Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/15 maq. 14-15
  • Seo u lokelang ho se tseba ka Malaria

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo u lokelang ho se tseba ka Malaria
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 MALARIA KE ENG?
  • 2 MALARIA E JALEHA JOANG?
  • 3 U KA ITŠIRELETSA JOANG BOLOETSENG BOO?
  • Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe
    Tsoha!—1994
  • Ho Khutlela Linthong Tsa Motheo Tse Loantšang Malaria
    Tsoha!—1997
  • Pheko e Ncha ea Malaria
    Tsoha!—1993
  • Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 7/15 maq. 14-15

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Malaria

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore ka 2013, batho ba fetang limilione tse 198 ba ile ba tšoaetsoa ke boloetse ba malaria ’me ba 584 000 ba bolaoa ke bona. Hoo e ka bang batho ba bane ho ba bahlano ba bolailoeng ke boloetse boo, e ne e le bana ba lilemo tse ka tlaase ho tse hlano. Batho ba ka bang libilione tse 3, 2 ba lulang linaheng tse ka bang lekholo le libakeng tse ling lefatšeng ka bophara, ba kotsing ea ho tšoaroa ke boloetse bona.

1 MALARIA KE ENG?

Malaria ke boloetse bo bakoang ke likokoana-hloko. Matšoao a boloetse bona a akarelletsa feberu, mohatsela, ho fufuleloa, hlooho, ’mele o opang, ho nyekeloa ke pelo le ho hlatsa. Ka linako tse ling, matšoao ana a ka ’na a hlaha ka mor’a matsatsi a mabeli ho isa ho a mararo, ho itšetlehile ka hore na motho o tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea mofuta ofe le hore na o na le nako e kae a tšoaelitsoe ke boloetse boo.

2 MALARIA E JALEHA JOANG?

  1. Setšoantšo se bontšang kamoo likokoana-hloko tsa malaria li jalehang kateng ’meleng oa motho

    Likokoana-hloko tsa malaria tse bitsoang Plasmodia—li kena maling a motho ha a qeta ho longoa ke monoang o motšehali o bitsoang Anopheles.

  2. Likokoana-hloko tsena li kena liseleng tsa sebete sa motho ea tšoaelitsoeng, ebe lia ikatisa.

  3. Ha lisele tsa sebete li phunyeha, li ntša likokoana-hloko ’me li hlasela lisele tse khubelu tsa mali a motho ea tšoaelitsoeng, moo li tsoelang pele ho ikatisa.

  4. Likoakoana-hloko li kena ka liseleng tse khubelu ’me li etsa hore lisele tseo li phunyehe

    Ha sele e khubelu e phunyeha, e ntša likokoana-hloko tse hlaselang lisele tse ling tse khubelu.

  5. Ha lisele tse khubelu tsa mali li tsoela pele ho phunyeha, likokoana-hloko le tsona li tsoela pele ho hlasela lisele tse ling tse khubelu. Nako le nako ha lisele tsena li phunyeha, motho ea tšoaelitsoeng ke malaria o ba le matšoao a boloetse bona.

3 U KA ITŠIRELETSA JOANG BOLOETSENG BOO?

Haeba u lula naheng eo malaria e atileng haholo . . . 

  • Sebelisa nete e koahelang bethe kapa nete e thibelang menoang. Tiisa hore

    • e tšetsoe ka moriana o bolaeang likokoanyana.

    • ha e na masoba kapa ha ea taboha.

    • e subetsoe hantle tlas’a materase.

  • Sebelisa senyanyatsi se bolaeang menoang lelapeng la hao.

  • Ha ho khoneha, kenya nete e thibelang likokoanyana mamating le lifensetereng ’me u sebelise li-air conditioner le lifene tse tla balehisa menoang.

  • Apara liaparo tse khanyang tse u koahelang ’mele kaofela.

  • Ha ho khoneha, qoba ho tsamaea libakeng tse nang le lifate tse ngata le joang, moo menoang e leng mengata le libakeng tse emeng metsi, e leng moo e ikatisang teng.

  • Haeba u tšoaelitsoe ke malaria, e ea ngakeng hang-hang.

Tsela eo menoang e etsang hore motho a tšoaetsoe ke malaria

Motho a ka tšoaetsoa ke malaria ka lebaka la ho longoa ke monoang o nang le likokoana-hloko tsa boloetse boo. Ka ho tšoanang, monoang o se nang boloetse ba malaria o ka e fumana ha o loma motho ea tšoaelitsoeng ke bona. Joale, monoang oo o fetisetsa likokoana-hloko tseo ho motho e mong

Haeba u rera ho etela naheng eo malaria e atileng haholo . . . 

  • Batla boitsebiso ba morao-rao pele u eta. Mofuta oa likokoana-hloko tse bakang malaria o fapana ho ea ka libaka ’me seo se tla ama taba ea hore u lokela ho sebelisa moriana ofe o loketseng haholo. Hape e ka ba hantle hore u buisane le ngaka ea hao ka lintho tseo u lokelang ho li ela hloko ho latela mafu a kileng a u tšoara.

  • Ha u etetse naheng eo, latela litaelo tse fanoeng sehloohong sena bakeng sa batho ba lulang moo malaria e atileng teng.

  • Haeba u tšoaelitsoe ke malaria, e ea ngakeng hang-hang. Hlokomela hore matšoao a boloetse mona a ka ’na a hlaha ka mor’a beke kapa libeke tse ’nè u tšoaelitsoe.

SEO U KA BOELANG UA SE ETSA

  1. E-ea libakeng tsa phekolo tsa ’muso kapa moo ho eletsoang sechaba ka tsa bophelo bo botle.

  2. Batla meriana libakeng tse fanang ka meriana tse molaong. (Meriana ea boleng bo tlaase kapa ea maiketsetso e ka etsa hore u liehe ho fola kapa ea u beha kotsing ea ho shoa.)

  3. Tlosa lintho tseo menoang e ka ikatisang ho tsona lelapeng la hao.

Haeba u lula sebakeng seo boloetse ba malaria bo atileng ho sona kapa u kile ua etela ho sona, u se ke ua hlokomoloha matšoao ana . . . 

  • Mocheso o mongata (feberu)

  • Ho fufuleloa

  • Ho thothomela

  • Ho opeloa ke hlooho

  • Ho opeloa ke mesifa

  • Ho khathala

  • Ho nyekeloa ke pelo

  • Ho hlatsa

  • Letšollo

Ha motho ea tšoeroeng ke malaria a sa fumane phekolo, a ka haelloa ke mali ’me kapele a ba kotsing ea ho shoa. Batla thuso ea lingaka hang-hang pele boemo bo mpefala, haholo-holo ho bana le ho basali ba baimana.a

a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba Tsoha! ea November 2011, leqepheng la 24-25 le ea November 2009, leqepheng la 26-29.

NA U NE U TSEBA?

Stopwatch se behiloeng holim’a ’mapa oa Afrika

Afrika feela, ngoana a le mong o bolaoa ke malaria motsotso o mong le o mong

  • Bana le basali ba baimana ke bona ba bang kotsing e khōlō ea ho kula haeba ba tšoaetsoa ke malaria.

  • Afrika feela, motsotso o mong le o mong ngoana a le mong o bolaoa ke malaria.

  • Maemong a sa tloaelehang, batho ba ’nile ba tšoaetsoa ke malaria hobane ba tšetsoe mali.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela