Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 5/8 maq. 28-29
  • Na Meru ea Rōna e Lulang e le Metala e Tla Pholoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Meru ea Rōna e Lulang e le Metala e Tla Pholoha?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na “ke Tsamaiso e Ncha ea Machaba”?
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha ho Lokela ho Sireletsoa Meru?
    Tsoha!—1990
  • Na Meru e na le Bokamoso?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 5/8 maq. 28-29

Na Meru ea Rōna e Lulang e le Metala e Tla Pholoha?

MATHOASONG a lekholo lena la lilemo, leeba le fallang la Amerika Leboea le ile la timela. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le nonyana e ngata ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng. Litsebi tsa linonyana li hakanya hore lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng e ne e balloa pakeng tsa limilione tse likete tse hlano le limilione tse likete tse leshome!

Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ka bang lekholo, phepelo ea nama ea nonyana e theko e tlaase eo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea fela e ile ea fela ho se ileng sa hlalosoa e le “ho fokotseha ho sekhahla [ha mefuta ea lintho tse phelang] nakong eo.” Sehopotso sa leeba le fallang se Serapeng sa Sechaba sa Boikhathollo sa Wyalusing, Wisconsin, U.S.A., sea baleha: “Mofuta ona o ile oa fela ka lebaka la meharo le ho se nahanele ha batho.”

Ho fela ha leeba le fallang ho re hopotsa hore esita le libōpuoa tsa lefatše tse tsoalang ka ho fetisisa le tsona li kotsing ea ho hlaseloa ke batho ba mabifi. Meharo le ho se nahanele li ntse li atile. ’Me kajeno hase mofuta o itseng feela o kotsing empa tikoloho eohle le lintho tse phelang ho eona li kotsing. Haeba meru e lulang e le metala e fela, lintho tsohle tse phelang ho eona—e leng hoo e ka bang halofo ea mefuta ea lintho tse phelang lefatšeng—li tla fela le eona. Litsebi li bolela hore tlokotsi e khōlō joalo e tla be e le “koluoa e khōlō ka ho fetisisa bophelong ba lintho tse phelang e tla beng e [bakiloe] ke batho.”

Ke ’nete hore re tseba tikoloho haholoanyane ho feta kamoo re neng re e tseba kateng lilemong tse lekholo tse fetileng. Empa tsebo ena ha ea lekana ho emisa leqhubu la tšenyo e sa khaotseng. Setsebi sa limela, Manuel Fidalgo, oa tletleba: “Re senya ntho eo e leng ea bohlokoahali, ’me re saletsoe ke nako e fokolang. Ke na le tšabo ea hore lilemong tse seng kae tse tlang, meru e tla beng e le eona feela e setseng e sa senngoa ke e mesikong ea lithaba eo baremi ba lifate ba sitoang ho e fihlela.”

Litsebi tsa tlhaho li amehile hobane ho thata ho khutlisetsa meru e lulang e le metala boemong ba eona ba pele. Buka e bitsoang The Emerald Realm: Earth’s Precious Rain Forests e hlalosa ka ho toba hore ho lema moru bocha “ho nka nako ’me ho ka bitsa chelete e ngata, . . . ke mohato oa ho qetela o ka nkoang ho thusetsa tšenyong ea moru o lulang o le motala.” Tlas’a maemo a molemohali, mohlomong ho o lema bocha ho ka ’na ha nka mefuta e seng mekae feela ea lifate tse melang linaheng tse chesang tse mongobo, ’me ho ka ’na ha hlokahala hore sethopo se hlaoleloe nako le nako ho thibela hore se se ke sa koaheloa ke lehola.

Hore na moru o tla boela o fumane bokhabane ba oona ba qalong kapa che ho itšetlehile ka hore na sebaka se sa tsoa lengoa se atamelane hakae le sa moru oa qalong. Ke feela ha li atamelane moo sebaka se lenngoeng lifate bocha qetellong se ka tlalang mefuta e likete tse mashome ea lintho tseo e hlileng e leng tsona tse bōpang moru oa sebele o lulang o le motala. Ho ntse ho le joalo, tšebetso ena e ne e tla ’ne e nke makholo a lilemo. Libaka tse ling tse ileng tsa lahloa kherehloa lilemong tse sekete tse fetileng ha tsoelo-pele ea Bamaya e bjaramana li ntse li e-s’o hlaphoheloe ka ho feletseng.

Na “ke Tsamaiso e Ncha ea Machaba”?

Setsebi se seng sa Smithsonian Institution, Washington, D.C., se ile sa etsa tlhahiso ea hore karolo ea 10 lekholong ea meru e teng hona joale e lulang e le metala e sireletsoe bakeng sa meloko e tlang, e le hore ho sireletsoe mefuta e mengata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Nakong eo ho ne ho sirelelitsoe e ka etsang karolo ea 8 lekholong, empa boholo ba libaka tsena tsa polokelo ea lintho tsa tlhaho kapa lirapa tsena tsa sechaba tsa boikhathollo ke lirapa tsa boikhathollo ka lebitso feela, kaha ha li na thepa e hlokahalang leha e le bona batho ba li sireletsang. Ho hlakile hore ho tlameha hore ho etsoe ho hong ho eketsehileng.

Peter Raven, ’muelli oa paballo ea meru e lulang e le metala, oa hlalosa: “Boiteko ba ho baballa meru e lulang e le metala bo hloka tsamaiso e ncha ea machaba, e hlokomelang hore libakeng tsohle batho ba angoa ke seo lefatše le tla qetella le le sona. Ho tlameha hore ho fumanoe litsela tsa ho fokotsa bofutsana le tlala lefatšeng ho pota. Ho tla hlokahala hore lichaba li etse litumellano tse ncha.”

Batho ba bangata ba nka tlhahiso ea hae e utloahala. Ho baballa meru e lulang e le metala ho hloka tharollo ea lefatše lohle—joaloka maemo a mang a mangata a tobileng moloko oa batho. Bothata bo itšetlehile ka hore “lichaba li etse litumellano” pele ho etsahala tlokotsi ea lefatše ka bophara le pele ho etsoa tšenyo e ke keng ea lokisoa. Joalokaha Peter Raven a bontša, tšenyo ea meru e lulang e le metala e amana haufi-ufi le mathata a mang a sa laoleheng habonolo a linaheng tse sa tsoelang pele moruong, a kang a tlala le bofutsana.

Ho fihlela joale, boiteko ba machaba ba ho sebetsana le mathata ana bo bile le katleho e fokolang. Batho ba bang baa botsa, Na ka letsatsi le leng lichaba li tla tlohella ho tseka le ho loanela lithahasello tsa tsona tsa bochaba molemong oa katleho ea bohle, kapa na takatso ea ho ba le “tsamaiso e ncha ea machaba” ke toro feela?

Ha ho bonahale histori e fana ka tšepo ea se molemonyana. Leha ho le joalo, hangata ho na le ntlha e hlokomolohuoang—maikutlo a ’Mōpi oa meru e lulang e le metala. Moprofesa Edward O. Wilson oa Harvard o bontša hore: “Re lokela ho hopola hore re senya karolo ea Pōpo, kahoo re amoha meloko eohle e tlang seo rōna ka borōna re se filoeng e le lefa.”

Na ’Mōpi oa lefatše o tla lumella batho ho senya mosebetsi oa liatla tsa hae ka ho feletseng? Seo se ke ke sa etsahala.a Ho e-na le hoo, Bibele e bolela esale pele hore Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Molimo o tla rarolla bothata boo joang? O tšepisa ho hloma ’Muso—puso ea leholimo e ka nģ’ane ho meeli ea bochaba—o tla rarolla mathata ’ohle a lefatše le o “ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae.”—Daniele 2:44.

’Muso oa Molimo ha o na ho felisa feela tšenyo ea lefatše e etsoang ke batho empa hape o tla hlokomela hore botle ba tlhaho ba lefatše boa tsosolosoa. Qetellong lefatše lohle le tla fetoha serapa sa boikhathollo, feela joalokaha ’Mōpi oa rōna a ne a rerile qalong. (Genese 1:28; 2:15; Luka 23:42, 43) Hohle batho ba tla “rutoa ke [Jehova],” ’me ba tla ithuta ho rata le ho ananela pōpo eohle ea hae, ho akarelletsa le meru e lulang e le metala.—Esaia 54:13.

Ha a hlalosa nako eo ea tlhohonolofatso, mopesaleme o ile a ngola: “Lifate tsohle tsa meru li etse litlatse tsa thabo pel’a Jehova! Hobane o ea tla ho ahlola lefatše. O tla ahlola lefatše ka ho loka, le lichaba ka ’nete ea hae.”—Pesaleme ea 96:12, 13.

Ho thabisang ke hore bokamoso ba meru e lulang e le metala ha boa itšetleha ka kameho—kapa meharo—ea batho. Bibele e re fa lebaka la ho lumela hore ’Mōpi ka boeena o tla kenella litabeng bakeng sa ho baballa meru ea rōna e melang linaheng tse chesang tse mongobo. Lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng, meloko e tlang e tla bona khanya eo meru e lulang e le metala e nang le eona.—Tšenolo 21:1-4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho thahasellisang ke hore litsebi tsa paballo ea lintho tsa tlhaho tse ikemiselitseng ho baballa ka hohle kamoo ho ka khonehang mefuta e mengata e kotsing, li hlalosa hore li tataisoa ke “molao-motheo oa Noe,” kaha Noe o ile a laeloa hore a kenye ka arekeng “sebōpuoa se seng le se seng se phelang sa nama ea mofuta o mong le o mong.” (Genese 6:19, NW) Setsebi sa lintho tse phelang David Ehrenfeld se bolela hore: “Ho ba teng [ha mefuta ena] ka nako e telele tikolohong ea tlhaho ho bonahala ho fetisa molaetsa oa tokelo e ke keng ea hanyetsoa ea hore mefuta ena e lokela ho lula e le teng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela