Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng
JESU o ile a bua ka kholiseho hore batho ba tla phela hape, ’me o ile a bolella barutuoa ba hae hore seo se ne se tla fela se etsahale. O ile a re: “Pōpong e entsoeng bocha, [le tla] rua bophelo bo sa feleng.” Jesu o ne a bolela’ng ha a re “pōpong e entsoeng bocha”?—Matheu 19:25-29.
Tlalehong e tšoanang le eo e ngotsoeng ke Luka ka Bibeleng, Jesu o ile a re “tsamaisong ea lintho e tlang,” barutuoa ba hae ba ne ba tla fumana “bophelo bo sa feleng.” (Luka 18:28-30) Ke hobane’ng ha Bibele e re ‘tsamaiso ea lintho e tlang’ ke ‘pōpo e entsoeng bocha’?
Ho hlakile hore e hatisa taba ea hore Jehova Molimo o tla etsa bonnete ba hore morero oa hae oa tšimolohong oa hore batho ba phele ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng oa phethahala. Ho tla etsoa hore batho ba boele ba phethahale, feela joalokaha Adama le Eva ba ne ba phethahetse pele ba etsa sebe. Kahoo, “tsamaisong ea lintho e tlang,” ho tla ba le ‘pōpo e entsoeng bocha’ ea maemo a Paradeise a neng a le teng serapeng sa Edene.
Kamoo Paradeise e Tlang ho Tsosolosoa
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle puso eo Molimo a tla e sebelisa ho tsosolosa maemo a lokileng lefatšeng ka bophara. Jesu o ile a re re lokela ho rapela, re re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Molimo o khethile Mora oa hae hore e be ’Musi ’Musong ona o tla phethahatsa morero oa Molimo oa hore lefatše lohle e be Paradeise.
Mabapi le Eo Molimo a mo khethileng hore e be ’Musi, Bibele e re: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa lebitso la . . . Khosana ea Khotso. Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.” (Esaia 9:6, 7) Leha ho le joalo, ‘puso ee ea bohosana’ e tla phethahatsa thato ea Molimo joang?
Bibele e araba ka ho re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [puso ea bohosana] o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.
A re hlahlobeng hore na maemo a tla ba joang lefatšeng Paradeiseng e tsosolositsoeng, “pōpong e entsoeng bocha,” ha Mor’a Molimo a sebelisa matla a hae e le ‘’Musi pusong ea bohosana,’ ’Musong oa Ntate oa hae.
Bophelo bo Tla ba Joang Paradeiseng?
Bafu ba tla tsosoa
“Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.
“Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Ha ho sa tla ba le ho kula, botsofali kapa lefu
“Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.”—Esaia 35:5, 6.
“Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
Ho tla ba le matletsetletse a lijo
“Ka sebele lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona; Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.”—Pesaleme ea 67:6.
“Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
Bohle ba tla ba le matlo a matle le mesebetsi e khotsofatsang
“Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”—Esaia 65:21, 22.
Ha ho sa tla ba le bokebekoa, pefo le ntoa
“Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng.”—Liproverbia 2:22.
“Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.
Tšabo ha e sa tla ba teng, hohle ho tla rena khotso
“Ka sebele li tla lula li sireletsehile, ho se ea etsang hore li thothomele.”—Ezekiele 34:28.
“Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.
E tla ba thabo e kaakang ho phela lefatšeng leo ho renang maemo a joalo hohle, ha batho bohle ba rata Molimo ba bile ba ratana! (Matheu 22:37-39) U ka kholiseha hore litšepiso tsohle tsa Molimo li tla phethahala nakong eo. Molimo o re: “Ke o boletse [morero oa ka] . . . ke tla boela ke o phethe.”—Esaia 46:11.
Ho na le lintho tse ngata tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore u ithute tsona ka Jehova Molimo le lefatše la hae le lecha leo a le tšepisitseng. Ka mohlala, ho na le bopaki bofe ba hore lefatše lee le lecha le haufi? ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso eohle e teng lefatšeng sebaka joang? Hona ke liketsahalo life tse tla etella seo pele? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u hlahlobe lipotso tseo. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 32 la makasine ena.
Lefatše le lecha la ho loka leo batho ba ’nileng ba le labalabela ka lilemo tse ngata joale le se le atametse. Batho ba bangata ba shoeleng ba tla boela ba phele. Hore batho ba tla phela hape hase feela hore ke ntho e ka etsahalang—ha e le hantle ke thato ea Molimo. Ka sebele bafu ba tla phela hape! Ruri boo ke “bophelo ba sebele,” e leng “bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8; 6:19.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 7]
Paradeise e ileng ea lahleha ka lebaka la ho se mamele ha batho ba pele, e tla tsosolosoa