Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 7/8 maq. 4-7
  • Tsela ea ho Sireletsa Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Sireletsa Bophelo ba Hao
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khetha Lijo Tse Matlafatsang
  • Boikoetliso bo Loketseng
  • Ho Thoe’ng ka ho Tsuba, Lithethefatsi le Joala?
  • Bophelo bo Botle U ka Etsa Eng ka Bona?
    Tsoha!—1989
  • Ho Khetha Lijo Tse Matlafatsang
    Tsoha!—1997
  • Na ka Sebele U Hloka Ho Ikoetlisa?
    Tsoha!—2005
  • Na U Ikoetlisa ka ho Lekaneng?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 7/8 maq. 4-7

Tsela ea ho Sireletsa Bophelo ba Hao

PHEPHETSO e teng kajeno ke ea ho etsa qeto ea hore na ke’ng e tla ama bophelo ba rōna ka ho fetisisa. Mecha ea phatlalatso e tlatsitse lefatše la khoebo ka boitsebiso bo bongata mabapi le ho khetha lijo tseo motho a li jang, boikoetliso, lijo tse matlafatsang le bo bong bo bongata bo amanang le bophelo bo botle. Ka bomalimabe, bo bongata ba bona bo ea loantšana. Mongoli oa saense Denise Grady o re: “Keletso e eang bathong ea hore na ba je eng, ba sebelise meriana efe, ha e le hantle, ea hore na ba phele joang, e bonahala e fetoha nako le nako ha ho phatlalatsoa phuputso e ncha koranteng ea bongaka.”

Lingaka tse ling li eletsa hore ho batla ho le molemo hore motho a khomarele mokhoa oa motheo ho e-na le hore a leke ho latela mokhoa o mong le o mong o mocha oa bophelo o fihlang. Ka mohlala, The American Medical Association Family Medical Guide e re: “U ka lula u phela hamolemonyana bophelo bohle ba hao ka ho etsa liphetoho tse loketseng mokhoeng oa hao oa bophelo le ka ho ea ngakeng kamehla, e le hore boloetse leha e le bofe bo ka ’nang ba u tšoara bo fumanehe le ho phekoloa nako esale teng.” Empa ke ‘liphetoho life tse loketseng mokhoeng oa bophelo’ tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa? A re hlahlobeng tse tharo tsa tsona.

Khetha Lijo Tse Matlafatsang

Litsebi tsa bongaka li khothalletsa hore re je lijo tsa mefuta e fapa-fapaneng, ’me karolo e khōlō ka ho fetisisa ea tse re fang matla e be lik’habohaedreite tse rarahaneng, haholo-holo tse fumanehang ho lijo-thollo, linaoa, meroho le litholoana.a Leha ho le joalo, bophelo ba rōna ha bo angoe feela ke seo re se jang empa bo boetse bo angoa ke tekanyo ea seo re se jang. Ke habohlokoa ho ja ka tsela e itekanetseng. Ho tloaela ho ja haholo lijo tse fanang ka matla ho feta tseo ’mele ea rōna e li hlokang ho ka re nontša. Buka e ’ngoe ea tataiso ea bongaka e re ka lehlakoreng le leng, seo se ka imetsa pelo, sa fokolisa ’mele, ’me sa “eketsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo, lefu la tsoekere, lefu la manonyeletso le mafu a mang a mangata.”

Lilemong tsa morao tjena ho lebisitsoe tlhokomelo e khōlō lijong tse mafura. Litsebi tse ngata tsa bophelo li bolela hore lijo tse nang le mafura a mangata li eketsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo le mefuta e meng ea kankere. Leha ho le joalo, sena hase bolele hore re tlameha ho khaotsa ho ja lijo tse mafura ka ho feletseng. Mary Abbott Hess, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Mokhatlo oa Lijo oa Amerika o re: “Ho na le monyetla oa hore u je lijo tseo u li ratang lijong tse matlafatsang, ka tekanyo e itseng, hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng.” Ntlha ea bohlokoa ke ho ja hanyenyane le ho se je lijo tse ling tse mafura.

Ke ’nete hore ho fetola tsela eo u tloaetseng ho ja ka eona ha ho bonolo. Ha e le hantle, ba bang ba ka ’na ba beha lebaka la hore ha ho na thuso ea ho phela haeba ba tlameha ho lula ba itima lijo tseo ba li thabelang. Empa ho e-na le ho latela leano la ho se sekisetse kapa ho sekisetsa ka ho feletseng, leka ho fumana mokhoa o batlang o itekanetse. E batla e le taba ea ho fokotsa ho e-na le ho tlohela ka ho feletseng. Family Medical Guide e qotsitsoeng pejana e re: “Ho latela mokhoa o molemo oa bophelo ha ho bolele hore u lokela ho khaotsa ho thabela bophelo.”

Litsebi tsa lijo li bontša hore u ka ipebofaletsa lintho ha u etsa liphetoho lijong tseo u li jang ka ho tlohela ho ja lijo tse sa matlafatseng hanyane ka hanyane. Ka mohlala, lekanyetsa lijo tseo u li jang ka beke, ho e-na le ho lekanyetsa tsa letsatsi feela. Haeba hona joale u ja nama e khubelu letsatsi le leng le le leng, leka ho e fokoletsa ho makhetlo a mararo ka beke. Ho boetse hoa tšoana le ka lijo tse nang le mafura a mangata, tse kang botoro, chisi, ice cream le lijo tse bobebe tse mafura a mangata. Sepheo e lokela ho ba ho fokotsa mafura ao u a jang e le hore a se ke a feta karolo ea 30 lekholong ea lijo tse u fang matla.

Dr. Walter Willett oa Univesithi ea Harvard o eletsa hore motho a se ke a fokotsa lijo tse mafura ’me ebe o li nkela sebaka ka lijo tse nang le setache le tsoekere e ngata. Hangata sena se fella ka ho mo nontša. Tsela e molemo ke ho fokotsa mafura hammoho le lik’habohaedreite lijong tseo u li jang.

Boikoetliso bo Loketseng

Mokhoa o molemo oa bophelo o akarelletsa lenaneo la boikoetliso ba kamehla. Dr. Steven Blair, mohlophisi oa tlaleho ea ngaka e khōlō ea ’muso, United States, ka taba ea ho ba ea koenneng ’meleng, o re: “Batho ba tlohelang mokhoa oa bophelo o seng sehlahlo eba ba ikoetlisa ka mokhoa o itekanetseng ba fokotsa sekhahla sa ho bolaoa ke lefu la pelo ka halofo.” Ka masoabi, batho ba bangata kajeno ha ba ikoetlise leha e le ka tsela e itekanetseng. Ka mohlala, ho boleloa hore motho a le mong ho ba bane United States ha a etse letho ka ho feletseng. The Toronto Star e tlaleha hore phuputso e entsoeng Canada ea 1997 Physical Activity Benchmarks e fumane hore “karolo ea 63 lekholong ea baahi ba Canada e ikoetlisa ka nako e ka tlaase ho hora ka letsatsi.” ’Me bafuputsi Brithani ba bolela hore sehlopheng se seng sa bana seo ba ileng ba se hlahloba e ne e le “ba sa etseng letho hoo ho otla ha lipelo tsa bona ho batlang ho otla ka tsela e tšoanang ha ba tsohile le ha ba robetse.”—The Sunday Times.

Nakong e fetileng ho ne ho nahanoa hore ke boikoetliso bo matla feela ba ’mele bo leng molemo bophelong. Empa ha ho hlokahale boikoetliso bo khathatsang ’mele hore motho e be ea koenneng. Ha e le hantle, ho ea ka tlaleho ea ngaka e khōlō ea ’muso, “ho sebelisa lik’halori tse seng kae tse ka bang 150 [lik’hilojule tse 630] ka letsatsi [ka boikoetliso bo itekanetseng] ho ka fokotsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo, khatello ea methapo ea mali, kankere le lefu la tsoekere.”

Ha u khetha mosebetsi oa boikoetliso, ke habohlokoa hore u khethe ntho eo u thabelang ho e etsa. Ho seng joalo, u tla hlōleha ho o etsa karolo ea mokhoa oa hao oa bophelo. Ntlha ea bohlokoa hase hore na u etsa’ng ho ikoetlisa empa ke hore na u ho etsa hangata hakae. Mekhatlo ea Sechaba ea Bophelo bo Botle ea United States e etsa tlhahiso ea hore e le tataiso e akaretsang, “bana hammoho le batho ba baholo ka ho tšoanang ba lokela ho ipehela pakane ea ho ikoetlisa ka tsela e itekanetseng bonyane ka metsotso e 30, hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng.”

Ke boikoetliso ba mofuta ofe bo nkoang e le bo itekanetseng? Ho sesa, ho tsamaea ka matla, ho palama baesekele, ho hlatsoa le ho bentša koloi, ho hloa litepisi le ho hloekisa jarete. Ha ho hlokahale hore u kenele setsi sa boikoetliso kapa mokhatlo oa bophelo bo botle e le hore u sireletse bophelo ba hao. Leha ho le joalo, ho na le tlhokomeliso: Litsebi tsa bongaka li khothalletsa hore haeba u e-na le pale ea lefu la pelo le la methapo kapa haeba u monna ea lilemo tse ka holimo ho 40 kapa mosali ea lilemo tse ka holimo ho 50, u lokela ho etsa bonnete ba hore u bona ngaka pele u qala lenaneo leha e le lefe la boikoetliso.

Ho Thoe’ng ka ho Tsuba, Lithethefatsi le Joala?

Ho tsuba: Mosi oa sakerete o na le metsoako e fetang 4 000 e behang bophelo kotsing, eo e 200 ea eona e leng lichefo tse tsejoang. Leha ho le joalo, ntle ho bongata ba lichefo tsena, ha ho pelaelo ka liphello tse kotsi tseo ho tsuba ho li tlisang bophelong ba motho. Ke lihlahisoa tse seng kae feela tseo batho ba li sebelisang tse atamelang ho koae ka manane a batho bao li ba bolaeang. Ka mohlala, United States maloetse a amanang le koae a bolaea batho ba fetang ba bolaoang ke likotsi tsa likoloi ka makhetlo a leshome. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore lefatšeng ka bophara ho tsuba ho bolaea batho ba ka bang limilione tse tharo selemo le selemo!

Ho phaella kotsing ea ho tšoaroa ke kankere le lefu la pelo, batho ba tsubang ba atisa ho tšoaroa ke sefuba, liso tsa ka maleng, lefu le sa foleng la matšoafo le khatello e phahameng ea mali ho feta batho ba sa tsubeng. Ho tsuba ho boetse ho fokotsa matla a motho a ho utloa monko le tatso. Ka ho hlakileng, ho khaotsa ho tsuba ke mohato o mong oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho thibela ho kula oo motho a ka o nkang. Empa ho thoe’ng ka lithethefatsi le joala?

Lithethefatsi: Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e bile le liphello tse kotsi ka ho nyarosang bophelong ba batho lefatšeng ka bophara. Lefapha la Bophelo bo Botle le Litšebeletso Tsa Sechaba United States le re: “Selemo le selemo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e bolaea Maamerika a 14 000.” Empa hase batho ba sebelisang lithethefatsi hampe feela ba angoang ke khoebo ea lithethefatsi. E le hore a lefelle tloaelo ea ’ona, makhoba a mangata a lithethefatsi a retelehela pefong le bophelong ba tlōlo ea molao. The Sociology of Juvenile Delinquency e re: “Litsekisano tsa mekhoa ea kabo [ea k’hok’heine] li entse hore likarolo tse ling tse hare tsa metse e be ‘libaka tse shoeleng,’ moo manane a batho ba bolaeanang a leng holimo hoo mapolesa a seng a li nka e le libaka tse tsoileng taolong.”

Ke ’nete hore tšebeliso e mpe ea lithethefatsi hase bothata bo United States feela. Ho ea ka khakanyo e ’ngoe, selemo le selemo batho ba pakeng tsa 160 000 le 210 000 ba bolaoa ke ho ikenta ka lithethefatsi lefatšeng ka bophara. Ho feta moo, ba bang ba limilione ba sebelisa mefuta e meng e kotsi ea lithethefatsi, e kang khat (lekhasi le letala le natlafatsang), betel nut le k’hok’heine.

Joala: Le hoja lithethefatsi tse lemalloang joaloka k’hok’heine le heroine li hapa tlhokomelo ea batho, tšebeliso e mpe ea joala e baka tšenyo e mpe le ho feta. The Medical Post e tlaleha hore bokhoba ba tahi bo “ama motho a le mong ho ba 10 ba Canada, ’me bo senyetsa tsamaiso ea tlhokomelo ea bophelo lidolara tse limilione tse likete tse 10 [liranta tse limilione tse likete tse 62] ka selemo.” Ho hakanngoa hore United States, joala ke sesosa se tlatsetsang ka karolo ea 50 lekholong likotsing tsa likoloi tse bolaeang le likotsing tsa mollo, karolo ea 45 lekholong ea ba khangoang ke metsi le karolo ea 36 lekholong ea litaaso tse hlaheloang ke likotsi. Tšebeliso e mpe ea joala e boetse e hlahella ka litlōlo tse ngata tsa molao tse mabifi. Hangata batho ba bolaeang, ba futuhelang ba bang ka mabifi, ba betang, ba hlekefetsang bana, kapa ba ipolaeang ba noella joala sekhukhung.

Haeba motho e mong eo u mo ratang a phela ka joala, koae, kapa lithethefatsi, batla thuso.b Lentsoe la Molimo, Bibele, le re “motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” (Liproverbia 17:17) E, ho itšetleha ka tšehetso e lerato ea lelapa le metsoalle ho ka etsa ho hongata ho u thusa ho sebetsana ka katleho le boemo bo thata.

Empa hore u hle u phele hantle, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela bophelo bo botle ’meleng. Litšusumetso tsa kelello le tsa moea le tsona li phetha karolo ea bohlokoa ho pheleng ka mokhoa o molemo bophelong. Sehlooho se latelang se tla tšohla sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho ja lijo tse matlafatsang, bona Tsoha! ea July 8, 1997, leqepheng la 25-31.

b Bona letoto la lihlooho tse buang ka ho thusa makhoba a tahi le malapa a ’ona tokollong ea Tsoha! ea June 8, 1992.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Ho latela mokhoa o molemo oa bophelo ha ho bolele hore u lokela ho khaotsa ho thabela bophelo”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore ho tsuba ho bolaea batho ba limilione tse tharo selemo le selemo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Ho na le monyetla oa hore u je lijo tseo u li ratang lijong tse matlafatsang, ka tekanyo e itseng, hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng”

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Boikoetliso ba kamehla e ka ba karolo ea mokhoa o molemo oa bophelo

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Hana koae le lithethefatsi tse kotsi

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Litholoana le meroho li molemo ho uena

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Esita le mesebetsi ea letsatsi le letsatsi e ka ba boikoetliso bo molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela