Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 maq. 20-22
  • Nka Etsa Hore ’Nete e be ea ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Hore ’Nete e be ea ka Joang?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ipakele Eona
  • Na U Phathahane Hoo U Sitoang ho Ithuta?
  • Arolela ba Bang Seo U Ithutang Sona
  • Ela Hloko Bao U Tloaelanang le Bona
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • U se ke ua Tlohela ’Nete e U Phonyohe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • “Ke Tla Tsamaea ’Neteng ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • “Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa. . .

Nka Etsa Hore ’Nete e be ea ka Joang?

“Ke hōlisitsoe ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me kamehla ke ne ke nahana hore haeba u hōlisitsoe joalo, u hlile u tseba Jehova. Ke ne ke fositse hakaakang!”—Antoinette.

“’NETE ke eng?” Ponse Pilato, monna ea ileng a nehelana ka Jesu hore a bolaoe, o ile a botsa potso eo e tsebahalang. (Johanne 18:38) Leha ho le joalo, ho hlakile hore Pilato o ne a botsa potso eo e phoqang bakeng sa ho felisa—eseng ho qalisa—puisano e etsoang ka botšepehi. O ne a hlile a sa thahaselle “’nete.” Empa ho thoe’ng ka uena? Na u thahasella ’nete?

Ka makholo a lilemo, bo-rafilosofi ba ’nile ba nahanisisa hore na ’nete ke eng, ka liphello tse fokolang ka mokhoa o soabisang boitekong ba bona. Leha ho le joalo, u ka fumana karabo potsong ea Pilato. Jesu Kreste o ile a ruta hore Lentsoe la Molimo ke ’nete. O ile a boela a bolela hore ke eena “’nete.” ’Me moapostola Johanne o ngotse: ‘’Nete e bile teng ka Jesu.’ (Johanne 1:17; 14:6; 17:17) Kahoo, lithuto tsohle tsa Bokreste tseo hamorao li ileng tsa fetoha karolo ea Bibele, li boetse li bitsoa “’nete” kapa “’nete ea litaba tse molemo.” (Tite 1:14; Bagalata 2:14; 2 Johanne 1, 2) Lithuto tsena tsa Bokreste li akarelletsa lintho tse kang lebitso la botho la Molimo, ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo, tsoho ea bafu le thekollo ea Jesu.—Pesaleme ea 83:18; Matheu 6:9, 10; 20:28; Johanne 5:28, 29.

Bacha ba likete ba rutiloe ’nete ea Bibele ke batsoali ba bona ba Bakreste. Empa na see se bolela hore ba “tsamaea ’neteng”? (3 Johanne 3, 4) Ha ho hlile ha ho joalo. Ka mohlala, Jennifer ea lilemo li 20 o hōlisitsoe e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Oa hopola: “’Mè o ne a e-ea le ’na likopanong tsa Lipaki, a ba a mpolella ka mokhoa o poteletseng hore ke lokela ho nahana ka kolobetso. Empa ke ile ka nahana, ‘Ha ke batle ho ba Paki le ka mohla. Ke ipatlela feela ho thabela bophelo!’”

Bacha ba bang ba lumela seo ba se rutiloeng, empa ba hlōlehile ho ba le kutloisiso e tebileng ea seo Bibele e hlileng e se rutang. Kotsi ea seo ke efe? Jesu o ile a hlokomelisa hore batho ba bang “ha ba na metso ho bona.” Ba joalo ba ka ’na ba “tsoela pele ka nakoana; joale hang ha matšoenyeho kapa tlhoriso a tsoha ka lebaka la lentsoe, baa khoptjoa.” (Mareka 4:17) Ba bang ba ka khona ho hlalosa litumelo tsa bona tse thehiloeng Bibeleng ho ea bohōleng bo itseng, empa ha ba e-s’o tsebe Molimo motheong oa botho. Moroetsana ea bitsoang Aneesa o re: “Ha ke nahane hore ke ne ke e-na le kamano ea sebele le Jehova ha ke sa le monyenyane . . . Ke nahana hore e ne e itšetlehile haholo ka kamano eo batsoali ba ka ba neng ba e-na le eona le eena.”

U eme kae tabeng ee? Na Jehova e mpa e le Molimo oa batsoali ba hao? Kapa joaloka mopesaleme oa Bibele, na u ka re: “Ke itšepela uena, Jehova; ke re: U Molimo oa ka”? (Pesaleme ea 31:14) Ho ka ’na ha u hloka sebete hore u tobane le linnete. Mohlankana ea bitsoang Alexander o re: “Bohato ba pele boo ke ileng ka bo nka e ile ea e-ba ba hore ke itlhahlobe ka botšepehi.” Ka mor’a ho ipatlisisa maikutlo, u ka ’na ua hlokomela hore ha u hlile ha u e-s’o bonahatse hore ’nete ke ea hao (lithuto tsohle tsa Bokreste). U ka ’na ua haelloa ke kholiseho e matla, ’me kahoo bophelo ba hao ba bonahala bo se na morero, bo se na moo bo eang teng.

Libokeng tsa tsona tsa Bokreste, hangata Lipaki tsa Jehova li bina pina e nang le sehlooho se reng “’Nete u e Fetole ea Hao.”a Mohlomong keletso eo e u loketse. Empa u ka etsa joalo joang? U ka qala ka ho etsa eng?

Ipakele Eona

Ho Baroma 12:2, re fumana keletso ea moapostola Pauluse: ‘Ipakeleng e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ Empa ke joang u ka etsang joalo? Ka ho ba le “tsebo e nepahetseng ea ’nete.” (Tite 1:1) Baahi ba boholo-holo ba motse oa Berea ha baa ka ba amohela lintho tseo ba li utloang ntle le ho botsa lipotso. Ho fapana le hoo, ‘ka hloko ba ile ba hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena [tseo ba neng ba ithuta tsona] li ne li le joalo.’—Liketso 17:11.

Mokreste e mong e monyenyane ea bitsoang Erin o ile a bona tlhokahalo ea hore le eena a etse se tšoanang. Oa hopola: “Ke ile ka etsa lipatlisiso. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke tseba joang hore bolumeli boo ke ba ’nete? Ke tseba joang hore ho na le Molimo ea bitsoang Jehova?’” Ke hobane’ng ha u sa qale ho ba le lenaneo la botho la ho ithuta? U ka ’na ua qala ka buka e thehiloeng Bibeleng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.b E bale ka hloko. Sheba litemana tsa Mangolo ’ohle a bontšitsoeng ’me u hlokomele hore na li amana joang le taba e ngotsoeng. U ka ’na ua makalla tsela e fapaneng eo u tla ikutloa ka eona mabapi le ’nete ha u e-ba “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo”!—2 Timothea 2:15.

Moapostola Petrose o itse lintho tse ling ka Bibeleng li “thata ho utloisiseha,” ’me u tla fumana hore ho joalo. (2 Petrose 3:16) Empa moea oa Molimo o ka u thusa hore u utloisise esita le litaba tse thata. (1 Bakorinthe 2:11, 12) Rapella thuso ea Molimo ha u e-na le mathata a ho utloisisa ntho e itseng. (Pesaleme ea 119:10, 11, 27) Leka ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Haeba ha u tsebe hore na u ka etsa seo joang, kōpa thuso. Batsoali ba hao kapa mohlomong ba bang ba hōlileng tsebong ka phuthehong ea Bokreste ba ka u thusa.

Hopola hore ha u ithutele hore u khahlise ba bang ka tsebo eo u nang le eona. Mocha ea bitsoang Collin oa hlalosa: “U tseba litšoaneleho tsa Jehova hamolemo.” Iphe nako ea ho nahanisisa ka seo u se balang e le hore se tebe pelong ea hao.—Pesaleme ea 1:2, 3.

Ho kopanela le phutheho libokeng tsa Bokreste le hona ho ka u thusa. Etsoe joalokaha moapostola Pauluse a ngotse, phutheho ke “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Bacha ba bang ba tletleba ka hore liboka tsa Bokreste lia bora. Collin e mocha oa hopotsa: “Empa haeba u sa lokisetse liboka, u ke ke ua rua ho hongata ho tsona.” Kahoo, lokisetsa lintho tseo u tla ithuta tsona e sa le pele. Liboka li thahasellisa haholo ha u nka karolo ho tsona—eseng ha u le moshebelli feela.

Na U Phathahane Hoo U Sitoang ho Ithuta?

Ke ’nete hore ka lebaka la mosebetsi oa hao oa sekolo le mesebetsi e meng ea ka tlung, e ka ’na ea e-ba phephetso ho fumana nako ea ho ithuta. Mocha ea bitsoang Susan oa ngola: “Ka lilemo tse ngata, ke ’nile ka sotloa ke ho tseba hore ke ne ke lokela ho lokisetsa liboka le ho ba le thuto ea botho, empa ha ho mohla nkileng ka khona ho etsa joalo.”

Susan o ile a ithuta ho “ithekela nako” mesebetsing eo eseng ea bohlokoa hakaalo. (Baefese 5:15, 16) Pele, o ile a etsa lethathamo la lintho tsohle tseo a neng a batla ho ithuta tsona. Eaba o etsa kemiso ea ho ithuta tsona. Empa o ile a boela a kenyelletsa le nako ea boikhathollo kemisong eo ea hae. Oa eletsa: “U se ke ua etsa kemiso bakeng sa motsotso o mong le o mong. Kaofela re hloka nakoana e itseng ea phomolo.” Ka ho tšoanang, ho ba le kemiso ho ka ’na ha sebetsa le ho uena.

Arolela ba Bang Seo U Ithutang Sona

Ho sebelisa seo u ithutang sona ke habohlokoa haholo ho etseng hore e be karolo ea hao. Leka ho ruta motho e mong. Mopesaleme o itse: “Molomo oa ka o tla bolela bohlale, linahano tsa pelo ea ka li rute kutloisiso.”—Pesaleme ea 49:3.

Haeba ha u hlajoe ke lihlong ka litaba tse molemo, u ke ke ua tsilatsila ho li arolela bao u kenang sekolo le bona le ba bang bao u ka kopanang le bona. (Baroma 1:16) Ka ho sebelisa menyetla e joalo ho bua le ba bang ka ’nete, u tla be u sebelisa seo u ithutang sona; ’me ka tsela ena, u tla be u tsetela ’nete kelellong le pelong ea hao.

Ela Hloko Bao U Tloaelanang le Bona

Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa khatelo-pele e ntle moeeng. Empa ka potlako moapostola Pauluse o ile a tlameha ho ba ngolla, a ba botsa: “Ke mang ea ileng a le sitisa hore le ’ne le tsoele pele ho mamela ’nete?” (Bagalata 5:7) Ho ile ha etsahala se tšoanang ka mocha ea bitsoang Alex. Oa lumela hore boiteko ba hae ba ho ithuta Lentsoe la Molimo bo ne bo fokolisoa ke ‘metsoalle ea hae e sa lokang eo a neng a qeta nako a e-na le eona.’ Bakeng sa khatelo-pele ea hao ea moea, ho ka ’na ha hlokahala hore le uena u etse liphetoho tse itseng tabeng ena.

Ka lehlakoreng le leng, litloaelano tse ntle ka sebele li ka u thusa hore u hatele pele. Liproverbia 27:17 e re: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” Fumana mehlala e metle ea batho bao u ka ba etsisang—batho ba sebelisang ’nete bophelong ba bona. U ka ’na ua ba fumana hona ka lapeng leno. Jennifer e monyenyane oa hopola: “Ntate-moholo oa ka o ne a mpehela mohlala o motle haholo. Kamehla o ne a qeta lihora tse tharo a lokisetsa thuto ea Bibele ea phutheho ea rōna e tšoaroang ka Sontaha. O ne a sheba lengolo le leng le le leng le hlahang moo a ithutang teng liphetolelong tse fapaneng tsa Bibele ’me a sheba mantsoe dikishinaring ea hae. O ne a tseba lintlha tse sa tsejoeng hakaalo tse ka Bibeleng. U ne u ka mo botsa ntho leha e le efe ’me o ne a tla fumana karabo ea eona.”

Ha u etsa hore ’nete ebe ea hao, u ba le letlotlo la bohlokoa—ntho eo u ke keng ua fana ka eona ka moputso leha e le ofe. Kahoo, le ka mohla u se ke ua nka ’nete e le feela “bolumeli ba batsoali ba ka.” U lokela ho kholiseha joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Leha ntate le ’mè ba ka ntlahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Ka ho tseba hantle seo Bibele e se rutang, ka ho se lumela, u arolela ba bang tumelo ea hao, ’me ka holim’a tsohle, ka ho phela tumellanong le tumelo ena, u tla bontša hore u entse hore ’nete e be ea hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hlaha bukeng ea lipina e reng Binelang Jehova Lithoriso, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ipakele ’nete ka ho iketsetsa lipatlisiso le ka ho ba le thuto ea botho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela