Ho Hlahlobisisa Lipale
BATHO ba arabela ka litsela tse sa tšoaneng lipaleng tsa kajeno tsa ho khahlana le mangeloi. Sehlopha sa pele ke sa ba li lumelang. Se bolela hore kaha lipale tse joalo li ngata li bile li tletse hohle, e tlameha ebe ke tsa ’nete. Sehlopha sa bobeli ke sa ba nang le lipelaelo. Se bolela hore ha ho na bopaki bo tiileng bo tšehetsang lipolelo tseo. Se bolela hore tumelo e tletseng hohle ha e etse hore ntho e be ’nete. Etsoe batho ba kile ba lumela hore ho na le linoha tsa metsi tse iphetolang batho. Sehlopha sa boraro ke sa ba sa tsebeng moo ba emeng teng. Ha e bua ka maikutlo a bana ba sa tsebeng moo ba emeng teng, buka e reng Angels—Opposing Viewpoints e re: “Batho ba bangata ba bolela hore ba bone mangeloi. Lintho tsena tseo ba li boneng li ke ke tsa pakoa; li lumeloa feela. Leha ho le joalo, esita le ba li belaellang ba ke ke ba li hanyetsa, ’me ke ba seng bakae ba lekang.”
Batho ba bangata baa lumela hore Bibele ke oona mohloli o tšepahalang oa boitsebiso mabapi le sebaka sa moea.a E ka re thusa ho hlahlobisisa lipale tsa kajeno tsa mangeloi. Joalokaha mohlomong u tseba, Bibele e re tiisetsa hore mangeloi ke libōpuoa tsa sebele tsa moea, tse matla, tse khanyang. Bibele e fupere litlaleho tsa mangeloi a fanang ka melaetsa le a pholosang bahlanka ba Molimo kotsing.—Pesaleme ea 104:1, 4; Luka 1:26-33; Liketso 12:6-11.
Bibele e boetse e bontša hore ho na le mangeloi a khopo. Libōpuoa tsena tsa moea li thetsa batho le ho ba khelosa, li ba furallisa Molimo. (2 Bakorinthe 11:14) Ka ho utloahalang, Bibele ea lemosa: “Le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) Ka mohlala, pele re lumela seo ea ipolelang hore ke moprofeta a reng se tla etsahala, ka bohlale re tla bapisa seo a se bolelang le se boleloang ke Lentsoe la Molimo, leo a ka ’nang a bolela hore ke moemeli oa lona. Ka sebele, re lokela ho lebella hore litlaleho tsa kajeno tsa ho bonahala ha mangeloi li ipake e le ’nete ka mor’a tlhahlobisiso e joalo. Kahoo, lipale tsa kajeno tsa ho khahlana le mangeloi li bapa joang le se tlalehiloeng ka Mangolong?
Mangeloi Hase Seo ba Bangata ba Lumelang Hore ke Sona
A re hlakiseng pele likhopolo tse peli tse atileng tse fosahetseng mabapi le mangeloi. Ho fapana le seo ba bangata ba se lumelang, mangeloi ha aa ka a phela e le batho pele. A phetse leholimong nako e telele pele Molimo a bōpa lintho tse phelang lefatšeng. Bibele e bolela hore nakong ea ha Molimo a ne a ‘theha lefatše . . . bara bohle ba Molimo [ba mangeloi] ba ile ba bina ka nyakallo.’—Jobo 38:4-7.
Khopolo e ’ngoe e fosahetseng kajeno ke ea hore mangeloi a lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hore a mamella boitšoaro bo bobe. Ho fapana le seo, mangeloi a tšepahalang a tšehetsa litekanyetso tsa Molimo tse lokileng ’me a latela tataiso ea hae. A sebeletsa Molimo, eseng batho.—Pesaleme ea 103:20.
Mangeloi a Thahasella Boiketlo ba Rōna ba Moea
Har’a lipale tsa kajeno tsa mangeloi, ho atile litlaleho tsa ho pholosoa. Bukeng e ’ngoe e rekoang ka ho fetisisa, re bala ka ngoananyana e mong eo ka mosa a ntšoang ka ntlong e chang ke letsoho le sa bonahaleng. Buka e ’ngoe e re bolella ka liithuti tse peli tsa koleche tse tsielehileng ha ho e-na tšeole. Ka ho panya ha leihlo, ho hlaha teraka ’me e li hulela sebakeng se sireletsehileng, empa ha e siee mohlala oa mabili! Kae-kae, pale e ’ngoe e bua ka Ann, ea tšoeroeng ke kankere. Matsatsi a mararo pele a lokela ho ea sepetlele ho ea buuoa, moeti e molelele ea sa tsejoeng o fihla ha hae. O ipolela hore ke Thomas le hore o rometsoe ke Molimo. Thomas o phahamisa letsoho, ’me Ann o utloa a fufuleloa, khanya e tšoeu e chalametsa le ’mele oa hae. Ha a fihla ngakeng ho ea buuoa, lingaka lia makala. Kankere ea hae e folile!
Lipale tsena li hlahisa potso e totobetseng, Haeba motho e mong le e mong o na le lengeloi la mohlokomeli, ke hobane’ng ha batho ba bang ba pholosoa, ha ba bang ba sa pholosoe? Ba limilione tse se nang palo ba bolailoe ke maloetse, lintoa, litlala le likoluoa tsa tlhaho. Ka sebele, ba bangata ba ile ba rapella thuso ka tieo. Ke hobane’ng ha lengeloi la mohlokomeli le sa ka la ba pholosa?
Bibele e fana ka thuso potsong ena. E bontša hore Molimo ha a leeme. (Liketso 10:34) Ho feta moo, le hoja mangeloi a tšepahalang a Molimo a thahasella boiketlo ba rōna ba nama, a thahasella boiketlo ba rōna ba moea haholoanyane. Moapostola Pauluse o ile a bontša sena ka tsela ea potso: “Na [mangeloi] kaofela hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?” (Baheberu 1:14) Thuso ea nama e tlisa melemo ea nakoana, empa thuso ea moea e ka tlisa melemo ea ka ho sa feleng.
Lipale tse ngata tsa mangeloi li utloahala e le tsa bosoasi. Ho thoe mangeloi a thusa ’mè ea khathetseng ho chencha lilakane tsa bethe, a hopotsa moreki ho reka mollo le ho thusa bakhanni ho fumana libaka tsa ho emisa likoloi. Mosali e mong e mocha oa Scotland o re ka litšeho: “Libekeng tse tharo tse fetileng ke ’nile ka emisa koloi ea ka moleng o mosehla Seterateng sa St Mary ’me ka kōpa lengeloi la ka hore le e lika-liketse ka lerato le kutloelo-bohloko. Haeba lepolesa leha e le lefe la sephethe-phethe le e atamela le tla tleloa ke maikutlo a matla a lerato hoo le se nang ho khathatsa koloi ea ka. Le joale ha ke e-s’o fumane tekete.” Hase ho makatsang ha ba bang ba bapisa lengeloi la kajeno la mohlokomeli le motho ea mosa oa tšōmong kapa Santa Claus oa batho ba baholo.
Mangeloi a Tšepahalang ha a Hanyetse Lentsoe la Molimo
Libuka tse buang ka mangeloi li tletse maele le likeletso tseo ho lumeloang hore li tsoa sebakeng sa moea. Ka mohlala, buka e ’ngoe e bolela hore e fupere lithuto tse tsoang ho lengeloi le ka sehloohong Mikaele tse fetiselitsoeng ho mosali e mong Colorado, U.S.A. E ’ngoe ea “lipolelo” tse tsoang ho Mikaele ke ena: “Litsela tsohle li lebisa ho Molimo. Litumelo tsohle, linnete tsohle tsa leseli li lebisa ho Molimo.” Ka ho fapaneng, Jesu o ile a re ho na le litsela tse peli feela tsa bolumeli le hore ke e le ’ngoe feela ho tsona e lebisang ho amoheloeng ke Molimo le bophelong bo sa feleng. E ’ngoe e lebisa ho se amoheloeng le timetsong ea ka ho sa feleng. (Matheu 7:13, 14) Ka ho hlakileng, lipolelo tsena e ke ke ea e-ba ’nete li le peli.
Boemo ba “mangeloi” a “bomoea bo bocha” ke bofe tabeng ea lenyalo le boitšoaro? Bukeng e ’ngoe ’mali o ithuta ka Roseann, eo “lengeloi” la hae le ileng la mo bolella: “Ho na le batho ba bangata bao u lokelang ho ba finyella, ’me ho ba le [monna oa hao] ha e sa le eona tsela eo u lokelang ho phela ka eona. Ua mo rata le eena oa u rata, empa ena ke nako ea hore le arohane.” O ile a mo hlala. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Molimo o hloile tlhalo e se nang mabaka a loketseng. (Malakia 2:16) Pale e ’ngoe e bua ka monna le mosali ba febang, ba kholisehile hore mangeloi a ba talima ka thabo ’me a ba lika-likelitse ka khanya. Empa Bibele e re: “U se ke ua feba.”—Exoda 20:14.
Na ho ka etsahala hore ebe melaetsa ee ea kajeno e ntlafatsa Bibele? Che, Lentsoe la Molimo ha le fetohe. Moapostola Pauluse o ile a ngolla ba bang lekholong la pele la lilemo: “Ke hlolloa ke hore le ntse le tlosoa kapele hakana ho Ea ileng a le bitsa ka mosa o sa tšoanelang oa Kreste ho ea mofuteng o mong oa litaba tse molemo. Empa hase o mong; feela ho na le ba bang ba itseng ba le bakelang khathatso hape ba batla ho khopamisa litaba tse molemo tse mabapi le Kreste. Leha ho le joalo, esita le haeba rōna kapa lengeloi le tsoang leholimong re ne re ka le bolella e le litaba tse molemo ho hong ho ka ’nģane ho seo re ileng ra le bolella sona e le litaba tse molemo, a a bitsetsoe bomalimabe.”—Bagalata 1:6-8.
“Ho Ipiletsa ho Mangeloi ’Ohle!”
Na re lokela ho ipiletsa ho mangeloi hore a re thuse ho sebetsana le mathata le maemo a kotsi bophelong? Sena ke sona sehlooho se seholo se tšohloang ke libuka tse ngata. Mehlala e ’meli ke ena. Ho boleloa hore buka e reng Ask Your Angels e bontša babali ‘kamoo ba ka itšetlehang ka matla a mangeloi kateng e le hore ba tsosolose boikutlo ba bona bo lahlehileng le ho finyella lipakane tsa bona.’ Buka e ’ngoe e tšoanang le eo ke e reng Calling All Angels!: 57 Ways to Invite an Angel Into Your Life.
Leha ho le joalo, ha ho mohla Bibele e re khothalletsang ho ipiletsa ho mangeloi. Jesu o ile a hlakisa ntlha ena thapelong ea mohlala. O ile a re: “Joale, le lokela ho rapela ka tsela ena: ‘Ntate oa rōna ea maholimong . . . ’” (Matheu 6:9) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo.”—Bafilippi 4:6.
Lebitsong la Mangeloi
“Bomoea bo bocha” bo hatella haholo bohlokoa ba ho ithuta mabitso a mangeloi. Libuka tse ratoang li fana ka mabitso ao ho lumeloang hore ke a mangeloi a likete. Hobane’ng? Hase ho khotsofatsa bohelehele bo sa reng letho; empa ho ipiletsa ho ’ona. Sena se amana haufi-ufi le boselamose. Encyclopedia of Angels e bolela hore ho phaella ho neano, litaola le lithapelo, “ho sebelisa ‘mabitso a matla,’ kapa mabitso a meea e itseng, ho hlahisa ho thothomela ho matlahali ho bulang monyako pakeng tsa sebaka sa nama le sebaka sa moea, e leng ho nolofaletsang leselamose ho . . . buisana le meea.” Leha ho le joalo, Bibele e bolela ka ho hlaka: “Le se ke la sebelisa boselamose.”—Levitike 19:26, NW.
Bibele ka boeona e bolela mabitso a mangeloi a mabeli feela a tšepahalang, e leng Mikaele le Gabriele. (Daniele 12:1; Luka 1:26) Ka ho fana ka mabitso ana, Bibele e bontša hore mangeloi ke batho ba ikhethang ba moea. Ke hobane’ng ha ho sa fanoa ka mabitso a mang a eketsehileng? Mohlomong lebaka ke ho thibela batho ho phahamisetsa mangeloi boemong ba tlhompho e sa lokelang—e leng ntho eo mangeloi ka booona a sa e lakatseng. Ke kahoo ha Jakobo a ne a kōpa lengeloi hore le mo bolelle lebitso la lona, lengeloi le ileng la hana. (Genese 32:29) Hamorao, lengeloi le ileng la itlhahisa ho Joshua ha lea ka la itsebahatsa ka lebitso, ho e-na le hoo, le ile la itsebahatsa e le “molaoli oa makhotla a Jehova.” (Joshua 5:14) Ka ho tšoanang, ha ntat’a Samsone a ne a botsa lengeloi lebitso la lona, o ile a bolelloa: “U botsetsa’ng lebitso la ka? Ke le makatsang!” (Baahloli 13:17, 18) Mangeloi a tšepahalang a Molimo a batla hore re hlomphe Molimo ’me re ipiletse ho eena, eseng ho ’ona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo bontšang lebaka leo Bibele e leng mohloli o tšepahalang ka lona, bona bukana e reng Buka ea Batho Bohle, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
“Bakeng sa ba ikutloang ba khinnoe ke Molimo le melao ea hae, . . . mangeloi [a Mehla e Mecha] ke motsoako o khonehang . . . o mosa, o sa ahloleng. ’Me a ka fumanoa ke bohle, joaloka aspirin.”—Makasine ea Time
[Lebokose le leqepheng la 25]
“Ho Khahlana” le Mangeloi le Basele Kajeno
Batho ba bangata kajeno ba bolela hore ba bone mangeloi ’me ba buile le ’ona. Ba bang ba bolela hore ba kopane le basele ba tsoang mafatšeng a mang. Buka e reng Angels—An Endangered Species e thathamisa ho tšoana ho teng pakeng tsa litlaleho tsena, e bolela hore ka bobeli li ka ’na tsa e-ba le tlhaloso e tšoanang.b Se latelang ke kakaretso ea ho tšoana ho itseng ho thathamisitsoeng bukeng eo.
1. Mangeloi hammoho le basele ba tsoa mafatšeng a mang.
2. Ka bobeli ke mefuta ea bophelo e tsoetseng pele, ebang ke moeeng kapa theknolojing.
3. Metsoalle ena e sa tšoaneng e lilemong tsa bocha ’me e na le ponahalo e ntle, ’me e mosa e bile e tletse kutloelo-bohloko.
4. Ka bobeli ha ba na bothata ba puo, ba bua puo ea momameli ka tsela e phollatsi.
5. Ka bobeli ke litsebi tsa ho fofa.
6. Ponahalo ea mangeloi hammoho le basele e tsamaea le khanya e phatsimang.
7. Ka bobeli ba bonahala ba apara liaparo tse koahelang hohle, hangata e ba tse telele kapa tse ba tiisang haholo. ’Mala o mosoeu le o moputsoa ke eona e ratoang haholo.
8. Hangata ba lekana le batho ka bolelele.
9. Ka bobeli ba bontša kameho ka mahlomola a batho le a lefatše.
10. Bopaki ba ho khahlana le osele le lengeloi ke bopaki ba ea boneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Tlhaloso e hlalosang maemo ana ka bobeli ke ea hore ho totobetse hore meea e khopo, kapa bademona, ke eona e susumetsang “ho khahlana” ho joalo. Joalokaha Bibele e bolela, “Satane ka boeena o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14)—Bona Tsoha! ea July 8, 1996, leqepheng la 26.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Bibele e na le litlaleho tsa sebele tsa mangeloi a ileng a bonahala ho batho