Ntoa ea Nyutlelie—Na e Ntse e le Tšokelo?
Ka mongoli oa Tsoha! Japane
“Motho e mong le e mong ea nang le kelello o tšaba ntoa ea Nyutlelie, ’me naha e ’ngoe le e ’ngoe e tsoetseng pele ho tsa theknoloji e itokisetsa eona. Motho e mong le e mong oa tseba hore ke bohlanya bo feletseng, empa sechaba se seng le se seng se na le boikemelo.”—Carl Sagan, setsebi sa linaleli.
KA LA 6 AUGUST, 1945, sefofane sa ntoa sa Maamerika se ile sa lihela bomo ea athomo Hiroshima, Japane, ’me ka nako le motsotso ea rinya batho ba bangata bo tšosang le ho senya thepa ea bona e ngata. Ena e ne e le bomo ea pele ea athomo ea ho sebelisoa ntoeng. Ho phatloheng ha eona, e ile ea ripitla motse o boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 13, o neng o e-na le baahi ba 343 000. Mehaho e fetang karolo tse peli ho tse tharo e ile ea senyeha, ha e-shoa bonyane batho ba 70 000, ’me ba 69 000 ba lemala. Matsatsi a mararo hamorao, bomo ea bobeli ea athomo e ile ea liheloa, lekhetlong lena Nagasaki; ’me batho ba 39 000 ba ile ba shoa ’me ba 25 000 ba lemala. Mehaho ea motse oo e ka etsang halofo kaofela e ile ea soahlamana kapa ea senyeha. Ho ne ho se mohla sebetsa se matla joalo se kileng sa sebelisoa pele ho moo historing eohle ea batho. Lefatše le ne le fetohile. Le ne le kene mehleng ea nyutlelie. Lilengoana ka mor’a moo, United States, Soviet Union ea mehleng, Great Britain, Fora le Chaena li ile tsa iketsetsa libomo tsa haedrojene tse nang le matla a maholoanyane a ho ripitla.
Ntoa ea Mantsoe—bora pakeng tsa Bokomonisi le lichaba tseo e seng tsa Bokomonisi—e ile ea hlohlelletsa hore ho etsoe libetsa tse matla tsa nyutlelie le mekhoa ea ho li tsoibilela ho ba lireng ka nepo. Lefatše le ile la apareloa ke tšabo ha ho etsoa li-ICBM (intercontinental ballistic missiles [limisaele tse tsoibiloang li tloha k’honthinenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe]), e leng libetsa tsa nyutlelie tseo ka metsotso feela, eseng lihora, li neng li ka hlasela lira tsa tsona tse linaheng tse bohōle bo fetang lik’hilomithara tse 5 600. Lisamarine li ne li hlometse ka limisaele tsa nyutlelie tse ngata ba ho ranthanya libaka tse 192 tse arohaneng tsa ba lireng. Ka nako e ’ngoe ho kile ha hakanngoa hore pokello ea libetsa tsa nyutlelie e ka ba limisaele tse 50 000 tse nang le libomo! Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, moloko oa batho o ne o le lintšing tsa seo batho ba bang ba neng ba se bitsa Armagedone ea nyutlelie—ntoa eo ho se nang bahlōli ho eona.
Ho Fela ha Ntoa ea Mantsoe
Joalokaha The Encyclopædia Britannica e hlalosa, lilemong tsa bo-1970 tsitsipano e neng e bakoa ke Ntoa ea Mantsoe e ile ea boba “joalokaha ho totobatsoa ke tumellano ea I le ea II ea SALT [Strategic Arms Limitation Talks (Lipuisano Tsa ho Beha Meeli Libetseng Tseo ka ho Khetheha li Hlaselang ba Lireng Mehloling ea Bona ea Lintho Tsa Bohlokoa)], eo ho eona mebuso e ’meli e matla e ileng ea beha meeli limisaeleng tse khahlanong le tsa ba lireng le limisaeleng tseo ka ho khetheha li hlaselang ba lireng mehloling ea bona ea bohlokoa, tseo ka linako tse ling e ka bang tsa nyutlelie.” Joale, ha lilemo tsa bo-1980 li se li kolumela, Ntoa ea Mantsoe e ile ea boba, ho fihlela e qetella e letse.
Tlaleho e entsoeng ke Mokhatlo oa Carnegie o Fanang ka Lichelete Bakeng sa Khotso ea Machaba e re: “Ho lala ha Ntoa ea Mantsoe ho ile ha fa batho tšepo ea hore tlhōlisano eo e neng e le khale e le teng ea libetsa tsa nyutlelie pakeng tsa United States le Russia, hammoho le bora ba tsona, li ne li ea bofelong.” Ka lebaka la boiteko ba ho fokotsa lihlomo tsa nyutlelie, lipokello tse makholo tsa libetsa tsa nyutlelie li ’nile tsa qhaqhoa lilemong tsa morao tjena. Ka 1991, Soviet Union le United States li ile tsa tekena Selekane sa ho Fokotsa le ho Beha Meeli Libetseng Tseo ka ho Khetheha li Hlaselang ba Lireng Mehloling ea Bona ea Lintho Tsa Bohlokoa, e leng eo ka lekhetlo la pele historing, e neng e tlama mebuso ena e ’meli e matla lihlomong tsa nyutlelie hore e se ke ea beha meeli feela, empa e boele e fokotse libetsa tsa eona tsa nyutlelie tse lulang e le malala-a-laotsoe libakeng tseo li chehiloeng ho tsona hore li be 6 000 ’musong ka mong. Qetellong ea 2001, mebuso ena ka bobeli e ile ea phatlalatsa hore e ile ea iphaphatha le selekane ka ho fokotsa libetsa tsena tsa nyutlelie joalokaha ho ne ho lumellanoe. Ho feta moo, ka 2002, ho ile ha lumellanoa ka Selekane sa Moscow se tlamang hore ho boele ho fokotsoe libetsa hore li be pakeng tsa 1 700 le 2 200 lilemong tse leshome tse tlang.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mehato e joalo, Kofi Annan, Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o ile a re “ena hase nako ea hore motho a rahe qhebelele tabeng ea tšokelo ea ntoa ea nyutlelie.” O ile a phaella: “Mathoasong a lekholo lena la bo21 la lilemo, ntoa ea nyutlelie e ntse e le ntho ea sebele, ntho e nyarosang e ka ’nang ea etsahala.” Ka masoabi, koluoa ea nyutlelie—e tšabehang ho feta hōle se ileng sa etsahala Hiroshima le Nagasaki—e ntse e sokela le kajeno. Ke bo-mang ba sokelang? Hoa bohlokoa le ho feta ke hore, na e ka qojoa?