“Ke Lilemo li Supileng”
Lumelang. Lebitso la ka ke Amelia, ’me ke lula Caribbean. Ke lilemo li supileng. Nakong e fetileng batsoali ba ka ba futsanehileng ba ile ba fana ka ’na ho lelapa le leng le ruileng le phelang motseng oa toropo.
Tsatsing lena, ho tšoana le matsatsing a mang ’ohle, ke tsohile ka hora ea bohlano hoseng. Ka kha metsi selibeng se haufi le moo. Ho ne ho batla ho le thata ho roala nkho e khōlō hloohong, empa ke ile ka e roala—ho seng joalo, nka be ke ile ka shapuoa habohloko. Eaba ke lokisa lijo tsa hoseng le ho li tšolela ba lelapa. Ke ile ka lieha ho tšola lijo tsa hoseng, kahoo mong’a ka a nchapa ka lerapo.
Ka mor’a moo, ke ile ka isa mora oa lelapa leo ea lilemo li hlano sekolong. Ha ke khutla, ka thusa ho pheha le ho tšolela ba lelapa lijo tsa motšehare. Ka mor’a hore ho jeoe lijo tsa hoseng le pele ho jeoa tsa motšehare, ke tlameha ho ea reka lijo ’marakeng ’me ke rongoa koana le koana, ke besa mollo oa mashala a patsi, ke fiela jarete, ke hlatsoa liphahlo le lijana, ke bile ke hloekisa kichine. Hape ke hlatsoa maoto a mofumahali. Tsatsing lena o ne a koatisitsoe ke ho hong, ’me o ile a ntjabela ka bohale. Ke tšepa hore hosesane o tla be a thabile.
Ke ile ka fuoa lijo tse setseng hore ke li je—bonyane li ne li le betere ho e-na le papa ea mohalikoana eo ke e jeleng maobane. Liaparo tsa ka li tabohile, ’me ha ke na lieta. Ha ho mohla beng ba ka ba ntumellang ho hlapa ka metsi ao ke a kheletseng lelapa. Bosiung bo fetileng ke robetse ka ntle; ka linako tse ling ba ntumella hore ke robale ka tlung fatše. Hampe ke hore ke hlōleha ho ingolla lengolo lena. Ha kea lumelloa ho kena sekolo.
Le hlole hamonate. Amelia.
LE HOJA lebitso la hae la sebele e se Amelia, maqakabetsi ao a leng ho ’ona, ’ona ke a sebele.a Amelia e mpa e le e mong feela oa bana ba limilione ba tlamehang ho sebetsa—’me hangata e le tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa. Ho sebelisoa ha bana ka thata ke bothata bo boholo mehleng ea rōna. Ke bothata bo rarahaneng bo se nang tharollo e bonolo. Bo atile, bo felisa sechaba, ’me bo na le liphello tse senyang, bo sehlōhō baneng ’me bo tlosa batho seriti.
Bothata ba ho sebelisa bana ka thata bo pharaletse hakae? Bothata bona bo qalile joang, ’me bo tla ka libōpeho life? Na ho sa tla ke ho be le nako eo bana—e leng bona ba hlokang tlhokomelo e lerato le ba hlaselehang habonolo lelapeng la motho—ba ke keng ba hlola ba phela ka masisa-pelo le ho tlatlapuoa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boemo ba hae bo tlalehiloe ho The State of the World’s Children 1997.