Na Tšokelo ea Nyutlelie e Tla ke e Fele?
KA LILEMO tse fetang 40, lefatše le ’nile la phela tlas’a tšokelo ea ntoa ea nyutlelie. Ka 1989, Lerako la Berlin le ile la oa—la etella pele ho oa ha Puso ea Bokomonisi ea Soviet Union. Nakoana ka mor’a moo, mebuso e meholo e ile ea lumellana hore e tla khaotsa ho korolana ka limisaele. Ho bonahala eka “Ntoa ea Makhaola-khang” ea nyutlelie e letse, kapa bonyane e sa emisitse ka nakoana, lefatše le ile la re nk’hu! ka mor’a nako e telele.
Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li nahana hore ha e e-s’o be nako ea ho keteka. Ka 1998 oache e tsebahalang ea letsatsi la timetso ea The Bulletin of the Atomic Scientists e ile ea isoa pele ka metsotso e mehlano, ea supa metsotsong e robong pele ho khitla—e le pontšo e hlakileng ea hore tšokelo ea nyutlelie e ntse e e-s’o fele.a Ke ’nete hore boemo ba lefatše bo fetohile. Mebuso e ’meli e meholo e nang le libetsa tsa nyutlelie ha e sa tjamelane. Hona joale mebuso e ’maloa e se e e-na le bokhoni ba ho etsa libetsa tsa nyutlelie! Ho feta moo, litsebi li tšaba hore e se neng sehlopha se itseng sa bokhukhuni se tla fumana metsoako e kotsi ’me se iketsetse bomo ea athomo e sa etsoang ka botsebi.
Ho feta moo, ho sa tsotellehe hore na United States le Russia li fokolitse libetsa tsa nyutlelie hakae, li ntse li e-na le pokello e tšosang ea tsona. Ho ea ka sehlopha sa bafuputsi se bitsoang Komiti ea Leano la Nyutlelie, hona joale ho chehiloe libetsa tsa nyutlelie tse ka bang 5 000 tse lutseng e le malala-a-laotsoe. Tlaleho ea sona e re: “Ka hona, haeba ho ne ho ka laeloa hore li lokolloe maemong a teng hona joale, metsu ea [limisaele tse tsoibileloang lik’honthinenteng tse ling] e 4 000 (e 2 000 lehlakoreng ka leng) e ka leba moo e korotsoeng teng ka mor’a metsotso e seng mekae feela ’me metsu e meng [ea limisaele tse tsoibiloang li le ka tlas’a metsi] e 1 000 e ka leba moo e korotsoeng teng nakoana feela ka mor’a moo.”
Ho bokelloa ha libetsa tsena ho eketsa monyetla oa hore ho qhome ntoa e sa reroang kapa esita le eona e reriloeng esale pele. Setsebi sa maano a lipolotiki se tummeng sa Lerussia, Vladimir Belous, se lemositse: “Kotsi ea tšohanyetso e ka kenya lefatše molubalubeng oa koluoa ea libomo tsa nyutlelie, ho sa tsotellehe takatso ea baeta-pele ba lipolotiki.” Kahoo, le hoja e ka ’na eaba Ntoa ea Mantsoe e letse, tšokelo ea koluoa ea nyutlelie eona e ntse e hlile e e-s’o fele. Empa tšokelo ee e matla hakae? Na lefatše le tla ke le hloke libetsa tsa nyutlelie? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lintlha tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Oache ea letsatsi la timetso e sekoahelong sa The Bulletin of the Atomic Scientists ke letšoao la kamoo lefatše le atametseng kateng ho seo ho nkoang hore ke “khitla” ea ho qhoma ha ntoa ea nyutlelie. Ka lilemo tse mashome, lenakana la oache le supang metsotso le ’nile la tsamaisoa ho bontša liphetoho tse etsahalang boemong ba lipolotiki ba lefatše.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Explosions on pages 2 and 3: U.S. National Archives photo