Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 4/8 maq. 12-16
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bafu ba Phelang” ba Beheletsoeng ka Thōko
  • Na ho Rema Hanyenyane ho Tlisa Tahlehelo e Nyenyane?
  • Ho Senya “Phate”
  • Mefuta ea Lintho Tse Phelang ea Nyamela—Phapang ke Efe?
  • Ha o Ruise, ha o Futsanehise
  • Limela Tse Tšepisang
  • Ho Batla Tharollo
    Tsoha!—1997
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha ho Lokela ho Sireletsoa Meru?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 4/8 maq. 12-16

Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala

HA U o talima u le sefofaneng, moru o lulang o le motala oa Amazon o u hopotsa ka k’hapete e morumo e lekanang le k’honthinente, eo hona joale e bonahalang e le tala ’me e pholile ebile e hloekile joalokaha Orellana a ne a e toroea ’mapeng. Ha u ntse u fohla har’a moru o chesang, o mongobo fatše, u qoba likokoanyana tse boholo ba liphoofotsoana, u fumana ho le thata ho khetholla moo ’nete e fellang teng le moo boiqapelo bo qalang teng. Se bonahalang eka ke makhasi se fetoha lirurubele, methapo ea limela e fetoha linoha le likutu tsa patsi e omeletseng li fetoha likhoto tse tšosang tse chalametsang ka lebelo le phahameng. ’Nete ka moru oa Amazon e ntse e fifalitsoe ke litšōmo.

Moshebelli e mong oa hlokomela: “Taba e phoqang ka ho fetisisa ke hore linnete ka Amazon li tsoteha ka mokhoa o makatsang joaloka litšōmo tsa teng.” ’Me li tsoteha ka mokhoa o makatsang hakaakang! Nahana ka moru o boholo bo lekanang le Europe Bophirimela. O tlatse ka mefuta e fetang 4000 ea lifate tse fapaneng. O khabise ka botle ba mefuta e fetang 60 000 ea limela tse hlahisang lithunthung. O ntlafatse ka mebala e khanyang ea linonyana tsa mefuta e 1000. O entše ka mefuta e 300 ea lianyesi. O tlatse ka molumo oa mefuta ea likokoanyana mohlomong tse limilione tse peli. Joale ua utloisisa lebaka leo ka lona motho leha e le ofe ea hlalosang moru o lulang o le motala oa Amazon a qetellang a sebelisitse mokhabo-puo o fetelletsang. Ha ho papiso e tlaasana e ka hlalosang ka toka mefuta e mengata-ngata ea lintho tse phelang morung ona o moholo ka ho fetisisa lefatšeng o lulang o le motala.

“Bafu ba Phelang” ba Beheletsoeng ka Thōko

Lilemong tse 90 tse fetileng, mongoli e mong oa Leamerika ebile e le sesoasoi, Mark Twain, o ile a hlalosa moru ona o tsotehang e le “sebaka se thabisang haholo, sebaka se tletseng ka limakatso tsa libaka tse chesang, sebaka se hapang maikutlo seo ho sona linonyana le lipalesa le liphoofolo e leng tsa mefuta e sa tšoaneng le ea musiamo, ’me ho sona alligator le koena le tšoene li bonahalang li lokolohile haholoanyane joalokaha eka li Sebakeng sa Polokelo ea Liphoofolo.” Kajeno, lipolelo tse khahlang tsa Twain li nkile moelelo o sa jeseng litheohelang. Musiamo le libaka tsa polokelo ea liphoofolo haufinyane e ka ’na ea e-ba ’ona feela mahae a setseng bakeng sa ho hōlisa lenane la limakatso tsa libaka tse chesang tsa Amazon. Hobane’ng?

Ka ho hlakileng sesosa se ka sehloohong ke batho ba remang moru o lulang o le motala oa Amazon, ba senyang sebaka sena sa tlhaho sa lipalesa le liphoofolo. Leha ho le joalo, ntle le ho senngoa ha sebaka sena seo ho sona liphoofolo li lulang ka bongata, ho na le lisosa tse ling—tse poteletseng ho feta—tse fetolang mefuta ea limela le ea liphoofolo “bafu ba phelang,” le hoja e ntse e phela. Ka mantsoe a mang, ba boholong ba lumela hore ha ho letho le ka thibelang mefuta ena ho fela.

Sesosa se seng se joalo ke ho behelloa ka thōko. Liofisiri tsa ’muso tse thahasellang ho sireletsa lihloliloeng li ka ’na tsa thibela ho rengoa ha lifate morung o makhalo-khalo e le ho sireletsa mefuta e meng e ntseng e phela moo hore e tsoele pele e phela. Leha ho le joalo, moru o monyenyane o sehlekehlekeng ha o fane ka tšepo ea hore mefuta ena e tla phela halelele. Protecting the Tropical Forests—A High-Priority International Task e fana ka mohlala ho bontša lebaka leo ka lona moru o monyenyane o sehlekehlekeng o hlōlehang ho tšehetsa bophelo ka nako e telele haholo.

Hangata mefuta ea lifate tse melang libakeng tse chesang tse mongobo e ba lifate tse tona le tse tšehali. Hore li ikatise, li thusoa ke bo-’mankhane ka ho jara peō e phofo ho tsoa lipaleseng tse tona ho e isa lipaleseng tse tšehali. Ka sebele, tšebetso ena ea ho kopana ha lipeō e sebetsa feela haeba lifate li metse ka har’a meeli ea ’mankhane ea ho fofa. Haeba sebaka se pakeng tsa sefate se setšehali le sefate se setona se e-ba seholo haholo—joalokaha hangata ho etsahala ha moru o sehlekehlekeng o qetella o pota-potiloe ke sebataolo se seholo—’mankhane o sitoa ho koala sekheo seo. Tlaleho e hlokomela hore joale lifate li fetoha “‘bafu ba phelang’ kaha ho ikatisa ha tsona ha nako e telele ha ho sa etsahala.”

Kamano ena e pakeng tsa lifate le bo-’mankhane ke e ’ngoe ea lihokelo tse bōpang tikoloho ea tlhaho ea Amazon. Ka mantsoe a bonolo feela, moru oa Amazon o tšoana le ntlo e khōlō e fanang ka bolulo le lijo mefuteng e sa tšoaneng empa e amana haufi-ufi. E le ho qoba sepenya, lipalesa le liphoofolo tsa moru o lulang o le motala li phela libakeng tse sa tšoaneng, tse ling fatše morung, tse ling holimo makaleng a moru. Tsohle li na le mosebetsi, ’me li sebetsa letsatsi lohle—tse ling motšehare, tse ling bosiu. Haeba mefuta eohle e lumelloa ho phetha karolo ea eona ea mosebetsi, tikoloho ena e rarahaneng ea lipalesa le liphoofolo tsa Amazon, e sebetsa ntle le mathata a letho.

Leha ho le joalo, tsamaiso e rarahaneng ea tikoloho (ecosystem) ea Amazon (“eco [tikoloho]” e tsoa ho oiʹkos, lentsoe la Segerike bakeng sa “ntlo”), e senyeha habonolo. Esita le haeba ho kena-kenana ha motho le limela le liphoofolo tsa moru ho lekanyelitsoe tšebelisong e mpe ea mefuta e seng mekae, tšitiso eo a e bakang e utloahala likarolong tsohle tsa moru. Mosireletsi e mong oa lintho tsa tlhaho, Norman Myers, o hakanya hore ho fela ha mofuta o le mong oa semela ho ka qeteletse ho tlatselitse lefung la liphoofolo tsa mefuta e ka bang 30. ’Me kaha lifate tse ngata tse melang libakeng tse chesang tse mongobo, ka ho tšoanang, li itšetleha ka liphoofolo bakeng sa ho jala peō, ha motho a felisa mefuta ea liphoofolo seo se lebisa phelisong ea lifate tsona tseo li li sebeletsang. (Bona lebokose “Tšebelisano ea Sefate le Tlhapi.”) Joaloka ho behelloa ka thōko, ho sitisa kamano ena ho etsa hore mefuta e ntseng e eketseha morung e be maemong a “bafu ba phelang.”

Na ho Rema Hanyenyane ho Tlisa Tahlehelo e Nyenyane?

Ba bang ba lokafatsa ho senngoa ha libaka tse nyenyane tsa moru ka ho beha lebaka la hore moru o tla boela o hlaphoheloa ’me o melise botala bocha holim’a sebaka se renngoeng ka mokhoa o batlang o tšoana le oo ka oona ’mele ea rōna e hlahisang letlalo le lecha leqebeng la monoana. Na hoo ke ’nete? Che, ha ho joalo.

Koana, ke ’nete hore moru o mela bocha haeba batho ba tlohella sebaka seo moru o renngoeng ho sona ho sa kena-kenanoe le sona ka nako e telele ka ho lekaneng. Empa hape ke ’nete hore limela tse ncha li tšoana le tsa moru oa pele ho isa bohōleng boo kopi ea pampiri e mongolo o sa hlakang e hlahisang mongolo o tšoanang le oa pampiri e kopilitsoeng. Ima Vieira, setsebi sa limela sa Brazil, o ile a etsa phuputso sebakeng seo ho sona ho lenngoeng moru oa Amazon bocha ka lilemo tse lekholo ’me a fumana hore mefuteng e 268 ea lifate e neng e atleha morung oa pele, ke e 65 feela e etsang karolo ea moru o metseng bocha kajeno. Setsebi sena sa limela se bolela hore ke ’nete le ka phapang e teng mefuteng ea liphoofolo sebakeng seo. Kahoo le hoja ho rengoa ha moru ho sa bolele hore ho fetola meru e metala mahoatata a mafubelu, joalokaha ba bang ba bolela, ho fetola likarolo tsa moru o lulang o le motala oa Amazon hore e be tsa boemo bo tlaase tse batlileng li tšoana le moru oa pele.

Ho phaella moo, ho rema esita le sebaka se senyenyane sa moru hangata ho timetsa mefuta e mengata ea limela le liphoofolo tse hōlang, tse hahabang le tse hloang lifate sebakeng sona seo sa moru feela eseng libakeng tse ling. Ka mohlala, bafuputsi, Ecuador, ba ile ba fumana mefuta e 1025 ea limela sebakeng se seng sa lisekoere-k’hilomithara tse 1,7 morung o melang libakeng tse chesang tse mongobo. Mefuteng eo, e fetang 250 ha e mele kae kapa kae lefatšeng. Setsebi se seng sa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona sa Brazil, Rogério Gribel, se re: “Mohlala oa hona mona ke sauim-de-coleira (ka Senyesemane ke pied bare-faced tamarin),” tšoene e nyenyane, e khahlang mahlo e shebahalang eka e apere sekipa se sesoeu. Dr. Gribel o re: “Tse seng kae tse setseng li phela feela morung o monyenyane o pel’a Manaus, Amazon bohareng, empa pheliso ea tikoloho eo e nyenyane, e tla felisa mofuta ona ka ho feletseng.” Ke ho rema hanyenyane empa ho tlisa tahlehelo e khōlō.

Ho Senya “Phate”

Leha ho le joalo, ho senngoa ha moru ka tsela e tobileng ke ho etsa hore moru o lulang o le motala oa Amazon o apareloe ke bofifi bo tšabehang. Batho ba hahang litsela, ba remang lifate, ba merafo le matšoele a ba bang ba senya moru oo e leng phate ea lefatše, ba senya tikoloho e rarahaneng ka ho feletseng ka ho panya ha leihlo.

Le hoja ho e-na le ho se lumellane ho hoholo mabapi le lipalo tse nepahetseng tsa boemo ba ho senyeha ha moru Brazil ka selemo—likhakanyo tse entsoeng ka hloko li bo beha ho lisekoere-k’hilomithara tse 36 000 ka selemo—ka kakaretso moru o lulang o le motala oa Amazon o seng o sentsoe o ka ’na oa feta karolo ea 10 lekholong, sebaka se seholoanyane ho feta Jeremane. Veja, koranta e hlaheletseng ea Brazil ea beke le beke, e tlalehile hore lihoai li ile tsa rema le ho chesa meru e ka bang 40-000 ka tsela e sa laoleheng bakeng sa temo ea nakoana ka hare ho naha ka 1995—e leng makhetlo a mahlano ho feta selemong se ka pele. Veja e hlokomelisitse hore batho ba chesa moru ka mafolofolo hoo likarolo tsa Amazon li tšoanang le “lihele meeling ea naha e tala.”

Mefuta ea Lintho Tse Phelang ea Nyamela—Phapang ke Efe?

Ba bang baa botsa, ‘Empa na re hloka mefuta eo kaofela e limilione?’ Mosireletsi e mong oa lintho tsa tlhaho, Edward O. Wilson, Univesithing ea Harvard, o bolela hore rea e hloka. Wilson o re: “Kaha re itšetlehile ka ho sebetsa ha tikoloho e rarahaneng bakeng sa ho hloekisa metsi a rōna, ho nontša mobu oa rōna le ho hlahisa oona moea oo re o hemang, ka ho hlakileng ho se tšoane ha lintho tse phelang hase ntho eo re ka e lahlang kherehloa feela.” Buka People, Plants, and Patents e re: “Monyetla oa hore ho be le liphatsa tsa lefutso tse ngata tse sa tšoaneng e tla ba senotlolo sa ho pholoha ha moloko oa batho. Haeba ho se tšoane hoo ho nyamela, haufinyane ho tla latela rōna.”

Ka sebele, phello ea ho timetsoa ha mefuta ea lintho tse phelang e fetela ka ’nģane ho ho rengoa ha lifate, ho sokeloa ha liphoofolo le ho tšoenngoa ha matsoalloa. (Bona lebokose “Karolo ea Batho.”) Ho fokotseha ha meru ho ka ’na ha u ama. Nahana ka sena: Molemi, Mozambique, o hela litlhaka tsa cassava, ’mè, Uzbekistan, o noa pilisi e thibelang kemolo, moshemane ea tsoileng kotsi, Sarajevo, o fuoa morphine, kapa moreki, New York, o thabela setlolo se nkhang hamonate se tsoang naheng esele—Panos Institute e bolela hore batho bana kaofela ba sebelisa lihlahisoa tse melang morung oa libaka tse chesang tse mongobo. Kahoo, moru o setseng o sebeletsa batho ba lefatšeng lohle—ho akarelletsa le uena.

Ha o Ruise, ha o Futsanehise

Ke ’nete hore moru o lulang o le motala oa Amazon o ke ke oa ruisa lefatše lohle empa o ka thusa ho thibela bofutsana lefatšeng ka bophara. (Bona lebokose “Tšōmo ea ho Beha Litholoana.”) Ka tsela efe? Ha e le hantle, batho ba ile ba qala ho lema mefuta e itseng ea limela tse sa tšoaneng tse hlahisitseng chai e ngata haholo le hona e le ka tekanyo e khōlō lilemong tsa bo-1970. Le hoja limela tsena tse chauoeng haholo li thusitse ho fepa batho ba eketsehileng ba limilione tse 500, ho na le pharela. Kaha li haelloa ke ho se tšoane ha liphatsa tsa lefutso, lia fokola ’me boloetse bo li hlasela habonolo. Kokoana-hloko e ka senya karolo e khōlō ea semela se chauoang haholo sa naha, ea baka tlala e khōlō.

Kahoo bakeng sa ho hlahisa lijalo tse tšoarellang haholoanyane le ho qoba ho bolaoa ke tlala, Food and Agriculture Organization (FAO) ea Machaba a Kopaneng hona joale e khothalletsa ho “sebelisoa ha metsoako e eketsehileng ea liphatsa tsa lefutso.” ’Me ke hona moo moru o lulang o le motala le matsoalloa a teng a kenellang teng.

Kaha meru ea libakeng tse chesang tse mongobo e na le mefuta ea limela e fetang halofo ea limela tsa lefatše (ho akarelletsa le mefuta e ka bang 1650 e ka ’nang ea sebelisoa e le lijalo tse jeoang), leifo la Amazon ke sebaka se setle bakeng sa mofuputsi leha e le ofe ea batlang mefuta ea limela tse hlaha. Ho phaella moo, baahi ba morung ba tseba mokhoa oa ho sebelisa limela tsena. Ka mohlala, Maindia a Cayapo, Brazil, ha a hlahise lijalo tse ncha tse sa tšoaneng feela empa a boetse a boloka lipeō tsa tsona ka ho li lema matsoapong a maralla. Ho tsoakanya lijalo tse sa tšoaneng joalo tse hlaha le lijalo tse ling tse sa tšoaneng tse hlaseloang habonolo ke boloetse tse melang hohle ho tla matlafatsa le ho ntlafatsa lijalo tse jeoang ke batho. ’Me FAO e bolela hore ho matlafatsoa hoo ho hlokahala ka potlako kaha “keketso ea 60% tlhahisong ea lijo ea hlokahala lilemong tse 25 tse latelang.” Ho sa tsotellehe sena, likhofu tse batalatsang moru li ntse li kenella ka ho teba morung o lulang o le motala oa Amazon.

Liphello ke life? Ha e le hantle, batho ba felisang moru o lulang o le motala ba tšoana hantle le sehoai se jang peō ea sona—se khorisang tlala ea sona nakong eona eo empa se beha phepelo ea lijo ea ka moso kotsing. Haufinyane tjena sehlopha sa litsebi tsa ho se tšoane ha lintho tse phelang se ile sa lemosa hore “tšireletso le ntlafatso ea lijalo tse sa tšoaneng tse setseng ke taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e amang lefatše lohle.”

Limela Tse Tšepisang

Joale nahana ka “meriana e etsoang ka limela” tsa moru, ’me u tla hlokomela hore qetello ea motho e matahane hammoho le ea limela tse melang libakeng tse chesang tse mongobo le tse ling. Ka mohlala, li-alkaloid tse nkiloeng limeleng tse melang Amazon li sebelisetsoa ho khatholla mesifa pele ho tšebetso ea ho buoa; ka lebaka la lik’hemik’hale tse fumanoang ho rosy periwinkle, palesa ea moru, bana ba bane ho ba bahlano ba nang le kankere ea mali ba thusitsoe ho phela haleletsana. Moru o boetse o hlahisa quinine, e sebelisetsoang ho loantša malaria; digitalis, e sebelisetsoang ho phekola ho tsietsana ha pelo; le diosgenin e sebelisoang lipilising tsa ho thibela kemolo. Limela tse ling li bonahetse li tšepisa bakeng sa ho loantša AIDS le kankere. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re: “Amazon feela, mefuta e 2000 ea limela e ileng ea sebelisoa e le meriana ke baahi ba moo le e ka ’nang ea sebelisoa e le meriana e ’nile ea tlalehoa.” Phuputso e ’ngoe e bolela hore lefatšeng ka bophara batho ba robeli ho ba leshome ba retelehela tšebelisong ea litlhare tse chekoang bakeng sa ho phekola mafu a bona.

Dr. Philip M. Fearnside o bolela hore ke ho utloahalang ho sireletsa limela tse re sireletsang. “Ho lahleheloa ke moru oa Amazon ho nkuoa e ka ’na ea e-ba tšitiso e khōlō boitekong ba ho fumanela batho phekolo ea kankere. . . . Khopolo ea hore ho finyelloa ha meriana ea morao-rao e hlaheletseng ho re lumella hore re felise karolo e khōlō ea limela tsena tse hlaha,” oa phaella, “e hlahisa mofuta o ka bang kotsi haholo oa boikhohomoso.”

Leha ho le joalo, batho ba tsoela pele ho timetsa liphoofolo le limela ka lebelo le fetang leo ka lona ho ka fumanoang le ho tsejoa moo li phelang teng. Ho etsa hore u ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ho rengoa ha meru ho ntse ho tsoela pele? Na tšekamelo ee e ka fetoloa? Na moru o lulang o le motala oa Amazon o na le bokamoso?’

[Lebokose le leqepheng la 15]

Tšōmo Ea Ho Beha Litholoana

Makasine ea Counterpart e bolela hore khopolo ea hore mobu oa Amazon o nonne ke “tšōmo eo ho leng thata ho e lahla.” Lekholong la bo19 la lilemo, mohahlauli Alexander von Humboldt o ile a hlalosa Amazon e le “moliko oa lefatše.” Lilemo tse lekholo hamorao, Mopresidente Theodore Roosevelt oa United States, ka ho tšoanang o ile a nahana hore Amazon ke tšimo e loketseng temo. O ile a ngola: “Mobu o nonneng le o matlafetseng joalo o ke ke oa lumelloa ho itja feela.”

Ka sebele, sehoai se lumellanang le bona se fumana hore selemong sa pele kapa sa bobeli, tšimo e hlahisa lijalo tse khahlang ka lebaka la hore molora oa lifate le limela tse chesitsoeng o sebetsa e le monontša. Leha ho le joalo, ka morao ho moo mobu oa nyopa. Le hoja botala bo atlehileng ba moru bo bontša eka mobu o ka tlaase o matlafetse, ha e le hantle, mobu oa teng oa fokola ka hare. Hobane’ng?

Tsoha! e ile ea buisana le Dr. Flávio J. Luizão, mofuputsi, National Institute for Research, Amazon, ebile e le setsebi sa mobu oa moru o lulang o le motala. Tse ling tsa litlhaloso tsa hae ke tsena:

‘Ho fapana le mobu merung e meng, boholo ba mobu nōkeng ea Amazon ha bo fumane limatlafatsi tse tsoang tlaase, lik’hemik’haleng tsa lejoe le fellang mobung, kaha lejoe la motheo le haelloa ke limatlafatsi ’me le fumaneha tlaase haholo botebong ba lefatše. Ho e-na le hoo, mobu o lehlabathe o fumana limatlafatsi li hlaha ka holimo li ea tlaase, tse tsoang puleng le linthong tse phelang tse bolang. Leha ho le joalo, marotholi a pula hammoho le makhasi a oeleng a hloka ho thusoa e le hore a fetohe limatlafatsi. Hobane’ng?

‘Metsi a pula e nang morung o lulang o le motala ha a na limatlafatsi ka booona. Leha ho le joalo, ha a otla holim’a makhasi ’me a phalla ho theosa le likutu tsa lifate, a nka limatlafatsi makhasing, makaleng, boleleng, boribeng, liōlong tsa bohloa le lerōleng. Nakong eo metsi a monyelang mobung, a se a fetohile lijo tse molemo tsa limela. E le ho sireletsa mokelikeli ona oa lijo hore o se ke oa phallela habonolo melatsoaneng, mobu o sebelisa sekhakeletsi se monyang limatlafatsi se entsoeng ka phate ea methapo e menyenyane e nammeng lisenthimithara li se kae mobung o ka holimo. Bopaki ba ho sebetsa ha sekhakeletsi sena ke hore melatsoana e fumanang metsi ana a pula e bile e hloka limatlafatsi ho feta mobu oa moru ka booona. Kahoo limatlafatsi li kena metsong pele metsi a kena melatsoaneng kapa linōkeng.

‘Mohloli o mong oa lijo ke manyolo—makhasi, makalana le litholoana tse oelang fatše. Hoo e ka bang lithane tse robeli tsa manyolo a matle li fella hekthereng e le ’ngoe ea moru selemo le selemo. Empa manyolo a kena ka tlas’a mobu le methapong ea limela joang? Bohloa boa thusa. Bo poma makhasi likotoana tse bōpehileng joaloka lidiski ’me bo jara likotoana tsena ho ea le tsona liōlong tsa bona tse ka tlas’a lefatše. Haholo-holo nakong ea lipula, e ba sehlopha se mafolofolo, ka mohlolo se kenya karolo ea 40 lekholong ea manyolo ka tlaase mobung. Moo, bo sebelisa makhasi bakeng sa ho haha lirapa tsa ho lema li-fungus. Li-fungus tsena le tsona li bolisa likarolo tsa limela ’me li ntša nitrogen, phosphorus, calcium le likaroloana tse ling—limatlafatsi tsa bohlokoa limeleng.

‘Bohloa bo rua molemo oa eng? Lijo. Bo ja li-fungus ’me hape bo ka ’na ba koenya likaroloana tse nyenyane tsa makhasi. Ho latelang ke hore likokoanyana tse nyenyane haholo tse ka maleng a bohloa li sebetsa ka thata ho fetola lijo lik’hemik’hale, e le hore mantle a bohloa a tsoe e le lijo tse matlafatsang tsa limela. Kahoo ho na ha pula le ho sebelisoa hape ha likarolo tsa lintho tse phelang ke lintlha tse peli tse bolokang moru o lulang o le motala o ntse o le teng ’me o hōla.

‘Ho bonolo ho bona se etsahalang haeba u rema moru ebile u o chesa. Ha ho sa na sekhurumetso se thibellang pula ha e na kapa manyolo a ka sebelisoang hape. Ho e-na le hoo, lipula tsa likhohola li otla ka ho toba mobung o hlobotseng, ’me li fella ka ho thatafatsa mobu. Ka nako e tšoanang, mahlaseli a letsatsi a chabelang ka ho toba mobung a eketsa mofuthu mobung ’me a etsa hore mobu o setlelane. Phello e ba hore metsi a pula joale a phalla feela holim’a mobu, a fepela linōka empa eseng mobu. Tahlehelo ea limatlafatsi e bakoang ke ho rengoa ha moru le ho chesoa ha naha e ka ’na ea e-ba khōlō hoo melatsoana e pel’a libaka tsa meru e renngoeng e ka ’nang ea hulisoa ka thata ke limatlafatsi tse eketsehileng, ea beha bophelo ba mefuta ea liphoofolo tse phelang metsing kotsing. Ka ho hlakileng, haeba ho sa khathatsanoe le oona, moru oa ikatlehisa, empa ho kenella ha motho ho tlisa tlokotsi.’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]

Karolo Ea Motho

Ho sitisa le ho senya moru ha ho kotsi feela limeleng le liphoofolong empa hape le bathong. Maindia a ka bang 300 000, a setseng ho Maindia a 5000 000 a kileng a phela sebakeng sa Amazon, Brazil, a ntse a lula ’me a phela ka khotso tikolohong ea ’ona ea meru. Maindia ana a tšoenngoa haholo ke batho ba remang lifate, ba batlang khauta le ba bang, bao boholo ba bona ba talimang Maindia e le “litšitiso tsa ntlafatso.”

Joale ho na le macaboclo, batho ba matla ba leloko le tsoakiloeng ka ba basoeu le Maindia bao baholo-holo ba bona ba ileng ba fallela Amazonia lilemong tse ka bang 100 tse fetileng. Ba lula maphepheng a holim’a litšiea haufi le linōka, e ka ’na eaba ha ho mohla ba kileng ba utloa polelo “thuto e mabapi le lintho tse phelang le tikoloho ea tsona,” empa ba iphelisa ka moru ba sa o senye. Empa, bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi bo angoa ke maqhubu a bajaki ba bacha bao hona joale ba fallelang lehaeng la bona la meru.

Ha e le hantle, ho pholletsa le moru oohle o lulang o le motala oa Amazon, bokamoso ba ba ka bang 2000-000 ba khang linate, baetsi ba rabara, batšoasi ba litlhapi le matsoalloa a mang a teng, ho phela ka kutloano ba pota-potiloe ke moru le molumo oa ho hoasa ha linōka, ha hoa tsitsa. Ba bangata ba lumela hore boiteko ba ho sireletsa moru bo lokela ho fetela ka ’nģane ho ho sireletsa lifate tsa mahogany le li-manatee. Bo lokela ho sireletsa le batho ba lulang merung.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Tšebelisano Ea Sefate Le Tlhapi

Nakong ea lipula, Nōka ea Amazon e ja litlhokoa ’me e koahela lifate tse melang libakeng tse tlaase tsa meru. Ha pula e le ngata haholo, lifate tse ngata merung ena li beha litholoana ’me li lahla lipeō tsa tsona—empa leha ho le joalo, ha ho sa na likhoto tse phelang ka metsi tse ka li hasanyang. Ke moo ho kenellang tlhapi e bitsoang tambaqui (Colonnonea macropomum), tlhapi e phaphamalang holim’a metsi e pshatlang linate e nang le kutlo e bohale ea ho fofonela. Ha e sesa har’a makala a lifate tse koahetsoeng ke metsi, e fofonela lifate tse seng li le haufi le ho lahla lipeō tsa tsona. Ha lipeō li oela ka metsing, tlhapi e pshatla litholoana ka mehlaare ea eona e matla, e koenya lipeō, e thuisa likarolo tse ling tsa tholoana tse li pota-potileng, ’me e lahlela lipeō mobung oa moru hore e mele ha metsi a pula a kokobela. Tlhapi le sefate li rua molemo. Tambaqui e bokella mafura, ’me sefate se hlahisa mahlomela. Ho rema lifate tseo ho beha bophelo ba tambaqui le mefuta e meng e ka bang 200 ea litlhapi tse jang litholoana kotsing.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela