Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 3/8 maq. 8-9
  • Tšepo eo Bolumeli ba ’Nete bo Fanang ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo eo Bolumeli ba ’Nete bo Fanang ka Eona
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo e Hlollang
  • Molaetsa o Tsoang ho Molimo
  • Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng
    Tsoha!—2008
  • Bophelo Boo a Etsang Hore bo Fumanehe
    Tsoha!—2006
  • ’Muso o Tla Fetola Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 3/8 maq. 8-9

Tšepo eo Bolumeli ba ’Nete bo Fanang ka Eona

KA TLHAHO, re rata ho bua ka lintho tseo re amehileng ka tsona kapa tse re amang maikutlo. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore Lipaki tsa Jehova li thabele ho arolelana le ba bang molaetsa o babatsehang oa Bibele. Molaetsa oo o phahamisang ’Muso oa Molimo, o na le likarabo tsa lipotso tse mabapi le lintho tse hlileng li amang batho kajeno, tse kang bokamoso, tšireletseho, bophelo bo botle le thabo.—Luka 4:43.

Empa pele ho tsohle, ’Muso oa Molimo ke eng?

Tšepo e Hlollang

’Muso oa Molimo ke puso ea Molimo e busoang ke Mora oa hae, “Morena oa Khotso.” Mabapi le eena Bibele e re: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa ... Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.

Ha re talima nakong e tlang, e, nakong ea histori ea rōna le babusi ba eona, boprofeta bo bong ba Bibele bo ile ba bolela esale pele: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae ... o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

’Muso ona oa Molimo o busoang ke Kreste, Morena oa Khotso, o tla phethahatsa thapelo eo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae ho e rapela, e leng: “Ntate oa rōna ea maholimong ..., ’muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:9, 10) Ho tla bolela eng ho lefatše le ho rōna ha ’Muso oa Molimo o e-tla? Hlahloba litšepiso tseo Jehova Molimo ka boeena a li entseng, joalokaha ho tlalehiloe ka Bibeleng. Tse ling tsa tsona li tšoantšitsoe maqepheng ana.

Molaetsa o Tsoang ho Molimo

Litšepiso tse babatsehang tse fumanoang ka Lentsoeng la Molimo ha lia lokela ho patoa, ’me sena se re khutlisetsa tabeng eane ea ho bua le ba bang ka bolumeli. Jesu o ile a bolela esale pele hore pele ho bofelo ba tsamaiso ena ea hona joale ea lintho, balateli ba hae ba ne ba tla nka bohato ba ho bolela ka ’Muso oa Molimo: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 1:8.

Molaetsa ona o mabapi le ’Muso oa Molimo ke oona oo Lipaki tsa Jehova li o phatlalatsang lefatšeng ka bophara. Makasine e tsamaisanang le ena, Molula-Qhooa, e hatisoa ka lipuo tse 130, ’me sekoahelong sa e ’ngoe le e ’ngoe ea likopi tse fetang limilione tse 22 tse hatisoang tokollong ka ’ngoe ho na le mantsoe ana: “O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.”

Joaloka motho ea bohlale, u batla ho etsa qeto e thehiloeng tsebong ka bophelo ba hao. (Liproverbia 18:13) Ka hona, re u mema ka seqo hore u ithute ho eketsehileng ka ’Muso o khanyang oa Molimo le seo o ka se bolelang ho uena. Hore u finyelle sena, u se ke ua ipehella ka thōko ha ho qoqoa ka Bibele. Ha ho na moqoqo o ka rutang, ea e-ba o thahasellisang le oa bohlokoa joaloka oona.—Johanne 17:3.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Litšepiso Tsa Lefatše la Paradeise

Ho tla rena khotso ea sebele lefatšeng. “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.”—Pesaleme ea 72:7, 8.

Esita le bona bafu ba tla khutlisetsoa bophelong. “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

Ho tla thabeloa bophelo bo phethahetseng ho-ea-ho-ile. “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.

Batho ba tla ikahela matlo ’me ba lule ho ’ona. “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona.”—Esaia 65:21.

Lijo li tla ba teng ka bongata. “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela