Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 maq. 15-17
  • “U ka Khaotsa—Re Khaolitse!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U ka Khaotsa—Re Khaolitse!”
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ba Koae
  • U ka Khaotsa Joang?
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
  • Tsela ea ho Khaotsa
    Tsoha!—2000
  • Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 maq. 15-17

“U ka Khaotsa—Re Khaolitse!”

KA MONGOLLI OA TSOHA! JAPANE

Ho latela litlaleho tse itseng, likepe tsa Europe tse ileng tsa emisa Japane ho ella mafelong a bo-1500 li ne li nkile baeti ba tsubang koae, bao ho neng ho bonahala eka “ba besa mollo ka limpeng tsa bona.” Ho makalla seo ho ile ha tsoala bohelehele hoo ka bo-1880, ho tsuba koae ho ileng ha tloaeleha Japane. Ke mang ea neng a ka nahana hore litloholo tsa Majapane ao a neng a maketse kajeno li ne li ka baloa har’a litsubi tsa popota tsa koae lefatšeng?

“RE NE re batla ho ikutloa re hōlile, re batla ho tloaelana le tsela eo batho ba baholo ba ikutloang ka eona.”—Akio, Osamu le Yoko.

“Ke ne ke batla ho theola ’mele.”—Tsuya.

“E ne e le ka lebaka la bohelehele.”—Toshihiro.

“Re ne re sa nahane hore koae e tla ba kotsi ho rōna.”—Ryohei, Junichi le Yasuhiko.

“Ke ne ke batla ho thibela lehlatso la hoseng la boimana ha ke ne ke imme ngoana oa bobeli.”—Chieko.

“Ke ile ka tsuba e le ho fokotsa khatello linakong tseo ho bang thata libokeng tsa khoebo.”—Tatsuhiko.

Ao ke mabaka a ileng a fanoa ha sehlopha sena sa batho se ne se botsoa hore na ke hobane’ng ha se ile sa qala ho tsuba lisakerete. Litlhaloso tse kang tseo lia utloahala ha ho tluoa tabeng ea hore ba bang ba bitsa Japane paradeise ea litsubi. Leha ho le joalo, hoa tsoteha hore batho ba boletsoeng ka holimo kaofela ha bona ba khaolitse ho tsuba. Sena ke tlhōlo ea sebele ha u nahana ka litšitiso tse teng tikolohong ea bona. Na ua ipotsa hore na ba khonne joang? A re hlahlobeng pele hore na ho tsuba koae ho atile hakae kajeno Japane.

Boemo ba Koae

Hoo e ka bang karolo ea 56 lekholong ea banna ba Japane ea tsuba, ha e bapisoa le karolo ea 28 feela lekholong ea banna ba Amerika ho tloha ka ba lilemo li 15 kapa ho feta. Litsubi tse 34 000 000 tsa Japane li akarelletsa hoo e ka bang karolo ea 22 lekholong ea basali ba teng, bao boholo ba bona ba ntseng ba le banyenyane. Mohlala o fanoang ke batho ba baholo le papatso e etsoang ka bohlale li tlatselitse haholo keketsehong e potlakileng ea bacha ba tsubang. Ho bapatsa sakerete thelevisheneng le seea-le-moeeng, ho ileng ha thibeloa lilemong tse fetileng tse fetang mashome a mabeli United States, hona joale ho thibetsoe Japane.

Ho feta moo, lisakerete li fumaneha habonolo mechineng e mengata eo motho a khonang ho ithekisetsa lintho tse ka har’a eona lik’honeng tsa literata Japane. Hang ha ba tšoere pakete ka letsoho, ke ba fokolang ba elang hloko molaetsa o se nang tšusumetso le o sa bontšeng kameho o ngotsoeng ho eona. Mongolo ona o ka ’na oa baleha tjena: “Re se tsubeng haholo; ho ka ’na ha e-ba kotsi.” ’Me ho phaella tabeng ea hore hangata ha ho tsejoe likotsi tse tebileng tsa koae, mohlala o mobe oa bongata ba batho ba hlahelletseng le oona o khothalletsa Majapane ho tsuba, o a koeelletsa boikutlong bo fosahetseng ba ho sireletseha.

Hase ho makatsang hore ebe ba buellang ho se tsube ba nyatsa ho se tsotelle ha Japane ka hore ebe ha e etse hore baahi ba eona ba eketsehileng ba khaotse ho tsuba koae. Empa barupelli ba qala ho bona bohlokoa ba ho lemosa batho hore ho tsuba ho beha bophelo ba bona kotsing. E, litsubi tsa Majapane li ba le matšoao a tšoanang le ao litsubi tsa libakeng tse ling li bang le ’ona—ho nyekoa ke pelo, ho felloa ke moea, ho hohlola ho sa khaotseng, ho tšoaroa ke mala, ho se be le takatso ea lijo, ho tšoaetsoa sefuba habonolo, ’me mohlomong le ho shoa pele ho nako ka lebaka la kankere ea matšoafo, lefu la pelo kapa mathata a mang.

Ho tloha ka la 1 April, 1985, indasteri ea koae ea Japane e ile ea fetoloa ea praefete, ea tlohela ho laoloa ke ’muso feela, e leng se neng se tsoetse pele ka mashome a lilemo. Leha ho le joalo, e ntse e e-na le kamano e haufi-ufi le ’muso, eo e leng eona e thibelang tsoelo-pele leha e le efe tabeng ea ho khothalletsa ho se tsube. Sena se hlakisa hore na ke hobane’ng ha lihlopha tse khahlanong le koae li nka Japane e le setšabelo sa litsubi kajeno. ’Me ho boetse ho totobatsa hore na ke hobane’ng ha The Daily Yomiuri e ile ea tlaleha hore lingaka tsa mona li utloisoa bohloko ke taba ea hore Japane ke “sechaba se khothalletsang ho tsuba.”

Ho bona hore na ba bang ba khonne joang ho khaotsa, bona lebokose le reng “Kamoo re Ileng ra Khaotsa.”

U ka Khaotsa Joang?

Keletso ea bao pele e neng e le barati ba koae, ba kang ba bontšitsoeng lebokoseng, e ka akaretsoa ka hore: E-ba le lebaka le hlakileng la ho batla ho khaotsa. Le molemo ka ho fetisisa ke la ho rata Molimo le ho batla ho mo thabisa. Le leng le letle ke ho rata baahisani ba hao. Ipehele pakane ’me u e khomarele. Etsa hore ho tsejoe hore oa khaotsa—bolella metsoalle ea hao, ’me u batle thuso ho litho tsa lelapa la hao. Ha ho khoneha, khaotsa hang-hang. ’Me u leke ka hohle ho qoba libaka tse nang le batho ba tsubang.

Haeba u ithuta Bibele, eketsa botsoalle ba hao le Lipaki tsa Jehova. Ka ho ba har’a tsona, ka potlako u tla lahleheloa ke takatso ea hao ea ho tsuba. Ka lehlakoreng le leng, haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova ea ithutang Bibele le motho ea tsubang, u se ke ua mo tela. Mo thuse ho rata Jehova ho feta mokhoa oa hae o kotsi.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

“Kamoo re Ileng ra Khaotsa”

Mieko: “Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ke ne ke kholisehile hore nke ke ka khaotsa ho tsuba. Morero oa ka oa ho ithuta e ne e le hore bonyane bana ba ka ba tsebe tsela e isang bophelong. Empa, ka potlako ke ile ka elelloa hore motsoali o lokela ho beha mohlala, kahoo, ke ile ka qala ho rapela Jehova Molimo ka matla hore a nthuse. Ho ne ho hloka boiteko hore ke sebeletse ho seo ke se rapeletseng, ’me ke ile ka hlonama ka nakoana. Empa nke ke ka hlola ke lebala boikutlo bo botle ba letsoalo le hloekileng boo ke ileng ka ba le bona ha qetellong ke itokolla mokhoeng ona o litšila.”

Masayuki: “Ka mor’a ho ba motho ea tsubang lipakete tse tharo ka letsatsi, le ka mor’a ho ithuta ka liphoso tsa ka, qetellong ke ile ka tima sakerete ea ka ea ho qetela eaba ke khaotsa ho tsuba. Lelapa la ka, Lipaki-’moho le ’na le Jehova Molimo ba ile ba nthusa hore ke khaotse. Batho bao ke sebetsang le bona bankeng ba ne ba sa lumele hore ke khaolitse. Ke ile ka etsa tlhahiso ea hore e le ho bontša mekhoa e metle ho batho bao re ba sebeletsang, basebetsi ba ofisi libakeng tsa banka tsa ho sebeletsa sechaba ba se ke ba tsuba nakong ea mosebetsi. Tlhahiso ea ka e ile ea amoheloa, le hoja karolo ea 80 lekholong ea basebetsi e le litsubi. Mokhoa ona hona joale o sebelisoa makaleng a 260 a banka ea rōna.”

Osamu: “Ha ke ntse ke ithuta ’nete ho tsoa Lentsoeng la Molimo, Bibele, ke ne ke tseba hore ke tlameha ho khaotsa ho tsuba. Ho ile ha nkuka hoo e batlang e le selemo. Esita le ka mor’a hore ke khaotse, ke ile ka tlameha ho loantša takatso ea ho tsuba ka likhoeli tse ling tse tšeletseng. Ka pelong ke ne ke tseba hore ke tlameha ho ba le takatso ea ho khaotsa.”

Toshihiro: “Sehlabelo sa thekollo sa Jesu se ile sa nkama ka ho tebileng hoo ke ileng ka nahana hore bonyane ke etse sehlabelo sa ho khaotsa ho tsuba.”

Yasuhiko: “Qeto ea ka ea ho utloa Jehova Molimo le ho khaotsa ho tsuba e pholositse bophelo ba ka. Ka letsatsi le leng, khase e ne e lutle ’me ea tlala kamore eo ke neng ke sebeletsa ho eona. Ka tloaelo, nka be ke ile ka laeta sakerete, e ka beng e ne e etse hore ho phatlohe. Empa kaha ke ne ke khaolitse ho tsuba matsatsi a ’maloa pele ho moo, kajeno kea phela ’me nka qoqa ka eona.”

Akio: “Nako le nako ha ke ne ke nyekoa ke pelo, ke ne ke e-ba le pelaelo ea hore koae e ea ntematsa. Empa ha kea ka ka khaotsa ho tsuba. Boitsebiso ba pele ba ’nete boo ke ileng ka bo fumana ka likotsi tsa ho tsuba ke ile ka bo fumana ho mosali oa ka ea neng a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka potlako, ke ile ka qala ho ithuta Bibele, ’me ke ile ka ithuta libukeng tsa Watch Tower hore setsubi ha se ntše sona feela kotsi, empa se ntša le litho tsa lelapa la sona kotsi. Ke ile ka khaotsa hang-hang!”

Ryohei: “Mosali oa ka o ne a tloaetse ho nthekela lisakerete—lipakete tse 20 ka nako e le ’ngoe. Empa ka mor’a hore a ithute Bibele le Lipaki, o ile a hana ho nthekela ntho eo a neng a tseba hore e tla ’ntša kotsi. Kahoo, ke ile ka bula lebenkele la ka la koae. Ke ne ke tsuba lipakete tse tharo le halofo ka letsatsi. Eaba ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Ka potlako, ke ile ka batla ho ba ’moleli ea atlehang oa litaba tsa Bibele. Kahoo, ke ile ka khaotsa ho tsuba e le hore ke tšoanelehe bakeng sa koetliso ena Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.”

Junichi: “Morali oa ka e monyenyane, eo e leng Paki, o ne a amehile ka bophelo ba ka. O ile a etsa hore ke etse tšepiso ea hore ke tla khaotsa ho tsuba, ’me ke ile ka ho etsa.”

Tsuya: “Ha ke ne ke etetse Holo ea ’Muso ka lekhetlo la pele, ke ile ka kōpa terei ea molora oa koae le mollo ha ke kena. Ke ile ka makala ha ke bolelloa hore ha ho na motho ea tsubang moo. Ka elelloa hore ke lokela ho khaotsa ho tsuba. Matsatsi a robeli a mahlomola-pelo ke le sepetlele a ile a nkholisa hore ha ke sa batla hore ke boele ke fete bohlokong bo tebileng ba ho khaotsa ho tsuba.”

Yoko: “Ke ile ka bala lihlooho tsa limakasine le libuka tse ling tsa Lipaki tsa Jehova, ka hlahloba kamoo Jesu a ileng a hana lithethefatsi tseo a neng a li fuoa kateng ha a ne a le haufi le ho khokhothelloa thupeng ea tlhokofatso. Ke ile ka rapela Jehova Molimo, ka mo bolella hore ke batla ho ba mororisi ea hloekileng oa lebitso la hae. Ka mor’a moo, ha kea ka ka hlola ke tsuba hape. Ha batho ba pel’a ka ba tsuba, ho ne ho re ke heme mosi oo ba o ntšang, empa ka potlako ke ne ke sutha pel’a oona, kaha ke ne ke sa batle hore takatso ea ka ea ho tsuba e khutle.”

Batho bana bao e kileng ea e-ba litsubi kaofela ba ikemiselitse ho se hlole ba tsuba hape. Na u setsubi se batlang ho itokolla mokhoeng oo?

Mieko

Osamu

Yasuhiko

Akio le mosali oa hae, Sachiko

Junichi le morali oa hae Meri

Yoko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela