Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 1/8 maq. 30-31
  • Ke Mang ea Tla Hloekisa Lefatše la Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tla Hloekisa Lefatše la Rōna?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Batho ba ka ho Etsa ka Bobona?
  • Lefatše le Hloekileng—Ka Tsela Efe?
  • Tšilafalo e Emisitsoe Hang-hang Morerong oa Eona!
    Tsoha!—1988
  • Tšilafalo—E Bakoa ke Mang?
    Tsoha!—1990
  • Liphello Tse Bolaeang Tsa Tšilafalo
    Tsoha!—1988
  • Na ho Fela ha Tšilafalo ho Haufi?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 1/8 maq. 30-31

Ke Mang ea Tla Hloekisa Lefatše la Rōna?

“MABAPI le indasteri ea rōna, ke lepa hore ka selemo sa 2025 batho ba tla be ba se ba sa bue ka lentsoe ‘tšilafalo’ ho hang.” Eo e bile ponelo-pele ea morao tjena e ileng ea boleloa ke mopresidente e mong oa mokhatlo oa lik’hemik’hale. Na ua lumela hore hoo ho tla etsahala? Haeba ua lumela, ho tla finyelloa joang?

Takatso ea ho etsa phaello ke eona eo hangata e susumelletsang hore ho rekisoe lihlahisoa tse kotsi. Ka mohlala, melao ea ho boloka lekunutu ea khoebo e lumella lik’hamphani tse hlahisang chefo e bolaeang likokoanyana hore li pate hore na lik’hemik’hale tse itseng tse fanang ka phaello li entsoe ka eng, ka hore li behe leibole e reng metsoako ea tsona “ha e na liphello tse matla,” e leng poleloana eo habonolo e ka hlalosoang e le e bolelang hore “ha e na kotsi.” Leha ho le joalo, makasine ea Chemical Week e tlaleha hore “bonyane metsoako e se nang liphello tse matla e ka bang 394 e ’nile ea sebelisoa e le chefo e atlehang e bolaeang likokoanyana.” Metsoakong ena, e 209 ea eona ke lintho tse silafatsang tse kotsi, e 21 e hlalosoa ka molao e le e bakang kankere ’me e 127 e beha bophelo kotsing tabeng ea mosebetsi!

Ho ke ke ha latoloa hore mehato eo mebuso e e nkang ea tšireletseho hangata e bile molemo. Empa mongoli e mong o re kameho e ka sehloohong ea mebuso ke “khōlo ea moruo le phaello ea indasteri.” Kahoo, hangata e tobana le ho leka-lekanya maemo—hore na likotsi li ngata hakae ha li bapisoa le melemo. Ka ho khetheha, liphello ke ‘tšilafatso e laoloang.’

Kahoo, re retelehela kae bakeng sa likarabo? E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a botsa mong’a ntlo ea neng a bontša botsoalle potso ena. Ha a bontša ho tšepa baeta-pele ba batho le bo-rasaense, motho eo o ile a araba: “Ba tla lokisa lintho ka le leng la matsatsi.”

Paki e ile ea botsa: “Empa ke bo-mang? Na hase batho ba tšoanang le ’na le uena? E ka ’na eaba ba rutehile haholoanyane, empa ba na le moo ba haelloang teng le moo ba fokolang teng. Ba etsa liphoso.” Ho phaella moo, ho na le mathata a maholo ao ba thulanang le ’ona haesita le meharo le bobolu tse mokhatlong oa batho.

Na le uena u lumela hore ba tla lokisa lintho? Histori e telele ea ho hlōleha ha motho ho etsa joalo e etsa hore ho se be le tšepo. Makasine ea Outdoor Life e itse: “Bo-rasaense le mekhatlo ea bona ba ipabola haholoanyane tabeng ea ho ithuta ka mathata a tšilafalo ho feta tabeng ea ho a phekola.” Ke menyetla efe e teng ea hore batho ba ka rarolla bothata boo bo tebileng?

Na Batho ba ka ho Etsa ka Bobona?

Ho laola tšilafalo e bakoang ke lik’hemik’hale hase feela bothata ba ba boholong sebakeng ka seng. Sena se bakoa ke hore lik’hemik’hale tse sebelisoang naheng e ’ngoe li ama batho ba linaheng tsa boahelani, esita le batho lefatšeng lohle! ’Me batho ba hlōlehile ho sebelisana ’moho ho rarolleng mathata a joalo a lefatše. Bibele e bontša hore na ke hobane’ng ha e re: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Ke hobane’ng ha batho ba hlōleha ho ipusa? Bibele e boetse ea hlalosa: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Seo se bolela’ng?

Se bolela hore ho hang batho ba ne ba sa etsetsoa hore ba ipuse ntle ho tataiso ea Molimo. Ke ’nete hore batho ba entse lintho tse hlollang—ba hahile libaka tsa bolulo tse tsotehang, ba etsa lisebelisoa tse entsoeng ka bohlale, esita le ho ea khoeling—empa ba sitoa ho ipusa ntle ho tataiso ea Molimo. Ke sona se rutoang ke Bibele, ’me histori e paka hore Bibele e nepile.

Lefatše le Hloekileng—Ka Tsela Efe?

’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, kamehla o ’nile a ameha ka moloko oa batho le ka lefatše lena leo a ileng a le lokisetsa batho. Ka mor’a hore a bōpe batho, o ile a laela hore ba hlokomele lefatše le lintho tse phelang ho lona. (Genese 1:27, 28; 2:15) Hamorao, ka mor’a hore banyalani ba pele ba se ke ba mamela litaelo tsa hae, o ile a fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele litaelo tsa ho hlokomela naha, ho kopanyelletsa le tlhokahalo ea hore e lesoe e lale selemo sohle lilemong tse ling le tse ling tse supileng. Sena se ne se e fa monyetla oa hore e itsosolose. (Exoda 23:11; Levitike 25:4-6) Empa batho ba ile ba e-ba meharo ’me ba se ke ba mamela Molimo. Bona hammoho le naha eo, ba ile ba e-ba tlokotsing.

Ke ’nete hore tšilafalo e bakoang ke lik’hemik’hale e kang eo re nang le eona kajeno e ne e ke ke ea e-ba teng morao koo. Leha ho le joalo, lefatše le ile la senyeha hobane Baiseraele ba ile ba hlōleha ho le fa phomolo ho latela morero oa Molimo, ’me batho ba se nang molato ba ile ba e-ba tlokotsing. Kahoo, Molimo o ile a lumella Bababylona hore ba hlōle Iseraele le ho isa sechaba seo botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70. Kotlo eo e ile ea boela ea fana ka monyetla oa hore naha eo e phomole e le hore e ka boela boemong ba eona ba pele.—Levitike 26:27, 28, 34, 35, 43; 2 Likronike 36:20, 21.

Histori ena e re ruta hore Molimo o nka batho ba ikarabella bakeng sa seo ba se etsang ka lefatše. (Baroma 15:4) Ha e le hantle, Molimo o tšepisa hore o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ka ho totobetseng, Bibele e hlalosa mofuta oa batho ba tlatsetsang ‘tšenyong’ ena. Litšobotsi tsa bona tse hlaheletseng, joalokaha li thathamisitsoe ka Bibeleng ho 2 Timothea 3:1-5, li akarelletsa ho ameha ho tlōlisa ka chelete le ka lithahasello tsa botho ho ea bohōleng ba ho ba ba sa natseng Molimo, ’me ha ho atolosoa taba, le ho ea bohōleng ba ho se natse pōpo ea hae, e akarelletsang batho ba bang.

Kahoo, mangolo ana a mabeli a Bibele—2 Timothea 3:1-5 le Tšenolo 11:18—a bontša liqeto tse peli tse utloahalang. Pele, likelello tse silafetseng li etsa hore lefatše le silafale. Ea bobeli, Molimo o tla kenella ho pholosa polanete ena le batho ba tšabang Molimo nakong eo ka eona mefuta ena e ’meli ea tšilafalo e felisoang. Molimo o tla kenella joang?

Ka moprofeta oa hae Daniele, Molimo o ile a bolela esale pele: “Mehleng ea marena ao [ka ho hlakileng ho buuoa ka mebuso ea kajeno], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) ’Muso oo ke ’muso oa sebele oa lefatše. Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’muso oo ha a ne a re: “Joale, le lokela ho rapela ka tsela ena: ‘Ntate oa rōna ea maholimong, . . . ’muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.’”—Matheu 6:9, 10.

Tlas’a tlhokomelo e lerato ea ’Muso oa Molimo, baahi ba lefatše ba tla thabela tokelo e khōlōhali ea ho etsa polanete eohle paradeise. Moea e tla ba o hloekileng le o khathollang, melapo e tla phalla metsi a hloekileng, ’me mobu o tla hlahisa limela tse sa silafalang. (Pesaleme ea 72:16; Esaia 35:1-10; Luka 23:43) Ka mor’a moo, Bibele ea tšepisa: “Tse fetileng [mafu a kajeno, litlokotsi, tšilafalo le matšoenyeho a mang a mangata] ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.”—Esaia 65:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lefatše le hloekileng—na u tla phela hore u le bone?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela