Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 10/8 maq. 30-31
  • Bohlokoa ba ho ba Boinotšing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlokoa ba ho ba Boinotšing
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Boinotšing—Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
  • Sebelisa ho ba Boinotšing ho Atamela Haufi le Molimo
  • Teka-tekano ea Hlokahala
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Tsela eo U Ithutang ka Eona?
    Tsoha!—2021
  • Ho Thuisa ho Ruisang Molemo
    Tsoha!—2000
  • Ke’ng se Etsang Hore ke Ikutloe ke le Bolutu?
    Tsoha!—1987
  • Lintho Tse ka Etsang Hore Batho ba Jeoe ke Bolutu
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 10/8 maq. 30-31

Pono Ea Bibele

Bohlokoa ba ho ba Boinotšing

KA LEKHETLO le leng Jesu o ile “a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela. Le hoja nako e ne e se e ile, o ne a le moo a le mong.” (Matheu 14:23) Lekhetlong le leng hape, eitse “ha e e-ba motšehare, a tsoa ’me a qala ho ea sebakeng se thōko.” (Luka 4:42) Mangolo ana a tiisa hore Jesu Kreste o ne a batla ’me a bile a ananela linako tse itseng tsa ho ba boinotšing.

Bibele e na le mehlala e meng ea banna bao, joaloka Jesu, ba ileng ba ananela ho ba boinotšing. E ne e le nakong ea ha a le boinotšing bosiu moo mopesaleme a neng a thuisa ka boholo ba ’Mōpi oa hae e Moholo. ’Me tabeng ea Jesu Kreste, hang ka mor’a hore a utloe litaba tsa lefu la Johanne Mokolobetsi, o ile a “ea sebakeng se thōko bakeng sa ho ea ba mong.”—Matheu 14:13; Pesaleme ea 63:6.

Kajeno, ka lebaka la lerata le pherekano ea bophelo ba sejoale-joale, ho ba boinotšing, e-bang ke ka lebaka la maemo kapa ke ka boikhethelo, hase ntho eo ho nkoang hore ke ea bohlokoa haholo. Na u sa hopola lekhetlo la ho qetela leo u bileng mong ka lona? Mosali e mong e mocha ea nyetsoeng o ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka ba mong bophelong ba ka.”

Empa na ho ba boinotšing ho hlile hoa hlokahala? Haeba ho joalo, ke joang linako tsa ho ikhutsa li ka sebelisoang ka tsela e molemo le e putsang? ’Me ho leka-lekana ho phetha karolo efe ea bohlokoa ha motho a batla ho ba boinotšing?

Ho ba Boinotšing—Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Bibele e re bolella hore monna oa boholo-holo oa Molimo, Isaka, o ile a batla ho ba boinotšing “tšimong hoo e ka bang ha shoalane e tšoara.” Hobane’ng? E re: “E le hore a thuise.” (Genese 24:63, NW) Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, ho thuisa ke “ho nahana ka ho teba kapa ka tsela e iketlileng.” Ho “fana ka maikutlo a ho tsepamisa mohopolo ka tsela e tebileng ’me e le ka nako e telele.” Ho Isaka, ea neng a le mothating oa ho jara boikarabelo bo tebileng, ho thuisa ho joalo ho hlokang litšitiso ho ne ho tla mo nolofalletsa ho nahana ka ho hlakileng, ho hlophisa mehopolo ea hae hantle le ho lekanyetsa lintho tse tlang pele ho eena.

Setsebi se seng sa mafu a kelello se bolela hore hafeela ‘bolutu bo bolokoa ka har’a meeli, ho ba boinotšing ho etsa hore re khone ho hlophisa mehopolo ea rōna hantle, re tsepamise mohopolo hamolemonyana.’ Ba bangata ba ka paka hore hona e ka ba ho khathollang, ho matlafatsang le ho molemo bakeng sa bophelo bo botle.

Har’a liphello tse lakatsehang tsa ho thuisa ke ho tebisa maikutlo le ho imamela, e leng litšobotsi tse thusang ho etsa hore motho a bue le ho etsa lintho ka masene, tseo ka lehlakoreng le leng li hlahisang botsoalle bo nang le kutloano pakeng tsa batho. Ka mohlala, motho ea ithutang ho thuisa a ka boetse a ithuta hore na ke neng a lokelang ho khutsa. Ho e-na le hore a bue ka lepotlapotla, o nahana esale pele ka liphello tse ka ’nang tsa tlisoa ke mantsoe a hae. Mongoli oa Bibele ea bululetsoeng oa botsa: “Na u bone motho ea lepotlapotla mantsoeng a hae?” O tsoela pele hore: “Ho na le tšepo bakeng sa ea hlokang kelello ho feta bakeng sa hae.” (Liproverbia 29:20, NW) Tharollo ea tšebeliso e booatla joalo ea leleme ke eng? Bibele e re: “Pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo; empa molomo oa e mobe o kolla tse mpe.”—Liproverbia 15:28; bapisa le Pesaleme ea 49:3.

Bakeng sa Mokreste, ho thuisa ho khutsitseng ho etsoang boinotšing ke mohato oa bohlokoa o lebisang khōlong ea moea. Mantsoe a moapostola Pauluse ke a loketseng: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Timothea 4:15.

Sebelisa ho ba Boinotšing ho Atamela Haufi le Molimo

Mongoli e mong oa Lenyesemane o ile a re: “Ho ba boinotšing ke sebaka seo re buisanang le Molimo ho sona.” Ka linako tse ling, Jesu o ne a utloa ho hlokahala hore a tlohe ho batho ’me a hlahe ka pel’a Molimo ka ho ba boinotšing. Mohlala o mong oa sena o hlalosoa ka Bibeleng: “Hoseng haholo, ho sa ntse ho le lefifi, a tsoha ’me a tsoela ka ntle eaba oa tloha o ea sebakeng se thōko, ’me moo a qala ho rapela.”—Mareka 1:35.

Ho Lipesaleme, ho pheta-phetiloe litšupiso tse bontšang ho thuisa ho lebisitsoeng ho Molimo. Ha a bua ka Jehova, Morena Davida o ile a re: “Ke thuisa ka uena.” Mantsoe a Asafe a na le moelelo o tšoanang: “Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ’me ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.” (Pesaleme ea 63:6; 77:12, NW) Kahoo, ho nahana ka litšoaneleho le litšebelisano tsa bomolimo ho tlisa meputso e enneng. Ho hōlisa kananelo ho Molimo, ho nolofalletsa motho ho atamela haufi le eena.—Jakobo 4:8.

Teka-tekano ea Hlokahala

Ke ’nete hore ho ba boinotšing ho lokela ho etsoa ka teka-tekano. Ho ba boinotšing ho ka hlalosoa e le sebaka seo ho se etela ho putsang empa seo ho leng kotsi ho lula ho sona. Ho itšehla thajana haholo ho hanyetsana le litlhoko tsa botho tsa motheo, e leng ho ba le botsoalle, puisano le ho bontša lerato. Ho feta moo, ho itšehla thajana e ka ba mobu oo lehola la bothoto le boithati le ka hōlelang ho oona. Maele a Bibele aa lemosa: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.” (Liproverbia 18:1) E le hore re boloke ho leka-lekana ha re batla ho ba boinotšing, re tlameha ho hlokomela likotsi tsa ho itšehla thajana.

Joaloka Jesu le banna ba bang ba moea ba mehleng ea Bibele, kajeno Bakreste ba ananela linako tseo ba bang boinotšing ka tsona. Ke ’nete hore ka lebaka la ho ba le mesebetsi e mengata le lintho tse ngata tse tšoenyang, ho fumana nako le monyetla oa ho thuisa motho a le boinotšing e ka ba phephetso. Leha ho le joalo, joalokaha re etsa ka lintho tse ling tseo e leng tsa bohlokoa ba sebele, re lokela ho reka “nako e loketseng.” (Baefese 5:15, 16) Joale, joaloka mopesaleme, re ka re: “U amohele mantsoe a molomo oa ka, u khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova.”—Pesaleme ea 19:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela