Mokhoa oa Hao oa Bophelo—O na le Likotsi Life?
KA LITSELA tse ngata tšekamelo ea bophelo ha ho mohla e kileng ea bonahala e tšepisa. Tlaleho ea 1998 ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) e re: “Hona joale batho ba eketsehileng ho feta leha e le neng pele bonyane ba khona ho fumana tlhokomelo ea bophelo ea motheo, phepelo ea metsi a sireletsehileng le tsamaiso ea likhoerekhoere.” ’Nete ke hore baahi ba bangata ba lefatše ba ntse ba phela tlas’a maemo a bofutsana, empa joalokaha Mokhatlo oa Brithani oa Khaso o ile oa tlaleha, “lefatšeng ho pota bofutsana bo ’nile ba fokotseha haholo lilemong tse 50 tse fetileng ho feta lilemong tse 500 tsa pejana.”
Ho ntlafatsoa ha tsamaiso ea tlhokomelo ea bophelo ea lefatše ho ekelitse karolelano ea lilemo tseo motho a lebeletsoeng ho li phela lefatšeng ka bophara. Ka 1955 karolelano ea lilemo e ne e le 48. Ka 1995 e ne e se e nyolohetse lilemong tse 65. Lebaka le leng la keketseho ena ke tsoelo-pele e entsoeng toantšong ea mafu a tšoarang bana.
Lilemong tse ka holimonyana ho 40 tse fetileng, bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba ne ba etsa hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea batho bohle ba shoang. Leha ho le joalo, ka 1998 bana ba bangata lefatšeng ba ne ba sirelelitsoe ka liente mafung a atisang ho tšoara bana. Ka hona, palo ea bana ba shoang ba le ka tlaase ho lilemo tse hlano e theohetse karolong ea 21 lekholong ea batho bohle ba shoang. Ho ea ka WHO, ho bile le “tšekamelo e hlakileng ea bophelo bo botle, bo boleletsana.”
Ke ’nete hore bophelo bo boleletsana bo sa ntlafalang hakaalo e ne e tla ba tlhōlo e se nang thuso. Ha ba ntse ba batla maemo a molemonyana bophelong, batho ba bangata ba bontša ho ameha haholo ka menyaka ea lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, mokhoa o joalo oa bophelo o na le likotsi tsa oona bophelong.
Na ke Mokhoa oa Bophelo o Molemonyana?
Lintlafatso tsa morao tjena moruong oa sechaba li tlisitse liphetoho tse khōlō mekhoeng ea batho ea bophelo. Hona joale batho ba bangata ba linaheng tse tsoetseng pele moruong ba se ba khona ho reka thepa le ho fumana litšebeletso tseo pele li neng li khonoa ke barui feela. ’Me le hoja tse ling tsa lintlafatso tsena li ekelitse monyetla oa ho phela haleletsana, batho ba bangata ba ’nile ba hoheleha ho phela ka mokhoa o ba behang kotsing.
Ka mohlala, ba limilione ba sebelisitse matla a bona a eketsehileng a ho reka ho reka lintho tse sa hlokahaleng tse kang lithethefatsi tse lemalloang, joala le koae. Ka masoabi, liphello e ’nile ea e-ba tsona tse boletsoeng esale pele. Makasine ea World Watch e re: “Tšokelo e atang ka potlako bophelong ba sechaba lefatšeng hase boloetse, ke sehlahisoa.” Makasine eo ea phaella: “Lilemong tse 25 tse latelang, ho lebeletsoe hore maloetse a bakoang ke koae a fetohe a itlhommeng pele ho sokela bophelo ba batho lefatšeng ka bophara ho feta maloetse a tšoaetsanoang.” Ho feta moo, Scientific American e re: “Palo e tsotehang ea karolo ea 30 lekholong ea ba bolaoang ke kankere ho ka thoe ke ka lebaka la ho tsuba, ’me palo e lekanang le eo ke ea mokhoa oa bophelo, haholo-holo oa tloaelo ea ho ja le ho se ikoetlise ka ho lekaneng.”
Ntle ho pelaelo, tsela eo re khethang ho phela ka eona e na le phello e khōlō bophelong ba rōna. Joale, re ka boloka kapa ra ntlafatsa bophelo ba rōna joang? Na ho khetha lijo tseo motho a li jang le ho ikoetlisa ke sohle se hlokahalang? Ho phaella moo, boemo ba kelello le ba moea bo phetha karolo efe mokhoeng o molemo oa bophelo?