Ho Khutlela Linthong Tsa Motheo Tse Loantšang Malaria
Le hoja lefatše le lebisitse tlhokomelo ea lona lintoeng tsa mahae, tlōlong ea molao, khaellong ea mesebetsi le mathateng a mang, mafu a bakoang ke malaria ke ka seoelo a phatlalatsoang litabeng tsa sehlooho tsa letsatsi. Leha ho le joalo, World Health Organization (WHO) e bolela hore kajeno hoo e ka bang halofo ea baahi ba lefatše e phela tlas’a tšokelo ea malaria, ’me batho ba ka bang limilione tse 300 ho isa ho tse 500 ba hlaseloa ke ’ona selemo le selemo, e leng ho etsang hore malaria ebe “lefu le atileng ka ho fetisisa le le bolaeang ka ho fetisisa mafung ’ohle a libakeng tse nang le mocheso le mongobo.” Le bolaea hakae?
Metsotsoana e meng le e meng e 20 motho oa shoa ke malaria. Palo eo e tlatsetsa kakaretsong ea batho ba fetang limilione tse 1,5 ba shoang selemo le selemo—e leng lenane le ka lekanang le la baahi bohle ba naha e ’ngoe ea Afrika, Botswana. Batho ba robong ho ba leshome baa shoa libakeng tsa Afrika tse chesang le tse mongobo, bongata ba bona ke bana ba banyenyane. WHO e fane ka litlaleho tse ngata haholo tsa malaria tikolohong ea Amazon, Linaheng tsa Amerika. Ho rengoa ha meru le liphetoho tse ling tse amang lintho tse phelang le tikoloho ea tsona ho siile mohoula o ntseng o eketseha oa batho ba hlaseloang ke malaria tikolohong eo ea lefatše. Libakeng tse ling tsa Amazon, Brazil, hona joale bothata bo tebile hoo ho baahi ba bang le ba bang ba 1000 ba 500 ba tšoaetsoang.
Ho sa tsotellehe hore na ke Afrika, Linaheng tsa Amerika, Asia, kapa libakeng tse ling, malaria e hlasela ka ho khetheha lihlopha tsa baahi ba futsanehileng. WHO e hlokomelisa hore batho bana, “bao e leng ba ho qetela ba ho fumana litšebeletso tsa bophelo, ha ba khone ho itšireletsa ka bobona ’me ba bile ba hōle haholo le litsi tsa thibelo ea malaria.” Leha ho le joalo, ho na le tšepo mahlomoleng ao a bafutsana. Koranta e ’ngoe ea phuputso ea mafu libakeng tse chesang le tse mongobo, TDR News, e boletse hore lilemong tsa morao tjena, mokhoa o mong o fanang ka tšepo ka ho fetisisa thibelong ea mafu a bakoang ke malaria o fumanehile. Ke mokhoa ofe oo o bolokang bophelo? Ke oa linete tse koahelang bethe tse nyanyalitsoeng ka k’hemik’hale e bolaeang menoang.
Melemo ea ho Sebelisa Nete
Le hoja ho sebelisa linete tse koahelang bethe e le tharollo e khutlelang linthong tsa motheo, motsamaisi oa ofisi ea WHO, Afrika, Dr. Ebrahim Samba o ile a bolella Panos Features, e leng koranta ea Mokhatlo oa Panos, hore litlhahlobo tsa ho atleha ha linete tse koahelang bethe tse loantšang malaria li fane ka “liphello tse khahlisang haholo.” Ka mohlala, Kenya, ho sebelisoa ha linete tse koahelang bethe tse nyanyalitsoeng ka k’hemik’hale e se nang kotsi e bolaeang menoang ho fokolitse kakaretso ea mafu, eseng feela mafu a bakoang ke malaria, ka karolo e le ’ngoe ho tse tharo baneng ba lilemong tse ka tlaase ho tse hlano. Ntle le ho boloka bophelo, “linete li ka fokotsa haholo moroalo litšebeletsong tsa bophelo” kaha ke bakuli ba seng bakae ba tla hloka hore sepetlele se ba phekolele malaria.
Leha ho le joalo, ho na le bothata bo bong bo lokelang ho rarolloa: Ke mang ea lefellang linete? Ha batho ba sechaba se seng sa Afrika ba ne ba kōpuoa hore ba tlatsetse, boholo ba bona bo ile ba hana. ’Me hase ho makatsang hore ho batho ba phelang linaheng tseo ho sebelisoang chelete e ka tlaase ho R25 tlhokomelong ea bophelo ho motho ka mong ka selemo, esita le nete e thibelang menoang—ebang e na le k’hemik’hale e bolaeang menoang kapa ha e na eona—ke boiketlo. Leha ho le joalo, kaha mokhoa ona oa thibelo o tla hloka mebuso chelete e tlaase ho feta ea ho phekola bakuli ba malaria, litsebi tsa Machaba a Kopaneng li hlokomelisa hore “e ne e tla ba paballo ea chelete hore ’muso o sebelise chelete e fokolang bakeng sa ho aba le ho reka linete tse koahelang bethe tse nyanyalitsoeng ho thibela menoang.” Ka sebele, ho mebuso ho fana ka linete tse koahelang bethe e ka ’na ea e-ba tsela e ’ngoe ea ho baballa chelete. Leha ho le joalo, ho baahi ba eona ba limilione seo se bolela ho hoholo—se bolela ho bolokoa ha bophelo ba bona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
CDC, Atlanta, Ga.