Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 6/8 maq. 23-27
  • Na U Ikoetlisa ka ho Lekaneng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ikoetlisa ka ho Lekaneng?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba ho Qeta Boholo ba Nako U Lutse ke bo Joang?
  • Ipehele Lipakane Tseo U Tla li Finyella
  • E be Kamehla
  • Bophelo bo Mafolofolo bo Molemo
  • Tsela ea 3—Ikoetlise Kamehla
    Tsoha!—2011
  • Na ka Sebele U Hloka Ho Ikoetlisa?
    Tsoha!—2005
  • Bophelo bo Botle U ka Etsa Eng ka Bona?
    Tsoha!—1989
  • Tsela ea ho Sireletsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 6/8 maq. 23-27

Na U Ikoetlisa ka ho Lekaneng?

“Ha ho na moriana o sebelisoang hona joale kapa o tla sebelisoa nakong e tlang o ka bang molemo bophelong joaloka ho ba le lenaneo la ho ikoetlisa la bophelo bohle.”

KA 1982, Dr. Walter Bortz II, moprofesa oa bongaka univesithing e ’ngoe, o ile a ngola mantsoe a ka holimo. Ka lilemo tse 23 tse fetileng, litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle le mekhatlo li ’nile tsa qotsa mantsoe ana libukeng tsa tsona, limakasineng le Mecheng ea Boitsebiso Inthaneteng. Ho hlakile hore keletso ea Dr. Bortz e sa le nakong feela joalokaha e ne e le nakong ka 1982, ’me ba bangata ba ntse ba e nka e le e utloahalang le e sebetsang. Ka hona, re etsa hantle ha re ipotsa, ‘Na ke ikoetlisa ka ho lekaneng?’

Ba bang ba na le boikutlo bo fosahetseng ba hore ha ba hloke ho ikoetlisa hobane ha ba fete boima bo loketseng ba ’mele. Batho ba batenya le ba fetang boima bo loketseng ba ’mele ba ka rua molemo o moholo ka ho ba le lenaneo la ho ikoetlisa kamehla, empa esita le haeba u sa fete boima bo loketseng ba ’mele, ho ikoetlisa haholoanyane ho ka ntlafatsa bophelo ba hao haholo le ho u thusa ho qoba maloetse a itseng a tebileng, ho akarelletsa mefuta e itseng ea kankere. Hape liphuputso tsa morao tjena li bontša hore ho ikoetlisa ho ka fokotsa ho tšoenyeha, ho ka ba ha thibela le ho tepella maikutlo. Ha e le hantle, batho ba bangata ba basesaane ba ba le khatello ea kelello le ea maikutlo, ba tšoaroa ke lefu la pelo, lefu la tsoekere le mafu a mang a mpefatsoang ke ho se ikoetlise ka ho lekaneng. Ka hona, ho sa tsotellehe hore na u feta boima bo loketseng ba ’mele kapa che, haeba u qeta boholo ba nako u lutse, ho molemo hore u ikoetlise haholoanyane.

Bophelo ba ho Qeta Boholo ba Nako U Lutse ke bo Joang?

U tseba joang hore u mafolofolo ka ho lekaneng? Ho na le maikutlo a sa tšoaneng ka hore na ho qeta boholo ba nako motho a lutse ho bolela’ng. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle lia lumellana ka tataiso e tloaelehileng e sebetsang ho batho ba bangata. Tlhaloso e ’ngoe e sebelisoang ke mekhatlo e ’maloa ea bophelo bo botle e bontša hore u qeta boholo ba nako u lutse haeba (1) u sa ikoetlise kapa u sa etse mosebetsi o boima bonyane metsotso e 30 makhetlo a mararo ka beke, (2) u lutse nģa e le ’ngoe ha u le boikhathollong, (3) ka letsatsi, e le seoelo u ka tsamaeang limithara tse ka bang 100, (4) motšehare u qeta nako e ngata u lutse, (5) mosebetsi oa hao u sa hloke hore u sebetse ka matla.

Na u ikoetlisa ka ho lekaneng? Haeba ha ho joalo, u ka qala ho etsa ho hong ka hona kajeno. U ka ’na ua re, ‘empa ha ke na nako.’ Ha u tsoha hoseng, u khathetse haholo. Ha letsatsi le qala, ha u na nako e lekaneng le hona ho itokisetsa ho ea mosebetsing. Joale, ka mor’a letsatsi le lelelele, u boetse u khathetse haholo hore u ka re u ua ikoetlisa ebile u na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa.

Kapa mohlomong u har’a ba bangata ba qalang ho ikoetlisa empa ba khaotse ka mor’a matsatsi a ’maloa kaha ba ho fumana ho le boima, mohlomong ba bile ba ikutloa ba kula ka mor’a ho ikoetlisa. Ba bang ba qoba ho ikoetlisa hobane ba nahana hore ho koena hantle ho akarelletsa ho ba le kemiso e boima ea ho phahamisa litšepe, ho matha lik’hilomithara tse telele letsatsi le leng le le leng hammoho le ho latela ka kelo-hloko mehato e bontšoang bakeng sa boikoetliso ba ho ikotlolla.—Bona lebokose le reng “Ho phahamisa Litšepe le ho Ikotlolla.”

Ho phaella moo, ho na le litšenyehelo tse amehang hape hoa tsebahala hore ho na le litšitiso. Ba mathang ba hloka liaparo le lieta tse loketseng. Bakeng sa ho haha mesifa ho hlokahala litšepe kapa mechine e khethehileng ea ho ikoetlisa. Ho ba setho sa club ea boikoetliso ho ka hloka chelete e ngata. Ho ea sebakeng sa ho ikoetlisa ho ka ja nako e ngata. Leha ho le joalo, ha ho le le leng la mabaka a ka holimo le lokelang ho u thibela ho ikoetlisa e le hore u tsebe ho kotula melemo ea bophelo bo botle.

Ipehele Lipakane Tseo U Tla li Finyella

Pele ho tsohle, haeba u rera ho qala lenaneo la ho ikoetlisa, u se ke ua ipehela lipakane tseo u ke keng ua li finyella. Qala ka ho ikoetlisa butle-butle ’me u ’ne u eketse. Bo-rasaense ba sa tsoa hlokomela hore ho ikoetlisa hanyane ka hanyane ho fihlela u tloaela ho molemo, ’me ba khothalletsa batho ba qetang boholo ba nako ba lutse hore ba eketse boikoetliso ba bona butle-butle. Ka mohlala, UC Berkeley Wellness Letter, sengoliloeng se buang ka phepo e nepahetseng, ho phela hantle ’meleng le ho laola khatello ea kelello, e ea eletsa: “Qala ka ho eketsa metsotso e ’maloa ea ho ikoetlisa ka letsatsi, u e eketse ho fihlela bonyane e etsa metsotso e 30, ’me ha ho khoneha, e be matsatsi ’ohle a beke.” Sengoliloeng seo se hlalosa hore “u lokela ho etsa feela lintho tse tloaelehileng, tse kang ho tsamaea le ho hloa litepisi, empa u etse hoo hangatanyana, nako e teletsana le/kapa ka potlako haholoanyane.”

Ba qalang ba lokela ho lebisa tlhokomelo ho ikoetliseng kamehla ho e-na le ho ikoetliseng haholo. Ha u se u e-na le matla le mamello e eketsehileng, joale u ka eketsa boikoetliso ba hao. Sena se ka etsoa ka ho eketsa nako ea ho ikoetlisa ka matla, joaloka ho tsamaea ka potlako, ho matha, ho hloa litepisi kapa ho palama baesekele. Qetellong, bakeng sa lenaneo le feletseng hantle la ho ikoetlisa, u ka ba ua ’na ua phahamisa litšepe le ho etsa boikoetliso bo itseng ba ho ikotlolla. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle ha li sa lumellana le lepetjo la hore “ha u rue molemo ha u sa utloe bohloko” ha ho tluoa tabeng ea boikoetliso. Ka hona, e le ho fokotsa menyetla ea ho tsoa kotsi le ho qoba ho khathala habohloko, hammoho le ho nyahama ho etsang hore motho a qetelle a khaolitse ho ikoetlisa, ikoetlise ka tsela e itekanetseng.

E be Kamehla

Bao ho seng mohla ho bonahalang ba e-na le nako ea ho ikoetlisa ba tla thabela sena se buelletsoeng ke Wellness Letter. E hlalosa hore “linako tse khutšoanyane tsa ho ikoetlisa ka letsatsi li na le melemo e meholo. Ke hore, metsotso e 10 hararo ka letsatsi ea boikoetliso bo matla e ka ba molemo joaloka ho ikoetlisa metsotso e 30.” Ka hona, ha ho hlokahale hore u ikoetlise nako e telele ka matla hore u rue molemo oa bophelo bo botle. The Journal of the American Medical Association e tlaleha hore bafuputsi ba fumane hore “ho ikoetlisa hanyane ka hanyane, hammoho le ho ikoetlisa ka matla, li ile tsa amahanngoa le menyetla e fokolang ea ho tšoaroa ke lefu la pelo.”

Empa boikoetliso e lokela ho ba ntho ea kamehla. Ka lebaka leo, u ka sheba k’halendara ea hao e le hore u iketsetse kemiso ea matsatsi a khethehileng le linako tseo u tla ikoetlisa ka tsona. Ka mor’a ho latela kemiso eo libeke tse ’maloa, u ka ’na ua fumana e se e fetohile karolo ea bophelo ba hao. Ha u se u fumana melemo ea bophelo bo botle, u ka lebella ka thabo lekhetlo le leng le le leng le latelang la ho ikoetlisa.

Bophelo bo Mafolofolo bo Molemo

Le hoja e le ’nete hore ho ikoetlisa nako e nyenyane ea metsotso e 30 ka letsatsi ho ka u tsoela molemo bophelong, ho latela keletso e fanoeng ke lingaka morao tjena, ho ikoetlisa ka ho eketsehileng ho molemo haholoanyane. Hona joale ho buelloa hore motho o lokela ho qeta metsotso e 60 letsatsi le leng le le leng a ikoetlisa e le hore pelo le methapo ea hae li sebetse hantle haholo. Sena le sona se ka finyelloa ka ho ikoetlisa ka linako tse fapaneng tse khutšoanyane ka letsatsi. Koranta ea Canadian Family Physician e hlalosa hore “morao tjena ho buelloa hore motho a ikoetlise metsotso e 60 ka letsatsi. Molemong oa bophelo bo botle, ho bonahala ho sa tsotellehe hore na metsotso eo e finyelloa joang.” Koranta ena ea bongaka e boetse e re: “Le hoja liphuputso tse ngata li tlalehile hore ho ikoetlisa ka matla ho fokotsa menyetla ea ho shoa, hona joale ntho e hatelloang haholo ke boikoetliso bo itekanetseng.”

Ntlha ea bohlokoa ke hore ’mele oa hao u etselitsoe hore u sebetse le ho ikoetlisa kamehla. Ho qeta boholo ba nako u lutse ho kotsi bophelong ba hao. Hape ha ho na vithamine, moriana, lijo kapa phekolo ea ho buuoa e ka nkelang sebaka tlhoko ea hore u ikoetlise. Ho feta moo, kaofela ha rōna re lokela ho tobana le ’nete ea hore ho ikoetlisa ka ho lekaneng, ebang ke ho itekanetseng kapa ho matla, ebang ho etsoa ka linako tse ’maloa tse khutšoanyane kapa ka nako e telele, kaofela ho hloka nako. Feela joalokaha u behella nako ka thōko bakeng sa ho ja le ho robala, ke habohlokoa hore u boele u behelle nako ka thōko bakeng sa ho ikoetlisa kamehla. Sena se hloka ho itaea le ho hlophiseha hantle.

Ha ho na lenaneo la ho ikoetlisa le sa hlokeng boiteko. Leha ho le joalo, litšitiso le boitelo tse amehang e le hore u lule u ikoetlisa kamehla ha se letho ha li bapisoa le likotsi tse sokelang bophelo ka lebaka la ho se ikoetlise. Lula u le mafolofolo, ikoetlise ka matla nako le nako, sebelisa mesifa eo—u ka ’na ua phela hantle le hona ka nako e telele!

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Boikoetliso bo Matlanyana

Le hoja ho ka finyelloa melemo e itseng bophelong ka ho ikoetlisa ka ho itekanetseng letsatsi le leng le le leng, bafuputsi ba re ho ka ba le melemo e meholo ka ho ikoetlisa ka matla haholoanyane. Mekhoa e meng ke e latelang.

Litsebi tsa bophelo bo botle li khothalletsa hore motho a bonane le ngaka pele a ka latela mokhoa o itseng oa ho ikoetlisa ka matla.

● Ho Tsamaea ka Potlako: Ka linako tse ling ho bitsoa ho tsamaea ka lebelo kapa ho koabila, mokhoa ona ke o mong oa e loketseng ea boikoetliso. U hloka feela lieta tse monate tsa ho tsamaea le tsela. Namalatsa ’me u tsamaee ka potlako ho feta ha u itsamaela feela. Leka ho tsamaea lik’hilomithara tse ’nè ho ea ho tse robong ka hora.

● Ho Torota: Ho torota ha e le hantle ke ho matha butle. Ho torota ho ’nile ha hlalosoa e le mokhoa o atlehang ka ho fetisisa oa ho etsa hore pelo e sebetse hantle. Leha ho le joalo, kaha ke boikoetliso bo matlanyana, ho torota ho ka utloisa mesifa le manonyeletso bohloko. Ka hona, ba torotang ba hopotsoa hore ho hlokahala lieta tse loketseng, ho ikotlolla le ho leka-lekana.

● Ho Palama Baesekele: Haeba u na le baesekele, u ka thabela mokhoa o mong o sebetsang oa boikoetliso. Ho palama baesekele ho ka chesa lik’hilojule tse 3 000 ka hora. Leha ho le joalo, joaloka ho tsamaea ka potlako le ho torota, hangata baesekele e palangoa literateng. Ka hona, u lokela ho falimeha ka linako tsohle ha u ntse u palame, u be hlokolosi haholoanyane hore u qobe likotsi.

● Ho Sesa: U ka koetlisa mesifa eohle ea hao ea bohlokoa ’meleng ka ho sesa. Ho boetse ho thusa ho boloka manonyeletso a hao a tenyetseha hantle, hape ho ka u hlahisetsa melemo eohle e tšoanang le ea ha u torota ea hore pelo e sebetse hantle. Kaha ho sesa ha ho khahlapetse ’mele, hangata ho khothalletsoa batho ba nang le ramatiki, ba khathatsoang ke mokokotlo, kapa ba batenya hammoho le basali ba baimana. U se ke ua sesa u le mong.

● Ho Qhoma-qhoma: Boikoetliso bona bo itlhokela feela ho qhoma-qhoma holim’a trampoline e nyenyane. Ba buellang ho qhoma-qhoma ba bolela hore ho ntlafatsa phallo ea mali le ea maro a mang ’meleng, ho eketsa matla a ho sebetsa ha pelo le matšoafo, ho ntlafatsa mesifa, ho sebelisana hantle ha litho tse fapaneng tsa ’mele hammoho le ho leka-lekanya tšebetso ea litho tse itseng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ho Phahamisa Litšepe le ho Ikotlolla

Bo-rasaense ba sa tsoa fihlela qeto ea hore lenaneo le feletseng hantle la ho ikoetlisa le lokela ho kenyelletsa mokhoa o itseng oa ho matlafatsa ’mele, o kang oa ho phahamisa litšepe. Ha ho etsoa ka nepo, ho phahamisa litšepe ha ho hahe mesifa feela empa ho boetse ho matlafatsa masapo le ho chesa mafura ’meleng.

Litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle li boetse li khothalletsa ho ikotlolla e le ho ntlafatsa ho tenyetseha ha ’mele le phallo ea mali. Ho ikotlolla ho ka thusa manonyeletso a hao hore a tenyetsehe habonolo.

Leha ho le joalo, e le ho qoba likotsi, ho phahamisa litšepe le ho ikotlolla ho lokela ho etsoe ka tsela e nepahetseng. U ka ’na ua fumana litataiso tse ’maloa ka ho bala boitsebiso bo ka tšeptjoang tabeng ena kapa ka ho buisana le ngaka ea hao.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

Boikoetliso le Kelello

Bo-rasaense ba sibolotse hore ho ikoetlisa ka matla ho ka ama tšebetso ea lik’hemik’hale tse ngata bokong tse amang tsela eo motho a ikutloang ka eona, tse kang dopamine, norepinephrine le serotonin. Sena se ka ’na sa hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba re ba phela hantle kelellong ka mor’a hore ba ikoetlise. Liphuputso tse ling li bile li bolela hore batho ba ikoetlisang kamehla ha ba atise ho tepella maikutlo joaloka ba sa ikoetliseng. Le hoja tse ling tsa liphuputso tsena li e-s’o etsetsoe qeto e tiileng, lingaka tse ngata li khothalletsa boikoetliso e le mokhoa oa ho fokotsa khatello ea kelello le ho tšoenyeha kelellong.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mesebetsi ea Letsatsi le Letsatsi e ka Ntlafatsang Bophelo ba Hao

Ho latela liphuputso tsa morao tjena, batho ba qetang nako e ngata ba lutse ba ka rua molemo ka ho eketsa feela mesebetsi ea letsatsi le letsatsi e hlokang hore ba eketse matla ka ho itekanetseng. U ka ’na ua rata ho leka tse ling tsa tse latelang.

● U ka ’na ua hloa litepisi ho e-na le ho palama lefti kapa ua theoha lefti pele u fihla mokatong oo u eang ho oona ebe u qetela tsela ka ho hloa litepisi.

● Haeba u sebelisa lipalangoang tsa sechaba, theoha pele u fihla setopong sa hao, ebe u qetela tsela ka maoto.

● Ha u tsamaea ka koloi ea hao, itloaetse ho paka hōjana le moo u eang. Haeba u paka moo ho nang le mekato e ’maloa, paka mokatong o tla etsa hore u tsamaee ka litepisi.

● Bua u ntse u tsamaea. Kamehla ha u bua le metsoalle kapa le litho tsa lelapa ha ho hlokahale hore u lule fatše.

● Haeba mosebetsi oa hao o u hloka hore u qete boholo ba nako u lutse, etsa hore u fumane menyetla ea ho sebetsa u eme le ho tsama-tsamaea ha ho khoneha.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Na U Noa Metsi a Lekaneng?

Ho se noe metsi a lekaneng ha u ikoetlisa ho ka ba kotsi. Ho ka u bakela mokhathala, ha liehisa ho sebelisana hantle ha litho tsa ’mele le ho u honyetsa mesifa. Ha u ikoetlisa, u fufuleloa haholo ’me sena se ka etsa hore tekanyo ea mali e fokotsehe. Haeba u sa noe metsi a lekaneng ho koala a tsoileng ka ho fufuleloa, pelo e tlameha ho sebetsa haboima ho pompela mali ’meleng. Ho khothalletsoa hore u noe metsi pele u ikoetlisa, ha u ntse u ikoetlisa le ka mor’a teng e le ho qoba ho felloa ke metsi ’meleng.

[Lebokose le leqepheng la 27]

Hlokomela ’Mele oa Hao—Ke Mpho e Tsoang ho Molimo

Bibele e re khothalletsa hore re hlomphe ’mele ea rōna le mpho ea bophelo ka ho tebileng. Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a ngola: “Ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14) Joaloka Davida, Bakreste ba ’nete ba bontša kananelo e tebileng ka mpho ea bophelo. Ba nka ho hlokomela ’mele ea bona e le boikarabelo bo tebileng.

Lilemo tse likete tse peli tse fetileng, Molimo o ile a susumelletsa moapostola Pauluse hore a ngole: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) Mantsoe a Pauluse a bontša hore le hoja ho e-na le melemo ka ho ikoetlisa, melemo ea teng e ke ke ea ba ea tšoana le ea ka ho sa feleng e fumanoang ka ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ka hona, Bakreste ba ’nete ba leka-lekanya lintho ha ba sebeletsa ho phela hantle ’meleng, le ka mohla ha ba lumelle “koetliso ea ’mele” hore e pupetse ho sebeletsa ha bona Molimo.

Bakreste ba hlokomela hore ha ba phela hantle ’meleng, ba ba le menyetla e eketsehileng ea ho bontša lerato la bona ho Molimo le ho moahelani. Phepo e nepahetseng le phomolo e lekaneng, hammoho le boikoetliso ke tsa bohlokoa hore motho a phele hantle ’meleng. Kaha Bakreste ba ’nete ba hlokomela ’mele ea bona e le mpho e tsoang ho Molimo, ba leka ka matla ho latela mekhoa e metle litabeng tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela