Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 3/8 maq. 9-10
  • Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao Joang?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsoa Mekhatlong ea Botlokotsebe
  • Itokolle Moeeng oa Lefatše
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Hlophisitsoeng e Atleha?
    Tsoha!—1997
  • Kamoo Tlōlo ea Molao e Hlophisitsoeng—E U Amang Kateng
    Tsoha!—1997
  • Ho Itokolla Tlōlong ea Molao e Hlophisitsoeng “Ke ne ke le Le-yakuza”
    Tsoha!—1997
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 3/8 maq. 9-10

Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao Joang?

LEFATŠENG ka bophara ho loantšoa tlōlo ea molao e hlophisitsoeng. U.S.News & World Report ea phatlalatsa: “Ho bile le tsoelo-pele e babatsehang khahlanong le Mafia ka nako e khutšoanyane haholo, ka lebaka la tlatsetso e khōlō ea molao o le mong, Racketeer Influenced and Corrupt Organizations Act, kapa RICO.” O lumella hore mekhatlo ea tlōlo ea molao e ahloloe motheong oa tšebetso ea ho qhekella, eseng feela liketsong tse entsoeng ka bonngoe. Sena hammoho le boitsebiso bo fumanoeng ka tsamaiso ea thelefono le mahlaba-phio a kenke a batlang ho tšoareloa melato ea ’ona se phethile karolo e itseng katlehong ea ho loantša Mafia, United States.

Italy le teng ba boholong ba loantša likenke ka matla. Libakeng tse kang Sicily, Sardinia le Calabria, moo tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e leng matla teng, mabotho a hlometseng a ’nile a romeloa bakeng sa ho lebela mehaho ea sechaba le libaka tse ling tsa bohlokoa e le ho thibela hore litho tsa mekhatlo ea tlōlo ea molao li hlasele. ’Muso o nka sena se tšoana le ntoa ea lehae. Ka mor’a hore baeta-pele ba tummeng hampe ba mekhatlo ea tlōlo ea molao ba koalloe teronkong le hore eo e kileng ea e-ba tona-khōlō a qosoe ka pelaello ea ho sebelisana le Mafia, Italy e bona liphello tse itseng.

Japane ’muso o ile oa thibela yakuza ka ho kenya Anti-Organized Crime Law tšebetsong ka la 1 March, 1992. Tlas’a molao ona, hang ha mokhatlo oa botlokotsebe o hlokomeleha, o thibeloa ho kopanela liketsong tse 11 tsa likhoka, ho akarelletsa ho batla chelete ea mokunyata, ho fana ka tšireletso ea bomenemene le ho rarolla liqabang ka tefiso. Ka ho sebelisa molao ona, ’muso o habile ho thiba mehloli eohle ea chelete e kenang ea mokhatlo ona. Molao ona o amme mekhatlo e hlophisitsoeng ea tlōlo ea molao habohloko. Lihlopha tse ling li ile tsa qhalana, ’me molaoli e mong oa tlōlo ea molao o ile a ipolaea—ka ho hlakileng e le ka lebaka la tšebetso e matla ea molao.

Ka sebele, mebuso le mekhatlo e tšehelitsoeng ke molao e loana ka matla khahlanong le tlōlo ea molao e hlophisitsoeng. Ho ntse ho le joalo, Mainichi Daily News, ha e tlaleha ka kopano e ileng ea tšoaroa ka 1994 ea baahloli le liofisiri tsa sepolesa ba tsoang lefatšeng ka bophara, e ile ea re: “Tlōlo ea molao e hlophisitsoeng ea matlafala ’me ea atleha hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše, e bokella lidolara tse ka bang bilione [liranta tse libilione tse 4,67] e le chelete e kenang ka selemo.” Ka masoabi, boiteko ba batho ba ho felisa mekhatlo ea tlōlo ea molao ponahalong ea lefatše bo lekanyelitsoe. Lebaka le leng la sena ke hore maemong a mangata toka ha e potlakisoe ’me ha ea tiea. Ho batho ba bangata, hangata melao e bonahala e sekamela ka ho batlōli ba molao, eseng ho ba entsoeng hampe. Bibele e ile ea bolela lilemong tse ka bang 3000 tse fetileng: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.”—Moeklesia 8:11.

Ho Tsoa Mekhatlong ea Botlokotsebe

Ho phaella ho senyeng bokantle ba tlōlo ea molao e hlophisitsoeng, mebuso e lekile ho thusa ba ka hare ho tsoa mekhatlong ea tlōlo ea molao. Ho etsa joalo ha ho bonolo. Ho latela maele a khale, “tsela feela ea ho siea Mafia ke ho kena ka lekeseng.” Hore setlokotsebe sa yakuza se itokolle, se tlameha ho lefa chelete e ngata haholo kapa se khaoloe monoana o monyenyane kapa karolo e ’ngoe ea oona. Ho phaella tšabong e bang teng ha a khaola maqhama le lefatše la sephiri, eo e kileng ea e-ba setlokotsebe o tlameha ho tobana le bonnete ba ho phela bophelo bo otlolohileng. Likōpo tsa hae tsa mosebetsi hangata li tla hanoa. Leha ho le joalo, linaheng tse ling, ho na le tšebeletso ea mapolesa ea thelefono eo ka eona litlokotsebe tse lakatsang ho itokolla ’me li fumana ho le thata ho fumana mesebetsi e hlomphehang li ka thusoang ho rarolla mathata a tsona lekunutung.

E le hore se ka tobana le likhatello tse tsoang sehlopheng le ho hlouoa ke sechaba, setlokotsebe se hloka tšusumetso e matla e le hore se ka otlolla litsela tsa sona. Ke’ng e ka se susumetsang? E ka ’na ea e-ba lerato leo se nang le lona ho lelapa, ho labalabela ho phela ka khotso kapa ho lakatsa ho etsa se nepahetseng. Leha ho le joalo, tšusumetso e matla ka ho fetisisa e bontšitsoe ka ho hlaka paleng ea Yasuo Kataoka sehloohong se latelang.

Yasuo Kataoka ke e mong oa ba makholo ba fetotseng bophelo ba bona ka ho feletseng. Litšobotsi tsa bobatana tseo pele ba neng ba li bontša li nketsoe sebaka ke botho bo bocha “bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.” (Baefese 4:24) Hona joale, batho ba neng ba le joaloka liphiri ba lutse ka khotso le baahi ba botho bo bonolo, ba joaloka likonyana, ’me ba bile ba thusa ba bang!—Esaia 11:6.

Itokolle Moeeng oa Lefatše

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, hase feela hore mekhatlo ea tlōlo ea molao e tlas’a taolo e sa bonahaleng ea Satane Diabolose empa le lefatše lohle le tlas’a taolo ea hae. Batho ba bang ha ba hlokomele sena, empa Satane o hlophisitse lefatše hore le sebeletse lipakane tsa hae tsa botlokotsebe. Feela joalokaha mekhatlo ea tlōlo ea molao e fana ka leruo le tsamaiso e bonahalang eka ke ea lelapa, le eena o phetha karolo ea ho ba monghali ea molemo ka ho fa batho maruo, menyaka le boikutlo ba ho ba le bonngoe. Le hoja u ka ’na ua se ke ua hlokomela, e ka ’na eaba u ’nile ua thetsoa ke merero ea hae e khopo. (Baroma 1:28-32) Bibele e re bolella hore “botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo.” (Jakobo 4:4) Hase bohlale ho thabela mabothobotho a lefatše lena, le tlas’a tšusumetso ea bosatane. ’Mōpi oa bokahohle o na le lebotho la mangeloi le laoloang ke Jesu Kreste le seng le loketse ho bokella Satane hammoho le bademona ba hae bakeng sa ho hloekisa tšusumetso ea bona e khopo lefatšeng.—Tšenolo 11:18; 16:14, 16; 20:1-3.

Joale, u ka tsoa tlas’a tšusumetso ea lefatše lee la Satane joang? Eseng ka ho phela bophelo ba ho itšehla thajana empa ka ho itokolla boitšoarong le mekhoeng ea ho nahana tse busang lefatše kajeno. Ho etsa sena, u tla tlameha ho loantša maqheka a tšosang a Satane ’me u hanele tšusumetso eo a fanang ka eona ho boloka batho ba tšoasehile. (Baefese 6:11, 12) Sena se tla akarelletsa boitelo, empa u ka itokolla feela joalokaha ba bang ba entse haeba u ikemiselitse ’me u le teng ho amohela thuso eo Lipaki tsa Jehova li fanang ka eona.

Ke’ng se tla latela ka mor’a hore Molimo a hloekise lefatše lee le moferefere la tlōlo ea molao? Bibele e re: “Lesika la ba babe le tla felisoa,” ’me e tsoela pele, “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:28, 29) Nakong eo, ha ho sa tla ba le lebaka la ho thothomella ba nang le litšobotsi tsa bobatana, kaha ba tla be ba fetotsoe ke “tsebo ea Jehova,” e tla tlala lefatše.—Esaia 11:9; Ezekiele 34:28.

Kajeno phetoho e joalo e se e bile ea sebele, joalokaha phihlelo e latelang ea eo e kileng ea e-ba setho sa yakuza, Japane, e bontša.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lefatšeng le lecha la Molimo, bohle ba tla thabela mosebetsi oa matsoho a bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela