k’hefi e nang le mechine ea lipapali tsa video, Shinjuku, Tokyo, o ile a re: “Tlelereke e ile ea hlajoa ka thipa, ’me ea amohuoa limilione tse peli [tsa li-yen (R93 500)]. Empa re ne re ke ke ra bitsa mapolesa.” Hobane’ng? “Kaha re ameha mosebetsing o seng molaong (papali ea chelete), ha re batle letho le amanang le mapolesa. Ha moreki a ba mabifi khoebong ea rōna, re bitsa yakuza.” Rak’hasino enoa o lefa yakuza R19 000 ka khoeli, tefo e fokolang ha e bapisoa le phaello ea R1401 000 eo a e bokellang mosebetsing oa hae o seng molaong nakong eo. Chelete eo e tsoa hokae? Lipokothong tsa ba thabelang papali ea chelete e seng molaong.
Ke ’nete le ka likhoebo tse molaong tse batlang ho qoba mathata. Ba bang ba boholong, New York ba hakanya hore rakonteraka ea pentang ea fumanang liranta tse limilione tse 70 ka selemo o boloka liranta tse limilione tse 17,7 ka ho ntša tjotjo ho litlokotsebe tsena. Sena se ile sa lumella rakonteraka ho sebelisa basebetsi ba lefuoang meputso e tlaase le ho qoba ho qoaketsana le mekhatlo ea basebetsi e laoloang ke mahoohoo ana. Nakong eo ka eona Japane e neng e atleha moruong, bo-ralichelete ba ile ba etsa matsete a mehaho ’me ba heletsa matlo le mabenkele a khale ho hlekela mehaho e majabajaba sebaka. Ha baahi ba ne ba sa falle kapa ba sa rekise litša tsa bona, bo-ramatsete ba ne ba bitsa jiageya, hangata e leng lik’hamphani tse amanang le yakuza, hore e ba leleke.
Ha yakuza e bona kamoo ho neng ho le bonolo kateng ho alima le ho fumana chelete lilemong tsa bo-80, e ile ea theha lik’hamphani ’me ea itahlela ka setotsoana khoebong ea mehaho le kalimano ea lichelete. Libanka le mekhatlo ea lichelete li ile tsa tsetela chelete ea tsona lik’hamphaning tsena, ka ho hlakileng li rerile ho iketsetsa phaello. Empa qetellong ha moruo o putlama, libanka li ile tsa fumana ho le thata hore li boele li fumane chelete ea tsona. Ha a bua ka ho thefuleha ha moruo, Japane, eo e kileng ea e-ba ofisiri ea sepolesa o ile a re, ho Newsweek: “Lebaka leo ka lona qaka ea mekitlane e sa lefuoeng e ke keng ea rarolleha ka potlako ke hobane karolo e khōlō ea eona e amana le tlōlo ea molao e hlophisitsoeng.”
Ka sebele, tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e mela ka metso ’me ea atleha moo batho ba labalabelang ho khotsofatsa litakatso tsa bona tse fosahetseng, ho sa tsotellehe litsela tseo ba li sebelisang. Meharo ea monyaka, likamano tsa botona le botšehali le chelete li fana ka monyetla oa thekiso ea lithethefatsi, botekatse, papali ea chelete le khiriso ea chelete ka phaello e hanyapetsang. Ho kopanela mesebetsing e joalo hangata ho bolela ho fepa le ho nontša botlokotsebe. Ke ’nete hakaakang hore tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e fana ka litlhoko tsa ba ikemiselitseng ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa boikhabi!
Tsamaiso e Bonahalang Eka ke ea Lelapa
Ho phaella tlhokong ea mesebetsi e seng molaong, ho na le tlhoko e ’ngoe kajeno eo tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e atlehang ka lebaka la eona. Moeta-pele e mong ea sa tsoa hlokahala oa mokhatlo o mong o moholo ka ho fetisisa o seng molaong oa yakuza, Japane, o ile a tiisa hore o ne a nka batlōli ba molao le ho ba hlokomela ’me ka tsela eo a thibela hore ba se ke ba senyeha. O ile a ipolela hore ke ntate oa litlokotsebe. Mekhatlo e mengata ea tlōlo ea molao e seng molaong, ho sa tsotellehe bochaba, e haha mekhatlo ea eona kamanong e joalo e bonahalang eka ke ea lelapa.
Ka mohlala, nka Chi Sun,a ea neng a tsoa lelapeng le futsanehileng, Hong Kong. Ntate oa hae o ne a atisa ho mo khakhatha ka mabaka a fokolang. A sa le monyenyane Chi Sun o ile a fetoha lerabele ’me a qetella a kenetse Triads e botumo bo bobe ha a le lilemo li 12. Mokhatlong oo oa tlōlo ea molao, o ile a fumana sebaka seo ho sona a neng a ikutloa hore oa “amoheleha.” Ka lebaka la sebete sa hae ntoeng ea lihlomo, ka mor’a nakoana o ile a nyolleloa maemong a ka holimo moo a ileng a ba le banna ba ’maloa ba sebetsang tlas’a hae. Qetellong, ha a ne a le lilemo li 17 feela, o ile a kenngoa teronkong.
Ba bangata ba kang Chi Sun ba retelehela mekhatlong ea tlōlo ea molao bakeng sa ho fumana tlamahano ea lelapa e neng e le sieo lapeng. Litho tsa eona li bolela hore lia tsotellana, empa hangata bacha ba khathala matla ha ba fumana hore setho ka seng se ithahasella bosona haholo.
Lengeloi la Leseli
Ha mokhatlo o mong o moholo ka ho fetisisa oa tlōlo ea molao, Japane, o ne o tsebahatsoa e le sehlopha se nang le pefo tlas’a molao o mocha o khahlanong le likenke ka 1992, e mong oa baeta-pele ba oona o ile a o sireletsa ka hore sehlopha seo se inka se “hlompheha,” se loana khahlanong le bobe. Ha tšisinyeho ea lefatše e tšabehang e otla Kobe ka 1995, kenke eona eo e ile ea abela baahisani ba eona lijo, metsi le thepa e ’ngoe ea maemong a tšohanyetso. Asahi Evening News e ile ea tlaleha: “Ha ho pelaelo hore ho fana ho joalo ka seatla se bulehileng ho tla matlafatsa setšoantšo sa yakuza hore se tšoarelle nako e telele Japane e le motlōli oa molao ea nkoang a hlompheha.”
Balaoli ba mekhatlo ea tlōlo ea molao e seng molaong hangata ba leka ho boloka seriti se hlomphehang. Ana Carrigan o ile a ngola ho Newsweek hore Pablo Escobar, moeta-pele ea tummeng hampe oa mokhatlo o seng molaong oa lithethefatsi oa Medellín oa Colombia, ho baahi ba mek’huk’hung ba motseng oa habo e ne e le “motho oa tšōmong—karolo ea Mesia, karolo ea Robin Hood, le karolo ea Mohlokomeli ka kutloisiso ea hore e batla e le ’musi oa sebaka ea sebeletsoang, molaoli.” O ile a etsetsa bana libaka tsa thellelisane ’me a hahela mafutsana matlo a hlomphehang, le ho fa bana ba literateng mesebetsi. E ne e le mohale ho ba ileng ba rua molemo ho faneng ha hae.
Le hoja, litlokotsebe tsena ho bonahala li itšireletsa ka mekhatlo ea tsona e seng molaong, li mpa li ntšetsa pele merero ea setlokotsebe se seholo ho tsohle bokahohleng. Bibele e senola hore na ke mang. “Satane ka boeena o ntse a iphetola lengeloi la leseli. Ka hona hase letho le leholo haeba basebeletsi ba hae le bona ba ntse ba iphetola basebeletsi ba ho loka. Empa bofelo ba bona ka sebele bo tla ba ho ea ka mesebetsi ea bona.” (2 Bakorinthe 11:14, 15) Kajeno, batho ba bangata ha ba lumele hore Satane ke motho oa sebele. Seroki se seng sa Lefora sa lekholong la bo19 la lilemo se ile sa re: “Leqheka le bohlale ka ho fetisisa la Diabolose ke hore a u kholise hore ha a eo.” O nanarela sephiring ’me o laola ka mano lintho tse etsahalang, eseng feela mekhatlong ea tlōlo ea molao e seng molaong empa lefatšeng lohle. Bibele ea hlalosa: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Jesu o ile a hlalosa Satane e le “’molai ha a qala, . . . ea leshano le ntate oa leshano.”—1 Johanne 5:19; Johanne 8:44.
Boprofeta ba Bibele bo senola hore Satane Diabolose o bile mafolofolo ka ho khetheha ho tloha ka 1914. Ho tloha selemong seo ho ea pele, o ’nile a bokella makhotla a hae a ntoa ho loantša batho ba Molimo. O hulela moloko oa batho pherekanong e feletseng ea ho fela ha taolo. Ke eena sesosa se seholo sa katleho ea tlōlo ea molao le mekhatlo ea tlōlo ea molao kajeno.—Tšenolo 12:9-12.
Na molaoli ea tsamaisang mekhatlo ea tlōlo ea molao o tla ke a felisoe? Na moloko oa batho o tla ke o thabele khotso le tlhophiso? Na u ka itokolla ’musong oa bokhopo oo Satane a o thehileng lefatšeng kajeno?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe molemong oa tšireletseho ea ba amehang.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Kamoo U Ka Sireletsang Lelapa La Hao
HO HAELLA ha mofuthu le ho momahana ha tikoloho ea lelapa ho ka etsa hore bacha e be liphofu tsa mekhatlo ea tlōlo ea molao habonolo. United States, ho tlalehoa hore boholo ba bacha ba kenellang lipolaong tsa likenke ke ba tsoang malapeng a futsanehileng kapa a arohaneng. Ofisiri ea teronko e ’ngoe, Carolina Leboea, e re: “Ka lebaka la ho sotleha, ba susumetsoa habonolo ke tlamahano e matla e pakeng tsa molaoli le batšehetsi ba hae le boikutlo ba bonngoe joaloka litho tsa mokhatlo, e leng seo ba se latsoang ka lekhetlo la pele bophelong ba bona.”
Ka ho tšoanang, mocha e mong oa yakuza, Bochabela, ea ikemiselitseng ho etsa bophelo ba hae thebe ea molaoli oa hae o re: “Lapeng ke ne ke e-ba mong ka linako tsohle. Le hoja re ne re le lelapa, ha ho mohla nkileng ka nahana hore re ka ba le puisano e lokolohileng. . . . Empa hona joale nka buisana ka bolokolohi le methaka ena.” Bacha ba jeoang ke bolutu ba ananela haholo litho tsa mokhatlo oa botlokotsebe tse ba hulelang tsamaisong e kang ea lelapa.
Moeta-pele e mong oa sehlopha sa banana sa lithuthuthu, Okinawa, o re: “Batho ba yakuza ba tsotellana haholo. Mohlomong leo ke leqheka la bona; empa, taba ke hore, kaha ha ho mohla re kileng ra tšoaroa ka mosa, hoo hoa re susumetsa.” Motsamaisi oa lenaneo la thuso ea banana ba litlokotsebe o tiisa hore litlokotsebe li “hlile li atleha haholo tabeng ea ho hapa lipelo tsa banana.” Ha banana ba jeoang ke bolutu ba li bitsa har’a mpa ea bosiu, litlokotsebe tsena li tla ka potlako ’me li mamela seo ba batlang ho se bua, kantle le ho etsa boiteko ba letho ba ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bona.
Boikutlo bona ba tsona ba ho tsotella bo tšoarella feela ho fihlela li hapile ka ho feletseng bacha bao e leng liphofu tsa tsona. Hang ha bacha ba se ba tšoasehile, baa hanyapetsoa—banana ba isoa botekatseng ’me bashemane ba kenyelletsoa botlokotsebeng ba tlōlo ea molao.
U ka Sireletsa Baratuoa ba Hao Joang?
Bibele ea eletsa: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Sena hase khothalletse batsoali ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Maele a Bibele a re: “Mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Ho e-na le hoo, Bibele e khothalletsa bo-ntate—hammoho le bo-’mè—hore ba be le kahlolo e molemo ha ba sebetsana le bana ba bona, ho ba mamela le ho ba le mocha o bulehileng oa puisano le bona. Kahoo, bana ba tla susumelletseha ho bolella batsoali ba bona makunutu a bona ha ba iphumana ba le maemong a tepeletsang.
Ho phaella puisanong e bulehileng, batsoali ba lokela ho neha bana ba bona litekanyetso bophelong. Ke hokae moo ntate a ka fumanang tataiso e joalo? Bibele e re: “Lōna, bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Iphe nako ea ho hlahloba Bibele le bana ba hao ka ho sebelisa mananeo a thuto ea lelapa ea Bibele. Hape kenya tšabo e molemo ea Jehova lipelong tsa bona e le hore ba tle ba sebelise tataiso ea Jehova ho ba ruisa molemo.—Esaia 48:17.