Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 2 maq. 13-15
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Tsela eo U Ithutang ka Eona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Tsela eo U Ithutang ka Eona?
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Na ho Hotle ho Etsa Lintho Tse Ngata ka Nako E le ’Ngoe?
    Bacha Baa Botsa
  • Bohlokoa ba ho ba Boinotšing
    Tsoha!—1998
  • Sebelisa Theknoloji ka Tsela e Nahanelang le e Baballang
    Tsoha!—2009
  • Na U ka Thabela ho Ithuta Haholoanyane?
    Tsoha!—2021
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 2 maq. 13-15
Monna o shebile video ea ntho eo a e phehang.

Ke Joang Theknoloji E Ka Amang Tsela Eo U Ithutang Ka Eona?

Batho ba lula ba ithuta, ebang ke bakeng sa sekolo, mosebetsi kapa mabaka a mang. Theknoloji e ka thusa batho hore ba ithute. Hona joale ho se ho le bonolo hore u fumane lintlha kapa litaba leha e le life ntle le hore u tsoe ka tlung kapa u phahame setulong.

Empa batho ba bangata ba sebelisang theknoloji haholo . . .

  • ba thatafalloa ho tsepamisa mohopolo ha ba bala.

  • ba ba le bothata ba ho etsa ntho e le ’ngoe ka nako.

  • ba jeoa ke bolutu ha ba le bang.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Mocha o etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe. O ngola molaetsa fonong ea hae, o bua le motsoalle ka video, o sebelisa k’homphieutha le buka ho bala.

HO BALA

Batho ba sebelisang lisebelisoa tsa elektronike haholo ha ba na mamello ea ho bala. Ba sheba feela lintlha tse ka sehloohong tsa ntho eo ba e balang.

Ho bala ka tsela eo ha ho na bothata haeba feela u batla karabo ea potso e itseng kapele. Empa ona ha se mokhoa o nepahetseng haeba o batla ho utloisisa ntho eo u e balang.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: U khona ho bala lirapa tse ngata ha bonolo hakae? Ho etsa joalo ho ka u thusa joang hore u ntlafatse mokhoa oa hao oa ho ithuta?​—LIPROVERBIA 18:15.

TSEPAMISA MOHOPOLO

Batho ba bang ba re theknoloji e ba thusa ho etsa mesebetsi e mengata ka nako e le ’ngoe, ka mohlala ba khona ho buisana le metsoalle ea bona ba ntse ba bala. Empa ha ba etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, ha ho na eo ba khonang ho e etsa hantle, haholo-holo haeba li hloka hore ba tsepamise mohopolo.

Ho tsepamisa mohopolo le ho qoba lintho tse ka u sitisang ha ho bonolo empa ho tla u tsoela molemo. Mocha e mong ea bitsoang Grace o re: “U ke ke oa etsa liphoso tse ngata ebile ha u na lula u tšoenyehile haholo. Ke ithutile hore ho molemo ho etsa ntho e le ’ngoe ka nako eseng tse ngata hobane li tla o sitisa.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho u sitisa ho tsepamisa mohopolo le ho hopola lintho tseo u ithutileng tsona?​—LIPROVERBIA 17:24.

HO BA MONG

Batho ba bang ha ba rate ho ba bang moo ho thotseng, kahoo ba sebelisa theknoloji e le ho iphathahanya. Mosali e mong ea bitsoang Olivia o re: “Ke jeoa ke bolutu haeba ho ka feta metsotso e 15 ke lutse feela ke sa shebe fono ea ka kapa ke sa bulele TV.”

Leha ho le joalo, nako ea ho ba mong e fa motho monyetla oa ho nahana ka ho teba e leng karolo ea bohlokoa ea ho ithuta, eseng bakeng sa bacha feela empa le batho ba baholo.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na ha u le mong u sebelisa nako eo hore u nahane?​—1 TIMOTHEA 4:15.

SEO U KA SE ETSANG

HLAHLOBA TSELA EO U SEBELISANG THEKNOLOJI KA EONA

U ka sebelisa theknoloji joang ho u thusa ho ntlafatsa tsela eo u ithutang ka eona? Theknoloji e ka u sitisa ho tsepamisa mohopolo le ho ithuta joang?

KELETSO EA BIBELE: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”​—LIPROVERBIA 3:21.

IPOTSE . . .

  • Na ke thatafalloa ho bala lirapa tse ngata sesebelisoeng sa elektronike? Haeba ho joalo, ke’ng eo hangata e ntšitisang?

  • Nka etsa joang ho fokotsa litšitiso kapa ho li tlosa ka ho felletseng?

Tlhahiso: Qala ka ho bala likarolo tse khutšoanyane ebe ha nako e ntse e-ea oa li eketsa. Bala ka lentsoe le tlaase e le hore u ka tsepamisa mohopolo ho seo u se balang.

  • Nka etsa’ng e le hore ke be le nako e lekaneng ea ho nahanisisa ka ntho eo ke e balileng?

Tlhahiso: Ha u ntse u ithuta, sebelisa metsotso e leshome e qetellang ho hlahloba hore na u ithutile’ng.

  • Ke maemong afe moo ho ka bang bonolo hore ke batle ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe?

  • Nka etsa’ng e le hore ke khone ho tsepamisa mohopolo nthong e le ’ngoe ka nako?

Tlhahiso: Leka ho etsa hore sebakeng seo u ballang ho sona ho se ke ha e-ba le lintho tse tla etsa hore u batle ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe.

KELETSO EA BIBELE: “Fumana bohlale, fumana kutloisiso.”​—LIPROVERBIA 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela