Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 4/8 maq. 17-20
  • Ho Batla Tharollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Tharollo
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Hlile Hase Ntlafatso ea Temo
  • Mehato e Meraro ea ho ea Pele
  • Ho Etsa Matsete
  • Moru Bakeng sa Lifate
  • Monyetla o Mong Hape Bakeng sa Tšimo e Senyehileng
  • Kamoo ho ka Otlolloang se Khopameng Kateng
  • Leseli ka Pele
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Lintho Tse Ngata Tse Hlollang Tse Phelang Amazon e ka Holimo
    Tsoha!—2010
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 4/8 maq. 17-20

Ho Batla Tharollo

MONGOLI e mong oa Lenyesemane, John Lyly, o ile a ngola: “Ha re pheha khang ka bofifi bo aparelang, re hlokomoloha taba e potolohileng.” E le ho qoba leraba leo, re lokela ho hopola hore bofifi bo aparelang moru o lulang o le motala hona joale e mpa e le pontšo ea mathata a tebileng le ea hore ho fela ha moru ho tla ’ne ho tsoele pele ntle leha lisosa tse bo bakang li ka rarolloa. Lisosa tseo ke life? Phuputso e neng e tšehelitsoe ke Machaba a Kopaneng e bolela hore “matla a ka sehloohong a hlaselang tšireletseho ea Amazon ke bofutsana le ho hloka toka ha batho.”

E Hlile Hase Ntlafatso ea Temo

Bafuputsi ba bang ba pheha khang ea hore ho felisoa ha moru ke karolo e ’ngoe ea tšebeliso ea ho bitsoang ntlafatso ea temo e qalileng lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng likarolong tse ka boroa le bohareng ho Brazil. Pele ho moo, malapa a likete-kete lipolasing tse nyenyane a ne a iphelisa ka ho lema reise, linaoa le litapole le ho rua mehlape. Joale, ho sebelisoa ha mananeo a maholo a temo ea soybean le merero ea ho fehla motlakase ho ile ha koenya masimo a ’ona ’me ha nkela likhomo le lijalo tse melang moo sebaka ka lihlahisoa tsa temo tse reretsoeng ho fepa linaha tse tsoetseng pele mesebetsing e meholo ea lifeme. Pakeng tsa 1966 le 1979 feela, sebaka sa masimo se ileng sa behelloa ka thōko bakeng sa lijalo tse romelloang linaheng tsa ka ntle se ile sa eketseha ka karolo ea 182 lekholong. Ka lebaka leo, lihoai feela tse lemang ka tloaelo tse 11 ho tse ling le tse ling tse 12 li ile tsa lahleheloa ke masimo le mekhoa ea ho iphelisa. Ho tsona, ntlafatso ea temo e ile ea fetoha tšebetso e lerootho.

Ke hokae moo balemi baa ba se nang masimo ba neng ba ka ea teng? Bo-ralipolotiki, ba sa ikemisetsa ho sebetsana ka ho toba le leeme la kabo ea masimo sebakeng sa bona, ba ile ba fana ka tharollo ka ho buella sebaka sa Amazon e le “masimo a se nang batho bakeng sa batho ba se nang masimo.” Lilemo tse leshome ka mor’a ho buloa ha tsela ea pele e khōlō, Amazon, lihoai tse futsanehileng tse fetang limilione tse peli tse tsoang ka boroa ho Brazil le Brazil e ka leboea-bochabela e otliloeng ke komello le bofutsana li ile tsa fallela ka likete-kete mek’huk’hung pel’a tsela eo e khōlō. Ha litsela tse eketsehileng li se li hahuoe, ba eketsehileng bao e neng e tla ba lihoai ba ile ba fallela Amazon, ba ikemiselitse ho fetola moru sebaka sa masimo. Bafuputsi ba bolela hore ha ba hetla morao mananeong ana a ho haha ka lihlotšoana sebakeng se le seng, “mathata ha a bapisoa le melemo lilemong tse ka bang 50 tsa ho haha ka lihlotšoana sebakeng se le seng ha a ratehe.” Bofutsana le leeme li ’nile tsa “kenella Amazon,” le ho “baka mathata a macha sebakeng sa Amazon.”

Mehato e Meraro ea ho ea Pele

E le ho thusa ho rarolla lisosa tsa ho rengoa ha meru le ho ntlafatsa maemo a batho ba phelang morung o lulang o le motala oa Amazon, Commission on Development and Environment for Amazonia, e ile ea hatisa boitsebiso bo buellang hore, har’a lintho tse ling, mebuso e sekhutlong sa Amazon e nke mehato e meraro e qalang. (1) E lebise tlhokomelo mathateng a moruo le kahisano libakeng tse thefutsoeng ke bofutsana tse mathōkong a moru o lulang o le motala oa Amazon. (2) E sebelise moru o setseng ’me e boele e sebelise libaka tse seng li renngoe lifate. (3) E sebetsane le leeme le bolaeang sechaba—lisosa tsa sebele tsa mesarelo ea batho le pheliso ea moru. A re ke re hlahlobisiseng mehato ena e meraro.

Ho Etsa Matsete

Ho lebisa tlhokomelo mathateng a kahisano le moruo. Moifo oa hlokomela: “Khetho e ’ngoe e sebetsang hamolemo bakeng sa ho fokotsa ho rengoa ha meru ke ho etsa matsete libakeng tse ling tse futsanehileng ka ho fetisisa linaheng tsa Amazon, tse qobellang baahi ho fallela Amazon ho ea batla bokamoso bo molemo.” Leha ho le joalo, moifo oo o eketsa ka hore “khetho ena e hlahlojoa ka seoelo mererong ea ntlafatso ea sechaba kapa ea sebaka kapa ke batho ba linaheng tse tsoetseng pele mesebetsing e meholo ea lifeme ba loanelang ka matla ho fokotsa lebelo la ho rengoa ha meru ea Amazon.” Leha ho le joalo, ba boholong ba hlalosa hore haeba bahlanka ba ’muso le mebuso ea linaha tse ka ntle ba amehile ka ho lebisa botsebi le tšehetso ea bona ea lichelete ho rarolleng mathata a kang a ho haella ha kabo ea litša kapa bofutsana metseng ea litoropo e libakeng tse pota-potileng Amazon, ba ka fokotsa ho kena ka bongata ha lihoai tse rerang ho fallela Amazon le ho thusa ho sireletsa moru.

Leha ho le joalo, ke’ng se ka etsetsoang lihoai tse nyenyane tse seng li ntse li lula Amazon? Bophelo ba tsona ba letsatsi le letsatsi bo itšetlehile ka ho lema lijalo mobung o sa lokelang temo.

Moru Bakeng sa Lifate

Tšebeliso le tšebeliso e iphetang ea moru. Khatiso ea Machaba a Kopaneng The Disappearing Forests e re: “Meru e libakeng tse chesang tse mongobo e sohlokoa hampe haholo empa e sebelisoa hanyenyane. Ho pholoha ha eona ho itšetlehile ka qaka ena.” Litsebi li bolela hore ho e-na le ho sohloka moru ka ho o rema, batho ba lokela ho sebelisa moru ka ho fumana kapa ho kotula lihlahisoa tsa oona, tse kang litholoana, linate, oli, rabara, lintho tse nkhisang hamonate, litlhare le lihlahisoa tse ling tsa tlhaho. Lihlahisoa tse joalo, ho boleloa hore li emela “khakanyetso ea karolo ea 90 lekholong ea boleng ba moruo morung.”

Doug Daly, oa New York Botanical Garden, o hlalosa lebaka leo ka lona a lumelang hore ho tlohella taba ea ho rema meru le ho fetohela ho fumaneng ho hong ho eona ho na le kelello: “Ho nolofalletsa ’muso—ha o bone libaka tse khōlō tsa Amazonia li ntšoa ’marakeng. . . . Ho ka fana ka mokhoa oa bophelo o tla boloka batho ba phela ’me ba sebetsa, ’me ho tla sireletsa le moru. Ho batla ho le thata ho fumana ntho e itseng e seng ntle e ka buuoang ka hona.”—Wildlife Conservation.

Ho sireletsa moru bakeng sa lifate ha e le hantle ho ntlafatsa maemo a bophelo a baahi ba merung. Ka mohlala, bafuputsi, Belém, Brazil e ka leboea, ba ile ba fumana hore ho etsa hekthere e le ’ngoe lekhulo ho fana ka phaello ea R120 feela ka selemo. Kahoo hore motho a fumane moputso oa khoeli le khoeli o tlaase-tlaase, Brazil, o ne a tla hloka ho ba le lihekthere tse 48 tsa lekhulo le likhomo tse 16. Leha ho le joalo, Veja e tlaleha hore ea lakatsang ho ba ramohlape o ne a ka etsa chelete e ngata ka ho eketsehileng ka ho fumana lihlahisoa tsa tlhaho morung. ’Me setsebi se seng sa baeloji, Charles Clement, se bolela hore lenane la lihlahisoa tse emetseng ho kotuloa lea hlolla. Dr. Clement oa eketsa: “Ho na le meroho e se nang palo, litholoana tse makholo-kholo, boka ba lifate le oli tse ka sebelisoang le ho kotuloa. Empa bothata ke hore batho ba tlameha ho tseba hore moru ke mohloli oa moruo eseng tšitiso ea ho rua.”

Monyetla o Mong Hape Bakeng sa Tšimo e Senyehileng

Mofuputsi e mong oa Brazil, João Ferraz, o bolela hore ntlafatso ea moruo le tšireletso ea tikoloho li ka sebelisana. “Nahana ka boholo ba moru o seng o ntse o senyehile. Ha ho hlokahale hore ho ’ne ho rengoe moru ho ea pele. Ho e-na le hoo, re ka boela ra tsosolosa le ho sebelisa libaka tsa moru tse seng li ntse li senyehile ’me li khathetse.” ’Me sebakeng sa Amazon, ho na le sebaka se seholo se khathetseng se ka tsosolosoang.

Mathoasong a bo-1960, ’muso o ile oa fana ka chelete e ngata ea tlatsetso e le ho khothalletsa bo-ramatsete ba baholo ho fetola moru makhulo. Ke seo ba ileng ba se etsa, empa joalokaha Dr. Ferraz a hlalosa, “makhulo a ile a khathala ka mor’a lilemo tse tšeletseng. Hamorao, ha e mong le e mong a hlokomela hore seo e bile phoso e khōlō, bo-rapolasi ba baholo ba ile ba re: ‘Ke hantle, re iphumanetse chelete e re khotsofatsang ho ’muso,’ ’me ba itsamaela.” Ka phello efe? “Lisekoere-maele tse ka bang 80 000 [lisekoere-k’hilomithara tse 200 000] tsa makhulo li letse.”

Leha ho le joalo, kajeno bafuputsi ba kang Ferraz ba fumana mekhoa e mecha ea ho sebelisa libaka tsena tse khathetseng. Ka tsela efe? Lilemong tse seng kae tse fetileng ba ile ba lema sethopo sa lifate tse 320 000 tsa Amazonia-nut lipolasing tsa likhomo tse sa sebelisoeng. Kajeno, sethopo seo ke lifate tse behang litholoana. Kaha lifate tseo li hōla ka potlako ’me li boetse li fana ka lehong la bohlokoa, hona joale sethopo sa Amazonia-nut se lengoa likarolong tse ngata tseo ho renngoeng lifate ho tsona sekhutlong sa Amazon. Ho fumana lihlahisoa, ho ruta lihoai ho lema lijalo tse bang teng selemo ho pota, ho amohela mekhoa e mecha ea ho rema lehong kantle le ho senya moru le ho tsosolosa sebaka se khathetseng, ponong ea litsebi ho khantšitse mekhoa e meng e ka thusang ho boloka moru o setseng.—Bona lebokose “Ho Sebeletsa ho Sireletsa.”

Leha ho le joalo, bahlanka ba ’muso ba bolela hore ho sireletsa meru ho hloka ho fetang ho ntlafatsa sebaka se khathetseng. Ho hloka ho fetola sebōpeho sa batho.

Kamoo ho ka Otlolloang se Khopameng Kateng

Ho sebetsana le ho hloka toka. Boitšoaro bo leeme ba batho bo hatakelang litokelo tsa ba bang hangata bo bakoa ke meharo. ’Me, joalokaha rafilosofi e mong oa boholo-holo, Seneca, a ile a hlokomela, “ka lebaka la ho ba meharo pōpo eohle ea fokola”—ho akarelletsa le moru o sabaletseng o lulang o le motala oa Amazon.

Ho fapana le lihoai tse futsanehileng tse sokolang tsa Amazon, bo-ramesebetsi e meholo ea lifeme le bo-ralitša tse khōlō ba hlobolisa moru bakeng sa ho iketsetsa phaello e ngata. Ba boholong ba bontša hore lichaba tsa Bophirimela ka ho tšoanang li lokela ho behoa molato bakeng sa ho kenya letsoho tšebetsong ea ho rema lifate, Amazon. Sehlopha se seng sa bafuputsi, Jeremane, se ile sa fihlela qeto ena: “Linaha tse tsoetseng pele mesebetsing e meholo ea lifeme li tlatselitse haholo tšenyong e teng hona joale ea tikoloho.” Commission on Development and Environment for Amazonia e bolela hore ho sireletsa Amazon ka sebele ho hloka “melao e mecha ea boitšoaro lefatšeng lohle, melao ea boitšoaro e tla hlahisa mofuta o tsoetseng pele oa ntlafatso, e thehiloeng bonngoeng ba batho le tokeng.”

Leha ho le joalo, leru le tsoelang pele la mosi holim’a Amazon le hopotsa motho hore ho sa tsotellehe boiteko ba banna le basali ba amehileng ka tikoloho lefatšeng lohle, ho sebelisa likeletso tseo tse utloahalang ho ipaka ho le thata joaloka ho tšoara mosi. Hobane’ng?

Metso ea bobe bo kang meharo e tebile mokhatlong oa batho, e tebile ho feta kamoo metso ea lifate tsa Amazon e tebileng kateng mobung oa meru. Le hoja ka bomong re lokela ho etsa seo re ka se khonang ho tlatsetsa ho sireletseng moru, hase ho utloahalang ho lebella hore batho, ho sa tsotellehe hore na ba ikemiselitse hakae, ba tla atleha ho fothola lisosa tse tebileng le tse rarahaneng tse felisang meru. Seo Morena Solomone oa boholo-holo, mohlokomeli ea bohlale oa sebōpeho sa batho, a ileng a se hlokomela lilemong tse ka bang likete tse tharo tse fetileng e ntse e le ’nete. Ka boiteko ba batho feela, “ho khopameng ho ke ke ha otloloha.” (Moeklesia 1:15, NW) Se tšoanang le seo ke maele a Sepotoketsi, “O pau que nasce torto, morre torto” (Sefate se hlahileng se khopame, se shoa se khopame). Leha ho le joalo, meru e lulang e le metala lefatšeng ho pota e na le bokamoso. Hobane’ng?

Leseli ka Pele

Lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng, mongoli oa Brazil, Euclides da Cunha, o ile a hlolloa ke boieane ba mefuta ea bophelo, Amazon, hoo a ileng a hlalosa moru oo e le “boitsebiso bo sa tlalehoang le bo amanang le Genese.” ’Me tlaleho ea Amazonia Without Myths e bolela hore le hoja motho a ’nile a sebetsa ka thata ho silafatsa le ho senya “boitsebiso” boo, Amazon e ntse e setse e le “letšoao la khopotso ea boemo boo lefatše le neng le le ho bona nakong ea Pōpo.” Empa halelele hakae?

Nahana ka sena: Moru o lulang o le motala oa Amazon le meru e meng e lulang e le metala lefatšeng ke bopaki bo phelang ba “bohlale bo ikhethang,” joalokaha Da Cunha a bolela. Ho tloha metsong ea tsona ho isa makhasing a tsona, lifate tsa moru li phatlalatsa hore ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa moqapi e moholo ka ho fetisisa. Haeba seo ke ’nete, na joale Moqapi eo e Moholo o tla lumela hore batho ba meharo ba felise meru e lulang e le metala le ho senya lefatše? Boprofeta ba Bibele bo arabela potso ena ka che e utloahalang! Bo baleha tjena: “Lichaba tsa halefa, ’me khalefo ea hao [Molimo] ea tla, le nako e behiloeng bakeng sa . . . ho senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Leha ho le joalo, hlokomela hore boprofeta bona bo re bolella hore ’Mōpi ha a na ho fihla motsong oa bothata boo ka ho felisa batho ba meharo feela empa le hore o tla etsa seo nakong ea rōna. Ke hobane’ng ha re ka bua joalo? Ha e le hantle, boprofeta boo bo re Molimo o tla nka khato nakong eo ka eona batho ba “senyang” lefatše. Nakong eo ka eona mantsoe ao a neng a ngoloa lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, batho ba ne ba fokola ka palo ’me ba haelloa ke mekhoa ea ho etsa seo. Empa boemo bo fetohile. Buka Protecting the Tropical Forests—A High-Priority International Task e bolela hore “ka lekhetlo la pele historing ea batho, kajeno ba boemong ba ho felisa motheo oa ho phela ha bona eseng feela libakeng kapa likarolong tse itseng ka bonngoe, empa lefatšeng ka bophara.”

“Nako e behiloeng” eo ’Mōpi a tlang ho nka khato ka eona khahlanong le “ba senyang lefatše” e atametse. Moru o lulang o le motala oa Amazon le litikoloho tse ling tse kotsing lefatšeng li na le bokamoso. ’Mōpi o tla tiisa hore seo sea etsahala—’me seo, hase tšōmo, empa ke ntho ea sebele.

[Lebokose le leqepheng la 20]

Ho Sebeletsa Ho Sireletsa

Sebaka se ka bang lisekoere-mithara tse 400 000 sa moru o teteaneng o lenngoeng bocha motseng o moholo o bohareng ba Amazonia, Manaus, se sirelelitse liofisi tse ngatanyana tsa National Institute for Research in the Amazon ea Brazil kapa INPA. Mokhatlo ona o nang le lilemo tse 42, o nang le mafapha a 13 a fapaneng a akarelletsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ka kamano ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona ho akarelletsa temo le tlhokomelo ea meru le bophelo bo botle bathong, ke mokhatlo o moholo ka ho fetisisa oa phuputso sebakeng seo. Hape ke o mong o nang le pokello e enneng ka ho fetisisa ea limela, litlhapi, lihahabi, liphoofolo tse phelang metsing kapa moo ho omileng, lianyesi, linonyana le likokoanyana tsa Amazon. Mosebetsi oa bafuputsi ba 280 ba mokhatlo o tlatsetsa ho etseng hore batho ba utloisise hamolemonyana tšebetso e rarahaneng ea tikoloho le lintho tse phelang Amazon. Ba etelang mokhatlo oo ba tloha teng ba e-na le boikutlo ba ho lebella se molemo. Ho sa tsotellehe lithibelo tsa ’muso le lipolotiki, bo-rasaense ba Brazil le ba linaha tse ling ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata bakeng sa ho sireletsa letlotlo la bohlokoa la meru ea lefatše e lulang e le metala—Amazon.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho rema lifate bakeng sa ho betla tsela har’a moru

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lihlahisoa tse tsoang morung o lulang o le motala: litholoana, linate, oli, rabara le tse ling tse ngata-ngata

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

J. van Leeuwen, INPA-CPCA, Manaus, Brazil

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela